MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAHEBERU 12-13
Jehova o re Laya Hobane a re Rata
Tayo e bolela ho kgalemelwa, ho fuwa ditaelo le ho rutwa. Jehova o a re laya feela jwalo ka ha ntate ya lerato a laya bana ba hae. Re fumana tayo . . .
Ha re bala Bibele, re ithuta dingolwa tse thehilweng Bibeleng, re ya dibokeng ka mehla, le ha re nahanisisa ka seo re ithutang sona
Ha re eletswa ke Mokrestemmoho le rona
Ha re kotula ditholwana tsa diphoso tsa rona
Ha re kgalemelwa ke komiti ya boahlodi kapa re kgaolwa
Ha re hloriswa kapa re hlahelwa ke diteko tseo Jehova a di dumellang.—w15 9/15 21 ¶13; it-1-E 629