Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
4-10 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 36-37
“Barababo Josefa ba a mo Monela”
(Genese 37:3, 4) Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bara ba bang bohle ba hae, hobane e le mora wa botsofadi ba hae; mme o ne a mo etseditse seaparo se selelele, se metsero se kang hempe. 4 Ha barababo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta barababo bohle, ba qala ho mo hloya, mme ba ne ba sa kgone ho bua ka kgotso le yena.
w14 8/1 12-13
“Ka Kopo Mamelang Toro Ena”
Bibele e re: “Ha barababo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta barababo bohle, ba qala ho mo hloya, mme ba ne ba sa kgone ho bua ka kgotso le yena.” (Genese 37:4) Ho a utlwahala hore na ke hobaneng ha ba ne ba le mona, empa barababo Josefa ba ile ba hloka bohlale ka hore ebe ba ile ba inehela maikutlong ao a mabe. (Liproverbia 14:30; 27:4) Na o kile wa iphumana o jewa ke mona ha motho e mong a elwa hloko kapa a fuwa tlotla eo o e batlang? Hopola barababo Josefa. Mona wa bona o ile wa ba susumelletsa ho etsa dintho tseo ba neng ba tla ikwahlaela tsona. Mohlala wa bona o hopotsa Bakreste hore ke bohlale ho ‘thaba le batho ba thabileng.’—Baroma 12:15.
Ka sebele Josefa o ile a lemoha hore barababo ba mo hloile. Ka hoo na o ne a pata seaparo sa hae se ikgethang ha a e na le barababo? E ka nna yaba o ile a ba le maikutlo a jwalo. Le ha ho le jwalo, hopola hore Jakobo o ne a batla hore seaparo sena e be pontsho ya hore o mo nka e le ya kgethehileng mme o a mo rata. Josefa o ne a batla ho phela ka tsela e tla etsa hore ntate wa hae a mo tshepe, ka hoo o ne a dula a se apere. Mohlala wa hae ke wa bohlokwa ho rona. Le hoja ho se mohla Ntate wa rona ya lehodimong a bang leeme, ka dinako tse ding o bontsha bahlanka ba hae ba itseng mohau. Ho feta moo, o batla hore ba se ke ba tshwana le lefatshe lena le bodileng. Feela jwalo ka seaparo sa Josefa se kgethehileng, boitshwaro ba Bakreste ba nnete bo ba kgetholla bathong bao ba leng hara bona. Ka dinako tse ding boitshwaro bo jwalo bo baka mona le lehloyo. (1 Petrose 4:4) Na jwale Mokreste o lokela ho pata hore ke mohlanka wa Modimo? Tjhe, o lokela ho etsisa Josefa ya sa kang a pata seaparo sa hae.—Luka 11:33.
(Genese 37:5-9) Ha morao Josefa a ba le toro mme a e bolella barababo, yaba ba fumana lebaka le eketsehileng la ho mo hloya. 6 Yaba o re ho bona: “Ka kopo, mamelang toro ena eo ke e lorileng. 7 Bonang! re ne re tlama mangata hara tshimo ha ngata ya ka e tsoha ebile e ema e otlolohile mme bonang! mangata a lona a potapota ngata ya ka mme a e inamela.” 8 Yaba barababo ba qala ho re ho yena: “Na ka sebele o tla ba morena wa rona? kapa, Na ka sebele o tla re laola?” Ka hoo ba fumana lebaka le letjha la ho mo hloya ka lebaka la ditoro tsa hae le ka lebaka la mantswe a hae. 9 Ka mora moo a ba le toro e nngwe hape, mme a e phetela barababo a re: “Bonang! ke bile le toro e nngwe, mme bonang! letsatsi le kgwedi le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di inama ka pela ka.”
(Genese 37:11) Yaba barababo ba a mo honohela, empa ntatae a boloka polelo eo.
w14 8/1 13 ¶2-4
“Ka Kopo Mamelang Toro Ena”
Ditoro tseo di ne di tswa ho Jehova Modimo. E ne e le tsa boprofeta mme Modimo o ne a batla hore Josefa a fetise molaetsa wa tsona. Ka mantswe a mang, Josefa o ne a lokela ho etsa seo baprofeta bohle ba neng ba tla mo latela ba ileng ba se etsa ha ba bolella setjhaba sa Modimo se kgelohileng melaetsa le dikahlolo tsa Hae.
Ka bohlale Josefa o ile a re ho barababo: “Ka kopo, mamelang toro ena eo ke e lorileng.” Barababo ba ile ba utlwisisa toro ya hae empa ha ba a ka ba e rata. Ba ile ba re: “Na ka sebele o tla ba morena wa rona? kapa, Na ka sebele o tla re laola?” Ha tlaleho ena e tswela pele e re: “Ka hoo ba fumana lebaka le letjha la ho mo hloya ka lebaka la ditoro tsa hae le ka lebaka la mantswe a hae.” Ha Josefa a phetela ntatae le barababo toro ya bobedi, ba ile ba etsa se tshwanang. Tlaleho e re: “Ntatae a qala ho mo kgalemela ka matla a re ho yena: ‘Toro ena eo o e lorileng e bolelang? Na nna le mmao le barabeno ka sebele re tla tla mme re iname ka pela hao?’” Le ha ho le jwalo, Jakobo o ile a nahana ka taba eo mme a ipotsa hore na ebe Jehova o bua le bona a sebedisa moshanyana eo.—Genese 37:6, 8, 10, 11.
Josefa ha se yena feela mohlanka wa Jehova ya ileng a koptjwa hore a fetise molaetsa wa boprofeta o sa tlwaelehang le o etsang hore a hloriswe. Jesu ke yena mophatlalatsi e moholo ka ho fetisisa wa melaetsa e jwalo, mme o ile a re ho balatedi ba hae: “Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa.” (Johanne 15:20) Bakreste ba dilemo tsohle ba ka ithuta dintho tse ngata tseleng eo Josefa a neng a le sebete a bile a e na le tumelo ka yona.
(Genese 37:23, 24) Ka hoo eitse hang ha Josefa a fihla ho barababo, ba hlobodisa Josefa seaparo sa hae se selelele, sona seaparo se selelele se metsero seo a neng a se apere; 24 ka mora moo ba mo nka mme ba mo lahlela ka sekoting sa metsi. Ka nako eo sekoti se ne se se na letho; ho ne ho se metsi ka ho sona.
(Genese 37:28) Jwale banna, bahwebi ba Bamidiane, ba feta. Ka hoo ba hula Josefa ba mo nyolla ka sekoting sa metsi ba ntano rekisa Josefa ho Baishmaele ka dikotwana tsa silevera tse mashome a mabedi. Qetellong ba tlisa Josefa Egepeta.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 36:1) Ena ke histori ya Esau, ke ho re, Edomo.
it-1-E 678
Edomo
(Edomo) [Bofubedu], Baedomo.
Esau e leng lefahla la Jakobo, o ile a rehwa lebitso la Edomo. (Ge 36:1) O ile a rehwa lebitso lena hobane a rekisitse tokelo ya hae ya tswalo e le hore a fumane setjhu se sefubedu. (Ge 25:30-34) Ha Esau a hlaha o ne a le mofubedu haholo (Ge 25:25), le dikarolo tsa naha eo a ileng a dula ho yona le ditloholo tsa hae di ne di le kgubedu.
(Genese 37:29-32) Ha morao Rubene a kgutlela sekoting sa metsi mme bonang! Josefa o ne a le siyo ka sekoting sa metsi. Ka lebaka leo a hahola diaparo tsa hae. 30 Ha a kgutlela ho barababo ba bang a howa: “Ngwana o ile! Mme nna ruri ke tla ya hokae?” 31 Le ha ho le jwalo, ba nka seaparo sa Josefa se selelele mme ba hlaba phooko yaba ba ina seaparo se selelele mading kgafetsa. 32 Ka mora moo ba romela seaparo se selelele se metsero mme ba etsa hore se iswe ho ntata bona yaba ba re: “Re fumane sena. Ka kopo, hlahloba hore na ke seaparo se selelele sa mora wa hao kapa tjhe.”
it-1-E 561-562
Boikarabelo
Ha modisa a ne a re o tla disa diphoofolo kapa ho di sireletsa, o ne a itlama ka molao hore o tla di hlokomela. O ne a tiisetsa monga tsona hore o tla di fepa le hore di ne di ke ke tsa lahleha, ho seng jwalo o tla di patala. Le ha ho le jwalo, o ne a ikarabella ka tsona ho ya boholeng bo itseng hobane ho ya ka molao, haeba di ne di ka bolawa ke dibata, o ne a ke ke a behwa molato ka ha ho ne ho se na letho leo a neng a ka le etsa. E le hore a se ke a jariswa molato ka lebaka la sena, o ne a lokela ho fana ka bopaki ho monga tsona, jwalo ka ho fana ka setopo sa phoofolo e harotsweng ke sebata. Monga diphoofolo o ne a tla hlahlobisisa bopaki boo a bo fuweng ebe o fana ka kahlolo a itshetlehile ka bona.
Molao ona o ne o sebetsa dinthong dife kapa dife tseo motho a neng a ka di fuwa hore a di hlokomele esita le ka lapeng, ka mohlala, ka molao mora e moholo o ne a lokela ho hlokomela barababo ba banyane le dikgaitsedi tsa hae. Ke ka hoo re ka utlwisisang ka moo Rubene a neng a tshwenyehile ka teng ka bophelo ba Josefa ha barababo ba ne ba batla ho mo bolaya jwalo ka ha ho tlalehilwe ho Genese 37:18-30. “Yaba o re: ‘A re se keng ra bolaya moya wa hae.’ . . . ‘Le se ke la tsholla madi. . . . le se ke la mo isa letsoho ka mabifi.’ Morero wa hae e ne e le ho mo lopolla matsohong a bona e le hore a ka mo kgutlisetsa ho ntatae.” Ha Rubene a hlokomela hore Josefa ha a yo, o ile a tshoha haholo hoo a ileng “a hahola diaparo tsa hae” mme a re: “Ngwana o ile! Mme nna ruri ke tla ya hokae?” O ne a tseba hore a ka behwa molato ka lebaka la ho nyamela ha Josefa. Barababo ba ile ba etsa bopaki ba bohata ba hore Josefa o bolailwe ke sebata e le hore ba se ke ba fuwa kotlo. Ba ile ba etsa sena ka ho kenya seaparo sa Josefa se tabohileng mading a podi. Ka mora moo, ba ile ba se isa ele bopaki ho ntate wa bona Jakobo mme hape e le moahlodi, ya ileng a nka Rubene a se molato ka lebaka la bopaki boo a bo boneng ba seaparo sa Josefa se nang le madi mme Jakobo o ile a etsa qeto ya hore Josefa o bolailwe.—Ge 37:31-33.
Mmalo wa Bibele
(Genese 36:1-19) Ena ke histori ya Esau, ke ho re, Edomo. 2 Esau a nka basadi ba hae ho baradi ba Kanana: Ada moradi wa Elone Mohethe le Oholibama moradi wa Ana, setloholo sa Zibeone Moheve, 3 le Basmathe, moradi wa Ishmaele, kgaitsedi ya Nebajothe. 4 Ada a tswalla Esau Elifaze, mme Basmathe a tswala Reuele, 5 Oholibama a tswala Jeushe le Jalame le Kora. Bana ke bara ba Esau bao a ba tswaletsweng naheng ya Kanana. 6 Ka mora moo Esau a nka basadi ba hae le bara ba hae le baradi ba hae le meya yohle ya ntlo ya hae le mohlape wa hae le diphoofolo tse ding tsohle tsa hae le leruo lohle la hae, leo a le bokeletseng naheng ya Kanana, a ya naheng e hole le Jakobo morabo, 7 hobane thepa ya bona e ne e le ngata haholo hore ba ka dula ha mmoho mme naha ya bojaki ba bona e ne e sa kgone ho ba phedisa ka lebaka la mehlape ya bona. 8 Ka hoo Esau a dula sebakeng se dithaba sa Seire. Esau ke Edomo. 9 Ena ke histori ya Esau ntata Edomo sebakeng se dithaba sa Seire. 10 Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elifaze mora wa Ada, mosadi wa Esau; Reuele mora wa Basmathe, mosadi wa Esau. 11 Bara ba Elifaze e bile Temane, Omare, Zefo le Gatame le Kenaze. 12 Timna ya eba serethe sa Elifaze, mora wa Esau. Ka mora nako a tswalla Elifaze Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau. 13 Bana ke bara ba Reuele: Nahathe le Zera, Shama le Miza. Bana e bile bara ba Basmathe, mosadi wa Esau. 14 Bana e bile bara ba Oholibama moradi wa Ana, setloholo sa Zibeone, mosadi wa Esau, ka hore ebe o ile a tswalla Esau Jeushe le Jalame le Kora. 15 Bana ke baetapele ba bara ba Esau: Bara ba Elifaze, letsibolo la Esau: Moetapele Temane, moetapele Omare, moetapele Zefo, moetapele Kenaze, 16 moetapele Kora, moetapele Gatame, moetapele Amaleke. Bana ke baetapele ba Elifaze naheng ya Edomo. Bana ke bara ba Ada. 17 Bana ke bara ba Reuele, mora wa Esau: Moetapele Nahathe, moetapele Zera, moetapele Shama, moetapele Miza. Bana ke baetapele ba Reuele naheng ya Edomo. Bana ke bara ba Basmathe, mosadi wa Esau. 18 Qetellong bana ke bara ba Oholibama, mosadi wa Esau: Moetapele Jeushe, moetapele Jalame, moetapele Kora. Bana ke baetapele ba Oholibama moradi wa Ana, mosadi wa Esau. 19 Bana ke bara ba Esau, mme bana ke baetapele ba bona. Ke yena Edomo.
