Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
LA 4-10 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 SAMUELE 18-19
“Etsisa Mohlala wa Barzilai wa ho Inyenyefatsa”
w07 7/15 14 ¶5
Barzilai—Monna ya Neng a Tseba Mefokolo ya Hae
Ha ho pelaelo hore Davida o ne a ananetse thuso ya Barzilai haholo. Ha ho bonahale eka morena o ne a mpa a batla feela ho putsa Barzilai ka ho mo fa dintho tseo a di hlokang. Ka ha Barzilai e ne e le morui, o ne a sa hloke thuso e jwalo. E ka nna yaba Davida o ne a batla hore monnamoholo eo a be ntlong ya borena ka lebaka la makgabane a hae. Ho dula ntlong ya borena ka nako yohle e ne e tla be e le tlotla e neng e tla fa Barzilai monyetla wa ho thabela melemo ya ho ba motswalle wa morena.
w07 7/15 14 ¶7
Barzilai—Monna ya Neng a Tseba Mefokolo ya Hae
E ka nna yaba botsofadi le mefokolo e tsamaisanang le bona ke lebaka le leng le entseng hore Barzilai a etse qeto eo. Mohlomong Barzilai o ile a nahana hore a ke ke a hlola a phela nako e telele. (Pesaleme ya 90:10) O ne a entse seo a ka se kgonang ho tshehetsa Davida, empa o ne a boetse a tseba hore na o fokola hakae ka lebaka la botsofadi. Barzilai ha a ka a dumella takatso ya ho tuma le ho hlahella hore e mo sitise ho ba le pono e loketseng ka seo a ka kgonang ho se etsa. Ho fapana le Absalome ya neng a rata maemo, ka bohlale Barzilai o ile a ikokobetsa.—Liproverbia 11:2.
w07 7/15 15 ¶1-2
Barzilai—Monna ya Neng a Tseba Mefokolo ya Hae
Tlaleho ya Barzilai e hatisa hore ho hlokahala tekatekano. Tabeng ya pele, ha re a lokela ho hana tokelo ya tshebeletso kapa hona ho qoba ho e hahamalla hobane feela re batla ho phela bophelo ba boiketlo kapa hobane re ikutlwa re sa tshwanelehe bakeng sa ho jara boikarabelo. Modimo a ka re thusa moo re haellwang teng haeba re itshetleha ka yena hore a re fe matla le bohlale.—Bafilipi 4:13; Jakobo 4:17; 1 Petrose 4:11.
Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore re tsebe mefokolo ya rona. Ka mohlala, a re re Mokreste ya itseng o se a ntse a tshwarehile haholo ka dintho tsa moya. O a hlokomela hore ha a amohela boikarabelo bo eketsehileng, o ne a tla hlokomoloha boikarabelo bo bong ba Mangolo bo jwalo ka ho hlokomela lelapa la hae. Boemong bo jwalo, na o tla be a sa bontshe hore o ikokobeditse ebile o na le kahlolo e molemo ha a hana ditokelo tse eketsehileng ka nako eo?—Bafilipi 4:5; 1Timothea 5:8.
Matlotlo a Patilweng
‘Matha ho Fihlela Qetellong’
19 O ka kgothatswa ke mohlala wa Mefiboshethe haeba ho na le dintho tseo o sa kgoneng ho di etsa kapa o utlwa eka batho ba bang ha ba o utlwisise. (2 Sam. 4:4) Mefiboshethe o ile a lokela ho mamella ho kula le ho fetohelwa ke Morena Davida. E ne e se phoso ya Mefiboshethe hore a etsahallwe ke dintho tsena. Ho ntse ho le jwalo ha a ka a kwata empa o ile a ananela dintho tse molemo tse mo etsahalletseng. O ne a ananela tsela e molemo eo Davida a ileng a mo tshwara ka yona nakong e fetileng. (2 Sam. 9:6-10) Ka hoo ha Davida a ne a mo fetohela, o ile a leka ho nahana ka maemo ohle a neng a etsa hore Davida a mo tshware jwalo. Ha a ka a dumella phoso ya Davida hore e mo halefise. Hape ha a ka a beha Jehova molato ka phoso ya Davida. Empa o ne a amehile ka ho tshehetsa morena eo Jehova a mo kgethileng. (2 Sam. 16:1-4; 19:24-30) Jehova o ile a etsa hore mohlala o motle wa Mefiboshethe o ngolwe ka Bibeleng molemong wa rona.—Bar. 15:4.
