PHELA JWALO KA MOKRESTE
Re Hlophiseditswe Hore re Rute Batho Bohle Bibele
Jwalo ka ha Jehova a ile a hlophisa Baiseraele, mehleng ena Jehova o hlophisitse bahlanka ba hae e le hore ba etse mosebetsi oo a ba fileng ona. Lefatsheng lohle, diofisi tsa makala, dipotoloho, diphutheho le dihlopha tsa tshimo di sebetsa ha mmoho ho etsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele. Re bolella batho bohle molaetsa wa Bibele ho akarelletsa le ba buang dipuo tse ding.—Tše 14:6, 7.
Na o se o kile wa nahana ka ho ithuta puo e nngwe e le hore o rute motho e mong Bibele? Le haeba o se na nako ya ho ithuta puo e nngwe, o ka sebedisa JW Language app ho ithuta hore na o ka reng ha o batla ho bua le batho ba buang puo e nngwe ka Bibele. Ka mora ho etsa jwalo, o tla ikutlwa jwalo ka Bakreste ba mehleng ya baapostola. Ba ile ba thaba haholo ha batho ba tswang dinaheng tse ding ba utlwa “dintho tse hlollang tsa Modimo” ka dipuo tsa bona.—Lik 2:7-11.
SHEBELLA VIDEO E RENG EBA MOTSWALLE WA JEHOVA—RUTA BATHO BIBELE KA PUO E NNGWE EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
JW Language app e ka o thusa neng?
Ke dintho dife tseo JW Language app e nang le tsona?
Batho ba buang dipuo tsohle ba lokela ho utlwa ditaba tse monate tse ka Lentsweng la Modimo
Batho ba tshimong ya lona ba bua dipuo dife?
O lokela ho etsang haeba motho ya buang puo e nngwe a thabela molaetsa wa Bibele?—od 100-101 ¶39-41