LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwbr18 September maq. 1-11
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
  • Dihloohwana
  • 3-9 SEPTEMBER
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona (2018)
mwbr18 September maq. 1-11

Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

3-9 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 1-2

“Jesu o Etsa Mohlolo wa Pele”

(Johanne 2:1-3) Jwale ka letsatsi la boraro ha e ba le mokete wa lenyalo Kana ya Galilea, mme mme wa Jesu o ne a le teng moo. 2 Jesu le barutuwa ba hae le bona ba ne ba memetswe moketeng wa lenyalo. 3 Ha veine e fela mme wa Jesu a re ho yena: “Ha ba na veine.”

w15 6/15 4 ¶3

Kreste ke Matla a Modimo

3 Jesu o ile a etsa mohlolo wa pele lenyalong le neng le le motseng wa Kana ya Galilea. Ho ka etsahala hore ebe ho ile ha tla batho ba bangata lenyalong, empa ho sa tsotellehe lebaka, veine e ile ya fela. E mong wa ba batho ba neng ba memilwe lenyalong, ke mme wa Jesu. E tlameha ebe Maria o ile a nahanisisa ka boprofeta bo mabapi le mora wa hae, hobane o ne a tseba hore o tla bitswa “Mora wa Ya Phahameng ka ho Fetisisa.” (Luka 1:30-32; 2:52) Na ebe Maria o ne a dumela hore Jesu o na le matla ao a so kang a a bonahatsa? Ho hlakile hore hona moo Kana, Maria le Jesu ba ne ba utlwela banyalani bao ba batjha bohloko le hore ba ne ba batla ho ba qobisa mahlabisa dihlong. Jesu o ne a tseba hore ho fana ke ntho ya bohlokwa. Kahoo, Jesu o ile a fetola dilithara tse ka bang 380 tsa metsi hore e be veine e monate. (Bala Johanne 2:3, 6-11.) Na Jesu o ne a tlamehile ho etsa mohlolo oo? Tjhe. O o entse hobane a tsotella batho, ebile a etsisa Ntate wa hae, ya fanang ka seatla se bulehileng.

(Johanne 2:4-11) Empa Jesu a re ho yena: “Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Hora ya ka ha e so fihle.” 5 Mmae a re ho ba sebeletsang: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang yona.” 6 Ho ne ho e na le dinkgo tsa metsi tsa lejwe tse tsheletseng di dutse moo ho ya kamoo ho neng ho hlokwa ke melao ya tlhwekiso ya Bajuda, e nngwe le e nngwe e kgona ho tshela ditekanyo tse pedi kapa tse tharo. 7 Jesu a re ho bona: “Tlatsang dinkgo tsa metsi ka metsi.” Mme ba di tlatsa tswete! 8 Yaba o re ho bona: “A kgeng jwale mme le a ise ho motsamaisi wa mokete.” Ka hoo ba a isa. 9 Jwale, ha motsamaisi wa mokete a latswa metsi a neng a fetotswe veine empa a sa tsebe hore na mohlodi wa wona e ne e le ofe, le hoja ba sebeletsang ba neng ba kgile metsi ba ne ba tseba, motsamaisi wa mokete a bitsa monyadi 10 mme a re ho yena: “Motho e mong le e mong o ntsha veine e ntle pele, mme ha batho ba tahilwe, a ntshe ya boleng bo tlasana. O bolokile veine e ntle ho fihlela jwale.” 11 Jesu a etsa sena Kana ya Galilea e le tshimoloho ya dipontsho tsa hae, mme a bonahatsa kganya ya hae; mme barutuwa ba hae ba beha tumelo ya bona ho yena.

jy 41 ¶6

O Etsa Mohlolo wa Pele

O na ke mohlolo wa pele oo Jesu a o etsang. Tumelo ya barutuwa ba hae e ile ya matlafala ha ba bona mohlolo ona. Ka mora moo, Jesu, mme wa hae le bara babo ba ile ba nka leeto le yang motseng wa Kapernauma o ka leboya bophirimela, lebopong la Lewatle la Galilea.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 1:1) Tshimolohong Lentswe o ne a le teng, mme Lentswe o ne a e na le Modimo, mme Lentswe e ne e le modimo.

nwtsty study notes tse ho Joh 1:1

Lentswe: Kapa “Logos.” Lentswe la Segerike e leng ho loʹgos. Lentswe lena le sebedisitsweng e le tlotla le boetse le hlaha ho Johanne 1:14 le Tšenolo 19:13. Johanne o hlalosa hore tlotla ena e emela Jesu. Tlotla ena e ile ya sebediswa ho Jesu pele a tla lefatsheng e le sebopuwa sa moya, ya sebediswa nakong eo a neng a etsa tshebeletso ya hae lefatsheng e le motho ya phethahetseng le nakong eo a neng a se a kgutletse lehodimong. Modimo o ne a sebedisa Jesu e le Moemedi, ya neng a isa boitsebiso le ditaelo ho dipobuwa tsa moya le ho batho. Ka hoo ho a utlwahala hore Jehova o ile a sebedisa lengeloi e leng Lentswe ho buisana le batho pele a tla lefatsheng.—Ge 16:7-11; 22:11; 31:11; Ex 3:2-5; Bhl 2:1-4; 6:11, 12; 13:3.

a e na le: Ha e le hantle mantswe ana a bolela “haufi le.” Polelong ena lentswe la Segerike e leng pros le bolela kamano e haufiufi kapa botswalle. Tabeng ena, le boetse le sebedisitswe bakeng sa batho ba babedi ba fapaneng e leng Lentswe le Modimo wa nnete.

Lentswe e ne e le modimo: Kapa Lentswe “ya jwalo ka modimo.” Mantswe ana a Johanne a ne a hlalosa “Lentswe” e leng, Jesu Kreste (lentswe la Segerike, ho loʹgos; sheba study note se buang ka Lentswe temaneng ena). Modimo o bopile dintho tsohle a sebedisa Mora enwa wa hae wa letsibolo, ka hoo ke taba e utlwahalang hore e be o hlaloswa e le “modimo; kapa ya jwalo ka modimo” hobane o na le boemo bo phahameng. Bafetoledi ba bangata ba rata phetolelo e reng “Lentswe e ne e le Modimo,” ba mo lekanya le Modimo ya Matla Ohle. Le ha ho le jwalo, ho na le mabaka a utlwahalang a hore Johanne o ne a sa bolele hore Lentswe o lekana le Modimo ya Matla Ohle. Ntlha ya pele, mantswe a tlang pele ho moo le a tlang ka mora moo a bontsha hore “Lentswe” “o ne a e na le Modimo.” Hape, lentswe la Segerike e leng the·osʹ ha o sheba temana ya pele le ya bobedi le hlaha ka makgetlo a mararo. Ho latela melao ya puo ya Segerike, lekgetlo la pele le la boraro, the·osʹ le bolela Modimo ya Matla Ohle. Lekgetlo la bobedi moo the·osʹ e hlahang ho buuwa ka ‘Lentswe.’ Ka hoo, diphetolelo tse ngata tsa Bibele di fetisa mohopolo wa hore ‘Lentswe’ e ne e le ‘modimo; kapa ya jwalo ka modimo.’ Lekgetlo la pele moo lentswe the·osʹ le hlahang teng ho Johanne 1:1, ha le hlaloswe ka tsela e tshwanang le lekgetlong la bobedi ho latela diphetolelo tsa kgale tsa Kosepele ya Johanne. Tlhaloso ena e bontsha hantle hore ‘Lentswe,’ o ne a le jwalo ka Modimo empa seo ha se bolele hore o lekana le Ntate wa hae. Tumellanong le sena, Bakolose 2:9 e hlalosa Kreste e le ya nang le “botlalo bohle ba tshobotsi ya bomodimo.” Hape, ho latela lengolo la 2 Petrose 1:4, esita le majalefa mmoho le Kreste a tla ba “le karolo sebopehong sa bomodimo.” Ho ekelletsa moo, ho phetolelo ya Septuagint, lentswe la Segerike e leng the·osʹ ho nahanwa hore le sebedisa mantswe a tshwanang a Seheberu a fetoletsweng e le “Modimo,” ʼel le ʼelo·himʹ, a bolelang “ya Matla Ohle.” Mantswe ana a Seheberu a boetse a sebediswa ha ho buuwa ka Modimo ya matla ohle, medimo e meng le batho. (Sheba study note se ho Joh 10:34.) Hore e be Lentswe o bitswa “modimo,” kapa “ya matla,” ho dumellana le boprofeta bo hlahang ho Esaia 9:6, bo bolelang esale pele hore Mesia o ne a tla bitswa “Modimo ya Matla” (eseng “Modimo ya Matla Ohle”) le hore e ne e tla ba “Ntate wa ka ho sa Feleng” wa bohle ba tlang ho phela tlasa puso ya hae. Tjheseho ya Ntate wa hae, “Jehova wa mabotho,” e tla finyella sena.—Esa 9:7.

(Johannne 1:29) Ka letsatsi le hlahlamang a bona Jesu a tla ho yena, mme a re: “Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!

nwtsty study note se ho Joh 1:29

Konyana ya Modimo: Ka mora hore Jesu a kolobetswe le ho lekwa ke Diabolose, Johanne Mokolobetsi o ile a tsebahatsa Jesu e le “Konyana ya Modimo.” Mantswe ana a hlaha mona le ho Johanne 1:36 feela. (Sheba App. A7.) Ho loketse hore Jesu a bapiswe le konyana. Ka Bibeleng, batho ba ne ba nyehela konyana hobane ba ne ba lemoha hore ke baetsadibe le hore ba fumane kamohelo ya Modimo. Ketso eo e ne e bontsha hore Jesu o ne a tla fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo molemong wa batho. Mantswe a reng “Konyana ya Modimo” a ka nna a etsa re nahane ka Mangolo a mang a buduletsweng. Ka ha Johanne Mokolobetsi o ne a tlwaelane le Mangolo a Seheberu, ho ka etsahala hore o ne a bua ka e nngwe ya dintho tse latelang e leng: konyana e tona eo Abrahama a ileng a e nyehela ho e na le ho nyehela mora wa hae Isaka. (Ge 22:13), konyana ya Paseka e ileng ya hlajwa Egepeta nakong eo Baiseraele ba neng ba tla lokolwa bokgobeng. (Ex 12:1-13), kapa konyana e tona e neng e nyehelwa hoseng le mantsibuya aletareng ya Modimo e Jerusalema (Ex 29:38-42). Hape, ho ka etsahala hore Johanne o ne a nahanne ka boprofeta ba Esaia, moo Jehova a mo bitsang “mohlanka wa ka” ya neng a tla “tliswa jwalo ka nku tlhabong.” (Esa 52:13; 53:5, 7, 11) Ha moapostola Paulose a ne a ngolla Bakorinthe lengolo la hae la pele, o ile a re Jesu ke “Paseka ya rona.” (1Ko 5:7) Moapostola Petroseo ile a bua ka “madi a bohlokwa” a Kreste “a jwalo ka a konyana e se nang sekodi.” (1Pe 1:19) Tšenolo e bua ka Jesu ya tlotlisitsweng ka makgetlo a fetang 25 e le “Konyana” ya tshwantshetso.—Mehlala e meng e hlaha ho: Tše 5:8; 6:1; 7:9; 12:11; 13:8; 14:1; 15:3; 17:14; 19:7; 21:9; 22:1.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 1:1-18) Tshimolohong Lentswe o ne a le teng, mme Lentswe o ne a e na le Modimo, mme Lentswe e ne e le modimo. 2 Enwa o ne a e na le Modimo tshimolohong. 3 Dintho tsohle di bile teng ka yena, mme kantle ho yena ha ho ntho le ha e le nngwe e bileng teng. Se bileng teng 4 ka yena e ne e le bophelo, mme bophelo e ne e le lesedi la batho. 5 Lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a le hlola ka matla. 6 Ho ile ha hlaha motho ya neng a rometswe e le moemedi wa Modimo: lebitso la hae e ne e le Johanne. 7 Motho enwa o ile a tla hore a fane ka bopaki, e le hore a pake mabapi le lesedi, e le hore batho ba mefuta yohle ba ka dumela ka yena. 8 E ne e se lesedi leo, empa o ne a reretswe ho paka mabapi le lesedi leo. 9 Lesedi la nnete le fanang ka lesedi ho motho wa mofuta o mong le o mong le ne le le mothating wa ho tla lefatsheng. 10 O ne a le lefatsheng, mme lefatshe le bile teng ka yena, empa lefatshe ha le a ka la mo tseba. 11 O ile a tla ha habo, empa batho ba habo ha ba a ka ba mo amohela. 12 Le ha ho le jwalo, ba bangata ba ileng ba mo amohela, o ile a ba fa matla a ho ba bana ba Modimo, hobane ba ne ba bontsha tumelo lebitsong la hae; 13 mme ha ba a ka ba tswalwa, ka madi kapa ka thato ya nama kapa ka thato ya motho, empa ba tswetswe ke Modimo. 14 Ka hoo Lentswe o ile a fetoha nama mme a dula hara rona, mme ra bona kganya ya hae, kganya e jwalo ka ya mora ya tswetsweng a nnotshi ya tswang ho ntate; mme o ne a tletse mosa o sa tshwanelang le nnete. 15 (Johanne o ile a paka ka yena, e, a hla a hweletsa, enwa ke yena ya ileng a ho bolela a re: “Ya tlang ka mora ka o tlile ka pela ka, hobane o bile teng pele ho nna.”) 16 Etswe kaofela re ile ra amohela mosa o sa tshwanelang hodima mosa o sa tshwanelang ho tswa botlalong ba hae. 17 Hobane Molao o ile wa fanwa ka Moshe, mosa o sa tshwanelang le nnete ya e ba teng ka Jesu Kreste. 18 Ha ho motho ya boneng Modimo ka nako le ha e le efe; modimo ya tswetsweng a nnotshi ya sefubeng sa Ntate ke yena ya mo hlalositseng.