LA 11-17 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 SAMUELE 20-21
“Jehova o na le Toka”
it-1-E 932 ¶1
Gibeone
Bagibeone esale ba le teng ka dilemolemo, le hoja Morena Saule a ile a leka ho ba fedisa. Le ha ho le jwalo, Bagibeone ba ile ba emela Jehova ka mamello hore a senole ho hloka toka hoo. O ile a etsa sena a sebedisa tlala e ileng ya nka dilemo tse tharo nakong ya puso ya Davida. Davida o ile a kopa keletso ho Jehova mme Jehova o ile a mo bolella hore Saule o na le molato wa madi hobane o bolaile Bagibeone. Davida o ile a bua le Bagibeone e le ho utlwa hore na a ka ba etsetsang e le hore a lefelle molato ona. Bagibeone ba ile ba araba ba re, “ha se taba ya silevera kapa kgauta” hobane ho latela molao, ho ne ho se na ntho e neng e ka amohelwa e le thekollo bakeng sa mmolai. (Nu 35:30, 31) Ba ne ba boetse ba tseba hore ba ke ke ba bolaya motho ntle le ha ba dumelletswe ke molao. Ka mora hore Davida a ba phehelle, Bagibeone ba ile ba kopa hore ba fuwe “bara” ba supileng ba Saule. Taba ya hore molato wa madi o ne o le ho Saule le ho ntlo ya hae e bontsha hore le hoja Saule e ne e le yena ya neng a di hula pele dipolaong tseo, e ka nna yaba bara ba hae le bona ba ne ba kentse letsoho ka tsela e tobileng kapa e sa tobang. (2Sa 21:1-9) Haeba ho ne ho le jwalo, e ne e ke ke ya eba hore bara bao ba shwa ka lebaka la dibe tsa bo ntata bona. (De 24:16) Empa ba ne ba tla be ba shwa hobane ho phethahatswa molao o reng “moya bakeng sa moya.”—De 19:21.
Matlotlo a Patilweng
w13 1/15 31 ¶14
Baholo ba Bakreste—‘Basebetsimmoho Bakeng sa Thabo ya Rona’
14 Lefatsheng lohle, bahlanka ba Jehova ba tswela pele ba etsa tshebeletso ya bona ho sa tsotellehe dintho tseo Satane le mahlahana a hae ba ba sitisang ka tsona. Ba bang ba rona re nnile ra thulana le mathata a kang dinatla. Empa re ile ra tshepa Jehova ka ho feletseng mme ra ba le matla a hore re dule re tshepahala feela jwalo ka ha Davida a ile a ba le matla a ho bolaya Goliathe. Empa ka dinako tse ding re ikutlwa eka ha re na matla a lekaneng hore re ka lwantsha lefatshe la Satane. Ha re le boemong bo jwalo, ho bonolo hore re nyahamiswe ke mathata ao re ka beng re ile ra a mamella. Empa moholo a ka nna a hlokomela hore re nyahame yaba o re thusa ka nako eo re hlileng re hlokang thuso. Pulamadiboho e mong ya dilemo di ka bang 65 o ile a re: “Ho na le nako e nngwe eo ka yona ke neng ke sa phela hantle, mme tshebeletso ya tshimo e ne e etsa hore ke kgathale. Moholo e mong o ile a hlokomela hore ke fellwa ke matla yaba o bua le nna. Re ile ra buisana ka ditemana tsa Bibele tse kgothatsang. Ke ile ka sebedisa keletso ya hae mme e ile ya ntswela molemo.” O ile a phaella ka ho re: “Ruri moholo eo o ile a mpontsha lerato ka hore a hlokomele hore ke a fokola ebe wa nthusa!” Ka sebele, ho a kgothatsa ho tseba hore re na le baholo ba dulang ba re behile leihlo ba bile ba le malala-a-laotswe hore ba re “thuse,” jwalo ka Abishai wa boholoholo.
LA 18-24 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 SAMUELE 22
“Dumella Jehova a o Thuse”
cl 19 ¶11
Na ka Sebele o ka ‘Atamela ho Modimo’?
