NEHEMIA
1 Ana ke mantsoe a Nehemia*+ mora oa Hakalia: Ka khoeli ea Kisleve* selemong sa bo20, ke ne ke le Shushane*+ ntlong ea morena.* 2 Ka nako eo, Hanani+ e leng e mong oa bana beso, a fihla le banna ba bang ba tsoang Juda eaba ke ba botsa ka Bajuda ba neng ba phonyohile botlamuoeng+ le ka Jerusalema. 3 Ba re: “Ba setseng moo profinseng, ba phonyohileng botlamuoeng ba maemong a hlobaetsang ebile ba theotsoe seriti.+ Marako a Jerusalema a oele+ le likeiti tsa eona li chesitsoe ka mollo.”+
4 Eitse hang ha ke utloa mantsoe ana, ka lula fatše ka lla ’me ka qeta matsatsi a mangata ke hlomohile. Ka ’na ka itima lijo+ ka ba ka rapela ka pel’a Molimo oa maholimo. 5 Ka re: “Jehova, Molimo oa maholimo, Molimo e moholo le ea hlomphehang,* ea tšepahallang selekane sa hae le ea ratang batho ba mo ratang le ba mamelang litaelo tsa hae,+ 6 e se eka tsebe ea hao e ka mamela le mahlo a hao a buleha e le hore u mamele thapelo ea ka eo ke e rapelang ka pel’a hao kajeno. Ke rapella bahlanka ba hao ba Baiseraele bosiu le motšehare,+ ka nako eohle ke ntse ke bolela libe tseo ba u sitetsoeng ka tsona. ’Na le ba lelapa la Ntate re entse sebe.+ 7 Ruri re u etselitse bobolu+ ka ho se mamele litaelo le melao eo u e fileng mohlanka oa hao Moshe.+
8 Ke kopa u hopole mantsoe ao u a laetseng* mohlanka oa hao Moshe a reng: ‘Haeba le sa tšepahale, ke tla le hasanya har’a lichaba.+ 9 Empa ha le ka khutlela ho ’na, la boloka litaelo tsa ka le ho li phetha, le hoja le ka hasanngoa la ba hole pheletsong ea lefatše, ke tla le bokella+ ho tsoa moo ’me ke le tlise sebakeng seo ke khethileng ho etsa hore lebitso la ka le lule ho sona.’+ 10 Ke bahlanka ba hao ebile ke batho ba hao, bao u ba lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.+ 11 Jehova, ke kopa u mamele thapelo ea ka le thapelo ea bahlanka ba hao ba thabelang ho hlompha lebitso la hao. Ke kopa u etse hore kajeno ke atlehe ’me e se eka monna enoa a ka nkhauhela.”+
Ke ne ke le moqhatsetsi oa morena.+
2 Ka khoeli ea Nisane,* selemong sa bo20+ sa Morena Artaseksese,+ veine e ne e behiloe ka pel’a hae ’me joalokaha ke ne ke tloaetse, ka nka veine eo ka e fa morena.+ O ne a qala ho mpona ke nyahame. 2 Kahoo, morena a re ho ’na: “Ke hobane’ng ha u nyahame hakaale empa u sa kule? Oa bonahala hore u nyahame.” Eaba ke tšoha haholo.
3 Ka re ho morena: “Morena a ke a phele ka ho sa feleng! Ke tla tlohela ho nyahama joang sebaka seo baholo-holo ba ka ba patetsoeng ho sona se ripitliloe le likeiti tsa sona li chesitsoe ka mollo?”+ 4 Eaba morena o re ho ’na: “U batla eng?” Hang-hang ka rapela Molimo oa maholimo.+ 5 Ka re ho morena: “Morena, haeba u lumela le haeba ke amoheleha ka pel’a hao, ke kopa u ntumelle ho ea Juda motseng oo baholo-holo ba ka ba patetsoeng ho oona hore ke e’o o tsosolosa.”+ 6 Ha morena a ntse a lutse le mofumahali oa hae, o ile a re ho ’na: “Leeto la hao le tla nka nako e kae ’me u tla khutla neng?” Ke ile ka mo bolella hore na ke tla khutla neng+ eaba o ntumella hore ke tsamaee.+
7 Eaba ke re ho morena: “Morena, haeba u lumela, e-re ke fuoe mangolo a eang ho matona a sebaka se ka Nģ’ane ho Noka*+ e le hore a ka ntumella hore ke fete ke bolokehile ho fihlela ke fihla Juda 8 le lengolo le eang ho Asafe mohlokomeli oa Serapa sa Morena* e le hore a ka mpha lifate hore ke etse mapolanka bakeng sa likeiti tsa Ntlo ea Sesole*+ le bakeng sa marako a motse+ le bakeng sa ntlo eo ke tla ea ho eona.” Kahoo, morena a mpha mangolo ao+ hobane Molimo oa ka o ne a nthusitse.+
9 Qetellong ka fihla ho matona a sebaka se ka Nģ’ane ho Noka ’me ka a fa mangolo a morena. Hape morena o ne a rometse balaoli ba masole le bapalami ba lipere hore ba tsamaee le ’na. 10 Ha Sanbalate+ Mohorone le Tobia+ ofisiri* ea Moamone+ ba utloa ka taba ena, ha baa ka ba thaba ho hang hore ebe ho ne ho e-na le motho ea tlileng ho tla etsetsa batho ba Iseraele ho hong ho molemo.
11 Qetellong ka fihla Jerusalema ’me ka qeta matsatsi a mararo ke le moo. 12 Ka tsoha bosiu ’me ka nka banna ba seng bakae. Empa ha kea ka ka bolella motho leha e le ofe hore na Molimo oa ka o ne a ntšusumelelitse* hore ke etsetse Jerusalema eng. Hape ho ne ho se na phoofolo e ’ngoe haese tonki eo ke neng ke e palame. 13 Eaba bosiu ke tsoa ka Keiti ea Phula,+ ka feta ka pel’a Seliba sa Noha e Kholo ho ea Keiting ea Liqubu Tsa Molora+ ’me ka hlahloba marako a Jerusalema a oeleng le likeiti tsa eona tse chesitsoeng ka mollo.+ 14 Ka fetela pele Keiting ea Seliba+ le Letamong la Morena empa ho ne ho se na sebaka se lekaneng sa hore tonki eo ke neng ke e palame e fete. 15 Bosiu ka ’na ka nyoloha khohlong*+ ’me ka hlahloba lerako. Ka mor’a moo, ka khutla ’me ka kena ka Keiti ea Khohlo eaba kea khutla.
