Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 17:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.” 14 Empa ha ba aa ka ba mamela, ba ne ba le manganga* joaloka baholo-holo ba bona ba neng ba sa bontše tumelo ho Jehova Molimo oa bona.+

  • Jeremia 7:12-14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 “‘E-eang tabernakeleng ea ka e Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le lule teng pele+ ’me le bone hore na ke e entse’ng ka lebaka la bokhopo ba sechaba sa ka sa Iseraele.+ 13 Empa la ’na la etsa lintho tsena kaofela,’ ke Jehova ea chong. ‘Le hoja ke ile ka bua le lona ka makhetlo-khetlo,* ha lea ka la mamela.+ Ka ’na ka le bitsa empa la se ke la araba.+ 14 Kahoo, ntlo e bitsoang ka lebitso la ka+ eo le e tšepileng+ le sebaka seo ke le fileng sona le baholo-holo ba lona, ke tla li etsa ntho e tšoanang hantle le eo ke e entseng Shilo.+

  • Jeremia 25:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 “Ho tloha selemong sa bo13 sa puso ea Josiase+ mora oa Amone, morena oa Juda, ho fihlela hona joale, ka lilemo tsena tse 23, Jehova o ile a bua le ’na. Eaba ’na ke bua le lona ka makhetlo-khetlo* empa le ne le sa mamele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela