LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 5 maq. 36-43
  • “Modimo ke Yena Mmusi wa Rona, re Tla Mamela Yena”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Modimo ke Yena Mmusi wa Rona, re Tla Mamela Yena”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “Lengeloi la Jehova la Bula Menyako” (Diketso 5:​12-21a)
  • “Modimo ke Yena Mmusi wa Rona, re Tla Mamela Yena Eseng Batho” (Diketso 5:​21b-33)
  • “Le ke ke la Kgona ho ba Hlola” (Diketso 5:​34-42)
  • Banna ba Tshwanelehang ho Hlokomela ‘Mosebetsi wa Bohlokwa’ (Diketso 6:​1-6)
  • “Lentswe la Modimo la Nna la Tsebahala” (Diketso 6:7)
  • Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • “Batho Feela ba Tlwaelehileng ba sa Rutehang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 5 maq. 36-43

KGAOLO YA 5

“Modimo ke Yena Mmusi wa Rona, re Tla Mamela Yena”

Baapostola ba behela Bakreste bohle ba nnete mohlala

E Thehilwe ho Diketso 5:​12–6:7

1-3. (a) Ke hobaneng ha baapostola ba tlisitswe ka pela lekgotla, mme ha e le hantle tabataba ke efe? (b) Ke hobaneng ha re thahasella haholo kgato eo baapostola ba ileng ba e nka?

BAAHLODI ba Lekgotla le Phahameng la Bajuda ba tuka ke bohale! Baapostola ba Jesu ba tlisitswe ka pela lekgotla lena le phahameng. Molato? Josefa Kaifase, e leng moprista ya phahameng le mookamedi wa lekhotla, o bua le bona a tiisitse lentswe o re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la nna la ruta batho ka lebitso lena.” Mookamedi enwa ya halefileng ha a batle le ho bitsa lebitso la Jesu. Kaifase o tswela pele o re: “Empa lona le tlatsitse Jerusalema thuto ya lona mme le batla ho re jarisa molato wa lefu la motho enwa.” (Dik. 5:​28) Taba ya hae e hlakile: Kgaotsang ho bolela​—ho seng jwalo le tla bona ha pela di falla!

2 Baapostola ba tla etsa jwang? Jesu ke yena ya ba fileng mosebetsi wa ho bolela, mme o filwe matla ke Modimo. (Mat. 28:​18-20) Na baapostola ba tla tshaba batho mme ba kgaotse ho bolela? Kapa ba tla ba sebete ho ema ba tiile le ho tswela pele ba bolela? Tabataba ke hore na ba tla mamela Modimo kapa batho. Hanghang, moapostola Petrose o buella baapostola ba bang kaofela. O bua ka sebete a sa hlathe kwana le kwana.

3 Ka ha re Bakreste ba nnete, re thahasella haholo seo baapostola ba ileng ba se etsa ha lekgotla le ba sokela. Le rona re filwe mosebetsi wa ho bolela. Ha re etsa mosebetsi ona oo re o filweng ke Modimo, le rona re ka nna ra hanyetswa. (Mat. 10:​22) Bahanyetsi ba ka nna ba leka ho re kgina mosebetsing wa rona kapa ba o thibela. Re tla etsa jwang? Re ka rua molemo ka ho hlahloba kgato eo baapostola ba ileng ba e nka le maemo a ileng a etsa hore ba qetelle ba qositswe ka pela lekgotla.a

SANHEDRINE ​—LEKGOTLA LE PHAHAMENG LA BAJUDA

Le hoja Judea e ne e le profinse ya Mmuso wa Roma, Roma e ile ya dumella Bajuda hore ba boloke meetlo ya bona ba be ba ipuse. Ditlolo tsa molao tse sa reng letho le dinyewe tsa setjhaba di ne di sebetswa makgotleng a sebaka ka seng, empa dinyewe tseo makgotla ao a sitwang ho di sebetsa di ne di fetisetswa Lekgotleng le Leholo la Sanhedrine Jerusalema. E ne e le lekgotla le phahameng la Bajuda e bile e le lekgotla la setjhaba la tsamaiso. Hape le ne le etsa diqeto tsa makgaolakgang tse amanang le molao wa Sejuda, mme hohle Bajuda ba ne ba hlompha matla a lona.