11-17 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 38-39
“Jehova ha a a ka a Lahla Josefa”
(Genese 39:1) Ha e le Josefa, a theolelwa Egepeta, mme Potifaro, molaodi wa lekgotla wa Faro, mookamedi wa balebedi, Moegepeta, a mo reka matsohong a Baishmaele ba neng ba mo tlisitse moo.
w14 11/1 12 ¶4-5
“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Jwang?”
“Ha e le Josefa, a theolelwa Egepeta, mme Potifaro, molaodi wa lekgotla wa Faro, mookamedi wa balebedi, Moegepeta, a mo reka matsohong a Baishmaele ba neng ba mo tlisitse moo.” (Genese 39:1) Mantswe ao a seng makae a Bibele a re thusa ho bona ka moo Josefa a neng a ikutlwa a tlotlolohile ka teng ha a boela a rekiswa. E ne e le lekgoba. O ka inahanela Josefa a setse monga hae wa Moegepeta morao ba tsamaya diterateng tse phetheselang ba lebile moo a seng a tla dula teng.
Qetellong o ile a fihla moo a neng a ilo dula teng, empa ho ne ho fapane hole le habo. O ne a holetse lelapeng le dulang le falla e le hore le hlokomele mehlape ya dinku. Empa mona moo a neng a se a dula teng, Baegepeta ba ruileng ba kang Potifaro ba ne ba dula matlong a matle a mebalabala. Baepolli ba dintho tsa kgale ba tlaleha hore Baegepeta ba boholoholo ba ne ba rata diratswana tsa dipalesa tse nang le difate le matamo a ho lema dipalesa tse melang metsing. Matlo a mang a ne a le ka hara diratswana tsa dipalesa, a e na le diforanta tseo motho a ka dulang ho tsona e le hore a hahlwe ke moya, a e na le difensetere tse kgolo le dikamore tse ngata ho akarelletsa le dikamore tse kgolo tsa ho jela le matlo a basebetsi ba lapeng.
(Genese 39:12-14) Yaba o mo tshwara ka seaparo, o re: “Robala le nna!” Empa a siya seaparo sa hae letsohong la hae a baleha a tswela ka ntle. 13 Yare hang ha a bona hore o siile seaparo sa hae letsohong la hae e le hore a balehele ka ntle, 14 a qala ho hweletsa banna ba ntlo ya hae a re ho bona: “Bonang! O re tliseditse monna wa Moheberu, bakeng sa ho re fetola ditsheho. O tlile ho nna ho tla robala le nna, empa ka qala ho hweletsa ka lentswe le phahameng.
(Genese 39:20) Ka hoo monga Josefa a mo nka a mo isa ntlong ya tjhankana, sebakeng seo ho sona batshwaruwa ba morena ba bolokwang ditlamong, mme a hlola moo ntlong ya tjhankana.
w14 11/1 14-15
“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Jwang?”
Ha re tsebe hakaalo ka hore na batshwaruwa ba Egepeta ba ne ba tshwarwa jwang mehleng eo. Baepolli ba dintho tsa kgale ba fumane mesaletsa ya mehaho e meholo ya tjhankana e nang le disele le teronko e ka tlasa lefatshe. Ha morao Josefa o ile a re o ne a le “sekoting sa tjhankana,” e leng se bolelang sebaka se lefifi, seo ho sona ho se nang tshepo. (Genese 40:15) Lengolo la Pesaleme le re bolella hore Josefa o ile a hloriswa le ho feta: “Ba mo hlokofatsa ka ho mo tlama maoto ka ditshepe, ba mmofa ka mahlaahlela.” (Pesaleme ya 105:17, 18, BPN) Ka dinako tse ding Baegepeta ba ne ba fasa batshwaruwa ditsweng; ba bang ba faswa molaleng. E tlameha e be Josefa o ile a utlwa bohloko ha a tshwarwa ka tsela eo le hoja a sa etsa letho.
Ho hobe le ho feta ke hore ha a a ka a tshwarwa jwalo ka nakwana. Tlaleho e re Josefa “a hlola moo ntlong ya tjhankana.” O ile a dula moo dilemo tse ngata. Josefa o ne a sa tsebe hore na o tla lokollwa neng. O ile a etsang hore a se ke a nyahama ha a bona dilemo di ntse di feta?
Bibele e re tiisetsa ka ho re: “Jehova a nna a ba le Josefa mme a nna a mo bontsha mosa o lerato.” (Genese 39:21) Jehova a ke ke a sitiswa ke letho hore a bontshe bahlanka ba hae mosa o lerato. (Baroma 8:38, 39) E tlameha e be Josefa o ne a tshollela matshwenyeho a hae ho Jehova ka thapelo mme a fumana kgotso le botsitso tse fanwang feela ke “Modimo wa matshediso ohle.” (2 Bakorinthe 1:3, 4; Bafilipi 4:6, 7) Keng hape seo Jehova a ileng a se etsetsa Josefa? Bibele e re o ile a etsa hore a “fumane kamohelo mahlong a molaodi ya ka sehloohong wa ntlo ya tjhankana.”
(Genese 39:21-23) Le ha ho le jwalo, Jehova a nna a ba le Josefa mme a nna a mo bontsha mosa o lerato mme a dumella hore a fumane kamohelo mahlong a molaodi ya ka sehloohong wa ntlo ya tjhankana. 22 Ka hoo molaodi ya ka sehloohong wa ntlo ya tjhankana a beha batshwaruwa bohle ba ntlong ya tjhankana letsohong la Josefa; sohle seo ba se etsang moo ke yena ya neng a re se etswe. 23 Molaodi ya ka sehloohong wa ntlo ya tjhankana o ne a sa hlokomele letho ho hang le letsohong la hae, hobane Jehova o ne a e na le Josefa mme a atlehisa seo a se etsang.
w14 11/1 15 ¶2
“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Jwang?”
Bibele e re tiisetsa ka ho re: “Jehova a nna a ba le Josefa mme a nna a mo bontsha mosa o lerato.” (Genese 39:21) Jehova a ke ke a sitiswa ke letho hore a bontshe bahlanka ba hae mosa o lerato. (Baroma 8:38, 39) E tlameha e be Josefa o ne a tshollela matshwenyeho a hae ho Jehova ka thapelo mme a fumana kgotso le botsitso tse fanwang feela ke “Modimo wa matshediso ohle.” (2 Bakorinthe 1:3, 4; Bafilipi 4:6, 7) Keng hape seo Jehova a ileng a se etsetsa Josefa? Bibele e re o ile a etsa hore a “fumane kamohelo mahlong a molaodi ya ka sehloohong wa ntlo ya tjhankana.”