11 Ho bala ka hore Modimo “o na le matla a maholo” ke taba e nngwe. (Esaia 40:26) Ho bala ka moo a ileng a lopolla Baiseraele Lewatleng le Lefubedu ka teng a ntano hlokomela setjhaba ka dilemo tse 40 lehwatateng ke taba e nngwe e fapaneng. O ka bona ka mahlo a kelello ha metsi a bilohang a aroha ka lehare. O ka bona ka mahlo a kelello ha setjhaba—mohlomong sa batho ba ka bang 3 00 000—se tshela lewatle se tsamaya lehlabatheng le omileng, metsi a hwammeng a eme jwalo ka mabota a maholo ka mahlakoreng a mabedi. (Exoda 14:21; 15:8) O kgona ho lemoha bopaki ba tlhokomelo e sireletsang ya Modimo lehwatateng. Metsi a ile a tswa lefikeng. Dijo tse kang dithollo tse tshweu di ile tsa eba teng fatshe. (Exoda 16:31; Numere 20:11) Mona Jehova ha a senole feela hore o na le matla empa o senola hore o a sebedisa molemong wa batho ba hae. Na ha se ho kgothatsang ho tseba hore dithapelo tsa rona di nyolohela ho Modimo ya matla eo e leng “setshabelo le matla a rona, thuso e fumanwang hanghang nakong ya mahlomola”?—Pesaleme ya 46:1.
w10 6/1 26 ¶4-6
“O Tla Etsa ka Botshepehi”
A re ke re hlahlobeng mantswe a Davida ka hloko. Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “etsa ka botshepehi” le ka boela la fetolelwa e le “etsa ka mosa o lerato.” Botshepehi ba nnete bo thehilwe leratong. Ka lerato Jehova o kgomarela batho ba tshepahalang ho yena.
Hlokomela ntlha e nngwe hape ya hore botshepehi hase boikutlo feela tjee boo motho a ka bang le bona empa a sa etse letho, empa ke tshobotsi e lokelang ho bontshwa ka diketso. Jehova o etsa ka botshepehi, jwalo ka ha Davida a ile a hlokomela ka se ileng sa mo etsahalla. Ha Davida a ne a tobane le mathata a maholo ka ho fetisisa bophelong ba hae, Jehova o ile a mo thusa mme ka botshepehi a sireletsa morena enwa ya tshepahalang a ba a mo tataisa. Ka kananelo, Davida o ile a lemoha hore Jehova ke yena feela ya neng a ka mo lopolla “diatleng tsa dira tsohle tsa hae.”—2 Samuele 22:1.
Mantswe a Davida a bolelang ho rona? Jehova ha a qeaqee ebile ha a fetohe. (Jakobo 1:17) O dula a tiile melaomotheong ya hae mme ka mehla wa tshepahala ditshepisong tsa hae. Davida o ile a ngola tjena ho e nngwe ya dipesaleme tsa hae: “Jehova . . . a ke ke a tlohela ba tshepahalang ba hae.”—Pesaleme ya 37:28.
Matlotlo a Patilweng
w12 11/15 17 ¶7
Lwanela ho Itshwara Jwalo ka e Monyenyane
7 Mohlala wa Modimo wa ho bontsha boikokobetso o ile wa susumetsa mopesaleme Davida haholo. O ile a binela Jehova a re: “O tla mpha thebe ya hao ya poloko, ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.” (2 Sam. 22:36) Davida o ne a tseba hore o ne a kgona ho etsa dintho tse kgolo tseo a neng a di etsa Iseraele hobane Jehova a ne a ile a mo bontsha boikokobetso ka hore a mo tsotelle a be a mo thuse. (Pes. 113:5-7) Ho jwalo le ka rona. Makgabane afe kapa afe ao re nang le ona, bokgoni ha mmoho le boikarabelo bo kgethehileng boo re nang le bona, ke dintho tseo re ‘ileng ra di amohela’ ho Jehova. (1 Bakor. 4:7) Motho ya itshwarang jwalo ka e monyenyane e ba e “moholo” ka hore e ba mohlanka wa Jehova wa bohlokwa. (Luka 9:48) A re ke re boneng hore na sena se etsahala jwang.