Lekgotla la Sanhedrine le ne le kopana kamoreng eo le etsetsang diqeto ho yona, eo ho bonahalang e ne e le mehahong ya tempele kapa haufi le yona. Le ne le ena le ditho tse 71​—moprista ya phahameng, eo e neng e le mookamedi; bahlomphehi ba bang ba baprista, ho kopanyelletsa le Basaduse; batho ba phahameng setjhabeng le bangodi ba rutehileng. Qeto e entsweng ke lekgotla lena e ne e sa fetolwe.

“Lengeloi la Jehova la Bula Menyako” (Diketso 5:​12-21a)

4, 5. Ke hobaneng ha Kaifase le Basaduse ba ile “ba tlala mona”?

4 Hopola hore ka lekgetlo la pele ha Petrose le Johanne ba laelwa hore ba kgaotse ho etsa mosebetsi wa ho bolela, ba ile ba re: “Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.” (Dik. 4:​20) Ka mora ho iswa lekgotleng, Petrose le Johanne, ha mmoho le baapostola ba bang, ba ile ba tswela pele ba bolela tempeleng. Baapostola ba ile ba etsa dipontsho tse kgolo, tse kang ho phekola ba kulang le ho leleka bademona. Ba ile ba di etsa “Phasejeng ya Solomone,” e karolong e ka botjhabela ya tempele, moo Bajuda ba bangata ba neng ba bokana teng. Batho ba ne ba fola ha seriti sa Petrose se wela hodima bona! Ba bangata ba ileng ba fodiswa ba ile ba amohela lentswe la Modimo la nnete. Ka lebaka leo, “palo ya banna le basadi ba dumelang ho Morena ya eketseha haholo.”​—Dik. 5:​12-15.

5 Kaifase le lequlwana la Basaduse, leo e neng e le setho sa lona, “ba tlala mona” yaba ba kenya baapostola teronkong. (Dik. 5:​17, 18) Ke hobaneng ha Basaduse ba ne ba halefile? Baapostola ba ne ba ruta hore Jesu o tsositswe bafung, le ha ho le jwalo, Basaduse ba ne ba sa dumele tsohong ya bafu. Baapostola ba ne ba bolela hore motho a ka bolokwa feela ka ho dumela ho Jesu, empa Basaduse ba ne ba tshaba hore ba tla hlaselwa ke Baroma haeba batho ba nka hore Jesu ke Moetapele wa bona. (Joh. 11:​48) Ha se feela Basaduse ba neng ba ikemiseditse ho kwala baapostola molomo!

6. Kajeno ke bomang ba ka sehloohong ba hlohlelletsang hore bahlanka ba Jehova ba hloriswe, mme ke hobaneng ha see se sa re makatse?

6 Le kajeno, batho ba bodumedi ke bona ba ka sehloohong ba hlohlelletsang hore bahlanka ba Jehova ba hloriswe. Hangata ba leka ho sebedisa tshusumetso eo ba nang le yona mebusong le metjheng ya ditaba ho etsa hore re kgaotse mosebetsi wa rona wa ho bolela ditaba tse monate. Na see se lokela ho re makatsa? Tjhe. Molaetsa wa rona o pepesa bodumedi ba bohata. Ha batho ba dipelo di ntle ba amohela dinnete tsa Bibele, ba lokollwa ditumelong le mekgweng e sa dumellaneng le Mangolo. (Joh. 8:​32) Ka hoo, ha ho makatse hore ebe hangata molaetsa wa rona o susumelletsa baetapele ba bodumedi hore ba tlale lehloyo.

7, 8. Ha ho pelaelo hore taelo ya lengeloi e ile ya etsa hore baapostola ba ikutlwe jwang, mme re lokela ho ipotsa potso efe?

7 Ha baapostola ba dutse teronkong ba emetse hore nyewe ya bona e kene, ho ka etsahala hore ba ne ba ipotsa hore na ebe dira tsa bona di tla ba bolaya ka lebaka la tumelo ya bona. (Mat. 24:9) Empa bosiu ho ile ha etsahala mohlolo​—“lengeloi la Jehova la bula menyako ya teronko.”b (Dik. 5:​19) Yaba lengeloi leo le ba fa taelo e hlakileng, le re: “Eyang ka tempeleng, le nne le bolelle setjhaba molaetsa wa bophelo.” (Dik. 5:​20) Mohlomong taelo ena e ile ya kgodisa baapostola hore ba ne ba etsa se nepahetseng. Hape, mohlomong mantswe a lengeloi leo a ile a ba matlafatsa hore ba dule ba tiile ho sa tsotellehe se etsahalang. Ka tumelo e tiileng le ka sebete, baapostola “ba ya tempeleng esale hoseng ho ya ruta.”​—Dik. 5:21.