10-16 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 3-4

“Jesu o Pakela Mosadi wa Mosamaria”

(Johanne 4:6, 7) Ha e le hantle, sediba sa Jakobo se ne se le moo. Jwale Jesu, a kgathetse ka lebaka la leeto, o ne a dutse sedibeng feela ka moo a neng a le ka teng. E ne e ka ba hora ya botshelela. 7 Mosadi wa Samaria a tla ho kga metsi. Jesu a re ho yena: “Mphe metsi ke nwe.”

nwtsty study note se ho Joh 4:6

a kgathetse: Ka Mangolong, ke temana ena feela e reng Jesu o ne “a kgathetse.” Nakong eo Jesu a neng a kgathetse e ne e ka ba ka 12 motsheare mme ho ka etsahala hore hoseng ha letsatsi leo o ile a nka leeto le tswang Phuleng ya Jordane e Judea a ya Sikare e Samaria. O tsamaile dimithara tse 900 kapa ho feta tseleng e moepa.—Joh 4:3-5; sheba App. A7.

(Johanne 4:21-24) Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele, Hora ya tla eo ka yona le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema. 22 Le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang, hobane poloko e simoloha ho Bajuda. 23 Le ha ho le jwalo, hora ya tla, mme ke yona hona jwale, eo ka yona barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete, etswe, ka sebele, Ntate o batla ba jwalo hore ba mo rapele. 24 Modimo ke Moya, mme ba mo rapelang ba tla rapela ka moya le ka nnete.”

(Johanne 4:39-41) Jwale Basamaria ba bangata ba tswang motseng oo ba beha tumelo ho yena ka lebaka la lentswe la mosadi eo ya ileng a re ha a paka: “O mpoleletse dintho tsohle tseo ke di entseng.” 40 Ka hona ha Basamaria ba tla ho yena, ba qala ho mo kopa hore a dule le bona; yaba o dula moo matsatsi a mabedi. 41 Ka lebaka leo ba bangata haholo ba dumela ka lebaka la seo a se buileng,

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 3:29) Ya nang le monyaduwa ke monyadi. Le ha ho le jwalo, motswalle wa monyadi, ha a ema mme a mo utlwa, o ba le thabo e kgolo ka lebaka la lentswe la monyadi. Ka hona thabo ena ya ka e tlatsitswe.

nwtsty study note se ho Joh 3:29

motswalle wa monyadi: Mehleng ya Bibele motswalle ya haufi wa monyadi e ne e ba moemedi wa hae wa molao mme e ne e le yena ya neng a ikarabella ka ho hlophisa lenyalo. O ne a nkuwa e le yena ya kopantseng monyadi le monyaduwa ka kutlwisiso ya hore ke yena ya neng a etsa ditokisetso tsa lenyalo. Ka letsatsi la lenyalo, banyalani le baetsana ba bona ba ne ba ya ntlong ya monyadi kapa ya ntate wa hae moo mokete o neng o tla tshwarelwa teng. Ha mokete o ntse o tswela pele, motswalle wa monyadi o ne a thaba ha a utlwa lentswe la monyadi a ntse a bua le monyaduwa kaha o ne a hlokomela hore o phethile mosebetsi wa hae. Johanne Mokolobetsi o ile a ipapisa le “motswalle wa monyadi.” Tabeng ena Jesu e ne e le monyadi mme barutuwa ba hae ba ne ba tshwantshetsa monyaduwa. Johanne Mokolobetsi o ile a lokisetsa Mesia tsela ka ho tsebisa ditho tsa pele tsa “monyaduwa” Jesu Kreste. (Joh 1:29, 35; 2Ko 11:2; Ef 5:22-27; Tše 21:2, 9) “Motswalle wa monyadi” o ne a se a phethile morero wa hae wa ho tsebahatsa monyadi ka hoo, mahlo a ne a se a se ho yena. Ka ho tshwanang ha Johanne a ipapisa le Jesu o ile a re: “Eo o tla tswela pele ho eketseha, empa nna ke tla tswela pele ho fokotseha.”—Joh 3:30.