LA 25-31 JULY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 SAMUELE 23-24
“Na o a Itela ha o Fana?”
it-1-E 146
Arauna
Arauna o ile a fana ka dikgomo, setsha le disebediswa tsa dikgomo e le hore di ka sebediswa e le dibeso bakeng sa sehlabelo. O ne a batla ho fana ka tsona ntle ho tefo empa Davida a tsitlella ho mo patala. Lengolo la 2 Samuele 24:24 le bontsha hore Davida o ile a reka seotlo seo le dikgomo ka dishekele tsa silevera tse 50 (R1 709). Le ha ho le jwalo, tlaleho e hlahang lengolong la 1 Likronike 21:25 e bontsha hore Davida o ile a patala dishekele tsa kgauta tse 600 (R1 196 99) bakeng sa sebaka seo. Mongodi wa Samuele wa Bobedi o ne a bua feela ka tjhelete e rekileng setsha seo aletare e ileng ya hahelwa ho sona le dintho tseo Arauna a ileng a fana ka tsona bakeng sa sehlabelo. Ka lehlakoreng le leng, mongodi wa lengolo la pele la Likronike o ne a bua ka tjhelete e rekileng setsha seo tempele e ileng ya hahelwa ho sona e neng e kenyelletsa le ho hahwa ha yona. (1Likr 22: 1-6; 2Likr 3:1) Ka ha sebaka seo tempele e ileng ya hahelwa ho sona se ne se le seholo haholo, ho bonahala eka dishekele tsena tse 600 tsa kgauta ke tsona tse ileng tsa sebediswa ho patala sebaka seo. Dishekele tse 50 tsona di ile tsa sebediswa ho patala sebaka seo Davida a ileng a hahela aletare ho sona.
w12 1/15 18 ¶8
Ithute ‘Moralong wa Nnete’
8 Haeba Moiseraele a ne a etsa sehlabelo ka boithatelo a bontsha hore o ananela ka tiyo seo Jehova a mo etseditseng sona, e le nyehelo ya setjheso, kapa a kopa kamohelo ho Jehova, mohlomong ho ne ho ke ke ha eba thata hore a kgethe phoofolo e nepahetseng. Motho eo o ne a tla thabela ho fa Jehova phoofolo e ntlehadi. Kajeno Bakreste ha ba etse mahlabelo a sebele a boletsweng Molaong wa Moshe; le ha ho le jwalo, ba etsa mahlabelo ka hore ba sebedise nako ya bona, matla a bona le matlotlo a bona ho sebeletsa Jehova. Moapostola Pauluse o ile a re ho ‘bolela phatlalatsa’ tshepo eo Bakreste ba nang le yona le “ho etsa se molemo le ho arolelana dintho le ba bang” ke mahlabelo a thabisang Modimo. (Baheb. 13:15, 16) Maikutlo ao bahlanka ba Jehova ba bang le ona ha ba mo sebeletsa a bontsha hore ba ananela dintho tsohle tseo Modimo a ba fileng tsona. Ka hoo, maikutlo ao batho ba etsang tshebeletso ya Bokreste ba bang le wona le sepheo seo ba sebeletsang Modimo ka sona kajeno, a tshwana le a batho ba neng ba etsa mahlabelo a boithatelo mehleng ya boholoholo.
Matlotlo a Patilweng
w05 5/15 19 ¶6
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Samuele wa Bobedi
23:15-17. Davida o ne a e na le tlhompho e tebileng bakeng sa molao wa Modimo ka bophelo le madi hoo ketsahalong ena a ileng a hana ho etsa esita le ntho e neng e tshwantshetsa ho tlola molao oo. Re lokela ho hlaolela boikutlo bo tshwanang ka ditaelo tsohle tsa Modimo.
LA 1-7 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 1–2
“Na o Ithuta Diphosong Tsa Hao?”
it-2-E 987 ¶4
Solomone
Adonija le batho bao a neng a etsa mmommori le bona, ba ile ba baleha ba tshohile ebile ba ferekane ha ba utlwa modumo wa mmino Gihone le batho ba hweletsa ba re: “Morena Solomone a ke a phele.” Solomone o ile a bontsha hore borena ba hae e ne e tla ba bo nang le kgotso le pele e eba morena ka hore a hane ho iphetetsa. Hoja o ile a iphetetsa, a ka be a ile a lahlehelwa ke bophelo ba hae. Adonija o ile a balehela sehalalelong bakeng sa ho itshireletsa yaba Solomone o a romeletsa hore ba ilo mo lata. Solomone o ile a bolella Adonija hore o tla tswela pele a phela haeba ho se letho le lebe le tla fumanwa ho yena yaba o re Adonija a kgutlele lapeng.—1Ma 1:41-53.