8 E mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa, ‘Na ke ne ke tla ba le tumelo le sebete se hlokahalang hore ke tswele pele ho bolela ditaba tse monate maemong a jwalo?’ Ho tseba hore mangeloi a re tshehetsa le ho re tataisa mosebetsing ona wa bohlokwa wa ho ‘fana ka bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo’ ho a re matlafatsa.​—Dik. 28:​23; Tshen. 14:​6, 7.

“Modimo ke Yena Mmusi wa Rona, re Tla Mamela Yena Eseng Batho” (Diketso 5:​21b-33)

Kaifase o qosa baapostola a halefile mme ditho tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda di shebelletse.

“Ba ba tlisa ka pela Lekgotla le Phahameng la Bajuda.”​—Diketso 5:27

9-11. Baapostola ba ile ba reng ha lekgotla le ba laela hore ba kgaotse ho bolela, mme see se ile sa behela Bakreste ba nnete mohlala ofe?

9 Kaifase le baahlodi ba bang ba lekgotla ba ne ba se ba itokiseditse ho sebetsana le baapostola. Ka ha lekgotla le ne le sa tsebe se etsahetseng teronkong, le ile la romela balaodi hore ba yo lata batshwaruwa. Nahana ka moo balaodi bao ba ileng ba makala ka teng ha ba fumana batshwaruwa ba le siyo, le hoja teronko e ne e “kwetswe ka thata le balebedi ba eme menyako.” (Dik. 5:​23) Ka potlako motsamaisi wa tempele o ile a tseba hore baapostola ba kgutletse tempeleng, ba paka ka Jesu Kreste​—e leng wona mosebetsi oo ba neng ba kentswe teronkong ka lebaka la wona! Ka potlako motsamaisi le balaodi ba ile ba ya tempeleng ho ya lata batshwaruwa bao le ho ba isa ka pela lekgotla.

10 Jwalo ka ha ho boletswe qalong ya kgaolo ena, baetapele ba bodumedi ba halefileng ba ile ba bolella baapostola ba sa hlathe kwana le kwana hore ba kgaotse ho bolela. Baapostola ba ile ba reng? Petrose o ile a ba buella, mme ka sebete a re: “Modimo ke yena mmusi wa rona, re tla mamela yena eseng batho.” (Dik. 5:​29) Ka hoo, baapostola ba ile ba behela Bakreste bohle ba nnete mohlala. Ha re a lokela ho mamela babusi haeba ba re thibela ho etsa seo Modimo a se hlokang kapa ba batla hore re etse seo Modimo a se thibelang. Ka hoo, mehleng ya rona haeba “balaodi ba phahameng” ba thibela mosebetsi wa rona wa ho paka, re ke ke ra kgaotsa ho etsa mosebetsi oo re o filweng ke Modimo wa ho bolela ditaba tse monate. (Bar. 13:1) Ho ena le hoo, re tla batla ditsela tse bohlale tsa ho tswela pele re paka ka Mmuso wa Modimo.

11 Ha ho makatse hore ebe karabo e sebete ya baapostola e ile ya halefisa baahlodi hoo ba ileng ba eba mabifi. Ba ne ba ikemiseditse ‘ho bolaya’ baapostola. (Dik. 5:​33) Ho ne ho se pelaelo hore dipaki tseo tse sebete le tse tjhesehang di ne di tla bolaelwa tumelo ya tsona. Le ha ho le jwalo, di ne di tla lopollwa ka tsela e sa tlwaelehang!

“Le ke ke la Kgona ho ba Hlola” (Diketso 5:​34-42)

12, 13. (a) Gamaliele o ile a fa basebetsimmoho le yena keletso efe, mme ba ile ba etsang? (b) Jehova a ka nna a lopolla batho ba hae jwang kajeno, mme re ka kgodiseha ka eng haeba a dumella hore re ‘utlwe bohloko hobane re etsa dintho tse lokileng’?