(Johanne 4:10) Ha Jesu a mo araba o ile a re: “Haeba o ne o tsebile mpho e sa lefellweng ya Modimo le hore na ke mang ya reng ho wena, ‘Mphe metsi ke nwe,’ o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a phelang.”

nwtsty study note se ho Joh 4:10

metsi a phelang: Polelwana ena ya Segerike e bolela metsi a sebele a phallang kapa metsi a sediba a hlahang fatshe. A fapane le metsi a emeng a ka hara sekoti. Ho Levitike 14:5, polelwana ya Seheberu e reng “metsi a matjha” kapa a phallang ka ho toba e bolela “metsi a phelang.” Ho Jeremia 2:13 le 17:13, Jehova o hlaloswa e le “mohlodi wa metsi a phelang,” e leng metsi a phedisang a tshwantshetso. Ha Jesu a ne a bua le mosadi wa Mosamaria, o ile a bua ka “metsi a phelang” ka tsela ya tshwantshetso empa ho bonahala mosadi eo a ne a nahana hore o bua ka metsi a sebele.—Joh 4:11; sheba study note se ho Joh 4:14.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 4:1-15) Jwale, ha Morena a hlokomela hore Bafarisi ba ne ba utlwile hore Jesu o ne a etsa barutuwa ba fetang Johanne mme a ba kolobetsa— 2 le hoja, ka sebele, Jesu a ne a sa kolobetse empa e le barutuwa ba hae ba neng ba kolobetsa— 3 a tloha Judea mme a boela a ya Gadilea. 4 Empa ho ne ho hlokahala hore a pholletse le Samaria. 5 Ka lebaka leo a fihla motseng wa Samaria o bitswang Sikare haufi le tshimo eo Jakobo a ileng a e fa mora wa hae Josefa. 6 Ha e le hantle, sediba sa Jakobo se ne se le moo. Jwale Jesu, a kgathetse ka lebaka la leeto, o ne a dutse sedibeng feela ka moo a neng a le ka teng. E ne e ka ba hora ya botshelela. 7 Mosadi wa Samaria a tla ho kga metsi. Jesu a re ho yena: “Mphe metsi ke Noe.” 8 (Etswe barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho ya reka dijo.) 9 Ka hona mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “Ho tla jwang hore wena, le hoja o le Mojuda, o nkope se nowang, ha nna ke le mosadi wa Mosamaria?” (Etswe Bajuda ha ba na ditshebedisano le Basamaria.) 10 Ha Jesu a araba a re ho yena: “Haeba o ne o tsebile mpho e sa lefellweng ya Modimo le hore na ke mang ya reng ho wena, ‘Mphe metsi ke Noe,’ o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a phelang.” 11 A re ho yena: “Mohlomphehi, ha o na le ha e le nkgo ya ho kga metsi, mme sediba se tebile. Ka hona, metsi aa a phelang ao o nang le wona a tswa mohloding ofe? 12 Ha o moholo ho Moholoholo wa rona Jakobo, ya ileng a re fa sediba sena le eo yena hammoho le bara ba hae le dikgomo tsa hae ba ileng ba nwa ho sona, na ha ho jwalo?” 13 Ha Jesu a araba a re ho yena: “E mong le e mong ya nwang metsi ana o tla boela a nyorwe. 14 Mang kapa mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona ho hang a ke ke a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a tshikgunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng.” 15 Mosadi eo a re ho yena: “Mohlomphehi, mphe metsi ana, e le hore ke se ke ka nyorwa kapa ka nna ka tla sebakeng sena ho kga metsi.”

17-23 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 5-6

“Latela Jesu ka Sepheo se Setle”

(Johanne 6:9-11) “Moshanyana ke enwa ya nang le mahobe a mahlano a harese le ditlhapi tse nyenyane tse pedi. Empa ana ke eng hara batho ba bangata hakaale?” 10 Jesu a re: “E reng batho ba otle ka lehlakore jwalo ka dijong.” Jwale ho ne ho e na le jwang bo bongata sebakeng seo. Ka hona batho ba otla ka lehlakore, ba ka bang dikete tse hlano ka palo. 11 Ka hoo Jesu a nka mahobe mme, ka mora ho leboha, a a abela ba otlileng ka lehlakore, ka ho tshwanang a ba abela le ditlhapi tse nyenyane tse ngata ho ya ka moo ba batlang ka teng.

nwtsty study note se ho Joh 6:10

batho ba otla ka lehlakore, ba ka bang dikete tse hlano ka palo: Tlaleho ya Matheu ke yona feela e kenyelletsang mantswe a reng “ntle ho basadi le bana ba banyenyane” ha e bua ka mohlolo ona. (Mat 14:21) Ho ka etsahala hore batho ba ileng fepuwa ka mohlolo ba feta 15 000.

(Johanne 6:14) Ka hoo ha batho ba bona dipontsho tseo a ileng a di etsa, ba qala ho re: “Kannetenete enwa ke moprofeta ya neng a tla tla lefatsheng.”

(Johanne 6:24) Ka hona ha bongata bo bona hore Jesu kapa barutuwa ba hae ba ne ba le siyo moo, ba palama diketswana tsa bona mme ba tla Kapernauma ho tla batla Jesu.

nwtsty study note se ho Joh 6:14

moprofeta: Bajuda ba bangata ba mehleng ya Jesu, ba ne ba lebelletse hore Mesia ke moprofeta ya jwalo ka Moshe eo ho builweng ka yena ho Deuteronoma 18:15, 18. Tabeng ena, mantswe a reng ya neng a tla tla lefatsheng ho bonahala a bua ka Mesia ya neng a lebelletswe. Ke Johanne feela ya ileng a tlaleha diketsahalo tse hlahang temaneng ena.

(Johanne 6:25-27) Ka hoo ha bo mo fumana ka mose ho lewatle ba re ho yena: “Rabi, o fihlile neng moo?” 26  Jesu a bo araba a re: “Kannetenete ke re ho lona, Ha le mpatle ka hobane le bone dipontsho, empa le mpatla ka hobane le jele mahobe mme la kgora. 27 Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse dulang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora motho a tla le fa tsona; ka ha Ntate, yena Modimo, o behile tiiso ya hae ya kamohelo hodima hae.”

