Dula o Hopola se Lokelang ho Tla Pele!
“E le hore batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, wena o le mong o Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle”—PES. 83:18.
1, 2. (a) Ke taba efe ya bohlokwa e amang batho bohle? (b) Ho dula re nahanne ka ho halaletswa ha lebitso la Modimo ho tla re thusa ho etsang?
HO BATHO ba bangata kajeno, tjhelete ke yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa. Ba phelela ho fumana maruo esita le ho a sireletsa. Ho ba bang dintho tsa bohlokwa di akarelletsa bophelo ba lelapa, ho phela hantle mmeleng esita le bokgoni ba ho etsa dintho tse itseng.
2 Leha ho le jwalo, ntho e kgolo e lokelang ho tla pele bophelong ba rona ke ho halaletswa ha lebitso la Modimo. Re lokela ho itebela hore re se hlokomolohe taba ena ya bohlokwa. Seo se ka etsahala jwang? Re ka nna ra tshwareha ka mesebetsi ya letsatsi le letsatsi, hoo re ka qetellang re lebetse kamoo ho halaletswa ha lebitso la Modimo ho leng bohlokwa kateng. Kapa re ka nna ra dumella mathata a rona hore a re lebatse taba ena. Ka lehlakoreng le leng, haeba re dula re nahanne ka ho halaletswa ha lebitso la Modimo, re tla sebetsana ka katleho le mathata a letsatsi le letsatsi. Ho etsa jwalo ho tla re thusa ho dula re e na le kamano e ntle le Jehova.
KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HAKAALE?
3. Satane o reng ka puso ya Modimo?
3 Satane Diabolose o qosa Jehova ka hore ha a na tokelo ya ho busa. O phehella ka ho re puso ya Modimo ha e ya loka le hore Jehova o tima dibopuwa tsa hae dintho tse molemo. Ho ya ka Diabolose, batho ba ka phela hamonate ha ba ka ipusa. (Gen. 3:1-5) Satane o ile a boela a re ha ho na motho ya tshepahalang ho Jehova e le kannete, le hore motho o tla fetohela puso ya Jehova haeba a hlile a le mathateng. (Jobo 2:4, 5) Modimo o araba diqoso tsena tsa Satane ka hore a dumelle batho ho ipusa. Sena se thusa bohle ho bona hore dintho ha di tsamaye hantle haeba motho a hana ho buswa ke Modimo.
4. Ke hobaneng ha Modimo a lokela ho araba diqoso tsa Satane?
4 Jehova o a tseba hore Satane o leshano. Jwale ke hobaneng ha a file Satane monyetla wa hore a nne a mo qose? Batho bohle le mangeloi ba a ameha tabeng ena. (Bala Pesaleme ya 83:18.) Batho ba pele ba babedi ba ile ba hana puso ya Jehova jwalokaha ba bang ba bangata kamora bona ba ile ba etsa. Sena se entse hore ba bang ba ipotse hore ebe Satane o ne a sa bue nnete na. Hafeela Modimo a eso arabe mashano ao Satane a mo qosang ka ona kapela batho le mangeloi, ho tla dula ho se na kgotso pakeng tsa ditjhaba, merabe, ditso, malapa le batho ka bomong. Empa kamora hore Jehova a halaletse lebitso la hae, bohle ba tla ba tlasa puso ya hae e lokileng ka ho sa feleng. Ho tla boela ho be le kgotso bokahohleng bohle.—Baef. 1:9, 10.
5. Re phetha karolo efe tabeng ya ho tshehetsa puso ya Jehova?
5 Ha ho se ho hlakile hore Modimo ke yena Mmusi ya loketseng, puso ya Satane e tla tloswa kaha e tla be e hlolehile. Puso ya Modimo, a sebedisa Mmuso o etellwang pele ke Kreste e tla atleha mme ho tla be ho bonahetse hore batho ba ka kgona ho tshepahalla puso ya Modimo. (Esa. 45:23, 24) Na le wena o batla ho ba hara batho bao ba tshepahalang? Ha ho pelaelo hore ho jwalo. Re tla kgona ho dula re tshepahala ho Modimo haeba re dula re nahanne ka lebitso la hae le lokelang ho halaletswa le bohlokwa ba seo.
TOKELO YA MODIMO YA HO BUSA KE YA BOHLOKWA HO FETA BOPHELO BA RONA
6. Ke ha bohlokwa hakae hore Modimo a halaletse lebitso la hae?
6 Jwalokaha re se re bontshitse, ho halaletswa ha lebitso la Modimo ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa mme e ama batho bohle. Ke taba ya bohlokwa ho feta ntho leha e le efe eo motho a e ratang. Na see se bolela hore bophelo ba rona ha se ba bohlokwa le hore Jehova ha a na taba le rona? Tjhe. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?