16 Batlatsi ba ’musi+ ba ne ba sa tsebe hore na ke ile kae le hore na ke il’o etsa’ng hobane ke ne ke e-s’o re letho ho Bajuda, baprista, bahlomphehi, batlatsi ba ’musi le ho basebetsi ba bang kaofela. 17 Qetellong ka re ho bona: “Lea bona hore re mahlomoleng. Jerusalema e senyehile haholo le likeiti tsa eona li chesitsoe ka mollo. Tloong re hahe marako a Jerusalema bocha e le hore re se ke ra ’na ra tlotlolleha ka tsela ena.” 18 Ka ba bolella kamoo Molimo oa ka a bileng le ’na kateng+ le ka mantsoe ao morena a neng a mpoleletse ’ona.+ Eaba ba re: “A re emeng ’me re hahe.” Kahoo, ba khothatsana* hore ba tle ba etse mosebetsi o motle.+
19 Ha Sanbalate Mohorone, Tobia+ ofisiri* ea Moamone+ le Gesheme Moarabia+ ba utloela ka taba ena, ba re tšeha le ho re nyatsa+ ’me ba re: “Le etsa’ng? Na le fetohela morena?”+ 20 Leha ho le joalo, ka re ho bona: “Molimo oa maholimo ke Eena ea tla re atlehisa+ ’me rona bahlanka ba hae re tla ema ’me re hahe. Empa lona ha ho letho leo le tla le fuoa kapa leo le tla le batla ebile Jerusalema ha se ea lona.”+
3 Moprista ea phahameng Eliashibe+ le bana babo ba baprista, ba ema ’me ba haha Keiti ea Linku.+ Ba e halaletsa*+ ’me ba kenya mamati a eona. Ba e halaletsa ho ea fihla Toreng ea Mea+ le ho ea fihla Toreng ea Hananiele.+ 2 Pel’a bona ho ne ho haha banna ba Jeriko+ ’me pel’a bona ho haha Zakure mora oa Imri.
3 Bara ba Hasena ba ile ba haha Keiti ea Litlhapi,+ ba e etsa ka lifate+ eaba ba kenya mamati a eona, ba kenya lithupa tsa eona tse koalang menyako ’me ba kenya le mekoallo ea eona. 4 Pel’a bona Meremothe+ mora oa Uria mora oa Hakoze a lokisa lerako ’me pel’a bona Meshulame+ mora oa Berekia mora oa Meshezabele a lokisa lerako, pel’a bona Tsadoke mora oa Baana le eena a lokisa lerako. 5 Pel’a bona Batekooa+ ba lokisa lerako empa ba hlaheletseng sechabeng ha baa ka ba ikokobetsa hore ba etse mosebetsi oo baokameli ba bona ba neng ba ba file oona.
6 Jojada mora oa Pasea le Meshulame mora oa Besodeia ba lokisa Keiti ea Motse oa Khale,+ ba e etsa ka lifate eaba ba kenya mamati a eona, ba kenya lithupa tsa eona tse koalang menyako ’me ba kenya le mekoallo ea eona. 7 Pel’a bona Melatia Mogibeone+ le Jadone Momeronothe ba lokisa lerako, banna ba Gibeone le Mizpa+ ba neng ba le tlas’a bolaoli ba* letona la sebaka se ka Nģ’ane ho Noka.*+ 8 Pel’a bona e mong oa batho ba etsang lintho tsa khauta e leng Uziele mora oa Harhaia a lokisa lerako ’me pel’a hae Hanania e mong oa batsoaki ba litlolo* a lokisa lerako eaba ba ala majoe* Jerusalema ho ea fihla Lerakong le Sephara.+ 9 Pel’a bona Refaia mora oa Hure, khosana ea halofo ea setereke sa Jerusalema, a lokisa lerako. 10 Pel’a bona Jedaia mora oa Harumafe a lokisa lerako le neng le le ka pel’a ntlo ea hae ’me pel’a hae Hatushe mora oa Hashabeneia le eena a lokisa lerako.
11 Malkija mora oa Harime+ le Hashube mora oa Pahathe-moabe+ ba lokisa karolo e ’ngoe ea lerako* le Tora ea Lionto.+ 12 Pel’a bona Shalume mora oa Haloheshe, khosana ea halofo ea setereke sa Jerusalema, a lokisa lerako le barali ba hae.
13 Hanune le baahi ba Zanooa+ ba lokisa Keiti ea Phula+ eaba ba kenya mamati a eona, lithupa tsa eona tse koalang menyako le mekoallo ea eona. Ba lokisa lerako le etsang limithara tse 445* ho ea fihla Keiting ea Liqubu Tsa Molora.+ 14 Malkija mora oa Rekabe, khosana ea setereke sa Bethe-hakereme+ a lokisa Keiti ea Liqubu Tsa Molora. A kenya mamati a eona, lithupa tsa eona tse koalang menyako le mekoallo ea eona.
15 Shalune mora oa Kolekoze, khosana ea setereke sa Mizpa,+ a lokisa Keiti ea Seliba,+ a e rulela eaba o kenya mamati a eona, lithupa tsa eona tse koalang menyako le mekoallo ea eona. A lokisa le lerako la Letamo+ la Molatsoana o eang Serapeng sa Morena+ le ho ea fihla Litepising+ tse theohang Motseng oa Davida.+
16 Pel’a hae Nehemia mora oa Azbuke, khosana ea halofo ea setereke sa Bethe-zure,+ a lokisa lerako ho tloha ka pel’a Libaka Tsa Lepato Tsa Davida+ ho ea fihla letamong+ le neng le hahiloe le ho ea fihla Ntlong ea ba Matla.
17 Pel’a hae Balevi bana ba lokisa lerako: Rehume mora oa Bani ’me pel’a hae Hashabia khosana ea halofo ea setereke sa Keila,+ a lokisa lerako bakeng sa setereke sa hae. 18 Pel’a hae bana ba bo bona ba lokisa lerako, Bavai mora oa Henadade, khosana ea halofo ea setereke sa Keila.
19 Pel’a hae Ezere mora oa Jeshua,+ khosana ea Mizpa, o ne a lokisa karolo e ’ngoe ka pel’a moepa o eang Pokellong ea Lihlomo e Setšehetsong sa Lerako.+
20 Pel’a hae Baruke mora oa Zabai+ a sebetsa ka mafolofolo ’me a lokisa karolo e ’ngoe, ho tloha Setšehetsong sa Lerako ho ea fihla monyako oa ntlo ea moprista ea phahameng Eliashibe.+
21 Pel’a hae Meremothe+ mora oa Uria, mora oa Hakoze a lokisa karolo e ’ngoe, ho tloha monyako oa ntlo ea Eliashibe ho ea fihla moo ntlo ea Eliashibe e fellang teng.
22 Pel’a hae baprista ba setereke sa Jordane,*+ ba lokisa lerako. 23 Pel’a bona Benjamine le Hashube ba lokisa lerako ka pel’a ntlo ea bona. Pel’a bona Azaria mora oa Maseia mora oa Anania a lokisa lerako haufi le ntlo ea hae. 24 Pel’a hae Binui mora oa Henadade a lokisa karolo e ’ngoe, ho tloha ntlong ea Azaria ho ea fihla Setšehetsong sa Lerako+ le ho ea fihla k’honeng ea lerako.
25 Pel’a hae Palale mora oa Uzai a lokisa lerako ka pel’a Setšehetso sa Lerako le ka pel’a tora e hlaheletseng, e pel’a Ntlo ea Morena*+ e ka holimo ea Lebala la Balebeli.+ Pel’a hae e ne e le Pedaia mora oa Paroshe.+
26 Basebeletsi ba tempeleng*+ ba neng ba lula Ofele,+ ba lokisa lerako ho ea fihla ka pel’a Keiti ea Metsi+ ka bochabela le toreng e hlahelletseng.
27 Pel’a bona Batekooa+ ba lokisa karolo e ’ngoe, ho tloha ka pel’a tora e kholo e hlaheletseng ho ea fihla lerakong la Ofele.