(Johanne 6:54) Ya jang nama ya ka le ho nwa madi a ka o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela;

(Johanne 6:60) Ka hona ba bangata ho barutuwa ba hae, ha ba utlwa sena, ba re: “Puo ena ya tshosa; ke mang ya ka e mamelang?”

(Johanne 6:66-69) Ka lebaka la sena ba bangata ho barutuwa ba hae ba tloha ho ya dinthong tse ka morao mme ba ne ba se ba sa tsamaye le yena. 67 Ka hona Jesu a re ho ba leshome le metso e mmedi: “Le lona ha le batle ho tsamaya, na ha ho jwalo?” 68 Simone Petrose a mo araba: “Morena, re tla tloha re ye ho mang? Ke wena ya nang le dipolelo tsa bophelo bo sa feleng; 69 mme re dumetse mme re a tseba hore o Mohalaledi wa Modimo.”

nwtsty study notes tse ho Joh 6:27, 54

dijo tse senyehang . . . dijo tse dulang ho isa bophelong bo sa feleng: Jesu o ne a tseba hore batho ba bang ba ne ba sala yena le barutuwa ba hae morao hobane feela ho na le seo ba se batlang. Le hoja dijo di fa batho matla letsatsi le letsatsi, “dijo” tse tswang Lentsweng la Modimo tsona di ka kgona ho fana ka bophelo bo sa feleng. Jesu o kgothalletsa letshwele hore le sebeletse . . . “dijo tse dulang ho isa bophelong bo sa feleng,” e leng se bolelang ho ikitlaelletsa ho ithuta ka Modimo le hore le be le tumelo ho seo le ithutang sona.—Mat 4:4; 5:3; Joh 6:28-39.

ya jang nama ya ka le ho nwa madi a ka: Tabeng ena ba jang le ho nwa ba etsa sena ka tsela ya tshwantshetso ka ho bontsha tumelo sehlabelong sa Jesu Kreste. (Joh 6:35, 40) Jesu o buile mantswe ana ka selemo sa 32 C.E., ka hoo o ne a sa bue ka ketsahalo ya Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena eo a neng a tla e theha selemo se latelang. O buile mantswe ana pele “ho Paseka, e leng mokete wa Bajuda” (Joh 6:4), ka hoo o ne a hopotsa bamamedi ba hae ka mokete o neng o le haufi le ho etsahala le ka bohlokwa ba madi a konyana a ileng a pholosa bophelo ba Baiseraele bosiung boo ba ileng ba tswa Egepeta ka bona (Ex 12:24-27). Ka ho tshwanang, Jesu o ne a hatisa bohlokwa ba madi a hae a neng a tla etsa hore barutuwa ba hae ba fumane bophelo bo sa feleng.

w05 9/1 21 ¶13-14

Re Tla Tsamaya ka Lebitso la Jehova Modimo wa Rona

13 Le ha ho le jwalo, bongata bo ile ba nna ba latela Jesu mme ka moo Johanne a bolelang ka teng, bo ile ba mo fumana “ka mose ho lewatle.” Ke hobaneng ha bo ile ba mo latela ka mora hore a hane ha bo ne bo leka ho mo etsa morena? Ba ile ba iponahatsa hore ba shebile melemo feela ha ba ne ba bua haholo ka dijo tseo Jehova a neng a fane ka tsona lefelleng mehleng ya Moshe. Ka ho bua jwalo, ba ne ba bolella Jesu ka tsela e sa tobang hore a nne a ba fe dijo. Eitse ha Jesu a lemoha hore sepheo sa bona se fosahetse, o ile a qala ho ba ruta dinnete ka Modimo tse neng di ka ba thusa hore ba nahane ka tsela e fapaneng le eo. (Johanne 6:17, 24, 25, 30, 31, 35-40) Ka lebaka lena, ba bang ba ile ba mo korotlela, haholo ha a ne a ba etsetsa papiso ena: “Kannetenete ke re ho lona, Ntle le hore le je nama ya Mora motho le ho nwa madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona. Ya jang nama ya ka le ho nwa madi a ka o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”—Johanne 6:53, 54.

14 Hangata dipapiso tsa Jesu di ne di etsa batho ba iponahatse hore ba batla ho tsamaya le Modimo kapa tjhe. Le yona ena e ile ya etsa jwalo. E ile ya ba halefisa haholo. Bibele e re: “Ba bangata ho barutuwa ba hae, ha ba utlwa sena, ba re: ‘Puo ena ya tshosa; ke mang ya ka e mamelang?’” Jesu o ile a ba hlalosetsa hore ba lokela ho batla moelelo wa mantswe a hae hore na a bolela eng. O ile a re: “Ke moya o fanang ka bophelo; nama ha e na thuso ho hang. Dipolelo tseo ke le boleletseng tsona ke moya mme ke bophelo.” Ho ntse ho le jwalo, ba bangata ba ne ba hana ho mamela, mme tlaleho ena e re: “Ka lebaka la sena ba bangata ho barutuwa ba hae ba tloha ho ya dinthong tse ka morao mme ba ne ba se ba sa tsamaye le yena.”—Johanne 6:60, 63, 66.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 6:44) Ha ho motho ya ka tlang ho nna ntle le ha a hulwa ke Ntate ya nthomileng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.

nwtsty study note se ho Joh 6:44

hulwa: Le hoja leetsi la Segerike e leng “hulwa” le sebediswa ha ho buuwa ka ho hula ditlhapi ka letlowa (Joh 21:6, 11), ha le bolele hore Modimo o hulela batho ho yena le hoja ba sa rate. Leetsi lena le ka nna la bolela “ho mema,” hape mantswe ana a Jesu e ka nna yaba a tshwana le a hlahang ho Jeremia 31:3, moo Jehova a ileng a re ho batho hae: ‘Ke o hutse ka mosa o lerato.’ (Septuagint mona e sebedisa leetsi le tshwanang la Segerike.) Ka tsela e tshwanang, Jesu o hulela batho ba mefuta yohle ho yena ho latela Johanne 12:32. Mangolo a bontsha hore Jehova o file batho bolokolohi ba ho ikgethela. Motho e mong le e mong o na le kgetho ya hore na o tla sebeletsa Modimo kapa tjhe. (De 30:19, 20) Ka mosa, Modimo o hula batho bao dipelo tsa bona di sekametseng ho lokeng. (Pes 11:5; Lipr 21:2; Lik 13:48) Jehova o etsa sena a sebedisa Bibele le moya wa hae o halalelang. Boprofeta bo ho Esaia 54:13, bo qotsitsweng ho Johanne 6:45, bo sebetsa ho batho ba hutsweng ke Ntate.—Bapisa le Johanne 6:65.