7, 8. Ke hobaneng ha ho halaletswa ha lebitso la Modimo ho akarelletsa le hore a phethe ditshepiso tsa hae?
7 Jehova o rata batho haholo mme ke ba bohlokwa ho yena. O fane ka madi a Mora wa hae e le hore re ka phela ka ho sa feleng. (Joh. 3:16; 1 Joh. 4:9) Haeba Jehova a ne a hloleha ho phetha ditshepiso tsa hae, e ne e tla ba ho utlwahalang hore Satane a mo bitse raleshano le Mmusi ya mobe. Le batho ba somang Modimo ba ne ba tla thusahala, ha ba ntse ba re: “Ho kae ho ba teng hoo ho tshepisitsweng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholoholo ba rona ba robala lefung, dintho tsohle di tswela pele hantle feela jwaloka ho tloha tshimolohong ya popo.” (2 Pet. 3:3, 4) Kahoo, Jehova o tla netefatsa hore ha a halaletsa lebitso la hae o pholosa le batho ba mo mamelang. (Bala Esaia 55:10, 11.) Ho feta moo, puso ya Jehova e tsebahala ka lerato. Ka hona, re ka kgodiseha hore o tla dula a rata bahlanka ba hae ba tshepahalang le ho ba ananela.—Ex. 34:6.
8 Ho nka puso ya Jehova le ho halaletswa ha lebitso la hae e le dintho tsa bohlokwa, ha ho bolele hore re nyenyefatsa bophelo ba rona le bohlokwa ba rona ho yena. Re mpa feela re batla ho etsa bonnete ba hore ho halaletswa ha lebitso la Jehova ho tla pele bophelong ba rona. Sena se re thusa ho dula re hopola se lokelang ho tla pele le hore re tshehetse puso ya Modimo e lokileng.
BEHA DINTHO TSA BOHLOKWA SEBAKENG SA PELE
9. Satane o ile a qosa Jobo kang? (Sheba setshwantsho se qalong.)
9 Bohlokwa ba ho tseba se lokelang ho tla pele bophelong re bo bona bukeng ya Jobo, e leng e nngwe ya dibuka tsa pele tsa Bibele tse ileng tsa ngolwa. Bukeng ena, re ithuta kamoo Satane a ileng a phehella ka hore Jobo o ne a tla lahla Modimo haeba a ne a ka ba le mathata. Satane o ile a kopa hore Modimo a otle Jobo. Jehova ha a ka a etsa seo, empa o ile a dumella Satane ho leka Jobo, mme a re: “Ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona e letsohong la hao.” (Bala Jobo 1:7-12.) Kamora nakwana feela, Jobo o ile a lahlehelwa ke leruo la hae, bahlanka, le bana ba hae ba leshome. Satane o ile a etsa eka ke Modimo ya neng a ntse a otla Jobo. (Jobo 1:13-19) Kamora moo, Satane o ile a etsa hore Jobo a tshwarwe ke lefu le nyonyehang, le neng le mo bakela bohloko mmeleng. (Jobo 2:7) Jobo o ile a tepella le ho feta ha a utlwa mantswe a nyahamisang a ileng a buuwa ke mosadi wa hae le ke metswalle ya hae e meraro, e neng e etsa eka e a mo kgathalla.—Jobo 2:9; 3:11; 16:2.
10. (a) Jobo o ile a bontsha jwang hore o tshepahala ho Modimo? (b) Hona o ile a hloleha ho etsang?
10 Phello e ile ya eba efe? Ho ile ha hlaka hore Satane o ne a buile leshano. Jobo o ile a hana ho fetohela Modimo. (Jobo 27:5) Leha ho le jwalo, ka nakwana Jobo o ile a hloleha ho etsa dintho ho ya ka bohlokwa ba tsona. O ile a sebedisa nako ya hae a leka ho bontsha hore o lokile a bile a batla le lebaka la mathata a neng a mo hlahela. (Jobo 7:20; 13:24) Sena se ka nna sa bonahala se se na phoso. Leha ho le jwalo, Modimo o ile a kgalemela Jobo ka taba ena. Jehova o ile a reng ho yena?
11, 12. Jehova o ile a thusa Jobo ho utlwisisang, mme Jobo o ile a etsang?