28 Baprista ba lokisa lerako ka holim’a Keiti ea Lipere,+ e mong le e mong ka pel’a ntlo ea hae.
29 Pel’a bona Tsadoke+ mora oa Imere a lokisa lerako ka pel’a ntlo ea hae.
Pel’a hae Shemaia mora oa Shekania, mohlokomeli oa Keiti e ka Bochabela,+ a lokisa lerako.
30 Pel’a hae Hanania mora oa Shelemia le Hanune mora oa botšelela oa Zalafe ba lokisa karolo e ’ngoe.
Pel’a hae Meshulame+ mora oa Berekia a lokisa lerako ka pel’a holo ea hae.
31 Pel’a hae Malkija, setho sa mokhatlo oa batho ba etsang lintho tsa khauta, a lokisa lerako ho ea fihla ntlong ea basebeletsi ba tempeleng*+ le bo-rakhoebo, ka pel’a Keiti ea Tlhahlobo le ho ea fihla kamoreng e marulelong a k’honeng ea lerako.
32 Pakeng tsa kamore e marulelong a k’honeng ea lerako le Keiti ea Linku,+ batho ba etsang lintho tsa khauta le bo-rakhoebo ba lokisa lerako.
4 Hang ha Sanbalate+ a utloa hore re haha lerako bocha, a halefa* haholo eaba o tsoela pele ho soma Bajuda. 2 A bua ka pel’a bana babo le masole a Samaria a re: “Bajuda baa ba fokolang ba etsa’ng? Na ba tla khona ho etsa mosebetsi oo ka bobona? Na ba tla etsa mahlabelo? Na ba tla qeta ka letsatsi? Na ba ntse ba tla khona ho sebelisa majoe a cheleng ka ho a ntša liqubung tseo tsa marole?”+
3 Tobia+ oa Moamone+ ea neng a eme pel’a hae a re: “Le haeba phokojoe e ka hloella holim’a lerako la bona la majoe leo ba le hahang, e ne e tla le liha.”
4 Molimo oa rona, re kopa u utloe kamoo ba re nyatsang kateng,+ u khutlisetse ho nyefola ha bona holim’a lihlooho tsa bona+ ’me u nehelane ka bona ho lira tsa bona naheng ea botlamuoa. 5 U se ke oa koahela molato oa bona kapa oa hlakola sebe sa bona ka pel’a hao+ hobane ba rohakile lihahi.
6 Kahoo, ra ’na ra haha lerako ’me la kopanngoa, la hahoa bocha ho fihlela halofong ea lona ’me batho ba tsoela pele ho sebetsa ka lipelo tsohle tsa bona.
7 Hang ha Sanbalate, Tobia,+ Baarabia,+ Baamone le Baashdode+ ba utloa hore marako a Jerusalema a ne a ntse a lokisoa le hore likheo li ne li koaloa, ba halefa haholo. 8 Ba rera bolotsana ba ho tla loantša Jerusalema le ho baka moferefere ho eona. 9 Empa ra rapela Molimo oa rona ’me ra lula re behile molebeli hore a re sireletse bosiu le motšehare.
10 Leha ho le joalo, batho ba Juda ba ne ba re: “Basebetsi* ha ba sa na matla ’me ho bohlasoa* haholo. Re ke ke ra khona ho haha lerako.”
11 Lira tsa rona tsona tsa ’na tsa re: “Le pele ba lemoha kapa ba re bona, re tla kena har’a bona re ba bolaee, re emise mosebetsi.”
12 Neng kapa neng ha Bajuda ba lulang haufi le bona ba kena motseng, ba ne ba lula ba re ho rona:* “Ba tla tla ho rona ba tsoa libakeng tsohle.”
13 Kahoo, ka beha banna libakeng tse tlase-tlase ka mor’a lerako moo ho bulehileng. Ka ba beha ho ea ka malapa ba tšoere lisabole, marumo le liqha tsa bona. 14 Ha ke bona hore ba tšohile, ka ema ka potlako ’me ka re ho bahlomphehi+ le batlatsi ba ’musi le batho ba bang kaofela: “Le se ke la ba tšaba.+ Hopolang Jehova, o moholo ebile ke ea phahameng.+ Le loanele bana ba bo lona, bara ba lona le barali ba lona, basali ba lona le malapa a lona.”
15 Ka mor’a hore lira tsa rona li utloe hore re tseba seo li neng li tl’o se etsa le hore Molimo oa ’nete o sentse morero oa tsona, kaofela ha rona re ile ra khutlela lerakong ho ea sebetsa. 16 Ho tloha ka letsatsi leo ho ea pele, halofo ea banna ba ka e ne e etsa mosebetsi+ ’me halofo e ’ngoe ea bona e tšoere marumo, lithebe le liqha ebile e apere liaparo tsa ntoa tse entsoeng ka tšepe. Likhosana+ tsona li ne li eme ka mor’a Bajuda 17 ba hahang lerako. Basebetsi ba jarang lintho ba ne ba sebetsa ka letsoho le le leng, ha le leng le tšoere sebetsa.* 18 Sehahi se seng le se seng se ne se kentse sabole thekeng ha se ntse se haha ’me motho ea lokelang ho letsa lenaka+ o ne a eme pel’a ka.
19 Ka re ho bahlomphehi le batlatsi ba ’musi le batho ba bang kaofela: “Mosebetsi o moholo ebile o pharaletse ’me re arohane lerakong, e mong o hole haholo le e mong. 20 Ha le utloa molumo oa lenaka le tle ’me le bokane moo re leng teng. Molimo oa rona o tla re loanela.”+
21 Kahoo, ra tsoela pele ho sebetsa ha halofo e ’ngoe e ne e tšoere marumo, ho tloha mesong ho fihlela bosiu ha linaleli li hlaha. 22 Ka nako eo ka re ho batho: “Banna ba ke ba qete bosiu ba le ka har’a Jerusalema, e mong le e mong a e-na le mohlanka oa hae. Ba tla re lebela bosiu ’me motšehare ba sebetse.” 23 ’Na le bana beso, bahlanka+ ba ka le balebeli ba ileng ba ntšala morao, ha rea ka ra hlobola liaparo tsa rona. E mong le e mong oa rona o ne a tšoere sebetsa ka letsohong la hae le letona.
5 Leha ho le joalo, banna le basali ba bona ba ile ba ipelaetsa khahlanong le bana ba bo bona ba Bajuda.+ 2 Ba bang ba ne ba re: “Re na le bara le barali ba bangata. Re lokela ho fumana lijo* e le hore re je ’me re ’ne re phele.” 3 Ba bang ba ne ba re: “Re fana ka masimo, lirapa tsa rona tsa morara le matlo a rona e le hore re tle re fumane lijo nakong ea tlala.” 4 Ba bang bona ba ne ba re: “Re alimane ka masimo a rona le lirapa tsa rona tsa morara e le hore re ka fumana chelete ea ho patala lekhetho* la morena.+ 5 Rona le bana ba bo rona rea tšoana* ebile bana ba rona ba tšoana le bana ba bona. Leha ho le joalo, re lokela ho fana ka bara le barali ba rona hore e be makhoba ’me barali ba bang ba rona e se e ntse e le ’ona.+ Empa ha re na matla a ho thibela sena hobane masimo a rona le lirapa tsa rona tsa morara e se e le tsa batho ba bang.”