it-1-E 49
Adonija
Ka mora hore Davida a hlokahale, Adonija o ile a ya ho Bathe-sheba hore a ilo mo buella ho Solomone hore a mo fe mohlokomedi wa Davida e leng Abishage hore e be mosadi wa hae. Mantswe a Adonija a reng “borena e ne e lokela ho ba ba ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba tadimile ho nna hore ke be morena,” a ne a bontsha hore o ne a ntse a utlwa eka o nketswe borena ka dikgoka le hoja a ile a dumela hore Jehova ke yena ya neng a kentse letsoho tabeng ya hore e se ke ya eba morena. (1Ma 2:13-21) Le hoja ho ka etsahala hore kopo eo Adonija a ileng a e etsa e ne e susumetswa ke ho utlwa ha hae bohloko ka lebaka la ho se kgethwe hore e be morena, ho bonahala eka o ile a e etsa hobane a ntse a batla ho ba morena hobane ho latela molao wa Botjhabela ba boholoholo, ha morena a ne a shwa, basadi ba hae le direthe tsa hae e ne e eba ba morena ya tla latela. (Bapisa le 2Sa 3:7; 16:21.) Solomone le yena o ile a bona ditaba ka tsela ena, yaba hanghang o laela hore Adonija a bolawe mme Benaia o ile a potlakela ho etsa seo.—1Ma 2:22-25.
Matlotlo a Patilweng
w05 7/1 30 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Marena a Pele
2:37, 41-46. Ho kotsi e le ruri hore motho a nahane hore a ka tlola molao wa Modimo ebe ha a fumane kotlo! Batho ba kgelohang ka boomo ‘tsela e moqotetsane e isang bophelong’ ba tla utlwa diphello tse bohloko tsa qeto eo e bowatla.—Matheu 7:14.
LA 8-14 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 3-4
“Bohlale ke ba Bohlokwa”
w11 12/15 8 ¶4-6
Na o o Behela Mohlala o Motle Kapa o o Lemosang?
4 Qalong ya puso ya Solomone, Modimo o ile a hlaha ho yena torong mme a re a kope seo a se hlokang. Ka ha Solomone o ne a hlokomela hore ha a na boiphihlelo, o ile a kopa bohlale. (Bala 1 Marena 3:5-9.) Ka ha Modimo o ile a kgahlwa ke hore ebe Solomone o kopile bohlale ho ena le maruo le kganya, o ile a mo fa “pelo e bohlale le e nang le kutlwisiso”—ha mmoho le maruo. (1 Mar. 3:10-14) Jwalo ka ha Jesu a boletse, bohlale ba Solomone bo ne bo babatseha hoo mofumahadi wa Sheba a ileng a utlwela ka bona yaba o nka leeto le lelelele ho ya inwesa ka nkgo.—1 Mar. 10:1, 4-9.
5 Ha re a lebella ho fumana bohlale ka mohlolo. Solomone o ile a bolela hore “Jehova o fana ka bohlale,” empa o ile a ngola hore re lokela ho lwanela ho ba le tshobotsi eo ya Modimo, ha a ne a re: “O ele hloko bohlale ka tsebe ya hao, hore o sekamisetse pelo ya hao temohong.” Mabapi le taba eo, o ile a sebedisa dipolelwana tse kang “hweletsa,” ‘o ntse o bo batla,’ le ‘o ntse o batlisisa’ bohlale. (Liprov. 2:1-6) Ho hlakile hore re ka kgona ho fumana bohlale.
6 E ka ba hantle hore re ipotse, ‘Na ke nka ka botebo mohlala wa Solomone wa ho ananela bohlale bo tswang ho Modimo?’ Ho se tsitse ha moruo ho entse hore batho ba bangata ba amehe haholo ka mesebetsi ya bona ya boiphediso le ditjhelete ebile ho amme diqeto tseo ba bang ba di etsang mabapi le hore na ba hahamalle thuto ya mofuta ofe le hore na ba lokela ho ithuta hakae. Ho thweng ka wena le ba lelapa la hao? Na diqeto tseo o di etsang di bontsha hore o batla bohlale bo tswang ho Modimo ebile wa bo ananela? Na o lokela ho fetola tsela eo o nahanang ka yona ka tjhelete le thuto e le hore o ka sebetsa ka thata ho fumana bohlale? Ka sebele, ho fumana bohlale le ho bo sebedisa ho tla re tswela molemo ka ho sa feleng. Solomone o ile a ngola, a re: “Tabeng eo o tla utlwisisa ho loka le kahlolo le bokgabane, tsela yohle ya se molemo.”—Liprov. 2:9.
