Dipotso Tse Tswang Ho Babadi
Na mopesaleme Davida o ne a feteletsa dintho ha a ne a re o tla rorisa lebitso la Modimo “ka ho sa feleng” ho Pesaleme ya 61:8?
Ha ho jwalo. Seo Davida a ileng a se ngola se ne se nepahetse.
Nahana ka seo a ileng a se ngola temaneng eo le tse ding tse tshwanang le yona. O ile a re: “Ke tla binela lebitso la hao dithoriso ka ho sa feleng ha ke ntse ke phetha dikano tsa ka letsatsi le letsatsi.” “Jehova Modimo wa ka, ke o rorisa ka pelo ya ka yohle, ke tla tlotlisa lebitso la hao ka ho sa feleng.” “Ke tla rorisa lebitso la hao ka ho sa feleng.”—Pes. 61:8; 86:12; 145:1, 2.
Davida o ne a sa feteletse dintho kapa hona ho nahana hore a ke ke a shwa. O ne a tseba hore Jehova o ile a re batho ba tla shwa hobane e le baetsadibe mme o ne a boetse a tseba hore le yena o etsa dibe. (Gen. 3:3, 17-19; Pes. 51:4, 5) Hape o ne a tseba hore banna ba neng ba thabisa Modimo ba kang Abrahama, Isaka le Jakobo ba ile ba shwa. Davida o ne a tseba hore le yena o tlo shwa. (Pes. 37:25; 39:4) Seo Davida a se ngotseng ho Pesaleme ya 61:8 se bontsha hore o ne a ikemiseditse ho rorisa Modimo ka ho sa feleng hafeela a ntse a phela.—2 Sam. 7:12.
Davida o ile a ngola dintho tse ding tse ileng tsa mo etsahalla bophelong, jwalo ka ha re bona dihloohong tse ho Pesaleme ya 18, 51 le ya 52. Ho Pesaleme ya 23, Davida o ile a re Jehova ke modisa ya tataisang, ya kgathollang le ya sireletsang. Davida le yena e ne e le modisa ya jwalo mme o ne a batla ho sebeletsa Modimo ‘ka matsatsi ohle a bophelo ba hae.’—Pes. 23:6.
Re lokela ho hopola hore Jehova ke yena ya bolelletseng Davida hore a ngole dintho tsohle tseo a di ngotseng. O ile a ngola dintho tse neng di tla etsahala nakong e tlang. Ka mohlala, ho Pesaleme ya 110 Davida o ile a ngola ka nako eo ka yona Morena wa hae a neng a tla “dula ka letsohong la [Modimo] le letona” lehodimong mme a fuwe matla. Morena eo o tla etsang? O tla hlola dira tsa Modimo le ho “ahlola ditjhaba.” Davida e ne e le moholoholo wa Jesu e leng Mesia mme Mesia o ne a tla busa a le lehodimong e le “moprista ka ho sa feleng.” (Pes. 110:1-6) Jesu o ile a re boprofeta bo ho Pesaleme ya 110 bo ne bo bua ka yena mme bo ne bo tla phethahala nakong e tlang.—Mat. 22:41-45.
Jehova o ile a re Davida a ngole ka dintho tse neng di etsahala mehleng ya hae le tse neng di tla etsahala nakong e tlang ha a se a tsositswe mme a kgona ho mo rorisa ka ho sa feleng. Ka hoo, Pesaleme ya 37:10, 11, 29 e bua ka dintho tse etsahetseng ha e ne e ngolwa le tse tla etsahala nakong e tlang. Ditemana tseo di bua ka dintho tse ileng tsa etsahala mehleng ya Iseraele le tse tla etsahala nakong e tlang ha Modimo a phethahatsa ditshepiso tsa hae.—Sheba serapa sa 8 sehloohong se reng “O Tla ba le Nna Paradeiseng” se makasineng ena.
Pesaleme ya 61:8 le ditemana tse ding tse tshwanang le yona di bontsha hore Davida o ne a batla ho rorisa Jehova mehleng ya Iseraele ho fihlela a hlokahala. Hape di bontsha seo Davida a tla se etsa nakong e tlang ha Jehova a mo tsosa.