6 Ke ile ka halefa haholo ha ke utloa sello sa bona le mantsoe ana. 7 Kahoo, ka nahana ka lintho tsena ka pelong ea ka ’me ka bua le bahlomphehi le batlatsi ba ’musi ka re ho bona: “Kaofela ha lona le patalisa bana ba bo lona tsoala.”*+
Ho ekelletsa moo, ka hlophisa hore ho be le seboka se seholo ka lebaka la bona. 8 Ka re ho bona: “Re entse sohle se matleng a rona ho lopolla bana ba bo rona ba Bajuda ba neng ba rekisitsoe lichabeng. Joale na le lona le rekisa bana ba bo lona+ e le hore re tle re ba reke hape?” Eaba ba felloa ke mantsoe ’me ba thola tu! 9 Eaba ke re: “Ntho eo le e etsang ha ea loka. Na ha lea lokela ho tšaba Molimo oa rona+ e le hore lira tsa rona li se ke tsa re nyefola? 10 Ho feta moo, ’na le bana beso le bahlanka ba ka re ba alima chelete le koro.* Ka kopo, a re tloheleng ho batla tsoala.+ 11 Kea le kopa hle, letsatsing lena le fe batho bana masimo a bona,+ lirapa tsa bona tsa morara, meru ea bona ea mehloaare le matlo a bona. Hape le khutlise tsoala* eo le neng le ba batla eona ea chelete, ea koro,* ea veine e ncha le ea oli.”
12 Eaba ba re: “Re tla khutlisetsa lintho tsena ho bona ’me re ke ke ra ba batla letho. Re tla etsa feela joalokaha u boletse.” Kahoo, ka bitsa baprista ’me ka etsa hore banna bao ba itlame hore ba tla etsa seo ba se tšepisitseng. 13 Hape ka hlohlora seaparo* sa ka ’me ka re: “Ka tsela e tšoanang, e se eka Molimo oa ’nete a ka hlohlora ntlo le lintho tsa motho e mong le e mong ea sa phetheng tšepiso ena ’me ka tsela e tšoanang, a ke a hlohloroe ’me a sale a se na letho.” Phutheho eohle ea re: “Amen!”* Eaba ba rorisa Jehova ’me batho ba etsa seo ba se tšepisitseng.
14 Ho feta moo, ho tloha letsatsing leo ka lona ke behiloeng hore ke be letona la bona+ naheng ea Juda, ka selemo sa bo20+ ho ea selemong sa bo32+ sa Morena Artaseksese+ e leng lilemo tse 12, ’na le bana beso ha rea ka ra ja lijo tse neng li fuoa letona.+ 15 Empa matona a bileng teng pele ho ’na a ne a imetsa batho ’me a nka likotoana* tse 40 tsa silevera ho bona letsatsi le letsatsi bakeng sa bohobe le veine. Hape bahlanka ba ’ona ba ne ba hatella batho. Empa ’na ha kea ka ka etsa joalo+ ka lebaka la ho tšaba Molimo.+
16 Ho feta moo, le ’na ke ile ka etsa mosebetsi oa ho lokisa lerako lena ’me ha rea ka ra fumana leha e le tšimo.+ Bahlanka bohle ba ka ba ile ba phuthehela moo bakeng sa mosebetsi. 17 Ho ne ho e-na le Bajuda le batlatsi ba ’musi ba 150 ba neng ba ja tafoleng ea ka hammoho le ba neng ba tla ho rona ba tsoa lichabeng tse ling. 18 Letsatsi le letsatsi ke ne ke lokisetsoa* poho e le ’ngoe, linonyana le linku tse tšeletseng tse khethiloeng le veine e ngata ea mofuta o mong le o mong hanngoe matsatsing a leshome. Ho sa tsotellehe tsena tsohle, ha kea ka ka batla lijo tse fuoang letona hobane batho ba ne ba se ba ntse ba hula ka thata mosebetsing oa bona. 19 Molimo oa ka, u nkhopole ka lebaka la lintho tsohle tse ntle tseo ke li etselitseng batho bana.+
6 Ha Sanbalate, Tobia,+ Gesheme oa Moarabia+ le lira tsa rona tse ling kaofela li bolelloa hore ke hahile lerako bocha+ le hore ho ne ho se na likheo ho lona (le hoja ho fihlela nakong eo ke ne ke e-s’o kenye mamati likeiting),+ 2 hang-hang Sanbalate le Gesheme ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re behe nako ea ho kopana ho o mong oa metsana ea Thota ea Ono.”+ Empa ba ne ba rerile ho ’ntša kotsi. 3 Kahoo, ka romela baromuoa ho bona ka re: “Ke phathahane ka mosebetsi o moholo, nke ke ka khona ho theoha. Le batla ke tlohele mosebetsi hore ke tle ho lona?” 4 Ba ile ba nthomella molaetsa o tšoanang ka makhetlo a mane ’me ka ’na ka ba araba ka tsela e tšoanang.
5 Eaba Sanbalate o romela mohlanka oa hae ho ’na ka molaetsa o tšoanang ka lekhetlo la bohlano, a tšoere lengolo le butsoeng. 6 Lengolo leo le ne le re: “Batho ba lichaba ba ntse ba bua taba ea hore uena le Bajuda le rera ho fetohela morena.+ Gesheme+ le eena o bua ntho e tšoanang. Ke ka lebaka leo u hahang lerako. Hape litlaleho li re u tl’o ba morena oa bona. 7 Ebile u khethile baprofeta hore ba phatlalatse ka uena motseng oohle oa Jerusalema ba re, ‘Ho na le morena Juda!’ Morena o tl’o bolelloa lintho tsena. Joale tloo re tl’o buisana ka taba ena.”
8 Leha ho le joalo, ka mo romella karabo e reng: “Lintho tseo u li buang ha lia etsahala. U iqapetse tsona.” 9 Kaofela ha bona ba ne ba leka ho re tšosa ba re: “Ba tla khathala matla* ’me ba ke ke ba qeta mosebetsi.”+ Empa ka rapela ka re: “Molimo, mphe matla.”*+
10 Eaba ke ea ntlong ea Shemaia mora oa Delaia mora oa Mehetabele ha a ntse a koaletsoe moo. O ile a re: “A re behe nako ea ho kopana ntlong ea Molimo oa ’nete, ka har’a tempele ’me re koale mamati a tempele etsoe ba tl’o u bolaea. Ba tl’o u bolaea bosiu.” 11 Empa ka re: “Na motho ea joaloka ’na o lokela ho baleha? Na motho ea joaloka ’na a ka kena ka tempeleng eaba oa phela?+ Nke ke ka kena!” 12 Eaba kea hlokomela hore moprofeta enoa o ne a sa rongoa ke Molimo empa Tobia le Sanbalate+ ba ne ba mo hirile hore a tl’o nthetsa. 13 O ne a hiriloe hore a tl’o ntšosa le ho nkhelosa hore ke etse sebe e le hore ba ka ba le lebaka la ho ntšenya lebitso le ho ’nyefola.
14 Molimo oa ka, u hopole Tobia,+ Sanbalate, liketso tsena, moprofeta Noadia le baprofeta ba bang kaofela bao kamehla ba neng ba leka ho ntšosa.
