LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb21 May leq. 7
  • Kgalemelo e Bontsha Hore Jehova o a re Rata

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Kgalemelo e Bontsha Hore Jehova o a re Rata
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Dintlha tse Ding
  • Kgalemelo ke Bopaki ba Hore Modimo o a re Rata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • “Mamelang Tayo Mme le Hlalefe”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Jehova o re Laya Hobane a re Rata
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Re Bontsha Lerato ha re Tshehetsa Tokisetso ya Jehova ya ho Kgalemela Mofosi
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
mwb21 May leq. 7
Batswadi ba eme monyako mme ba a lla ha mora wa bona ya sa batleng ho baka a tsamaya hae.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Kgalemelo e Bontsha Hore Jehova o a re Rata

KKgalemelo e amana le ho ruta le ho laya hape e ka boela ya bolela ho lokisa kapa ho fuwa kotlo. JKgalemelo ya Jehova e re thusa hore re mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. (Bar 12:1; Heb 12:10, 11) Ka dinako tse ding, kgalemelo e ka ba bohloko empa ba e fumanang e ka ba thusa hore e be batho ba lokileng le hore ba fumane ditlhohonolofatso tsa Jehova. (Lipr 10:7) Batho ba fuwang kgalemelo le ba fanang ka yona, ba lokela ho hopolang?

Motho ya kgalemelang. Baholo, batswadi le ba bang ba etsisa Jehova ka hore ba etse sohle seo ba se kgonang hore ba fane ka kgalemelo ka tsela e bontshang lerato le mosa. (Jer 46:28) Esita le kgalemelo e matla e lokela hore e fanwe ka lerato le ka tsela e loketseng.​—Tit 1:13.

Motho ya kgalemelwang. Ho sa tsotellehe hore na re fuwa kgalemelo ya mofuta ofe, re lokela ho e amohela mme re e sebedise hanghang. (Lipr 3:​11, 12) Ka ha ha re a phethahala, kaofela ha rona re hloka kgalemelo ho sa tsotellehe hore na re e fuwa jwang. Re ka fumana kgalemelo ha re bala Bibele, ha re le dibokeng mme ka dinako tse ding ba bang ba ka e fumana ho komiti ya boahlodi. Haeba re amohela kgalemelo mme re e sebedisa, re tla thabela bophelo hona jwale mme re phele ka ho sa feleng nakong e tlang.​—Lipr 10:17.

SHEBELLANG VIDEO YA “JEHOVA O KGALEMELA BAO A BA RATANG,” EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video ya ‘Jehova o Kgalemela Bao a ba Ratang.’ Morabo rona Canon ha e ntse e le ngwana o tsamaya le batswadi ba hae ha ba ntse ba ruta batho Bibele.

    Bophelo ba morabo rona Canon bo ne bo le jwang pele, hona bo ile ba fetoha jwang?

  • Karolo ya video ya ‘Jehova o Kgalemela Bao a ba Ratang.’ Ha morabo rona Canon a se a hodile o ya baholong.

    Jehova o ile a mo kgalemela ka lerato jwang?

  • Karolo ya video ya ‘Jehova o Kgalemela Bao a ba Ratang.’ Ha morao, morabo rona Canon o bua le batjha dibokeng.

    Amohela kgalemelo ya Jehova

    Re ka ithutang mohlaleng wa morabo rona Canon?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share