11 Mantswe a Modimo ho Jobo a nka dikgaolo tse nne tsa buka ya Jobo—e leng kgaolo ya 38 ho ya ho 41. Leha ho le jwalo, ho tsona kaofela ha ho na moo Modimo a bolellang Jobo hore na ke hobaneng ha a ne a hlahelwa ke mathata. Ntlha ya bohlokwa mantsweng ana e ne e se hore Jehova a hlalosetse Jobo hore na ke hobaneng ha a ne a hlahelwa ke mathata, jwalokaha eka Modimo o ne a mo kolota tlhaloso. Ho e na le hoo, Jehova o ne a batla hore Jobo a utlwisise hore o monyenyane hakakaang ha a bapiswa le yena. O ile a boela a thusa Jobo ho tseba hore ho ne ho e na le dintho tsa bohlokwa haholo tseo a neng a lokela ho ameha ka tsona. (Bala Jobo 38:18-21.) Sena se ile sa thusa Jobo ho boela a sheba dintho ka tsela e nepahetseng.
12 Kaha Jobo o ne a sa tswa mamella mathata a boima, na Jehova o ne a bontsha ho se nahanele ha a mo kgalemela ka tsela eo e tobileng? Ha ho jwalo, ebile le Jobo ha a ka a nahana jwalo. Ho sa tsotellehe mathata a hae, Jobo o ile a qala ho bua ka mokgwa o bontshang kananelo. O ile a ba a re: ‘Ke hula mantswe a ka, ke baka ke le leroleng le moloreng.’ Ka sebele kgalemelo ya Jehova e ne e mo thusitse. (Jobo 42:1-6) Pejana, Elihu le yena o ne a ile a kgalemela Jobo. (Jobo 32:5-10) Kamora hore Jobo a mamele ha Modimo a mo kgalemela mme a lokise pono ya hae, Jehova o ile a bolella ba bang kamoo a mo ratang kateng le kamoo a ananelang botshepehi boo a bo bontshitseng ha a ne a lekwa.—Jobo 42:7, 8.
13. Mantswe a Jehova a ne a tla thusa Jobo jwang le kamora hore diteko tsa hae di fete?
13 Mantswe a Jehova a ne a tla tswela pele ho thusa Jobo le kamora hore diteko tsa hae di fete. Ka tsela efe? Le hoja Jehova a ile a “hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho feta tshimoloho ya hae,” ho ne ho tla nka nako pele dintho di kgutlela setlwaeding. Hamorao Jobo o ile “a boela a ba le bara ba supileng le baradi ba bararo.” (Jobo 42:12-14) E tlameha ebe Jobo o ne a ntse a hopola bana ba hae ba neng ba bolailwe ke Satane. Ebile ho ka etsahala hore le yena ka boyena o ne a ntse a hopola mathata ohle a neng a fetile ho ona. Le haeba hamorao a ile a utlwisisa hore ke hobaneng ha a ne a hlahelwa ke mathata, ho ka etsahala hore o ne a na le ho ipotsa hore na ebe ho ne ho hlokahala hore a lekwe ka tsela eo. Ho sa tsotellehe hore o ne a nahanang, mantswe a Modimo a ne a tla mo thusa. Mantswe a Jehova a ne a tla mo tshedisa mme a mo thuse ho dula a hopola se neng se lokela ho tla pele bophelong ba hae.—Pes. 94:19.
Sheba ka nqane ho mathata a hao mme o nahane ka ho halaletswa ha lebitso la Modimo (Sheba serapa sa 14)
14. Re ithutang lengolong la Jobo?
14 Le rona re ka fumana matshediso tlalehong ya Jobo mme ra ithuta ho beha dintho tsa bohlokwa sebakeng sa pele. Etswe Jehova o ile a boloka buka ena bakeng sa “ho re laya, e le hore ka mamello ya rona le ka matshediso a tswang Mangolong re ka ba le tshepo.” (Bar. 15:4) Jwale, re ithutang lengolong la Jobo? Ntlha ya pele ke hore ha re a lokela ho phathahana ka mesebetsi ya rona ya letsatsi le letsatsi hoo re ka qetellang re lebetse hore keng se lokelang ho tla pele bophelong, e leng ho halaletswa ha lebitso la Modimo le ho tshehetsa puso ya hae. Ntlha ya bobedi, a re hopoleng hore kaofela ha rona re a ameha dinthong tseo Satane a qosang Modimo ka tsona le hore re tla bontsha hore re tshehetsa puso ya Jehovaka ho dula re tshepahala ha re lekwa, jwalokaha Jobo a ile a etsa.