(Johanne 6:64) Empa ho na le ba bang ba lona ba sa dumeleng.” Etswe ho tloha tshimolohong Jesu o ne a tseba hore na ke bo mang ba sa dumeleng le hore na ke mang ya neng a tla mo eka.

nwtsty study notes se ho Joh 6:64

Jesu o ne a tseba . . . hore na ke mang ya neng a tla mo eka.: Jesu o ne a bua ka Judase Iskariota. Jesu o ile a qeta bosiu bohle a rapela Ntate wa hae pele a kgetha baapostola ba 12. (Lu 6:12-16) Qalong, Judase o ne a tshepahalla Modimo. Le ha ho le jwalo, Jesu o ne tseba hore o ne a tla ekwa ke motswalle wa hae, ho latela boprofeta bo Mangolong a Seheberu. (Pes 41:9; 109:8; Joh 13:18, 19) Ka ha Jesu o ne a kgona ho lemoha menahano le se ka pelong o ile a bona ha Judase a se a qala mekgwa e mebe. (Mat 9:4) Modimo o ile a sebedisa bokgoni ba hae ba ho tseba dintho esale pele ho bona hore e mong wa metswalle ya Jesu o ne a tla eka Mora wa hae. Ho latela makgabane a Modimo le ka moo a ileng a sebetsana le batho ka teng nakong e fetileng, ha re a lokela ho nahana hore Judase o ne a se a ntse a kgethetswe ho eka Jesu.

ho tloha tshimolohong: Mantswe ana ha a bue ka nako eo Judase a neng a tswalwa kapa ha a ne a kgethwa hore e be moapostola, etswe o ile a kgethwa ka mora hore Jesu a rapele bosiu bohle. (Lu 6:12-16) Ho e na le hoo, a bua ka nako eo Judase a neng a qala ho ba molotsana e leng seo Jesu a ileng a se hlokomela. (Joh 2:24, 25; Tše 1:1; 2:23; sheba study notes tse ho Joh 6:70; 13:11.) Sena se bontsha hore diketso tsa Judase di ne di nahannwe ebile di rerilwe esale pele, ha di a iketsahalla feela ka ho panya ha leihlo. Le hoja ho sebedisitswe lentswe le le leng e leng “tshimolohong,” (ar·kheʹ ka Segerike) ka Mangolong a Segerike a Bakreste, le bolela dintho tse sa tshwaneng ho latela hore na ho buuwa ka eng. Ka mohlala, ho 2 Petrose 3:4, lentswe “tshimolohong” le bolela ho qaleha ha popo. Empa maemong a mangata, ha ho a hlaka hore na le bolelang. Ka mohlala, Petrose o ile a re moya o halalelang o ile wa dula hodima Baditjhaba “feela jwalo ka ha o ile wa theohela le hodima rona tshimolohong.” (Lik 11:15) Petrose o ne a sa bue ka nako eo a ileng a tswalwa ka yona kapa nako eo a ileng a kgethwa hore e be moapostola. Empa, o ne a bua ka letsatsi la Pentekonta ya 33 C.E., e leng “tshimolohong,” nakong eo moya o halalelang o neng o tshollwa bakeng sa morero o itseng. (Lik 2:1-4) Mehlala e meng e ka fumanwa ho Lu 1:2; Joh 15:27; le 1Jo 2:7 ho bona hore na lentswe “tshimolohong” le sebedisitswe jwang.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 6:41-59) Ka hona Bajuda ba qala ho mo korotlela kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong”; 42 mme ba qala ho re: “Na enwa hase Jesu mora wa Josefa, eo ntatae le mmae re ba tsebang? Ho tla jwang hore ebe jwale o re, ‘Ke theohile lehodimong’?” 43 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Kgaotsang ho korotla hara lona. 44 Ha ho motho ya ka tlang ho nna ntle le ha a hulwa ke Ntate ya nthomileng; mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela. 45 Ho ngodilwe Baprofeteng, ‘Mme kaofela ba tla rutwa ke Jehova.’ E mong le e mong ya utlwileng ho Ntate le ya ithutileng o tla ho nna. 46 Eseng hore motho le ha e le ofe o bone Ntate, haese ya tswang ho Modimo; enwa o bone Ntate. 47 Kannetenete ke re ho lona, Ya dumelang o na le bophelo bo sa feleng. 48 “Ke nna bohobe ba bophelo. 49 Baholoholo ba lona ba ile ba ja manna lefeelleng mme le ha ho le jwalo ba shwa. 50 Bona ke bohobe bo theohang lehodimong, e le hore le ha e le mang a ka bo ja mme a se ke a shwa. 51 Ke nna bohobe bo phelang bo theohileng lehodimong; haeba le ha e le mang a ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng; mme, kannete, bohobe boo ke tla fana ka bona ke nama ya ka bakeng sa bophelo ba lefatshe.” 52 Ka hona Bajuda ba qala ho phehisana, ba re: “Ke jwang monna enwa a ka re fang nama ya hae hore re e je?” 53 Ka lebaka leo Jesu a re ho bona: “Kannetenete ke re ho lona, Ntle le hore le je nama ya Mora motho le ho nwa madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona. 54 Ya jang nama ya ka le ho nwa madi a ka o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela; 55 etswe nama ya ka ke dijo tsa nnete, le madi a ka ke seno sa nnete. 56 Ya jang nama ya ka le ho nwa madi a ka o dula bonngweng le nna, le nna ke bonngweng le yena. 57 Feela jwalo ka ha Ntate ya phelang a nthomile mme ke phela ka lebaka la Ntate, le ya ntjang, o tla phela ka lebaka la ka. 58 Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong. Ha ho jwalo ka ha baholoholo ba lona ba ile ba ja mme le ha ho le jwalo ba shwa. Ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.” 59 O buile dintho tsena ha a ntse a ruta sebokeng sa phatlalatsa Kapernauma.