15 Lerako le ile la qetoa ka letsatsi la bo25 la Elule.* Le ile la hahoa ka matsatsi a 52.
16 Hang ha lira tsohle tsa rona li utloa ka taba ena le lichaba tsohle tse re potolohileng li bona sena, tsa soaba haholo,*+ tsa bona hore Molimo ke eena ea re thusitseng ho etsa mosebetsi ona. 17 Matsatsing ao, bahlomphehi+ ba Juda ba ne ba romela mangolo a mangata a eang ho Tobia ’me Tobia o ne a ba araba. 18 Batho ba bangata Juda ba ile ba hlapanya hore ba tla mo tšehetsa kaha e ne e le mokhoenyana oa Shekania mora oa Ara.+ Mora oa hae Johanane o ne a nyalane le morali oa Meshulame+ mora oa Berekia. 19 Ba ne ba lula ba mpolella lintho tse ntle ka eena ’me ba mo bolella seo ke se buileng. Joale Tobia a ’na a romela mangolo e le hore a ntšose.+
7 Hang ha lerako le hahiloe bocha,+ ka kenya mamati.+ Ka khetha balebeli ba likeiti,+ libini+ le Balevi.+ 2 Eaba ke beha ngoan’eso Hanani+ hore a okamele Jerusalema, ka beha le Hanania khosi ea Ntlo ea Sesole*+ kaha e ne e le monna ea tšepahalang haholo ’me a tšaba Molimo oa ’nete+ ho feta batho ba bang ba bangata. 3 Ka re ho bona: “Likeiti tsa Jerusalema ha lia lokela ho buloa ho fihlela motšehare ha ho se ho chesa ’me ha balebeli ba ntse ba eme, ba lokela ho koala mamati, ba a notlele. Le behe baahi ba Jerusalema hore e be balebeli, ba bang libakeng tseo ba li khethetsoeng ’me ba bang ka pel’a matlo a bona.” 4 Motse o ne o le moholo ’me ho ne ho se na batho ba bangata ho oona+ ’me matlo a ne a e-s’o tsosolosoe.
5 Empa Molimo oa ka o ile a mpolella* hore ke bokelle bahlomphehi le batlatsi ba ’musi le sechaba e le hore ba ngolisoe ho ea ka maloko.+ Ke ile ka fumana buka ea ba ngolisitsoeng ho ea ka maloko, ba khutlileng pele. Ho eona ka fumana ho ngotsoe tjena:
6 Bana ke baahi ba profinse ba ileng ba tsoa botlamuoeng, bao Morena Nebukadnezare+ oa Babilona a neng a ba isitse botlamuoeng+ le bao hamorao ba ileng ba khutlela Jerusalema le Juda. E mong le e mong a khutlela motseng oa habo.+ 7 Ba ile ba tla le Zorobabele,+ Jeshua,+ Nehemia, Azaria, Raamia, Nahamani, Mordekai, Bilshane, Misperethe, Bigvai, Nehume le Baana.
Palo ea banna ba Iseraele ke ena:+ 8 Bara* ba Paroshe ba ne ba le 2 172, 9 bara ba Shefatia ba le 372, 10 bara ba Ara+ ba le 652, 11 bara ba Pahathe-moabe+ ba lelapa la Jeshua le ba Joabe+ ba le 2 818, 12 bara ba Elame+ ba le 1 254, 13 bara ba Zatu ba le 845, 14 bara ba Zakai ba le 760, 15 bara ba Binui ba le 648, 16 bara ba Bebai ba le 628, 17 bara ba Azgade ba le 2 322, 18 bara ba Adonikame ba le 667, 19 bara ba Bigvai ba le 2 067, 20 bara ba Adine ba le 655, 21 bara ba Atere ba lelapa la Ezekiase ba le 98, 22 bara ba Hashume ba le 328, 23 bara ba Bezai ba le 324, 24 bara ba Harife ba le 112, 25 bara ba Gibeone+ ba le 95, 26 banna ba Bethlehema le ba Netofa ba le 188, 27 banna ba Anathothe+ ba le 128, 28 banna ba Bethe-azmavethe ba le 42, 29 banna ba Kiriathe-jearime,+ ba Kefira le ba Beerothe+ ba le 743, 30 banna ba Rama le ba Geba+ ba le 621, 31 banna ba Mikmase+ ba le 122, 32 banna ba Bethele+ le ba Ai+ ba le 123, 33 banna ba Nebo e ’ngoe ba le 52, 34 bara ba Elame e mong ba le 1 254, 35 bara ba Harime ba le 320, 36 bara ba Jeriko ba le 345, 37 bara ba Lode, ba Halide le ba Ono+ ba le 721, 38 bara ba Senaa ba le 3 930.
39 Baprista+ e ne e le bara ba Jedaia oa ntlo ea Jeshua, ba ne ba le 973, 40 bara ba Imere ba le 1 052, 41 bara ba Pashkure+ ba le 1 247, 42 bara ba Harime+ ba le 1 017.
43 Balevi+ e ne e le bara ba Jeshua, ba Kadmiele,+ ba bara ba Hodva ba ne ba le 74. 44 Libini+ e leng bara ba Asafe+ ba ne ba le 148. 45 Balebeli ba likeiti+ e ne e le bara ba Shalume, bara ba Atere, bara ba Talmone, bara ba Akube,+ bara ba Hatita, bara ba Shobai ’me ba ne ba le 138.
46 Basebeletsi ba tempeleng*+ e ne e le bara ba Ziha, bara ba Hasufa, bara ba Tabaothe, 47 bara ba Kerose, bara ba Sia, bara ba Padone, 48 bara ba Lebana, bara ba Hagaba, bara ba Salmai, 49 bara ba Hanane, bara ba Gidele, bara ba Gahare, 50 bara ba Reaia, bara ba Rezine, bara ba Nekoda, 51 bara ba Gazame, bara ba Uza, bara ba Pasea, 52 bara ba Besai, bara ba Meunime, bara ba Nefushesime, 53 bara ba Bakbuke, bara ba Hakufa, bara ba Karkure, 54 bara ba Bazlithe, bara ba Mehida, bara ba Harsha, 55 bara ba Barkose, bara ba Sisera, bara ba Tema, 56 bara ba Nezia le bara ba Hatifa.
57 Bara ba bahlanka ba Solomone+ e ne e le bara ba Sothai, bara ba Soferethe, bara ba Perida, 58 bara ba Jaala, bara ba Darkone, bara ba Gidele, 59 bara ba Shefatia, bara ba Hatile, bara ba Pokerethe-hazebaime le bara ba Amone. 60 Basebeletsi bohle ba tempeleng*+ le bara ba bahlanka ba Solomone ba ne ba le 392.
61 Bana ba ne ba tsoa Tele-mela, Tele-harsha, Kerube, Adone le Imere empa ba ne ba sa khone ho netefatsa hore na malapa a bo-ntate ba bona kapa leloko la bona ke la Baiseraele kapa che.+ Bona e ne e le 62 bara ba Delaia, bara ba Tobia, bara ba Nekoda ’me ba ne ba le 642. 63 Baprista e ne e le bara ba Habaia, bara ba Hakoze,+ bara ba Barzilai ea ileng a nyala morali oa Barzilai+ oa Mogileade ’me a bitsoa ka lebitso la ntate oa mosali oa hae. 64 Bana ba ile ba batla tlaleho ea bona ho tiisa leloko la bona empa ha ea ka ea fumanoa. Kahoo, ba tlosoa hore e se ke ea hlola e e-ba baprista.*+ 65 Letona*+ le ile la ba bolella hore ha baa lokela ho ja linthong tse halalelang ka ho fetisisa+ ho fihlela ho e-ba le moprista ea ka sebelisang Urime le Thumime.+
66 Palo eohle ea batho ba phutheho e ne e le 42 360+ 67 ntle ho makhoba a banna le a basali+ a neng a le 7 337. Ho ne ho boetse ho e-na le libini tsa banna le tsa basali tse 245.+ 68 Lipere tsa bona li ne li le 736, limmoulo tsa bona li le 245, 69 likamele tsa bona li ne li le 435, litonki tsa bona li le 6 720.
