PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ka Moo o ka Sebedisang Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho
Barababo rona ba sebetsa ka thata ho hlophisa mehlala ya seo re ka se buang le batho mme e thusitse bahweletsi ba bangata tshimong. Le ha ho le jwalo, bahweletsi ba lokolohile hore ba ka sebedisa mekgwa e fapaneng ha ba le tshebeletsong ya bona hobane maemo a dibaka a a fapana. Empa kaofela ha rona re lokela ho mamela ditaelo tse tshwanang ha ho ena le letsholo le kgethehileng. Sepheo sa rona ke ho mamela taelo ya Jesu ya hore re bolelle batho ditaba tse molemo tsa Mmuso.—Mat 24:14.
Ha bahweletsi ba fana ka dipuo, ba lokela ho sebedisa mehlala ya seo o ka se buang le batho e hlahang ho Bukana ya Bophelo le Tshebeletso. Haeba maemo a sa dumele, ba ka sebedisa potso le ha e le efe e nngwe, ba ikgethela lengolo leo ba tla le bala kapa potso eo ba tla e siya e tla ama batho ba moo ba dulang teng. Tataiso e neng e hlahile bukaneng ya seboka ya June 2020 leqepheng la 8, e se e tla nkelwa sebaka ke ena e ntjha.