LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb18 November leq. 8
  • Tshebedisanommoho Tshimong e Buang Dipuo Tse Ngata

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tshebedisanommoho Tshimong e Buang Dipuo Tse Ngata
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Dintlha tse Ding
  • Re Hlophiseditswe Hore re Rute Batho Bohle Bibele
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding​—⁠Ka ho Pakela Batho Bohle Tshimong ya Rona
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
mwb18 November leq. 8

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Tshebedisanommoho Tshimong e Buang Dipuo Tse Ngata

Banyalani ba tshimong ba buisana le ntate le mora wa hae ba buang puo e nngwe

Hangata batho ba thabela molaetsa wa Mmuso ha ba o utlwa ka puo ya bona. Ho ka etsahala hore ebe ke lona lebaka leo ka lona Jehova a ileng a etsa hore ka Pentekonta ya 33 C.E., “Bajuda ba nang le tlhompho ya borapedi, ba tswang setjhabeng se seng le se seng se tlasa lehodimo” ba utlwe ditaba tse molemo ka ‘puo ya bona,’ le hoja ba ne ba bua puo e tlwaelehileng ya Segerike kapa Seheberu. (Lik 2:5, 8) Mehleng ena, ho ka etsahala hore diphutheho tsa dipuo tse sa tshwaneng di sebetse tshimo e le nngwe, e nang le batho ba buang dipuo tse ngata. Bahweletsi ba ka sebedisana jwang e le hore ba qobe ho kgutlela ntlong e le e nngwe ka mehla hoo monga ntlo a ka tenehang?

  • Selefouno

    Puisano (Lipr 15:22): Balebedi ba tshebeletso ba lokela ho buisana e le hore ba fumane tsela e atlehang ya ho bolela ditaba tse molemo bakeng sa diphutheho tseo ba leng ho tsona. Diphutheho tse ding di ka nna tsa tlola matlo ao ho ona ho nang le batho ba buang puo e nngwe. Le ha ho le jwalo, haeba diphutheho tseo di sa kgone ho kwahela tshimo ya tsona hobane e le hole haholo, di ka nna tsa kena le matlong ao ho ona ho nang le batho ba buang puo e nngwe empa di tla lokela ho tsebisa phutheho e buang puo eo ka batho ba nang le thahasello. (od 93 ¶37) Kapa di ka nna tsa kopa hore phutheho e nngwe e di thuse ho fumana batho ba buang puo ya tsona. (km 7/12 5 le lebokose) Hopola hore maemong a mang, ho ka buuwa dipuo tse sa tshwaneng ntlong e le nngwe. Ha ho etswa ditlhophiso tsa ho kwahela tshimo, melao e mabapi le ho nka boitsebiso ba batho e lokela ho latelwa.

  • Matlo tshimong

    Mamela Tataiso (Ef 4:16): Latela tataiso e tswang ho molebedi wa tshebeletso. Na o ithuta Bibele le motho ya sa bueng puo ya phutheho ya lona? Motho eo o ithutang le yena a ka hatela pele haeba o ka mo fetisetsa phuthehong e buang puo ya hae.

  • Letshwao la puo

    Lokisetsa (Lipr 15:28; 16:1): Haeba o kopana le motho ya buang puo e nngwe tshimong, leka ka hohle ho mo bolella ditaba tse molemo. Ha o lokisetsa, nahana ka dipuo tseo o ka kopanang le tsona tshimong ya heno ebe o downloada Bibele le divideo ka dipuo tse fapaneng. O ka boela wa sebedisa JW Language app ho ithuta ho dumedisa ka dipuo tse ding.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share