12 Gamaliele, “mosuwe wa Molao ya hlomphuwang ke batho bohle,” o ile a bua.c E tlameha ebe moahlodi enwa o ne a hlomphuwa haholo ke basebetsimmoho le yena hobane ke yena ya ileng a etella pele, a ba a “laela hore [baapostola] ba iswe ka ntle ka nakwana.” (Dik. 5:​34) Gamaliele o ile a bolela mehlala e fetileng ya dihlopha tse ileng tsa tjheseha empa tsa nyamela ka potlako ha baetapele ba tsona ba shwa, mme a ipiletsa ho lekgotla mabapi le baapostola bao Moetapele wa bona Jesu a neng a sa tswa shwa, hore le se ke la ba fella pelo le ba mamelle. Gamaliele o ile a ba behela mabaka a matla, a re: “Le se ke la kenakenana le banna bana, le ba tlohele. Haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke wa batho, o ke ke wa atleha empa haeba ke wa Modimo, le ke ke la kgona ho ba hlola. Ho seng jwalo le ka iphumana le lwantsha Modimo.” (Dik. 5:​38, 39) Baahlodi ba ile ba mamela keletso ya hae. Le ha ho le jwalo, ba ile ba shapa baapostola mme ba ba laela hore “ba kgaotse ho bua ka lebitso la Jesu.”​—Dik. 5:40.

13 Le kajeno, Jehova a ka nna a sebedisa banna ba hlaheletseng jwalo ka Gamaliele hore ba buelle batho ba Hae. (Diprov. 21:1) Jehova a ka sebedisa moya wa hae ho susumetsa babusi ba matla, baahlodi kapa ba etsang melao hore ba etse seo a se batlang. (Neh. 2:​4-8) Empa haeba a ka dumella hore re ‘utlwe bohloko hobane re etsa dintho tse lokileng,’ re ka kgodiseha ka dintho tse pedi. (1 Pet. 3:​14) Ya pele, Modimo a ka re fa matla a ho mamella. (1 Bakor. 10:​13) Ya bobedi, bahanyetsi ‘ba ke ke ba kgona ho hlola’ mosebetsi wa Modimo.​—Esa. 54:17.

14, 15. (a) Baapostola ba ile ba etsa jwang ha ba qeta ho shapuwa, hona e le ka lebaka lefe? (b) Bolela phihlelo e bontshang hore batho ba Jehova ba mamella ka thabo.

14 Na baapostola ba ile ba nyahama kapa ba kgwehlisa kahobane ba shapuwe? Le letho! Ba ile “ba tloha kgotla ba thabile.” (Dik. 5:​41) ‘Ba thabetseng’? Ka sebele ba ne ba sa thabiswa ke bohloko ba ho shapuwa. Ba ne ba thabile hobane ba tseba hore ba hloriseditswe ho tshepahala ho Jehova le ho tsamaya mehatong ya Jesu ya ba behetseng mohlala.​—Mat. 5:​11, 12.

15 Jwalo ka bara babo rona ba lekgolong la pele la dilemo, re mamella ka thabo ha re utlwiswa bohloko ka lebaka la ditaba tse monate. (1 Pet. 4:​12-14) Tjhe, ha re thabele ho sokelwa, ho hloriswa kapa ho kenngwa teronkong. Empa re kgotsofatswa ke hore ebe re tshepahetse. Ka mohlala, nahana ka Henryk Dornik, ya ileng a mamella ho tshwarwa ka sehloho ka dilemo tse ngata ke mebuso e hatellang. O sa hopola hore ka August 1944, ba boholong ba ile ba etsa qeto ya ho mo romela kampong ya mahloriso ha mmoho le morabo. Bahanyetsi bao ba ile ba re: “Ba hlooho di thata. Ba kgahlwa ke ho shwela tumelo.” Morabo rona Dornik o re: “Le hoja ke ne ke sa kgahlwe ke ho shwela tumelo, ke ne ke thabela hore ka lebaka la botshepehi ba ka ho Jehova, ke utlwa bohloko ka sebete le ka seriti.”​—Jak. 1:​2-4.

Banyalani ba pakela ntate ya emeng ka pela ntlo ya hae ba sebedisa Bibele le dingolwa tse thehilweng Bibeleng.