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 38:9, 10) Empa Onane o ne a tseba hore bana e ke ke ya eba ba hae; eitse ha a kopanela diphate le mosadi wa morabo a ntshetsa peo ya hae fatshe e le hore a se ke a fa morabo bana. 10 Jwale seo a se entseng se ne se le sebe mahlong a Jehova; ka hoo le yena a mo bolaya.
it-2-E 555
Onane
(Onane) [lebitso lena le bolela “matla a ho tswala kapa matla”].
Onane e ne e le mora wa bobedi wa Juda, eo a bileng le yena le mosadi wa hae wa Mokanana e leng Shua. (Ge 38:2-4; 1Likr 2:3) Ka mora hore Jehova a bolaye Ere e leng abuti wa Onane ya ileng a etsa sebe, Juda o ile a kopa Onane hore a nyale Tamare mosadi wa abuti wa hae ya neng a se na bana. Haeba ba ne ba ka ba le mora e ne e ke ke ya eba wa Onane, ho e na le hoo e ne e tla ba mora wa Ere mme ke yena ya neng a tla fumana lefa jwalo ka letsibolo empa haeba ba ne ba sa be le mora Onane o ne a tla iphumanela lefa leo. Ha Onane a etsa thobalano le Tamare o ile “a ntshetsa peo ya hae fatshe” ho e na le hore a mo fe yona. Sena ha se bolele hore Onane o ne a pholla ditho tsa hae tsa botona hobane Bibele e re “eitse ha a kopanela diphate le mosadi wa morabo” o ile a ntshetsa peo ya hae fatshe. Onane o entse sena ka boomo e le hore Tamare a se ke a ima. Onane le yena o ile a bolawa ke Jehova a se na bana ka lebaka la hore ha a ka a mamela ntate wa hae, o ne a le meharo ebile o ile a etsa sebe kgahlanong le tokisetso ya Modimo ya lenyalo.—Ge 38:6-10; 46:12; Nu 26:19.
(Genese 38:15-18) Ha Juda a re hedi! a mo bona, hanghang a nka hore ke seotswa, hobane a ne a ikwahetse sefahleho. 16 Ka hoo a fapohela ho yena pela tsela mme a re: “Ka kopo, ntumelle hore ke kopanele diphate le wena.” Etswe o ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae. Le ha ho le jwalo, a re: “O tla mpha eng hore o kopanele diphate le nna?” 17 Yaba o re: “Ke tla romela potsanyane ho tswa mohlapeng.” Empa a re: “Na o tla mpha tebeletso ho fihlela o e romela?” 18 Yaba o tswela pele: “Ke tla o fa tebeletso ya eng?” yaba o re: “Lesale la hao la tiiso le thapo ya hao le molamu o letsohong la hao.” Jwale a mo fa tsona yaba o kopanela diphate le yena, ka hoo a mo imisa.
w04 1/15 30 ¶4-5
Dipotso Tse Tswang ho Babadi
Juda o ile a fosa ka hore a se ke a fa mora wa hae Shela Tamare jwalo ka ha a ne a tshepisitse. Hape, o ile a etsa thobalano le mosadi eo a neng a nahana hore ke seotswa sa tempele. Sena se ne se le kgahlanong le morero wa Modimo wa hore motho a etse thobalano le motho eo a nyalaneng le yena feela. (Genese 2:24) Le ha ho le jwalo, nnete ke hore Juda ha a a ka a etsa thobalano le seotswa. Ho fapana le moo, e ne e se ka morero hore ebe o ile a nka sebaka sa mora wa hae Shela ka hore a kenele Tamare mme ka hoo e be ntata bana ba ileng ba hlaha ka molao.
Ha e le Tamare yena, ho etsa thobalano ha hae le Juda e ne e se boitshwaro bo bobe. Bara ba hae ba mafahla ba ne ba sa nkwe e le bana ba bohlola. Ha Boaze wa Bethlehema a ne a kenela Ruthe, mosadi wa Momoabe, baholo ba Bethlehema ba ile ba bua hantle ka Pereze, mora wa Tamare, ba re ho Boaze: “E se eka ntlo ya hao e ka ba jwalo ka ntlo ya Pereze, eo Tamare a ileng a mo tswalla Juda, ka bana bao Jehova a tla o fa bona ka mosadi enwa e motjha.” (Ruthe 4:12) Pereze o boetse o thathamisitswe hara baholoholo ba Jesu Kreste.—Matheu 1:1-3; Luka 3:23-33.
Mmalo wa Bibele
(Genese 38:1-19) Kgabareng eitse ha Juda a tloha ho barababo a hloma tente ya hae haufi le monna e mong, Moadulame, lebitso la hae e le Hira. 2 Moo Juda a bona moradi wa Mokanana e mong, eo lebitso la hae e neng e le Shua. Ka hoo a mo nka mme a kopanela diphate le yena. 3 Yaba wa ima. Ha morao a tswala mora mme a mo reha lebitso la Ere. 4 A boela a ima. Ka mora nako a tswala mora mme a mo reha lebitso la Onane. 5 Ka nako e nngwe hape a boela a tswala mora mme jwale a mo reha lebitso la Shela. Jwale o ne a le Akzibe ka nako eo mosadi wa hae a mo tswalang. 6 Ka mora nako Juda a nkela Ere letsibolo la hae mosadi, lebitso la hae e ne e le Tamare. 7 Empa Ere, letsibolo la Juda, o ne a le mobe mahlong a Jehova; ka hoo Jehova a mo bolaya. 8 Ka lebaka leo Juda a re ho Onane: “Kopanela diphate le mosadi wa moreno mme o mo kenele o hlahisetse moreno bana.” 9 Empa Onane o ne a tseba hore bana e ke ke ya eba ba hae; eitse ha a kopanela diphate le mosadi wa morabo a ntshetsa peo ya hae fatshe e le hore a se ke a fa morabo bana. 10 Jwale seo a se entseng se ne se le sebe mahlong a Jehova; ka hoo le yena a mo bolaya. 11 Ka hoo Juda a re ho ngwetsi ya hae Tamare: “Dula o le mohlolohadi ntlong ya ntatao ho fihlela Shela mora wa ka a hodile.” Etswe o ne a ipoleletse ho re: “Le yena a ka nna a shwa jwalo ka barababo.” Tumellanong le hoo Tamare a tsamaya mme a dula ntlong ya ntatae. 12 Ka hoo matsatsi a ngatafala mme moradi wa Shua, mosadi wa Juda, a shwa; yaba Juda o boloka nako ya ho siama. Ka mora moo a nyolohela ho bakuti ba dinku tsa hae, yena le Hira motswalle wa hae wa Moadulame, ba ya Timna. 13 Jwale ha bolellwa Tamare: “Bona! ntatao matsale o nyolohela Timna ho ya kuta dinku tsa hae.” 14 A hlobola diaparo tsa bohlolohadi ba hae a ikwahela ka tjale yaba o ikgurumetsa ka lesira o dula monyako wa Enaime, e tseleng e yang Timna. Etswe o ne a bone hore Shela o hodile mme le ha ho le jwalo ha a a mo fuwa hore e be mosadi wa hae. 15 Ha Juda a re hedi! a mo bona, hanghang a nka hore ke seotswa, hobane a ne a ikwahetse sefahleho. 16 Ka hoo a fapohela ho yena pela tsela mme a re: “Ka kopo, ntumelle hore ke kopanele diphate le wena.” Etswe o ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae. Le ha ho le jwalo, a re: “O tla mpha eng hore o kopanele diphate le nna?” 17 Yaba o re: “Ke tla romela potsanyane ho tswa mohlapeng.” Empa a re: “Na o tla mpha tebeletso ho fihlela o e romela?” 18 Yaba o tswela pele: “Ke tla o fa tebeletso ya eng?” yaba o re: “Lesale la hao la tiiso le thapo ya hao le molamu o letsohong la hao.” Jwale a mo fa tsona yaba o kopanela diphate le yena, ka hoo a mo imisa. 19 Ka mora moo a ema mme a tsamaya yaba o hlobola tjale ya hae o apara diaparo tsa bohlolohadi ba hae.
18-24 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 40-41
“Jehova o Lopolla Josefa”
(Genese 41:9-13) Jwale mookamedi wa baqhatsetsi a bua le Faro, a re: “Ke bolela dibe tsa ka kajeno. 10 Faro o ile a halefela bahlanka ba hae. Ka hoo a nkenya teronkong ya ntlo ya mookamedi wa balebedi, nna le mookamedi wa baapehi. 11 Ka mora moo ka bobedi re ile ra lora toro ka bosiu bo le bong, nna le yena. Ra lora e mong le e mong toro ya hae e nang le tlhaloso ya yona. 12 Ho ne ho e na le mohlankana ha mmoho le rona moo, wa Moheberu, mohlanka wa mookamedi wa balebedi. Ha re mo phetela tsona, a re hlalosetsa ditoro tsa rona. A hlalosetsa e mong le e mong ho ya ka toro ya hae. 13 Ha etsahala feela jwalo ka ha a re hlaloseditse. nna a nkgutlisetsa boemong ba ka, empa yena a mo fanyeha.”
w15 2/1 14 ¶4-5
“Na Ditlhaloso ha se Tsa Modimo?”
Le hoja e ka nna yaba moqhatsetsi o ile a lebala Josefa, Jehova ha a a ka a mo lebala. Modimo o ile a etsa hore Faro a lore ditoro tse pedi tse sa lebaleheng. Torong ya pele, Faro o ile a bona dikgomo tse nonneng tse supileng di nyoloha Nokeng ya Nile, mme di latelwa ke tse otileng tse supileng. Tse otileng di ile tsa ja tse nonneng. Ha morao Faro o ile a lora diqwapi tse supileng tsa dijothollo lehlakeng le le leng, di nonne mme di le ntle. Empa ka mora tsona ho ile ha hola diqwapi tse supileng tsa dijothollo, tse tshesane le tse bajuweng ka lebaka la moya, mme tsa metsa diqwapi tse supileng tse nonneng. Faro o ile a tsoha a kgathatsehile haholo ke ditoro tseo, mme a bitsa banna bohle ba hae ba bohlale le baprista ba sebedisanang le meya hore ba tlo mo hlalosetsa tsona. Ba ile ba hloleha. (Genese 41:1-8) Ha re tsebe hore na ba ile ba hloleha ka tsela efe. Le ha ho le jwalo, seo re se tsebang ke hore Faro o ile a swetseha, empa o ne a hlile a batla ho tseba hore na toro ya hae e bolelang.
Qetellong moqhatsetsi o ile a hopola Josefa. Letswalo le ile la mo tshetshetha, mme a bolella Faro ka mohlankana e mong eo dilemong tse pedi tse fetileng a ileng a hlalosa toro ya hae le ya moapehi. Ka ho panya ha leihlo, Faro o ile a laela hore Josefa a bitswe.—Genese 41:9-13.
(Genese 41:16) Yaba Josefa o araba Faro, o re: “Ha ho hlokahale hore ho tadingwe ho nna! Modimo o tla tsebisa Faro boiketlo.”
(Genese 41:29-32) “Bona! ho tla dilemo tse supileng tsa nala e kgolo naheng yohle ya Egepeta. 30 Empa ka sebele dilemo tse supileng tsa tlala di tla hlaha ka mora tsona, mme nala yohle ya naha ya Egepeta e tla lebalwa mme tlala e tla timetsa naha. 31 Nala e kileng ya eba teng naheng e ke ke ya tsejwa ka lebaka la tlala ka mora moo, hobane ka sebele e tla ba kgolo haholo. 32 Hore ebe toro e phetilwe habedi ho Faro ho bolela hore ntho ena e tiisitswe ka thata ke Modimo wa nnete, mme Modimo wa nnete o potlakela ho e phetha.
w15 2/1 14-15
“Na Ditlhaloso ha se Tsa Modimo?”
Jehova o rata batho ba ikokobeditseng le ba tshepahalang, ka hona, ha ho makatse hore o ile a thusa Josefa ho hlalosa toro ya morena. Josefa o ile a hlalosetsa Faro hore tlhaloso ya ditoro tsa hae e nngwe. Hore ebe toro e phetilwe habedi ho Faro ho bolela hore Jehova o ‘e tiisitse ka thata,’ le hore e tla phethahala ho bata kapa ho tjhesa. Dikgomo tse nonneng le diqwapi tse nonneng di ne di tshwantshetsa dilemo tse supileng tsa kgora Egepeta, ha dikgomo tse otileng le diqwapi tse otileng di ne di tshwantshetsa dilemo tse supileng tsa tlala tse neng di tla tla ka mora tse supileng tsa kgora. Ha nako ya tlala e fihla ho ne ho ke ke ha bonahala hore ho kile ha eba le kgora.—Genese 41:25-32.
(Genese 41:38-40) Ka hoo Faro a re ho bahlanka ba hae: “Na ho ka fumanwa monna e mong ya jwalo ka enwa eo moya wa Modimo o leng ho yena?” 39 Ka mora moo Faro a re ho Josefa: “Ka ha Modimo o entse hore o tsebe sena sohle, ha ho ya masene le ya bohlale jwalo ka wena. 40 O tla okamela ntlo ya ka, mme batho bohle ba ka ba tla o mamela ka ho feletseng. Ke tla ba moholo ho wena tabeng ya terone feela.”
w15 2/1 15 ¶3
“Na Ditlhaloso ha se Tsa Modimo?”
Faro o ile a phetha tshepiso ya hae. Josefa o ile a apeswa line ya boleng bo botle. Faro a mo rwesa sefaha sa kgauta, a mo kenya lesale la tiiso letsohong, a mo palamisa koloing ya borena mme a mo lokolla hore a tsamaye ka yona ho pholletsa le naha e le hore a phethe mosebetsi wa hae. (Genese 41:42-44) Ka ho panya ha leihlo Josefa o ile a lokollwa teronkong mme ya eba motlatsi wa Faro. Seo se ile sa bontsha hore Josefa o na le tumelo ho Jehova. Jehova o ne a bone hore mohlanka wa hae o ile a tshwarwa ka ho hloka toka ka dilemo tse ngata. O ile a sebetsana le taba eo ka nako e loketseng le ka tsela e nepahetseng. Jehova o ne a sa nahana feela ka ho rarolla mathata a Josefa empa o ne a batla le ho boloka setjhaba sa ka moso sa Iseraele. Re tla bona hore na o ile a etsa seo jwang sehloohong se latelang sa “Bontsha Tumelo e Tshwanang le ya Bona.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 41:14) Faro a romeletsa mme a bitsa Josefa, hore ba mo tlise kapele ho tswa sekoting sa tjhankana. Ka hoo a beola mme a apara diaparo tse ding tsa hae tsa ka hodimo yaba o kena ho Faro.
w15 11/1 9 ¶1-3
Re o Lome Tsebe?
Ke hobaneng ha Josefa a ile a beola pele a ya ho Faro?
Lengolo la Genese le bontsha hore Faro o ile a laela hore a tlisetswe Josefa e leng motshwaruwa wa Moheberu, e le hore a tlo mo hlalosetsa ditoro tsa hae tse mo tshwenyang. Ka nako eo ho ne ho se ho fetile dilemo tse mmalwa Josefa a le teronkong. Ho sa tsotellehe hore na Faro o ne a mo batla ka potlako hakae, Josefa o ile a beola pele. (Genese 39:20-23; 41:1, 14) Hore ebe mongodi o bua ka taba ena e bonahalang e se ya bohlokwa hakaalo, ho bontsha hore o ne a tseba meetlo ya Baegepeta.
Dinaheng tse ngata tsa boholoholo, ho akarelletsa le tsa Baheberu, ho ne ho tlwaelehile hore banna ba hodise ditedu. Empa Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ya McClintock le Strong e re, “Baegepeta ba boholoholo e ne e le bona feela ditjhabeng tsa Botjhabela ba neng ba le kgahlanong le ho hodisa ditedu.”
Na ba ne ba beola ditedu feela? Makasine ya Biblical Archaeology Review e re meetlo e meng ya Baegepeta e ne e hloka hore pele monna a hlaha ka pela Faro, a shebahale ka tsela eo a neng a lokela ho shebahala ka yona ha a kena tempeleng. Ke ka hoo Josefa a neng a lokela ho tlosa moriri wohle o hloohong ya hae le mmeleng.
(Genese 41:33) “Ka hoo jwale Faro a ke a batle monna ya masene le ya bohlale mme a mo behe hore a okamele naha ya Egepeta.
w09 11/15 28 ¶14
Ho ba Basebeletsi ba Modimo ba Bontshang Mekgwa e Metle
14 Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, batswadi ba tshabang Modimo ba ne ba etsa bonnete ba hore bana ba bona ba ithuta mekgwa e metle lapeng. Hlokomela ka moo Abrahama le mora wa hae Isaka ba ileng ba buisana ka tlhompho ka teng ho Genese 22:7. Josefa le yena o ile a bontsha hore batswadi ba hae ba ne ba mo kwetlisitse hantle. Ha a ne a le teronkong, o ne a bontsha mekgwa e metle le ho batshwaruwammoho le yena. (Gen. 40:8, 14) Tsela eo a ileng a bua le Faro ka yona e bontsha hore o ne a ithutile tsela e nepahetseng ya ho bua le motho ya maemong a phahameng.—Gen. 41:16, 33, 34.—Gen. 41:16, 33, 34.
Mmalo wa Bibele
(Genese 40:1-23) Jwale eitse ka mora dintho tsena moqhatsetsi wa morena wa Egepeta le moapehi ba sitelwa kgosi ya bona morena wa Egepeta. 2 Faro a halefela balaodi ba hae ba babedi, mookamedi wa baqhatsetsi le mookamedi wa baapehi. 3 Ka hoo a ba kenya teronkong ya ntlo ya mookamedi wa balebedi, ntlong ya tjhankana, sebakeng seo Josefa e leng motshwaruwa ho sona. 4 Jwale mookamedi wa balebedi a abela Josefa hore a be le bona e le hore a ba sebeletse; mme ba hlola teronkong ka matsatsi a mmalwa. 5 Yaba ka bobedi ba lora toro, e mong le e mong toro ya hae ka bosiu bo le bong, e mong le e mong toro ya hae e nang le tlhaloso ya yona, moqhatsetsi le moapehi wa morena wa Egepeta bao e leng batshwaruwa ntlong ya tjhankana. 6 Ha Josefa a kena ka ho bona hoseng mme a ba bona, ba ne ba shebahala ba nyahame. 7 Yaba o qala ho botsa balaodi ba Faro bao a nang le bona teronkong ya ntlo ya monga hae, o re: “Difahleho tsa lona di swabisitswe ke eng kajeno?” 8 Yaba ba re ho yena: “Re lorile toro, mme ha re na ya e hlalosang.” Ka hoo Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso ha se tsa Modimo? Ka kopo, mpheteleng yona.” 9 Mookamedi wa baqhatsetsi a phetela Josefa toro ya hae a re ho yena: “Torong ya ka, bonang! ho ne ho e na le sefate sa morara ka pela ka. 10 Sefateng sa morara ho ne ho e na le makala a mararo, mme kamoo ho bonahalang ka teng se ne se hlomela letlobo. Dithunthung tsa sona tsa hlaha. Masihla a sona a butswisa morara wa wona. 11 Senwelo sa Faro se ne se le letsohong la ka, yaba ke nka morara ke o tlhotlela ka hara senwelo sa Faro. Ka mora moo ka fana ka senwelo letsohong la Faro.” 12 Jwale Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo. 13 Matsatsi a mararo ho tloha hona jwale Faro o tla phahamisa hlooho ya hao mme ka sebele o tla o kgutlisetsa boemong ba hao; ka sebele o tla fana ka senwelo letsohong la Faro, ho ya ka tlwaelo ya pele ha o ne o sebetsa jwalo ka moqhatsetsi wa hae. 14 Le ha ho le jwalo, o nne o nkgopole hang ha dintho di o tsamaela hantle, mme ka kopo, o nketse ka mosa o lerato o be o mpolele ho Faro, mme o ntshe ka tlung ena. 15 Etswe ha e le hantle ke kwetetswe naheng ya Baheberu; le mona ha ke a etsa letho ho hang leo ka lona ba lokelang ho nkenya ka sekoting sa tjhankana.” 16 Ha mookamedi wa baapehi a bona hore o hlalositse ntho e molemo, le yena, a re ho Josefa: “Le nna ke ne ke lora, mme bonang! ho ne ho e na le dibaskete tse tharo tsa bohobe bo bosweu hloohong ya ka, 17 basketeng e ka hodimodimo ho ne ho e na le mefuta yohle ya dijo tsa Faro, tse entsweng ke moapehi, mme ho ne ho e na le dinonyana tse di jang ka hara baskete e hodima hlooho ya ka.” 18 Jwale Josefa a araba a re: “Tlhaloso ya yona ke ena: Dibaskete tse tharo ke matsatsi a mararo. 19 Matsatsi a mararo ho tloha hona jwale Faro o tla o kgaola hlooho mme ka sebele a o fanyehe thupeng; ka sebele dinonyana di tla ja nama ya hao.” 20 Jwale letsatsi la boraro e ne e le letsatsi la tswalo ya Faro, mme a etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete mme a phahamisa hlooho ya mookamedi wa baqhatsetsi le hlooho ya mookamedi wa baapehi hara bahlanka ba hae. 21 Tumellanong le hoo a kgutlisetsa mookamedi wa baqhatsetsi mosebetsing wa hae wa boqhatsetsi, mme a tswela pele ho fana ka senwelo letsohong la Faro. 22 Empa a fanyeha mookamedi wa baapehi, feela jwalo ka ha Josefa a ba file tlhaloso. 23 Le ha ho le jwalo, mookamedi wa baqhatsetsi ha a a ka a hopola Josefa mme a mo lebala.
25-31 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | GENESE 42-43
“Josefa o Bontsha Boitshwaro”
(Genese 42:5-7) Ka hoo bara ba Iseraele ba tla le ba bang ba neng ba tlilo reka, hobane tlala e le teng naheng ya Kanana. 6 Josefa e ne e le yena monna ya busang naha. Ke yena ya neng a rekisetsa batho bohle ba lefatshe. Ka lebaka leo barababo Josefa ba tla mme ba mo inamela difahleho di shebile fatshe. 7 Ha Josefa a bona barababo, hanghang a ba tseba, empa a ikgakanyetsa bona. Ka hoo a bua le bona ka thata a re ho bona: “Le tswa hokae?” yaba ba re: “Re tswa naheng ya Kanana ho tla reka dijo.”
w15 5/1 13 ¶5
“Na ke Sebakeng sa Modimo?”
Na Josefa yena o ile a ba tseba? E, ho jwalo. Ho phaella moo, ha a bona ba mo inamela o ile a hopola dintho tse ileng tsa etsahala ha e sa le moshanyana. Bibele e re “kapelepele Josefa a hopola ditoro” tseo Jehova a mo bontshitseng tsona ha e sa le moshanyana, tse ileng tsa bontsha esale pele nako eo ka yona bo abuti ba hae ba neng ba tla mo inamela, feela jwalo ka ha ba ne ba etsa. (Genese 37:2, 5-9; 42:7, 9) Ebe Josefa o ne a tla etsang? Na o ne a tla ba amohela ka mofuthu? Kapa na o ne a tla iphetetsa?
w15 5/1 14 ¶1
“Na ke Sebakeng sa Modimo?”
O ka nna wa se ke wa iphumana o le boemong bo kang ba Josefa. Le ha ho le jwalo, ho se utlwane le ho tsekollana ho tlwaelehile malapeng a mangata kajeno. Ha re tobana le maemo a jwalo, re ka nna ra betwa ke pelo mme ra etsa dintho re sa nahana hantle. E ka ba bohlale ho etsisa Josefa mme re leke ho fumana hore na Modimo o batla hore re etse dintho jwang. (Liproverbia 14:12) Hopola hore le hoja ho bopa kgotso le ba lelapa ho le bohlokwa, ho ba le kamano e ntle le Jehova ha mmoho le Mora wa hae ke ha bohlokwa le ho feta.—Matheu 10:37.
(Genese 42:14-17) Le ha ho le jwalo, Josefa a re ho bona: “Ke seo ke le boleletseng sona, ka re, ‘Le dihlwela!’ 15 Le tla lekwa ka sena. Ka Faro ya phelang, le ke ke la tloha mona haese ha morabo lona e monyenyane a ka tla mona. 16 Romelang e mong wa lona hore a tle le morabo lona ha le ntse le tlamilwe, hore mantswe a lona a lekwe hore ke nnete tabeng ya lona. Haeba ho se jwalo, ka Faro ya phelang, le dihlwela.” 17 Yaba o ba kenya ha mmoho ditlamong ka matsatsi a mararo.
w15 5/1 14 ¶2
“Na ke Sebakeng sa Modimo?”
Josefa o ile a leka baholwane ba hae ka ditsela tse ngata tse sa tshwaneng e le hore a bone hore na ba fela ba fetohile. O ile a qala ka ho ba buisa hampe a sebedisa toloko a ba qosa ka hore ke dihlwela. Ha ba itshireletsa ba ile ba mo bolella ka lelapa labo bona, ba ba ba mo bolella ka moena bona ya setseng hae. Josefa o ne a thabetse hore ebe moenae o ne a ntse a phela empa a sa batle ho bontsha. Jwale o ne a tseba hore na o tla reng ho bona. O ile a re: “Le tla lekwa ka sena,” mme a ba laela hore ba tlise moena bona eo ba buang ka yena. Ka mora nako o ile a ba dumella hore ba ilo lata moena bona empa a re a le mong wa bona a sale.—Genese 42:9-20.
