Jeremia
37 Nebukadnezare* morena wa Babilona a kgetha Tsedekia+ mora wa Josiase hore e be morena naheng ya Juda+ yaba Tsedekia o dula setulong sa Konia*+ mora wa Jojakime. 2 Empa Tsedekia le bahlanka ba hae le setjhaba sa naha eo ha ba a ka ba mamela mantswe a Jehova ao moprofeta Jeremia a neng a a buile.
3 Morena Tsedekia a roma Jukale+ mora wa Shelemia le Sofonia+ mora wa moprista Maseia ho moprofeta Jeremia hore ba re: “Re kopa o re rapelle ho Jehova Modimo wa rona.” 4 Jeremia o ne a itsamaela ka bolokolohi hara setjhaba ka ha ba ne ba eso mo kenye teronkong.+ 5 Ka nako eo, Bakalde ba ne ba thibeletse Jerusalema. Eitse ha ba utlwa hore lebotho la Faro le tla le tswa Egepeta,+ ba ikgula hore ba se ke ba futuhela Jerusalema.+ 6 Jwale Jehova a re ho moprofeta Jeremia: 7 “Nna, Jehova Modimo wa Iseraele ke re ho baromuwa ba Morena Tsedekia: ‘Le tle le re ho morena wa Juda ya le rometseng ho nna: “Masole a Faro a tlang ho tla o thusa a tla lokela ho kgutlela Egepeta naheng ya ona.+ 8 Bakalde ba tla kgutla, ba lwantshe motse ona, ba o hape ba be ba o tjhese.”+ 9 Nna Jehova ke re: “Le se ke la ithetsa ka ho re: ‘Bakalde ba tsamaetse ruri!’ hobane ba tlo kgutla. 10 Le ha le ne le ka la bolaya masole ohle a Bakalde a le lwantshang yaba ho sala feela banna ba tswileng dikotsi, ba ne ba tla nne ba raohe ba tswa ditenteng tsa bona mme ba tjhese motse ona.”’”+
11 Yare ha masole a Bakalde a se a ikgutse hore a se ke a futuhela Jerusalema ka lebaka la masole a Faro,+ 12 Jeremia a tloha Jerusalema a ya naheng ya Benjamine+ ho ya fumana lefa la hae hara batho ba habo. 13 Eitse ha a fihla Keiting ya Benjamine, molaodi wa balebedi, mora wa Shelemia eo lebitso la hae e leng Irija setloholo sa Hanania, a tshwara moprofeta Jeremia yaba o re ho yena: “Wena o inehela ho Bakalde!” 14 Jeremia a re: “Ha se nnete, ha ke inehele ho Bakalde.” Empa Irija ha a ka a mo mamela. Ho ena le hoo, a tshwara Jeremia mme a mo isa ho diofisiri. 15 Diofisiri tsa halefela Jeremia+ yaba di a mo otla, ha di qeta tsa mo kwalla+ ka tlung ya mongodi Jonathane e neng e fetotswe teronko. 16 Jeremia o ne a kwaletswe ka seleng* e ka tlasa lefatshe ntlong eo. A kwallwa moo matsatsi a mangata.
17 Morena Tsedekia a mo bitsa. Ha a se a le ka tlung*+ a mo botsa dipotso ka lekunutu a re: “Na ho na le molaetsa o tswang ho Jehova?” Jeremia a re: “E, o teng. O tla nehellwa morena wa Babilona.”+
18 Jeremia a boela a re ho Morena Tsedekia: “Wena le bahlanka ba hao le setjhaba see, ke le sitetswe ka eng ha e le moo le nkentse teronkong? 19 Ba kae baprofeta ba lona ba le profetetseng ba re morena wa Babilona a ke ke a le futuhela kapa a futuhela naha ee?+ 20 Ke kopa o mmamele kgosi ya ka morena. Ke kopa o nkgauhele. O se ke wa nkgutlisetsa ka tlung ya mongodi Jonathane,+ ho seng jwalo ke tlo shwella teng.”+ 21 Morena Tsedekia a fana ka taelo ya hore Jeremia a kwallwe ka tlung e ka Lebaleng la Balebedi.+ O ne a fuwa bohobe bo tswang seterateng sa baapehi letsatsi le leng le le leng,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a nna a dula Lebaleng la Balebedi.