Re bolela ditaba tse monate “ka ntlo le ntlo” jwalo ka baapostola

16. Baapostola ba ile ba bontsha jwang hore ba ikemiseditse ho paka ka ho phethahetseng, hona re ka latela mokgwa oo jwang?

16 Baapostola ba ile ba qalella hanghang mosebetsing wa bona wa ho paka. Ka sebete ba ile ba tswela pele “ba ya tempeleng le ka ntlo le ntlo letsatsi le leng le le leng” ka mosebetsi wa “ho bolella batho ditaba tse monate ka Kreste.”d (Dik. 5:​42) Baboledi bana ba sebete ba ne ba ikemiseditse ho paka ka ho phethahetseng. Hlokomela hore ba ile ba isa molaetsa malapeng a batho jwalo ka ha Jesu Kreste a ba laetse. (Mat. 10:​7, 11-14) Ha ho pelaelo hore sena ke sona se ileng sa etsa hore ba tlatse Jerusalema ka thuto ya bona. Kajeno, Dipaki Tsa Jehova di tsejwa ka ho latela mokgwa oo wa baapostola wa ho ruta. Ha re kena ntlong e nngwe le e nngwe tshimong ya rona, re bontsha hore le rona re batla ho fana ka bopaki bo hlakileng, re fe e mong le e mong monyetla wa ho utlwa ditaba tse monate. Na Jehova o hlohonolofaditse mosebetsi wa rona wa ntlo le ntlo? Ka sebele ho jwalo! Batho ba dimilione ba amohetse molaetsa wa Mmuso nakong ena ya bofelo, mme ba bangata ba utlwile ditaba tse monate ka lekgetlo la pele ha Paki e ba etela.

HO BOLELA DITABA TSE MONATE “KA NTLO LE NTLO”

Le hoja Lekgotla le Phahameng la Bajuda le ne le thibetse barutuwa ho etsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate, ba ile ba tswela pele ba di bolela ba bile ba ruta “tempeleng le ka ntlo le ntlo letsatsi le leng le le leng.” (Dik. 5:​42) Ha e le hantle, ho bolelwang ha ho thwe ba ne ba ya “ka ntlo le ntlo”?

Ka Segerike sa mathomo, ka ho toba polelwana katʼ oiʹkon e bolela “ho ya ka ntlo.” Bafetoledi ba bangata ba re lentswe ka·taʹ le bontsha hore barutuwa ba ne ba bolela ditaba tse monate ntlong e nngwe ebe ba fetela ho e nngwe. Ka·taʹ e boetse e sebedisitswe tjena ho Luka 8:​1, moo ho thweng Jesu o ile “a tsamaya metse le metsana” a bolela ditaba tse monate.

Ho Diketso 20:​20 e sebedisitswe e le ka bongateng, katʼ oiʹkous, moo moapostola Pauluse a reng ho balebedi ba Bakreste: “Ha ke a ka ka . . . kgaotsa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” Temana e hlahlamang e bontsha hore ha ho jwalo ka ha ba bang ba re Pauluse o ne a bua ka ho ruta malapeng a baholo, e re: “Ke ile ka fana ka bopaki bo hlakileng ho Bajuda le Bagerike, ka ba bontsha hore ba lokela ho baka, ba sebeletse Modimo mme ba dumele ho Morena wa rona Jesu.” (Dik. 20:​21) Badumedimmoho le yena ba ne ba se ba bakile ba bile ba bontshitse tumelo ho Jesu. Ka hoo, ho hlakile hore ho bolela ditaba tse monate le ho ruta ka ntlo le ntlo ho ne ho bolela ho fana ka bopaki ho ba sa dumelang.

Banna ba Tshwanelehang ho Hlokomela ‘Mosebetsi wa Bohlokwa’ (Diketso 6:​1-6)

17-19. Ho ile ha hlaha bothata bofe bo bakang karohano, hona baapostola ba ile ba laela hore bo rarollwe jwang?