Matlotlo a Patilweng
w98 2/1 11 ¶15
Jehova ke Modimo wa Dilekane
15 Ha ditloholo tsa Abrahama di hlophiseditswe ho ba setjhaba tlasa Molao, Jehova o ile a di hlohonolofatsa ho latela tshepiso ya hae ho mopatriareka enwa. Ka 1473 B.C.E., Joshua, mohlahlami wa Moshe, o ile a etella Iseraele pele ho ya Kanana. Kabo ya naha e ileng ya latela hara meloko ena e ile ya phethahatsa tshepiso ya Jehova ya ho fa peo ya Abrahama naha ena. Ha Iseraele e ne e tshepahala, Jehova o ile a phethahatsa tshepiso ya hae ya ho etsa hore e hlole dira tsa yona. Sena e bile nnete ka ho kgethehileng pusong ya Morena Davida. Mehleng ya Solomone, mora Davida, ho ile ha phethahala karolo ya boraro ya selekane sa Abrahama. “Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.”—1 Marena 4:20.
LA 15-21 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 5-6
“Ba Ile ba Haha ka Dipelo Tsa Bona Tsohle”
w11 2/1 15
Re o Lome Tsebe?
Ka ho kgetheha, kedare ya Lebanone e ne e ipetsa pele ka ho tshwarella ha yona nako e telele, botle ba yona, monko wa yona o monate esita le hore dikokwanyana di ne di sa kgone ho e senya. Ka hona, Solomone o ne a haha tempele ka thepa ya boemo bo phahameng haholo. Mehleng ena, dithabeng tsa Lebanone tse kileng tsa kwahelwa ke meru ya difate tsa kedare, ho se ho setse difatjana feela tse qaqolohaneng.
it-1-E 424
Kedare
Ka ha ho ne ho sebediswa difate tse ngata tsa kedare, ho ne ho hlokahala batho ba bangata ba neng ba ka di rema, ba di ise Tyre kapa Sidone ba di tsamaisa lebopong la Lewatle la Mediterranean. Ka mora moo, ba di etsa dipalo ebe ba di phaphamatsa ka hodima metsi a haufi le lewatle, mohlomong ba di isa Jopa. Ka mora moo, ba hulela dipalo tseo Jerusalema. Tsena tsohle di ile tsa etsahala ka lebaka la selekane seo Solomone le Hirame ba neng ba se entse. (1Ma 5:6-18; 2Likr 2:3-10) Ka hoo, dipalo tsa kedare di ile tsa tswela pele ho fihla hoo ho neng ho ka thwe Solomone o entse hore “lehong la kedare le be lengata haholo jwalo ka difate tsa sikamora” pusong ya hae.—1Ma 10:27; bapisa le Esa 9:9, 10.
it-2-E 1077 ¶1
Tempele
Solomone o ile a kgetha banna ba 30 000 Iseraele mme a ba arola ka dihlopha tse tharo e le hore ba 10 000 ba ka sebetsa kgwedi e nngwe le e nngwe ha ba bang ba phomotse lapeng ka dikgwedi tse pedi. (1Ma 5:13, 14) O ile a kgetha banna ba 70 000 ba baditjhaba hore e be bajari ba merwalo mme a kgetha ba bang ba 80 000 hore e be babetli ba majwe. (1Ma 5:15; 9:20, 21; 2Likr 2:2) Solomone a kgetha banna ba 550 hore ba okamele mosebetsi le ba 3 300 hore e be bathusi ba bona. (1Ma 5:16; 9:22, 23) Palong ena, ho bonahala eka ba 250 e ne e le Baiseraele ha ba 3 600 e ne e le baditjhaba.—2Likr 2:17, 18.
Matlotlo a Patilweng
g 5/12 17, lebokose
Bibele—Buka ya Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ya 1
TLALEHO E NEPAHETSENG YA DIKETSAHALO
Mohlala o bontshang hore Bibele e fana ka tlaleho e nepahetseng ya diketsahalo o lengolong la 1 Marena 6:1, le buang ka nako ya ha Morena Solomone a ne a qala mosebetsi wa ho haha tempele Jerusalema. Le re: “Eitse ka selemo sa makgolo a mane le mashome a robedi [dilemo tse 479 tse tletseng] ka mora hore bara ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta, ka selemo sa bone [sa puso ya Solomone], ka kgwedi ya Zive, ke hore, kgwedi ya bobedi, ka mora hore Solomone e be morena wa Iseraele, a hahela Jehova ntlo.”
Tsela eo Bibele e tlalehang tatellano ya diketsahalo ka yona e bontsha selemo sa bone sa puso ya Solomone e le sa 1034 B.C.E. Ha re bala dilemo tse 479 ho tloha selemong seo, di re fihlisa ho 1513 B.C.E. e leng selemo seo Baiseraele ba ileng ba tswa Egepeta ka sona.
LA 22-28 AUGUST
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 7
“Ditshiya Tse Pedi di re Rutang?”
w13 12/1 13 ¶3
‘Dithabeng le Tla Rafa Koporo’
Morena Solomone o ile a sebedisa koporo e ngata ha a ne a etsa disebediswa tsa tempele e Jerusalema. Boholo ba koporo eo bo ile ba haptjwa ke ntate wa hae, Davida ka mora hore a hlole Basyria. (1 Likronike 18:6-8) “Lewatle le entsweng ka ho qhibidihiswa” la koporo, e leng sekotlolo se seholo seo baprista ba neng ba hlapela ho sona, le ne le ka tshela dilithara tse 66 000 tsa metsi mme e ka nna yaba boima ba lona e ne e le dithane tse 30. (1 Marena 7:23-26, 44-46) Hape ho ne ho ena le ditshiya tse kgolo tse pedi tsa koporo monyakong wa tempele. Bophahamo ba tsona e ne e le dimithara tse 8 mme dihlooho tsa ditshiya tsena di ne di le bolelele ba dimithara tse 2,2. Di ne di bulehile ka hare, botenya ba tsona e le disenthimithara tse 7,5, bophara ba tsona e le dimithara tse 1,7. (1 Marena 7:15, 16; 2 Likronike 4:17) Ho a hlolla ho nahana hore na ho sebedisitswe koporo e ngata hakae ho etsa dintho tsena feela.
it-1-E 348
Boaze, II
Tshiya e kgolo ya koporo e neng e le ka lehlakoreng le letshehadi ho foranta ya tempele ya Solomone e hlollang, e ne e bitswa Boaze eo ho ka etsahalang hore e ne e bolela “Ka Matla.” Tshiya e neng e le ka letsohong le letona e ne e bitswa Jakine, e bolelang “E se Eka [Jehova] a ka Tiisa.” Ka hoo, ha motho a ne a eme ka pela monyako wa tempele a shebile ditshiya tsena, kelellong ya hae ho ne ho ka tla mantswe a reng ‘E se eka [Jehova] a ka tiisa [tempele] ka matla.’—1Ma 7:15-21; sheba CAPITAL.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 263
Ho Hlapa
Jehova o batla hore batho ba mo rapelang ba hlweke mmeleng le boitshwarong. Sena re se bona hantle tokisetsong e neng e entswe bakeng sa ba neng ba sebeletsa tabernakeleng le bao hamorao ba ileng ba sebeletsa tempeleng ya Solomone. Ha Moprista ya Phahameng Arone le bara ba hae ba ne ba hlomamiswa, ba ile ba tlameha ho itlhatswa pele ba ka apara diaparo tsa bona tse kgethehileng tsa boprista. (Ex 29:4-9; 40:12-15; Le 8:6, 7) Baprista ba ne ba hlapa matsoho le maoto a bona ka metsi a neng a le ka beisineng ya koporo tabernakeleng mme hamorao ba ne ba sebedisa metsi a neng a le ka lewatleng le leholo tempeleng ya Solomone. (Ex 30:18-21; 40:30-32; 2Likr 4:2-6) Ka letsatsi la ho kwahelwa ha dibe, moprista ya phahameng o ne a lokela ho hlapa habedi. (Le 16:4, 23, 24) Motho ya neng a tsamaisa podi bakeng sa Azazele, le ya neng a tsamaisa molora wa diphoofolo tse nyehetsweng le wa poho bakeng sa nyehelo ya sebe a di isa ka ntle ho diahelo, o ne a lokela ho itlhatswa a be a hlatswe le diaparo tsa hae pele a kgutlela diahelong.—Le 16:26-28; Nu 19:2-10.
LA 29 AUGUST–LA 4 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 1 MARENA 8
“Thapelo ya Solomone eo a Ileng a e Etsa Phatlalatsa ka Boikokobetso”
w09 11/15 9 ¶9-10
Ntlafatsa Dithapelo Tsa Hao ka ho Ithuta Bibele
9 E le hore thapelo e utluwe, e lokela ho tswa botebong ba pelo. Ka pela letshwele le neng le bokane Jerusalema ho ya kgakola tempele ya Jehova ka 1026 B.C.E., Solomone o ile a etsa thapelo e tswang botebong ba pelo, e tlalehilweng ho 1 Marena kgaolo ya 8. Ka mora hore areka ya selekane e kenngwe ka Sehalaledisisong le hore leru la Jehova le tlale tempele, Solomone o ile a rorisa Modimo.