70 Lihlooho tse ling tsa malapa li ile tsa ntša monehelo bakeng sa mosebetsi.+ Letona* le ile la fana ka monehelo oa khauta e boima bo ka etsang lik’hilokramo tse robeli* hore e ee polokelong ea chelete, likotlolo tse 50 le liaparo tsa baprista+ tse 530. 71 Hape lihlooho tse ling tsa malapa li ile tsa fana ka khauta ea boima ba lik’hilokramo tse 168* polokelong ea chelete bakeng sa mosebetsi le silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 1 254.* 72 Batho ba bang kaofela ba ile ba fana ka khauta ea boima ba lik’hilokramo tse 168,* silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 1 140* le liaparo tsa baprista tse 67.
73 Baprista, Balevi, balebeli ba likeiti, libini,+ batho ba bang, basebeletsi ba tempeleng* le Baiseraele bohle ba lula metseng ea bona.+ Ha khoeli ea bosupa e qala,+ Baiseraele ba ne ba lutse metseng ea bona.+
8 Batho bohle ba bokana ka morero o tšoanang lebaleng le ka pel’a Keiti ea Metsi+ eaba ba bolella mokopitsi* Esdrase+ hore a tlise buka ea Molao oa Moshe,+ oo Jehova a neng a o laetse Baiseraele.+ 2 Ka letsatsi la pele la khoeli ea bosupa,+ moprista Esdrase a tlisa Molao ka pel’a phutheho+ ea banna le basali le ka pel’a bohle ba neng ba ka mamela ’me ba utloisisa. 3 Ho tloha mesong ho fihlela motšehare, a o balla holimo+ a le lebaleng le neng le le ka pel’a Keiti ea Metsi. A o balla banna, basali le bohle ba ka utloisisang ’me batho ba ile ba mamela buka ea Molao ka hloko.+ 4 Mokopitsi* Esdrase o ne a eme holim’a sethala sa lepolanka se neng se etselitsoe ketsahalo eo ’me haufi le eena, ka letsohong la hae le letona ho ne ho eme Matithia, Shema, Anaia, Uria, Hilkia le Maseia ’me ka ho la hae le letšehali e le Pedaia, Mishaele, Malkija,+ Hashume, Hash-badana, Zakaria le Meshulame.
5 Esdrase a bula buka a le holim’a sethala moo batho bohle ba khonang ho mo bona. Ha a e bula, batho bohle ba ema. 6 Joale Esdrase a rorisa Jehova Molimo e moholo le oa ’nete ’me batho bohle ba araba ba re, “Amen!* Amen!”+ Eaba ba phahamisa matsoho. Ba inama ’me ba khumamela Jehova lifahleho tsa bona li shebile fatše. 7 Jeshua, Bani, Sherebia,+ Jamine, Akube, Shabthai, Hodia, Maseia, Kelita, Azaria, Jozabade,+ Hanane le Pelaia bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlalosetsa batho Molao+ ha batho ba ntse ba eme. 8 Ba tsoela pele ho bala Molao oa Molimo oa ’nete o bukeng ka lentsoe le phahameng, ba o hlalosa le ho hlakisa hore na o bolela’ng. Kahoo, ba thusa batho hore ba utloisise se neng se baloa.+
9 Nehemia eo e neng e le letona* le Esdrase+ eo e neng e le moprista ebile e le mokopitsi* le Balevi ba neng ba ruta batho, ba ile ba re ho batho bohle: “Letsatsi lena lea halalela ho Jehova Molimo oa lona.+ Le se ke la utloa bohloko kapa la lla.” Etsoe batho bohle ba ne ba lla ha ba utloa mantsoe a Molao. 10 Nehemia a re ho bona: “Tsamaeang, le je lijo tse monate* ’me le noe lintho tse monate hape le fane ka lijo tse ling+ ho ba se nang letho hobane letsatsi lena lea halalela ho Morena oa rona ’me le se ke la utloa bohloko kaha thabo eo Jehova a le fang eona ea le matlafatsa.”* 11 Balevi ba ne ba tholisa batho bohle ba re: “Le se ke la lla kaha letsatsi lena lea halalela hape le se ke la utloa bohloko.” 12 Kahoo, batho bohle ba tloha ho ea ja le ho noa le ho fa ba bang lijo hape ba ile ba thaba haholo+ hobane ba ne ba utloisisa mantsoe ao ba a utloileng.+
13 Ka letsatsi la bobeli, lihlooho tsa malapa ’ohle a sechaba, baprista le Balevi ba bokana ho mokopitsi* Esdrase e le hore ba utloisise mantsoe a Molao haholoanyane. 14 Joale ba fumana ho ngotsoe Molaong oo Jehova a neng a fane ka oona a sebelisa Moshe hore ka khoeli ea bosupa+ Baiseraele ba lokela ho lula maphepheng* nakong ea mokete 15 le hore ba phatlalatse+ ’me ba tsebise batho metseng eohle ea bona le Jerusalema eohle ba re: “E-eang sebakeng se lithaba ’me le tlise makala a nang le makhasi a tsoang lifateng tsa mohloaare, tsa phaena, tsa mirte le tsa palema le makala a nang le makhasi a tsoang lifateng tse ling e le hore le etse maphephe ho ea ka se ngotsoeng.”
16 Batho ba tsoa ’me ba tla le makala ao hore ba iketsetse maphephe, e mong le e mong holim’a marulelo a hae hammoho le mabaleng a bona, mabaleng a ntlo ea Molimo oa ’nete,+ lebaleng la Keiti ea Metsi+ le la Keiti ea Efraime.+ 17 Kahoo, phutheho eohle ea ba neng ba khutlile botlamuoeng ea etsa maphephe ’me ea lula ho ’ona etsoe Baiseraele ba ne ba sa ka ba etsa seo ka tsela ena ho tloha mehleng ea Joshua+ mora oa Nune ho fihlela letsatsing leo ’me batho ba ile ba thaba haholo.+ 18 Letsatsi le letsatsi ho ne ho baloa buka ea Molao oa Molimo oa ’nete,+ ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ka letsatsi la ho qetela. Ba ile ba etsa mokete ka matsatsi a supileng ’me ho ea ka Molao, ka letsatsi la borobeli ho ile ha e-ba le seboka se hlomphehang.+
9 Ka letsatsi la bo24 la khoeli ea bosupa, Baiseraele ba ile ba bokana, ba itima lijo ba apere masela a hoashang* ba bile ba itšetse ka mobu.+ 2 Bao e leng litloholo tsa Iseraele ba ikarola ho bohle bao e seng Baiseraele,+ ba ema ’me ba bolela libe tsa bona le liphoso tsa bo-ntate ba bona.+ 3 Joale ba ema moo ba neng ba le teng eaba ba qeta lihora tse ka bang tharo* hoseng ba balla holimo buka ea Molao+ oa Jehova Molimo oa bona. Ka lihora tse ling tse tharo, ba ne ba ipolela libe ’me ba inamela Jehova Molimo oa bona.