24-30 SEPTEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 7-8

“Jesu o ile a Tlotlisa Ntate wa Hae”

(Johanne 7:15-18) Ka hona Bajuda ba makala, ba re: “Monna enwa o na le tsebo ya dingodilweng jwang, ha a sa ka a ithuta dikolong?” 16 Jesu, le yena, a ba araba mme a re: “Seo ke se rutang ha se sa ka, empa ke sa ya nthomileng. 17 Haeba le ha e le mang a lakatsa ho etsa thato ya Hae, o tla tseba malebana le thuto eo hore na ebe e tswa ho Modimo kapa ke bua ka ho iqalla. 18 Ya buang ka ho iqalla o ipatlela thoriso; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, enwa ke wa nnete, mme ha ho na ho se loke ho yena.

cf 100-101 ¶5-6

“Ho Ngodilwe”

5 Jesu o ne a batla hore batho ba tsebe moo molaetsa wa hae o tswang teng. O ile a re: “Seo ke se rutang ha se sa ka, empa ke sa ya nthomileng.” (Johanne 7:16) Ketsahalong e nngwe, o ile a re: “Ha ke etse letho le itswelang ho nna; empa feela jwalo ka ha Ntate a nthutile ke bua dintho tsena.” (Johanne 8:28) Ho feta moo o ile a re: “Dintho tseo ke le bolellang tsona ha ke di bue ka ho iqalla; empa Ntate ya dutseng bonngweng le nna o etsa mesebetsi ya hae.” (Johanne 14:10) Tsela e nngwe eo Jesu a neng a netefatsa seo a neng a se bua e bile ka ho qotsa kgafetsa Lentswe la Modimo le ngotsweng.

6 Ha ho hlahlobisiswa tlaleho ya seo Jesu a se buileng, ho fumaneha hore o qotsitse ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang dibukeng tse fetang halofo ya Mangolo a Seheberu a halalelang. Qalong, ho ka nna ha utlwahala ho se letho le ikgethang ka seo. O ka nna wa ipotsa hore na ke hobaneng ha ka dilemo tseo tse tharo le halofo tseo a di qetileng a ruta a bile a bolela, a sa ka a qotsa dibukeng tsohle tse buduletsweng tse neng di fumaneha ka nako eo. Ha e le hantle, e ka nna yaba o di qotsitse kaofela ha tsona. O hopole hore ho tlalehilwe feela karolo e itseng ya seo Jesu a se buileng le seo a se entseng. (Johanne 21:25) Ha e le hantle, o ka nna wa nka dihora tse seng kae feela haeba o balla hodimo seo Jesu a se buileng. Nahana feela o se o nka dihora tse seng kae o bua ka Modimo le ka Mmuso wa hae ebile o qotsa ditemana dibukeng tse fetang halofo tsa Mangolo a Seheberu! Ho feta moo, maemong a mangata Jesu o ne a sa tshwara meqolo e ngotsweng. Ha a fana ka Thuto ya hae e tsebahalang ya Thabeng, o ile a qotsa Mangolo a Seheberu ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang mme kaofela ha ona o ne a a qotsa ka hlooho!

(Johanne 7:28, 29) Ka hona Jesu a hweletsa ha a ntse a ruta ka tempeleng mme a re: “Le a ntseba mme le tseba le hore na ke tswa hokae. Hape, ha ke a tla e le ho itswelang ho nna, empa ya nthomileng ke wa sebele, mme ha le mo tsebe. 29 Nna ke a mo tseba, hobane ke moemedi ya tswang ho yena, mme Eo o nthomile.”

(Johanne 8:29) Ya nthomileng o na le nna; ha a ka a ntlohela ke nnotshi, hobane ka mehla ke etsa dintho tse mo kgahlisang.”

w11 3/15 11 ¶19

Amohela Moya wa Modimo, Eseng wa Lefatshe

19 Mamela Jehova ka botlalo. Ka mehla Jesu o ne a etsa dintho tse kgahlisang Ntate wa hae. Empa ka lekgetlo le leng, tsela eo Jesu a neng a batla ho sebetsa taba ka yona, e ne e fapane le seo Ntate wa hae a neng a se batla. Le ha ho le jwalo, ka kgodiseho o ile a re ho Ntate wa hae: “Ho ke ho etsahale thato ya hao, eseng ya ka.” (Luka 22:42) Ipotse, ‘Na ke mamela Modimo esita le haeba ho etsa jwalo ho se bonolo?’ Ho mamela Modimo ke habohlokwa e le hore re phele. Re lokela ho mo hlompha ka hohlehohle ka ha ke Moetsi wa rona, Mohlodi le Mmaballi wa bophelo ba rona. (Pes. 95:6, 7) Ho mamela ke ntho ya bohlokwa haholo. Ha re sa mamele, Modimo a ke ke a re amohela.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Johanne 7:8-10) Lona nyolohelang moketeng; nna ha ke e so nyolohele moketeng ona, hobane nako ya ka e loketseng ha e e so fihle ka botlalo.” 9 Ka hoo ka mora hore a ba bolelle dintho tsena, a sala Galilea. 10 Empa ha barababo ba nyolohetse moketeng, jwale le yena a nyoloha, eseng pepenene empa jwalo ka ha eka ke ka sephiring.

w07 2/1 6 ¶4

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Bua Nnete?