10 Ithute thapelo ya Solomone mme o hlokomele ka moo e buang ka pelo ka teng. Solomone o ile a bolela hore ke Jehova feela ya tsebang pelo ya motho. (1 Mar. 8:38, 39) Thapelo yona ena e bontsha hore tshepo e teng bakeng sa moetsadibe ya ‘kgutlelang ho Modimo ka pelo yohle ya hae.’ Haeba dira di ne di ka hapa batho ba Modimo, dithapedi tsa bona di ne di tla utluwa haeba dipelo tsa bona di ne di feletse ho Jehova. (1 Mar. 8:48, 58, 61) Ka hoo, ha ho pelaelo hore dithapelo tsa hao di lokela ho tswa botebong ba pelo.
w99 1/15 17 ¶7-8
Rapelang le Phahamisa Matsoho a Tshepahalang
7 Ebang re rapela phatlalatsa kapa lekunutung, molaomotheo wa bohlokwa wa Mangolo oo re lokelang ho o hopola ke hore re lokela ho bontsha boikutlo ba boikokobetso dithapelong tsa rona. (2 Likronike 7:13, 14) Morena Solomone o ile a bontsha boikokobetso thapelong ya hae ya phatlalatsa ha ho nehelwa tempele ya Jehova e Jerusalema. Solomone o ne a sa tswa phetha o mong wa mehaho e metle ka ho fetisisa e kileng ya hahwa lefatsheng. Empa, ka boikokobetso o ile a rapela: “Na kannete Modimo o tla dula lefatsheng? Bona! Mahodimo, e, lehodimo la mahodimo, ka boona a ke ke a o lekana; jwale, ntlo ee eo ke e hahileng e nyenyane hakaakang!”—1 Marena 8:27, NW.
8 Jwalo ka Solomone, re lokela ho ikokobetsa ha re emela ba bang ka thapelo phatlalatsa. Le hoja re lokela ho qoba ho utlwahala eka re a halalela, boikokobetso bo ka bontshwa ka modumo wa mantswe a rona. Dithapelo tse bontshang boikokobetso ha di na dipolelo tsa boikakaso kapa tsa boikaketsi. Ha di lebise tlhokomelo ho motho ya rapelang, empa di lebisa tlhokomelo ho Eo ho buisanwang le yena. (Matheu 6:5) Boikokobetso bo boetse bo bontshwa ka seo re se buang thapelong. Haeba re rapela ka boikokobetso, re ke ke ra utlwahala eka re batla hore Modimo a etse dintho tse itseng ka tsela ya rona. Ho ena le hoo, re tla kopa Jehova ka tiyo hore a nke bohato ka tsela e dumellanang le thato ya hae e kgethehileng. Mopesaleme o ile a beha mohlala wa boikutlo bo loketseng ha a ne a kopa ka tiyo: “Oho! Jehova, ka kopo, o fele o pholose! Oho! Jehova, ka kopo, o fele o fane ka katleho!”—Pesaleme ya 118:25, NW; Luka 18:9-14.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 1060 ¶4
Lehodimo
Solomone, ya ileng a haha tempele e Jerusalema o ile a re “mahodimo, e, lehodimo la mahodimo” a ke ke a lekana Modimo. (1Ma 8:27) Ka ha Jehova ke yena ya bopileng mahodimo boemo ba hae ke bo phahameng ka ho fetisisa hodima dintho tsohle mme “lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ya fihlelwa. Ho hlompheha ha hae ho ka hodima lefatshe le lehodimo.” (Pes 148:13) Jehova o kgona ho lekanya mahodimo ka tsela e bonolo feela jwalo ka ha motho a ne a ka lekanya ntho e itseng ka bophara ba seatla sa hae ho tloha monwaneng o motona ho ya ho o motshehadi. (Esa 40:12) Taba eo Solomone a neng a e bua e ne e sa bolele hore Modimo ha a na sebaka sa bodulo. Hape o ne a sa bolele hore Jehova o hohle. Ntlha ena re e bona tabeng eo Solomone a ileng a e bua hape ka Jehova ha a re ke ya ‘utlwang a le mahodimong, sebaka sa hae se tiisitsweng sa bodulo,’ ke hore, moo a nang le mangeloi.—1Ma 8:30, 39.