4 Jeshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Buni, Sherebia,+ Bani le Kenani ba ema sethaleng+ se phahamisitsoeng sa Balevi ’me ba hoeletsa ho Jehova Molimo oa bona. 5 Balevi e leng Jeshua, Kadmiele, Bani, Hashabeneia, Sherebia, Hodia, Shebania le Pethahia ba re: “Emang ’me le rorise Jehova Molimo oa lona ka ho sa feleng.+ Ba ke ba rorise lebitso la hao le khanyang, le tšoaneloang ke ho halaletsoa le ho rorisoa.
6 Ke uena Jehova u le mong,+ u entse maholimo esita le leholimo la maholimo le tsohle tse ho ’ona,* lefatše le tsohle tse holim’a lona, maoatle le tsohle tse ho ’ona. Kaofela u li boloka li phela le mabotho a maholimo aa u inamela. 7 Ke uena Jehova Molimo oa ’nete ea ileng a khetha Abrame,+ oa mo ntša Ure+ ea Bakalde ’me oa mo reha Abrahama.+ 8 U ile oa bona hore o ne a u tšepahalla ka pelo eohle.+ Kahoo, oa etsa selekane le eena sa hore u tla fa eena le bana* ba hae+ naha ea Bakanana, Bahethe, Baamore, Bapereze, Bajebuse le Bagirgashe ’me oa phethahatsa litšepiso tsa hao hobane u lokile.
9 U ile oa bona kamoo baholo-holo ba rona ba neng ba sotleha kateng Egepeta+ ’me oa utloa sello sa bona Leoatleng le Lefubelu. 10 Eaba u etsa lipontšo le mehlolo tse otlang Faro le bahlanka bohle ba hae le batho bohle ba naha ea hae+ kaha u ne u tseba hore ba ile ba hlorisa batho ba hao.+ U tsebahalitse lebitso la hao ’me le ntse le tsebahala le kajeno.+ 11 Oa arola leoatle ka pel’a bona ’me ba tšela har’a lona moo ho ommeng+ eaba u lahlela batho ba ba lelekisang botebong ba leoatle joaloka lejoe le lahleloang maqhubung a matla.+ 12 Oa ba tsamaisa ka leru* motšehare le ka mollo* bosiu, ho ba khantšetsa tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona.+ 13 Oa theohela Thabeng ea Sinai+ oa bua le bona u le leholimong+ ’me oa ba fa likahlolo tse lokileng, melao ea ’nete,* melaoana le litaelo tse molemo.+ 14 Oa ba tsebisa Sabatha+ ea hao e halalelang ’me oa ba fa litaelo, melaoana le molao u sebelisa mohlanka oa hao Moshe. 15 Oa ba fa bohobe bo tsoang leholimong ha ba lapile,+ oa ba hlahisetsa metsi lefikeng ha ba nyoriloe,+ oa ba oa re ba nke naha eo u neng u ikanne* hore u tla ba fa eona.
16 Ha e le baholo-holo ba rona bona, ba ile ba itaola,+ ba e-ba manganga*+ eaba ha ba mamele litaelo tsa hao. 17 Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala liketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha u li etsa. Ba e-ba manganga* ’me ba khetha moeta-pele hore ba khutlele bokhobeng ba bona Egepeta.+ Empa kaha u Molimo ea ikemiselitseng ho tšoarela,* ea utloelang batho bohloko le ea mohau,* ea liehang ho halefa le ea lerato,*+ ha oa ka oa ba lahla.+ 18 Esita leha ba ne ba iketselitse namane ea tšepe* ’me ba re, ‘Enoa ke Molimo oa lona ea ileng a le etella pele ho tsoa Egepeta’+ ’me ba etsa liketso tse kholo tse bontšang hore ha ba u hlomphe, 19 le nakong eo, u ile oa ba hauhela haholo ’me ha oa ka oa ba tlohela lefeelleng.+ Leru ha lea ka la tloha holim’a bona motšehare ho ba tsamaisa tseleng. Le bosiu mollo ha oa ka oa tloha ho ba khantšetsa tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona.+ 20 U ile oa ba fa moea* oa hao hore ba be bohlale+ ’me ha oa ka oa ba tima manna.+ U ile oa ba fa le metsi ha ba nyoriloe.+ 21 Oa ba fa lijo ha ba le lefeelleng ka lilemo tse 40.+ Ba ne ba sa haelloe ke letho. Liaparo tsa bona ha lia ka tsa taboha+ le maoto a bona ha aa ka a ruruha.
22 Oa ba fa mebuso le lichaba ’me oa ba arolela tsona ka likoto,+ ba nka naha ea Sihone+ e leng naha ea morena oa Heshbone+ hammoho le naha ea Oge+ morena oa Bashane. 23 Oa etsa hore bara ba bona ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo.+ Eaba u ba kenya naheng eo u neng u tšepisitse baholo-holo ba bona hore ba tla kena ho eona ’me ba e nke.+ 24 Kahoo, bara ba bona ba kena eaba ba nka naha.+ U ile oa ba thusa hore ba hlole Bakanana+ bao e neng e le baahi ba naha, oa nehelana ka bona le marena a bona hammoho le baahi ba naha matsohong a bona hore ba etse seo ba se ratang ka Bakanana. 25 Ba hapa metse e sirelelitsoeng ka thata+ le naha e nang le mobu o motle*+ ’me ba nka matlo a tletseng lintho tsohle tse ntle, liliba tse chekiloeng, lirapa tsa morara, meru ea mohloaare+ le lifate tse ngata tsa litholoana. Kahoo, ba ile ba ja, ba khora ’me ba nona le ho phela hamonate ka lebaka la molemo oa hao o moholo.