17 Ho ne ho ena le kotsi e hlahang ka hare e kgukgunelang phutheho ena e sa tswa thehwa. E ne e le kotsi efe? Bongata ba barutuwa ba kolobetswang e ne e le baeti ba tlileng Jerusalema ba neng ba batla ho ithuta ho eketsehileng pele ba kgutlela hae. Barutuwa ba dulang Jerusalema ba ile ba ithaopela ho ntsha menehelo bakeng sa ho ba fumanela dijo le dintho tse ding. (Dik. 2:​44-46; 4:​34-37) Ka nako ena, ho ile ha hlaha boemo bo ileng ba baka tsitsipano. Bahlolohadi ba buang Segerike “ba ne ba tlodiswa mahlo letsatsi le leng le le leng ha ho fanwa” ka dijo. (Dik. 6:1) Le ha ho le jwalo, bahlolohadi ba buang Seheberu ba ne ba sa hlokomolohuwe. Ka hoo, ho bonahala bothata e ne e le kgethollo, mme ho bonolo hore kgethollo e bake karohano e kgolo.

18 Baapostola, bao e neng e le sehlopha se busang sa phutheho eo e ntseng e hola, ba ile ba hlokomela hore ha ho hlokahale hore ba ‘emise ho ruta lentswe la Modimo e le hore ba abe dijo.’ (Dik. 6:2) E le ho rarolla bothata boo, ba ile ba laela barutuwa hore ba batle banna ba supileng “ba bohlale le ba tletseng moya o halalelang” bao baapostola ba neng ba ka ba kgetha hore ba okamele “mosebetsi ona wa bohlokwa.” (Dik. 6:3) Ho ne ho hlokahala banna ba tshwanelehang hobane mohlomong mosebetsi oo e ne e se feela wa ho aba dijo empa le ho tshwara ditjhelete, ho reka thepa le ho boloka ditlaleho ka hloko. Banna bohle ba kgethilweng ba ne ba ena le mabitso a Segerike, e leng seo mohlomong se ileng sa etsa hore ba amohelehe ho bahlolohadi bao ba utlwileng bohloko. Baapostola ba ile ba nahana ka banna bao ba bueletsweng, mme ba rapella taba eo, yaba ka mora moo ba kgetha ba supileng hore ba hlokomele “mosebetsi ona wa bohlokwa.”e

19 Na ho hlokomela kabo ya dijo ho ne ho bolela hore banna bao ba supileng ba kgethilweng ba ne ba se ba sa lebellwa ho bolela ditaba tse monate? Tjhe! E mong wa bona ke Setefane, ya ileng a bontsha ka ho hlaka hore ke paki e sebete le e matla. (Dik. 6:​8-10) Filipi le yena e ne e le e mong wa bona, mme o bitswa “moevangedi.” (Dik. 21:8) Ka hoo, ho hlakile hore banna bao ba supileng ha ba a ka ba kgaotsa ho ba baboledi ba Mmuso ba mafolofolo.

20. Ke jwang batho ba Modimo kajeno ba latelang mohlala wa baapostola?

20 Batho ba Jehova kajeno ba latela mohlala wa baapostola. Banna ba buellwang hore ba be le boikarabelo ka phuthehong ba lokela ho bontsha bohlale ba bomodimo mme ba bontshe hore moya o halalelang o sebetsa ho bona. Ka tataiso ya Sehlopha se Busang, banna ba finyellang seo Mangolo a se hlokang ba kgethwa hore e be baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ka diphuthehong.f (1 Tim. 3:​1-9, 12, 13) Ho ka bolelwa hore banna ba jwalo ba tshwanelehang ba kgethilwe ke moya o halalelang. Banna bana ba sebetsang ka thata ba hlokomela ‘mosebetsi ona o mongata wa bohlokwa.’ Ka mohlala, baholo ba ka lokisetsa hore ba tshepahalang ba seng ba hodile ba thuswe ka dintho tseo ba di hlokang e le ka nnete. (Jak. 1:​27) Baholo ba bang ba haha Diholo Tsa Mmuso, ba lokisetsa dikopano kapa ba sebetsa le Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele. Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi e mengata e sa amaneng ka ho toba le bodisa kapa ho ruta. Banna bana bohle ba kgethilweng ba lokela ho tiisa hore mesebetsi ya bona ya phutheho le e meng ya puso ya Modimo ha e nke sebaka sa ho bolela ditaba tse monate tsa Mmuso.​—1 Bakor. 9:16.

“Lentswe la Modimo la Nna la Tsebahala” (Diketso 6:7)

21, 22. Ke eng e bontshang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa phutheho eo e sa tswa thehwa?

