Rui Almeida Fotografia/Moment via Getty Images
DULANG LE FADIMEHILE!
Bibele e Reng ka Dintwa Tse Bakwang ke Dipolotiki?
Ho lwantshwa ha bahlanka ba mmuso e se e le ntho e tlwaelehileng.
Ke hobaneng ha ho ena le dintwa tse ngata hakaale tse bakwang ke dipolotiki? Na di tla ke di fele? Bibele e reng ka taba ye?
Ho ile ha bolelwa esale pele ka dikarohano tse bakwang ke dipolotiki
Bibele e ile ya bolela esale pele hore “mehleng ya bofelo,” eo re phelang ho yona ya batho ba bangata ba ne ba tla ba le mekgwa e tla etsa hore ho be le dintwa le ho se utlwane.
“Mehleng ya bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho . . . e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tshepahaleng . . . ba sa batleng ho dumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, . . . ba bohale bo tshosang . . . ba fetohelang ba bang, ba manganga [le] ba ikakasang.”—2 Timothea 3:1-4.
Bibele e ile ya boela ya bolela esale pele ka merusu e teng e bakwang ke dipolotiki mehleng ena eo re phelang ho yona. (Luka 21:9) Le ha ho le jwalo, merusu e bakwang ke dipolotiki le dikarohano e tla fela.
Dintwa tse bakwang ke dipolotiki di tla fela
Bibele e ile ya boela ya bolela hore Mmuso wa Modimo o tla nkela mebuso yohle ya batho sebaka.
“Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso. . .o tla silakanya o fedise mebuso ena kaofela mme ke wona feela o tla dula o le teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
Mmuso wa Modimo o tla etsa hore batho ba momahane le hore ho be le kgotso lefatsheng lohle.
Morena wa teng e leng Jesu Kreste, o bitswa “Kgosana ya Kgotso,” mme o tla etsa bonnete ba hore “kgotso e tla ba teng ka ho sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.
Batho ba buswang ke Mmuso wa Modimo, ba se ba ntse ba ithuta ho phela ka kgotso hona jwale. Ke ka hoo, Bibele e reng: “Ba tla etsa disabole tsa bona mehoma, ba etse marumo a bona dikere tse kutang dimela. Setjhaba se ke ke sa phahamisetsa setjhaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.”—Esaia 2:3, 4.
Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo o Tla Etsang?” o be o shebelle video e reng Mmuso wa Modimo ke Eng?