LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb20 December leq. 3
  • Re Bontsha Lerato ha re Tshehetsa Tokisetso ya Jehova ya ho Kgalemela Mofosi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re Bontsha Lerato ha re Tshehetsa Tokisetso ya Jehova ya ho Kgalemela Mofosi
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Kgalemelo e Bontsha Hore Jehova o a re Rata
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Kgalemelo ke Bopaki ba Hore Modimo o a re Rata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Jehova o re Laya Hobane a re Rata
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 December leq. 3

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Re Bontsha Lerato ha re Tshehetsa Tokisetso ya Jehova ya ho Kgalemela Mofosi

Ho kgaolwa ho sireletsa phutheho ebile ho sireletsa moetsadibe ya sa bakeng. (1Ko 5:6, 11) Re bontsha lerato ha re tshehetsa tokisetso eo. Le ha ho le jwalo, ho tshehetsa tokisetso eo ho bontsha lerato jwang ha ho kgaolwa ho baka bohloko hakaale, haholoholo ho ba malapa le ho komiti ya boahlodi?

Ho feta moo, re bontsha hore re rata Jehova le melao ya hae e halalelang. (1Pe 1:14-16) Re boetse re bontsha hore re rata motho ya kgaotsweng. Le hoja kgalemelo e le bohloko, e beha “ditholwana tsa kgotso” e leng ho loka. (Heb 12:5, 6, 11) Haeba re bua le motho ya kgaotsweng kapa ya ikarotseng ka phuthehong, re tla be re sitisa Jehova ha a kgalemela motho eo. Hopola hore Jehova o kgalemela batho ba hae “ka tekanyo e loketseng.” (Jer 30:11) Ka hoo, re tla tswela pele re tshehetsa tsela eo Jehova a kgalemelang mofosi ka yona mme re matlafatse kamano ya rona le Jehova re na le tshepo ya hore motho eo o tla kgutlela ho Ntate wa rona ya mohau.​—Esa 1:16-18; 55:7.

SHEBELLA VIDEO E RENG DULA O TSHEPAHALA KA PELO YOHLE, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Dula o Tshepahala ka Pelo Yohle.’ Gabriella le Ben ba a lla ka mora hore ba bale lengolo leo mora wa bona a ba sietseng lona ha a ne a tsamaya hae.

    Batswadi ba Bakreste ba ikutlwa jwang ha ngwana wa bona a tlohella ho sebeletsa Jehova?

  • Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Dula o Tshepahala ka Pelo Yohle.’ Metswalle ya Gabriella le Ben e a ba haka le ho ba kgothatsa ka mora diboka.

    Phutheho e ka tshehetsa ba lelapa ba tshepahalang jwang?

  • Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Dula o Tshepahala ka Pelo Yohle.’ Gabriella o nahanisisa ka tlaleho ya Kora.

    Ke tlaleho efe ya Bibele e bontshang hore ke ha bohlokwa hore re tshepahalle Jehova ho feta ba malapa a rona?

  • Setshwantsho se hlahang videong ya ‘Dula o Tshepahala ka Pelo Yohle.’ Ka mora diboka, Gabriella o bolella Ben ka molaetsa oo a o fumaneng o tswang ho mora bona.

    Re ka tshepahalla Jehova ho feta ba malapa a rona jwang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share