Jesu Kreste o ile a beha mohlala ofe tabeng ee? Ka lekgetlo le leng, Jesu o ne a buisana le batho ba bang bao e neng e se barutuwa ba hae empa ba thahasella maeto ao a neng a a etsa. Ba ile ba mo eletsa ba re: “Fetela pele ho tloha mona mme o kene Judea.” Jesu o ile a reng? O ile a re: “Lona nyolohelang moketeng; nna ha ke e so nyolohele moketeng [Jerusalema], hobane nako ya ka e loketseng ha e e so fihle ka botlalo.” Nakwana ka mora moo, Jesu o ile a fela a ya moketeng Jerusalema. Ke hobaneng ha a ile a ba araba jwalo? Ba ne ba se na tokelo ya ho tseba dintlha ka botlalo tsa hore na o hokae. Ka hoo le hoja Jesu a sa ka a bua leshano, o ile a ba fa tlhaloso e sa fellang e le hore a thibele kotsi eo ba neng ba ka mo bakela yona hammoho le balatedi ba hae. O ne a sa bue leshano, hobane moapostola Petrose o ile a ngola tjena ka Kreste: “Ha aa ka a etsa sebe, le ha e le hore thetso e ile ya fumanwa molomong wa hae.”—Johanne 7:1-13; 1 Petrose 2:22.

(Johanne 8:58) Jesu a re ho bona: “Kannetenete ke re ho lona, Ke bile teng pele Abrahama a e ba teng.”

nwtsty study note se ho Joh 8:58

Ke bile teng: Bajuda ba hanyetsang ba ne ba batla ho tlepetsa Jesu ka majwe hobane o ne a re “o bone Abrahama,” le hoja Jesu a ne a “e so be dilemo di mashome a mahlano.” (Joh 8:57) Jesu o ne a batla ho ba bolella ka bophelo ba hae ba lehodimong ha e ntse e le sebopuwa se matla sa moya pele Abrahama a hlaha. Batho ba bang ba re temana ena e re Jesu ke Modimo. Hape ba re lentswe la Segerike e leng e·goʹ ei·miʹ (e fetoletsweng e le “ke ntse ke le teng” Dibibeleng tse ding), le tshwana le le hlahang ho Septuagint lengolong la Exoda 3:14 le hore ditemana tsena ka bobedi di lokela ho fetolelwa ka tsela e tshwanang. (Sheba study note se ho Joh 4:26.) Le ha ho le jwalo, tabeng ena, leetsi la Segerike ei·miʹ e leng “ke bile teng,” le bontsha hore Jesu o bile teng “pele Abrahama a e ba teng.” Ka hoo, ho loketse hore e be mantswe ana a fetoletswe e le “Ke bile teng” ho e na le “Ke ntse ke le teng,” hape le diphetolelo tse ngata tsa kgale di sebedisa mantswe a tshwanang le a reng “Ke bile teng.” Ha e le hantle, ho Johanne 14:9, ho sebedisitswe leetsi le tshwanang la Segerike e leng ei·miʹ ha Jesu a ne a re: “Na ke bile le lona ka nako e telele hakaale, mme le ha ho le jwalo, Filipi, ha o ntsebe?” Diphetolelo tse ngata di sebedisa mantswe a tshwanang, e leng se bontshang hore ha ho na molao wa puo o hanelang ha ho fetolelwa ei·miʹ e le “ke bile teng.” Hape, mabaka ao Jesu a ileng a fana ka ona a tlalehilweng ho Johanne 8:54, 55 a bontsha hore o ne a sa nke hore yena le Ntate wa hae ke ntho e le nngwe.

Mmalo wa Bibele

(Johanne 8:31-47) Ka hoo Jesu a tswela pele ho re ho Bajuda ba neng ba mo dumetse: “Haeba le dula lentsweng la ka, ka sebele le barutuwa ba ka, 32 le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” 33 Ba mo araba: “Re bana ba Abrahama mme le ka mohla ha re e so be makgoba a motho le ha e le mang. Ho tla jwang hore ebe o re, ‘Le tla lokoloha’?” 34 Jesu a ba araba: “Kannetenete ke re ho lona, Moetsi e mong le e mong wa sebe ke lekgoba la sebe. 35 Ho feta moo, lekgoba ha le dule ka lapeng ka ho sa feleng; mora o dula ka ho sa feleng. 36 Ka hona haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha. 37 Ke a tseba hore le bana ba Abrahama; empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le hatele pele hara lona. 38 Dintho tseo ke di boneng ho Ntate ke a di bua; ka hona, le lona le etsa dintho tseo le di utlwileng ho ntata lona.” 39 Ha ba araba ba re ho yena: “Ntata rona ke Abrahama.” Jesu a re ho bona: “Haeba le bana ba Abrahama, le etse mesebetsi ya Abrahama. 40 Empa jwale le batla ho mpolaya, nna motho ya le boleletseng nnete eo ke e utlwileng ho Modimo. Abrahama ha a ka a etsa sena. 41 Le etsa mesebetsi ya ntata lona.” Ba re ho yena: “Ha re a ka ra tswalwa bohloleng; re na le Ntate a le mong, Modimo.” 42 Jesu a re ho bona: “Haeba Modimo e ne e le Ntata lona, le ka be le nthata, ka ha ke tlile ke tswa ho Modimo mme ke mona. Hape ho hang ha ke a tla e le ho itswelang ho nna, empa Eo o nthomile. 43 Ke hobaneng ha le sa tsebe seo ke se buang? Hobane le ke ke la mamela lentswe la ka. 44 Le tswa ho ntata lona Diabolose, mme le lakatsa ho phetha ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ha a qala, mme ha a ka a ema a tiile nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o bua ho ya ka tshekamelo ya hae, hobane o leshano mme ke ntate wa leshano. 45 Ka lehlakoreng le leng, hobane nna ke bolela nnete, ha le ntumele. 46 Ke mang ho lona ya pakang hore ke molato wa sebe? Haeba ke bua nnete, ke hobaneng ha le sa ntumele? 47 Ya tswang ho Modimo o mamela dipolelo tsa Modimo. Ke ka lebaka lena le sa mameleng, hobane ha le tswe ho Modimo.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share