21 Jehova o ile a thusa phutheho eo e sa tswa thehwa hore e mamelle mahloriso a hlahang ka ntle le bothata bo hlahang ka hare bo neng bo ka nna ba e arola. Ho ne ho totobetse hore Jehova o a e hlohonolofatsa, hobane re bolellwa sena: “Lentswe la Modimo la nna la tsebahala mme barutuwa ba eketseha haholo Jerusalema. Baprista ba bangata le bona ya eba badumedi.” (Dik. 6:7) Ena ke e nngwe feela ya ditlaleho tsa kgatelopele tseo re di fumanang bukeng ya Diketso. (Dik. 9:​31; 12:​24; 16:5; 19:​20; 28:​31) Kajeno, na ha re kgothale ha re utlwa ditlaleho tsa kgatelopele e etswang mosebetsing wa ho bolela ka Mmuso dikarolong tse ding tsa lefatshe?

22 Lekgolong la pele la dilemo C.E., baetapele ba bodumedi ba halefileng ba ne ba sa ikemisetsa ho kgaotsa mahloriso a bona. Nako ya mahloriso a matla e ne e atamela. Ka mora nakwana, Setefane o ile a hloriswa ka mabifi, jwalo ka ha re tla bona kgaolong e latelang.

GAMALIELE ​—RABI YA HLOMPHUWANG

Gamaliele eo ho buuwang ka yena ho Diketso hangata o bitswa Gamaliele e Moholo, setloholo sa Hillel, eo dikolong tse pedi tsa Bofarisi a ileng a theha se neng se tsebahala ka ho amohela dikgopolo tse ntjha. Gamaliele o ne a eteletse pele Lekgotla le Phahameng la Bajuda mme e ne e le rabi ya hlomphuwang hoo e bileng wa pele wa ho fuwa tlotla ya “Rabban.” Mishna e re: “Ha Rabban Gamaliele e Moholo a eshwa kganya ya Molao e ile ya fela, mme bohlweki le bohalaledi di ile tsa fela.” O roriswa ka ho etsa diphetoho tse ngata tse ileng tsa tswela setjhaba molemo. Encyclopaedia Judaica e re: “Qeto ya hae ya bohlokwa ka ho kgetheha ke ya ho dumella mosadi ho nyalwa hape ha ho ena le paki e le nngwe e tiisang hore monna wa hae o hlokahetse.” Hape ho bolelwa hore o ile a etsa melao e sireletsang basadi banneng ba bona ba ba tshwarang hampe le e sireletsang bahlolohadi baneng ba bona ba ba tshwarang hampe mme a buella hore Baditjhaba ba futsanehileng ba lokela ho fuwa ditokelo tsa ho kgwahlapisa tse tshwanang le tsa Bajuda ba futsanehileng.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Sanhedrine​—Lekgotla le Phahameng la Bajuda.”

b Lena ke lekgetlo la pele ho a ka bang 20 ao ka ho toba ho buuwang ka mangeloi bukeng ya Diketso. Pejana ho Diketso 1:​10, ho buuwa ka tsela e sa tobang ka mangeloi e le ‘banna ba apereng diaparo tse tshweu.’

c Sheba lebokose la sehlooho se reng “Gamaliele​—Rabi ya Hlomphuwang.”

d Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ho Bolela Ditaba Tse Monate ‘ka Ntlo le Ntlo.’”

e Ho ka etsahala hore banna bana ba ne ba tshwaneleha ho ba baholo, etswe ho hlokomela “mosebetsi ona wa bohlokwa” e ne e le taba e tebileng. Le ha ho le jwalo, Mangolo ha a bolele ka ho toba hore na banna ba qadile ho kgethwa neng hore e be baholo kapa balebedi ka phuthehong ya Bakreste.

f Mehleng ya Bakreste ba pele, banna ba bang ba nang le boiphihlelo ba ne ba fuwe boikarabelo ba hore ba kgethe baholo. (Dik 14:​23; 1Ti 5:​22; Tit 1:5) Mehleng ena, Sehlopha se Busang ke sona se nang le boikarabelo ba ho kgetha balebedi ba potoloho, ebe balebedi ba potoloho bona ba kgetha baholo le bahlanka ba sebeletsang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share