(Genese 42:21, 22) Ba qala ho buisana ba re: “Ntle ho pelaelo re molato mabapi le morabo rona, hobane re bone mahlomola a moya wa hae ha a kopa hore re mo qenehele, empa ha re a ka ra mamela. Ke ka lebaka leo mahlomola a re wetseng hodimo.” 22 Jwale Rubene a ba araba, a re: “Na ha ke a ka ka re ho lona, ‘Le se ke la sitelwa ngwana,’ empa ha le a ka la mamela? Jwale madi a hae, bonang! ka sebele a a batlwa.”
it-2-E 108 ¶4
Josefa
Barababo Josefa ba ile ba utlwa eka mathata a ba hlahellang a ne a bakwa ke kotlo e tswang ho Modimo hobane ba ile ba rekisa Josefa hore e be lekgoba dilemo pele ho moo. Ba ile ba buisana ka molato ona wa bona ka pela Josefa eo ba neng ba sa hlokomele hore ke yena. Josefa o ile a utlwa ha ba ntse ba buisana hore ba ne ba bakile, sena se ile sa mo ama haholo hoo a ileng a tswela ka ntle mme a bokolla. Ha a kgutlela ho bona, o ile a tlama Simeone mme a mo tshwara ho fihlela ba ka tla le morabo bona e monyane.—Ge 42:21-24.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Genese 42:22) Jwale Rubene a ba araba, a re: “Na ha ke a ka ka re ho lona, ‘Le se ke la sitelwa ngwana,’ empa ha le a ka la mamela? Jwale madi a hae, bonang! ka sebele a a batlwa.”
(Genese 42:37) Empa Rubene a re ho ntatae: “O bolaye bara ba ka ba babedi haeba ke sa mo kgutlisetse ho wena. Mo behe tlhokomelong ya ka, mme ke tla mo kgutlisetsa ho wena.”
it-2-E 795
Rubene
Makgabane a matle a Rubene a ile a bonahala ha a ne a phehella barababo ba robong hore ba lahlele Josefa ka sedibeng se se nang metsi ho e na le ho mo bolaya, ka ha o ne a ikemiseditse ho kgutlela moo e le hore a mo pholose. (Ge 37:18-30) Dilemo tse fetang tse 20 ha morao ha barababo ba qoswa ka hore ke di hlwela Egepeta, ba ile ba nahana hore ba etsahallwa ke sena ka lebaka la hore ba ile ba tshwara Josefa hampe, empa Rubene o ile a ba hopotsa hore yena o ne a sa dumellane le morero wa bona wa ho bolaya Josefa. (Ge 42:9-14, 21, 22) Le ha Jakobo a hana hore Benjamine a tsamaye le bona ha ba kgutlela Egepeta ka lekgetlo la bobedi, Rubene o ile a fa Jakobo bara ba hae ba babedi mme a re: “O bolaye bara ba ka ba babedi haeba ke sa kgutlisetse [Benjamine] ho wena.”—Ge 42:37.
(Genese 43:32) Yaba ba mo tsholela a le mong le bona ba le bang le Baegepeta ba jang le yena ba le bang; etswe Baegepeta ba ne ba sa kgone ho ja le Baheberu, hobane e le ntho e manyala ho Baegepeta.
w04 1/15 29 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Genese—II
43:32—Ke hobaneng ha e ne e le ntho e manyala ho Baegepeta ho ja dijo le Baheberu? Mohlomong sena se ne se bakwa haholo ke kgethollo ya bodumedi kapa boikakaso ba morabe. Hape, Baegepeta ba ne ba kgesa badisa. (Genese 46:34) Hobaneng? Mohlomong Baegepeta ba ne ba nka badisa e le batho ba boemo bo tlase haholo. Kapa ho ka etsahala hore ebe ka ha ho ne ho se na sebaka se lekaneng sa masimo, Baegepeta ba ne ba kgesa batho ba neng ba batla makgulo.
Mmalo wa Bibele
(Genese 42:1-20) Qetellong Jakobo a bona hore ho na le dijothollo Egepeta. Jwale Jakobo a re ho bara ba hae: “Ke hobaneng ha le ntse le tadimana?” 2 Yaba wa eketsa: “Bonang! ke utlwile hore ho na le dijothollo Egepeta. Theohelang teng mme le re rekele moo, e le hore re tswele pele re phela mme re se ke ra shwa.” 3 Tumellanong le hoo barababo Josefa ba leshome ba theohela Egepeta ho ya reka dijothollo. 4 Empa Jakobo ha a a ka a romela Benjamine, morabo Josefa, ha mmoho le barababo ba bang, hobane a itse: “Mohlomong a ka hlahelwa ke kotsi e bolayang.” 5 Ka hoo bara ba Iseraele ba tla le ba bang ba neng ba tlilo reka, hobane tlala e le teng naheng ya Kanana. 6 Josefa e ne e le yena monna ya busang naha. Ke yena ya neng a rekisetsa batho bohle ba lefatshe. Ka lebaka leo barababo Josefa ba tla mme ba mo inamela difahleho di shebile fatshe. 7 Ha Josefa a bona barababo, hanghang a ba tseba, empa a ikgakanyetsa bona. Ka hoo a bua le bona ka thata a re ho bona: “Le tswa hokae?” yaba ba re: “Re tswa naheng ya Kanana ho tla reka dijo.” 8 Ka hoo Josefa a tseba barababo, empa ba ne ba sa mo tsebe. 9 Kapelepele Josefa a hopola ditoro tseo a ileng a di lora ka bona, mme a tswela pele ho re ho bona: “Le dihlwela! Le tlilo bona boemo bo pepesehileng ba naha!” 10 Jwale ba re ho yena: “Tjhe, morena ka, empa bahlanka ba hao ba tlilo reka dijo. 11 Kaofela re bara ba motho a le mong. Re banna ba lokileng. Bahlanka ba hao ha se dihlwela.” 12 Empa a re ho bona: “Ha ho jwalo! Hobane le tlilo bona boemo bo pepesehileng ba naha!” 13 Yaba ba re: “Bahlanka ba hao ke bara ba motho ba leshome le metso e mmedi. Re bara ba motho a le mong naheng ya Kanana; bona! e monyenyane o na le Ntate kajeno, athe e mong ha a sa le yo.” 14 Le ha ho le jwalo, Josefa a re ho bona: “Ke seo ke le boleletseng sona, ka re, ‘Le dihlwela!’ 15 Le tla lekwa ka sena. Ka Faro ya phelang, le ke ke la tloha mona haese ha morabo lona e monyenyane a ka tla mona. 16 Romelang e mong wa lona hore a tle le morabo lona ha le ntse le tlamilwe, hore mantswe a lona a lekwe hore ke nnete tabeng ya lona. Haeba ho se jwalo, ka Faro ya phelang, le dihlwela.” 17 Yaba o ba kenya ha mmoho ditlamong ka matsatsi a mararo. 18 Ka mora moo Josefa a re ho bona letsatsing la boraro: “Etsang sena mme le tswele pele le phela. Ke tshaba Modimo wa nnete. 19 Haeba le lokile, ho ke ho sale a le mong wa barababo lona a tlamilwe ka tlung ya lona ya botlamuwa, empa lona ba bang le tsamaye, le nke dijothollo bakeng sa tlala e matlong a lona. 20 Jwale le ntlisetse morabo lona e monyenyane, hore mantswe a lona a fumanwe a tshepahala; mme le ke ke la shwa.” Yaba ba etsa jwalo