15. Ke hobaneng ha re lokela ho tshepahala ha re tobane le diteko?
15 Ke hobaneng ha re lokela ho nahanisisa ka botshepehi ba rona le ho bo hlahloba? Hobane diteko tse re hlahelang di na le morero. Diteko ha se bopaki ba hore Modimo o re lahlile, empa ho e na le hoo, di re fa monyetla wa ho bontsha Jehova hore re tshehetsa puso ya hae. (Liprov. 27:11) Mamello ya rona “e hlahisa boemo bo amohelehang” mme e tiisa tshepo ya rona. (Bala Baroma 5:3-5.) Tlaleho ya Jobo e re ruta hore “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo mme o mohau.” (Jak. 5:11) Kahoo re ka kgodiseha hore o tla putsa bohle ba tshehetsang puso ya hae. Ho tseba sena ho re thusa ho ‘mamella ka botlalo le ho tiisetsa ka thabo.’—Bakol. 1:11.
LE KA MOHLA O SE KE WA LEBALA
16. Ke hobaneng ha re lokela ho ikgopotsa bohlokwa ba ho tshehetsa puso ya Modimo?
16 Ke nnete hore ha ho bonolo ho dula re nahanne ka ho halaletswa ha lebitso la Modimo le ka ho tshehetsa puso ya hae. Re ka nna ra imelwa ke mathata. Esita le mathata a sa reng letho a ka bonahala a le maholo ha re dulela ho nahana ka ona. Kahoo re etsa hantle ha re ikgopotsa bohlokwa ba ho tshehetsa puso ya Modimo le nakong eo re hlahelwang ke mathata.
17. Ho etsa mosebetsi wa Jehova kamehla ho ka re thusa jwang hore re se lebale se lokelang ho tla pele bophelong?
17 Ho etsa mosebetsi wa Jehova kamehla ho ka re thusa ho se lebale se lokelang ho tla pele bophelong. Ka mohlala, moradiwabo rona e mong ya bitswang Renee o ile a otlwa ke stroke, a tshwarwa ke kankere mme o dula a e na le mahlaba. Dipetleleng tse fapaneng tseo a ileng a iswa ho tsona, o ile a pakela dinese, dingaka, bakudi hammoho le batho ba etelang bakudi. Sepetleleng se seng, o ile a qeta dihora tse 80 a paka ka dibeke tse pedi le halofo feela. Leha a se a tobane le lefu, Renee ha a ka a lebala se neng se lokela ho tla pele bophelong ba hae. Sena se ile sa mo thusa hore a se ke a tshwenyeha haholo.
18. Se ileng sa etsahalla moradiwabo rona e mong se bontsha jwang bohlokwa ba ho dula re nahana ka ho halaletswa ha lebitso la Modimo?
18 Re batla ho dula re nahana ka ho tshehetsa puso ya Modimo esita le ha re tobane le maemo a sa thabiseng. Nahana ka Jennifer, ya ileng a qeta matsatsi a mararo boemafofane e le hore a fumane sefofane se kgutlelang habo. Ha ho le se le seng sa difofane tseo a neng a ngodisitse ho tsamaya ka tsona, se ileng sa kgona ho tsamaya. Kaha o ne a kgathetse a bile a ikutlwa a tlalletswe ke thota, ho ne ho ka ba bonolo hore a dule moo mme a ikutlwele bohloko. Empa, o ile a rapela mme a kopa bohlale ba ho thusa batho ba bang ba neng ba ferekantswe ke boemo bona. Phello? O ile a pakela batho ba bangata le ho ba fa dingolwa. O re: “Ke ile ka bona kamoo Jehova a ileng a ntlhohonolofatsa kateng esita le boemong boo bo thata, mme ke ile ka kgona ho tlisa thoriso lebitsong la hae.” Ka sebele o ne a ikemiseditse ho dula a etsa thato ya Jehova.
19. Batho ba Jehova ba ikutlwa jwang ka puso ya hae?
19 Puso ya Modimo e entse phapang pakeng tsa bodumedi ba nnete le ba bohata. Haesale batho ba Modimo ba tshehetsa puso ya hae ebile e tla pele bophelong ba bona. E mong le e mong wa rona o lokela ho ikemisetsa ho boloka boikutlo bona ba kelello.
20. Jehova o ikutlwa jwang ka seo o se etsang ho tshehetsa puso ya hae?
20 Kgodiseha hore Jehova o ananela sohle seo o se etsang ho tshehetsa puso ya hae, haholoholo ka ho mamella ha hao diteko. (Pes. 18:25) Sehlooho se latelang se tla tshohla mabaka a eketsehileng a hore o tshehetse puso ya Jehova le kamoo o ka etsang sena kateng.