LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g19 No. 2 maq. 10-11
  • Ho ba le Boikarabelo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho ba le Boikarabelo
  • Fadimehang!—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO BA LE BOIKARABELO HO AKARELLETSANG?
  • KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HO BA LE BOIKARABELO?
  • KE JWANG O KA RUTANG NGWANA WA HAO HO BA LE BOIKARABELO?
  • Ruta Bana ho Etsa Mosebetsi wa Lapeng
    Fadimehang!—2017
  • 8 Behang Mohlala
    Fadimehang!—2018
  • Kamoo o ka Rutang Ngwana wa Hao Kateng
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Batswadi, le ka Thusa Bana ba Lona Jwang Hore ba Rate Jehova?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tse Ding
Fadimehang!—2019
g19 No. 2 maq. 10-11
Ntate o thusa mora wa hae ho nosetsa dijalo

NTLHA YA 4

Ho Ba Le Boikarabelo

HO BA LE BOIKARABELO HO AKARELLETSANG?

Batho ba nang le boikarabelo ba a tshepahala. Ha o ba kopile hore ba etse ntho e itseng, ba e etsa ka nako ebile ba e etsa hantle.

Bana ba ka qala ho ithuta ho ba le boikarabelo ba sa le banyane. Buka ya Parenting Without Borders e re: Ha ngwana a le dikgwedi tse 15 o etsa seo batswadi ba hae ba reng a se etse, empa ha a le dikgwedi tse 18 o etsisa seo batswadi ba se etsang. Dinaheng tse ngata ha bana ba na le dilemo tse 5 ho ya ho tse 7, batswadi ba bona ba se ba ntse ba ba ruta mesebetsi ya ka tlung. Bana ba a kgona ho etsa mesebetsi ena e mengata le hoja ba le banyane.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HO BA LE BOIKARABELO?

Dinaheng tse ngata batjha ba tloha malapeng a ha bo bona mme ba dule ba le bang, empa ha ba se ba le moo ho ba thata hore ba phele, e leng se etsang hore ba kgutlele hae. Sena se etsahalletse batjha ba bang bao batswadi ba bona ba neng ba sa ba ruta ho ba le boikarabelo, ho etsa mesebetsi ya ka tlung le ho sebedisa tjhelete hantle.

Ka lebaka lena, ho molemo ho ruta bana ba hao ho ba le boikarabelo hona jwale mme seo se tla ba thusa le ha ba se ba hodile. Buka ya How to Raise an Adult e re: “Ha o a lokela ho tlohella ngwana wa hao hore a dule a itshehlehile ka wena ho fihlela a ba le dilemo di 18, e be o a mo tlohella hore a dule a le mong empa o sa mo ruta ho ba le boikarabelo. Ho e na le hoo, o lokela ho mo hodisa ka tsela e tla etsa hore a kgone ho ba le boikarabelo ha a se a dula a le mong.”

KE JWANG O KA RUTANG NGWANA WA HAO HO BA LE BOIKARABELO?

Mo fe mosebetsi wa ka tlung oo a lokelang ho o etsa.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ka mofuta o mong le o mong wa ho sehla ho ba le molemo.”​—Liproverbia 14:23.

Ka mehla, bana ba banyane ba rata ho thusa batswadi ba bona ho sebetsa. O ka sebedisa nako ena ka hore o ba fe mosebetsi wa ka tlung oo ba ka o etsang.

Batswadi ba bang ha ba batle ho etsa seo. Ba re ha ba batle ho ekelletsa bana ba bona mosebetsi hobane ba se ba ntse ba e na le mosebetsi o mongata wa sekolo.

Le ha ho le jwalo, bana ba etsang mosebetsi wa ka tlung, ba sebetsa hantle sekolong hobane ba ithuta ho qeta mosebetsi oo ba o fuweng. Buka ya Parenting Without Borders e re: “Haeba o thibela bana ho etsa mosebetsi ha ba ntse ba le banyane, ba tla nahana hore ha ho bohlokwa ho thusa batho ba bang . . . Ba qala ba nahana hore ba lokela ho etsetswa ntho e nngwe le e nngwe.”

E boetse e re ha bana ba tlwaetse ho etsa mesebetsi ya ka tlung, ba ithuta ho thusa batho ba bang le ho fana. Haeba bana ba etsa mesebetsi ya ka tlung, ba tla ikutlwa e le ba bohlokwa mme ba tla tseba hore ba lokela ho etsa mesebetsi ya ka tlung.

Ruta bana ba hao hore ba tsebe ditlamorao tsa diphoso tsa bona.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Mamela keletso mme o amohele tayo, e le hore o ka hlalefa bokamosong ba hao.”​—Liproverbia 19:20.

Haeba ngwana wa hao a senyeditse motho e mong, ha o a lokela ho mo buella, hobane bana ba a kgona ho amohela ha ba entse phoso, ba ka etsa seo ka hore ba kope tshwarelo le ho tshepisa hore ha ba sa tla etsa seo hape.

Ha bana ba utlwisisa hore ba lokela ho ikarabella diphosong tsa bona, seo se tla ba thusa hore . . . 

  • ba bue nnete le ho amohela diphosa tsa bona

  • ba se ke ba beha batho ba bang molato

  • ba se ke ba ipehela mabaka

  • ba kope tshwarelo

Ntate o thusa mora wa hae ho nosetsa dijalo

BA KWETLISE HONA JWALE

Bana ba rutilweng ho ba le boikarabelo, ba tla kgona ho etsa seo le ha e se e le batho ba baholo

Behela Bana ba Hao Mohlala

  • Na ke sebetsa ka thata, ke etsa dintho hantle mme ke tshwara nako?

  • Na bana ba ka ba a bona hore ke etsa mesebetsi ya ka tlung?

  • Na ke a dumela ha ke entse phoso, ebe ke kopa tshwarelo?

Seo Batswadi ba Bang ba se Buang . . .

Laura o re: “Ha ke ne ke etsa dijo tsa mantsiboya, bana ba ka ba ne ba nthusa. Ha ke ne ke mena diaparo le ha ke hlwekisa ntlo ba ne ba nthusa. Ba ne ba thabela ho ba le nna e le hore ba ka nthusa ho sebetsa. Ke ka moo ba ileng ba ithuta ho ba le boikarabelo ka teng.”

Debra o re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka bolella mora wa ka hore a kope tshwarelo ho motho e mong eo re neng re mo tlwaetse, ka hore ebe o ile a mo tella. Ha nako e ntse e ya, o ile a tlameha ho kopa tshwarelo maemong a mangata, ka hore ebe o ile a bua nnete empa ka tsela e hlabang. Empa hona jwale o ithutile ho kopa tshwarelo ha a entse diphoso.”

MOLEMO WA HO AMOHELA DIPHOSO

Makaseneng ya Atlantic, titjhere e bitswang Jessica Lahey o re: “Ke ha bohlokwa hore batswadi ba dule ba hopola hore bana ba ka ithuta thuto ya bohlokwa diphosong tsa bona. Selemo le selemo ke ba le baithuti ba etsang diphoso mme batswadi ba bona ba ne ba ba thusa ho lokisa diphoso tsa bona, ho e na le ho re batswadi ba ba buelle. Ka hoo, baithuti bana e ne e le bona ba thabileng le ba atlehileng ka ho fetisisa.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share