PHELA JWALO KA MOKRESTE
O ka Sebedisa Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho Jwang?
Ho tloha ka January 2018, Bukana ya Seboka sa Bophelo Ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona e na le mehlala ya seo o ka se buang le batho. Re ka e sebedisa jwang?
Ha o Fana ka Puo: O lokela ho botsa potso, o bale lengolo mme o botse potso ya nakong e tlang e hlahang ho mehlala ya seo o ka se buang le batho. Le ha ho le jwalo, sena ha se bolele hore o lokela ho bua mantswe a tshwanang hantle le a sebedisitsweng videong ya mohlala wa seo o ka se buang le batho. O ka ikgethela hore o qadisa moqoqo jwang, o beha mabaka jwang le hore le buisana le le hokae. O ka boela wa fana ka sengolwa se hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta le hoja puo ya hao e sa fana ka taelo eo.
Ha o le Tshimong: Mehlala ya seo o ka se buang le batho e etseditswe ho re thusa hore na re ka buisana le batho jwang. Haeba motho a bontsha hore o thabela molaetsa ebile o batla ho tseba ho eketsehileng, o ka tswela pele o qoqa le yena, mohlomong o ka mo balla temana ya leeto la ho boela. O ka nna wa fetola mohlala wa seo o ka se buang le batho hanyane kapa wa bua ka ntho e fapaneng. Na temana ya kgwedi e fetileng ke yona eo batho ba e thabelang kapa ba thabela temana e fapaneng? Na batho ba moo o dulang ba rata ho bua ka taba e sa tswa etsahala kapa e hlahileng ditabeng? O ka sebedisa mohlala wa seo o ka se buang le batho ka ditsela tse fapaneng empa morero wa hao e lokela ho ba ho “etsa dintho tsohle ka lebaka la ditaba tse molemo, e le hore o ka di arolelana le ba bang.”—1Ko 9:22, 23.