MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 1-3
Phutheho ya Bokreste e Fumana Moya o Halalelang
2:1-8, 14, 37, 38, 41-47
Bajuda ba bangata ba neng ba tlile Jerusalema ka Pentekonta ya 33 C.E ba ne ba tswa dinaheng tse ding. (Lik 2:9-11) Le hoja ba ne ba boloka Molao wa Moshe, ho ka etsahala hore e be boholo ba bona bo phetse bophelo bohle ba bona dinaheng tse ding. Ka hoo, ho ka etsahala hore Bajuda ba bang ba ne ba shebahala ebile ba bua jwalo ka batho ba tswang dinaheng tse ding. Phutheho ya Bokreste e ile ya ba le batho ba tswang dinaheng tse sa tshwaneng ka mora hore batho ba ka bang 3 000 ba kolobetswe. “Ba ne ba e ba teng ka nako yohle tempeleng ka tumellano” le hoja ba tswa maemong a sa tshwaneng.—Lik 2:46.
O ka bontsha jwang hore o tsotella . . .
batho ba tswang dinaheng tse ding ba tshimong ya lona?
bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding ba phuthehong ya lona?