26 Leha ho le joalo, ha baa ka ba mamela eaba baa u fetohela+ ’me ba furalla Molao* oa hao. Ba bolaea baprofeta ba hao ba neng ba ba lemosa hore ba khutlele ho uena ’me ba etsa lintho tse bontšang hore ho hang ha ba u hlomphe.+ 27 Ka lebaka leo, oa nehelana ka bona matsohong a bahanyetsi ba bona+ ba ileng ba ’na ba ba phelisa ka thata.+ Empa ba ne ba hoeletsa ho uena ha ho se ho le boima ’me u ne u ba utloa u le maholimong. Kaha u mohau, u ne u ba fa bapholosi ba neng ba ba pholosa matsohong a bahanyetsi ba bona.+
28 Empa hang ha ba se ba lokolohile, ba ne ba boela ba u siteloa.+ U ne u ba tlohela matsohong a lira tsa bona ’me li ba hlola.*+ Joale ba ne ba khutla ebe ba kopa thuso ho uena.+ U ne u ba utloa u le maholimong ’me nako le nako u ba pholosa hobane u mohau.+ 29 Le hoja u ne u ba lemosa hore ba boele ba mamele Molao oa hao, ba ile ba ikhohomosa ’me ba hana ho mamela litaelo tsa hao.+ Ba etsa sebe ka ho tlola melao ea hao eo haeba motho a ne a ka e mamela, a neng a tla phela.+ Empa ba ile ba e-ba manganga ’me ba u furalla, ba satalatsa melala ’me ba hana ho mamela. 30 U ile oa ba mamella+ ka lilemo tse ngata ’me ka moea oa hao oa ’na oa ba lemosa u sebelisa baprofeta ba hao empa ba hana ho mamela. Qetellong oa nehelana ka bona matsohong a batho ba linaha tse ling.+ 31 Kahobane u mohau, ha oa ka oa ba felisa+ kapa oa ba lahla kaha u Molimo ea utloelang batho bohloko* le ea mohau.+
32 Molimo oa rona, Molimo e moholo, ea matla le ea phahameng, ea tšepahaletseng selekane sa hae le ea bontšitseng lerato,+ u se ke oa nka mathata ’ohle a re hlahetseng a le manyenyane, mathata a hlahetseng rona le marena a rona, likhosana tsa rona,+ baprista ba rona,+ baprofeta ba rona,+ baholo-holo ba rona le batho ba hao bohle ho tloha mehleng ea marena a Asiria+ ho fihlela letsatsing lena. 33 U bile ea lokileng linthong tsohle tse re etsahaletseng hobane u ile oa tšepahala empa ke rona ba entseng lintho tse mpe.+ 34 Ha e le marena a rona, likhosana tsa rona, baprista ba rona le baholo-holo ba rona, ha baa ka ba boloka Molao oa hao ebile ha baa ka ba mamela litaelo tsa hao kapa likhopotso* tsa hao tseo u ileng oa ba lemosa ka tsona. 35 Leha ba ne ba busoa ke marena a bona ’me u ba hlohonolofalitse ka lintho tse ngata tse ntle, ba bile ba lula naheng e kholo le e nang le mobu o motle* eo u ileng oa ba fa eona, ha baa ka ba u sebeletsa+ kapa ba tlohela ho etsa lintho tse mpe. 36 Kajeno ke rona bana re makhoba+ naheng eo u ileng oa e fa baholo-holo ba rona hore ba je litholoana tsa eona ’me ba thabele lintho tsa eona tse ntle. 37 Lihlahisoa tsa eona tse ngata ke tsa marena ao u a behileng hore a re buse ka lebaka la libe tsa rona.+ Aa re busa* ’me a busa le liphoofolo tsa rona ho ea ka ho rata ha ’ona joale re imetsoe haholo.
38 Ka lebaka la lintho tsena tsohle, re etsa tumellano e ngotsoeng+ ’me likhosana tsa rona, Balevi ba rona le baprista ba rona ba tiisa tumellano ena.”+
10 Ba ileng ba paka le ho tiisa tumellano ena+ ke
Letona* Nehemia mora oa Hakalia
Le Tsedekia, 2 Seraia, Azaria, Jeremia, 3 Pashkure, Amaria, Malkija, 4 Hatushe, Shebania, Maluke, 5 Harime,+ Meremothe, Obadia, 6 Daniele,+ Ginethone, Baruke, 7 Meshulame, Abija, Mijamine, 8 Mazia, Bilgai le Shemaia, bana ke baprista.
9 Balevi e ne e le Jeshua mora oa Azania, Binui oa bara ba Henadade, Kadmiele+ 10 le bana ba bo bona Shebania, Hodia, Kelita, Pelaia, Hanane, 11 Mika, Rehobe, Hashabia, 12 Zakure, Sherebia,+ Shebania, 13 Hodia, Bani le Beninu.
14 Lihlooho* tsa sechaba e ne e le Paroshe, Pahathe-moabe,+ Elame, Zatu, Bani, 15 Buni, Azgade, Bebai, 16 Adonija, Bigvai, Aline, 17 Atere, Ezekiase, Azure, 18 Hodia, Hashume, Bezai, 19 Harife, Anathothe, Nebai, 20 Magpiashe, Meshulame, Hezire, 21 Meshezabele, Tsadoke, Jalua, 22 Pelatia, Hanane, Anaia, 23 Hoshea, Hanania, Hashube, 24 Haloheshe, Pilha, Shobeke, 25 Rehume, Hashabna, Maseia, 26 Akija, Hanane, Anane, 27 Maluke, Harime le Baana.
28 Batho ba bang kaofela e leng baprista, Balevi, balebeli ba likeiti, libini, basebeletsi ba tempeleng,* le e mong le e mong ea ileng a ikarola ho batho ba linaha tse ling hore a latele Molao oa Molimo oa ’nete+ hammoho le basali ba bona, bara le barali ba bona le bohle ba nang le tsebo le kutloisiso,* 29 ba ile ba tšehetsa bana ba bo bona le banna ba hlomphehang ’me ba itlama hore ba oeloe ke bomalimabe haeba ba sa tsamaee Molaong oa Molimo oa ’nete, oo Molimo oa ’nete a neng a fane ka oona a sebelisa mohlanka oa hae Moshe le ho boloka ka hloko litaelo tsohle tsa Jehova Morena oa rona, likahlolo tsa hae le melaoana ea hae. 30 Re ke ke ra fana ka barali ba rona ho batho ba linaha tse ling ebile re ke ke ra nka barali ba bona hore ba nyaloe ke bara ba rona.+
31 Haeba batho ba linaha tse ling ba ka tlisa thepa le lijo* tse kotutsoeng tsa mofuta o mong le o mong hore ba li rekise ka letsatsi la Sabatha, re ke ke ra reka letho ho bona ka Sabatha+ kapa ka letsatsi le halalelang.+ Re tla boela re tlohele lihlahisoa tsa selemo sa bosupa+ le sekoloto se seng le se seng seo re e-s’o se pataloe.+
32 Hape, e mong le e mong oa rona a itlama ka boikarabelo ba hore o tla fana ka likramo tse ka bang ’nè tsa silevera* selemo le selemo bakeng sa tšebeletso ea ntlo* ea Molimo oa rona,+ 33 bakeng sa bohobe,*+ nyehelo ea lijo* ea kamehla,+ nyehelo ea secheso ea kamehla ea Lisabatha+ le ea ha likhoeli li qala+ le bakeng sa mekete e ketekoang ka nako e itseng,+ bakeng sa lintho tse halalelang, bakeng sa linyehelo tsa libe+ e le ho koahela libe tsa Iseraele le bakeng sa mosebetsi oohle oa ntlo ea Molimo oa rona.
34 Hape, ra lahla lotho mabapi le patsi eo baprista, Balevi le batho ba lokelang ho e tlisa ntlong ea Molimo oa rona ho ea ka malapa a bo-ntate ba rona, ka linako tse behiloeng selemo le selemo, ho e chesa holim’a aletare ea Jehova Molimo oa rona, ho ea ka se ngotsoeng Molaong.+ 35 Selemo le selemo re tla tlisa lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa naha ea rona le lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa mofuta o mong le o mong oa sefate sa litholoana ntlong ea Jehova,+ 36 re tlise le matsibolo* a bara ba rona le a liphoofolo tsa rona+ ho ea ka se ngotsoeng Molaong le matsibolo a mehlape ea rona ea liphoofolo tse kholo le tse nyenyane. Re tla li tlisa ntlong ea Molimo oa rona ho baprista ba sebeletsang ka tlung ea Molimo oa rona.+ 37 Re lokela ho tlisa lihlahisoa tsa pele tsa lijo tse kotutsoeng tse sitsoeng,+ nyehelo ea rona, litholoana tsa sefate sa mofuta o mong le o mong,+ veine e ncha le oli+ ho baprista litorong* tsa ntlo ea Molimo oa rona+ le karolo ea leshome e tsoang naheng ea rona ho Balevi+ kaha Balevi ke bona ba fumanang karolo ea leshome metseng eohle eo re lemang ho eona.
38 Moprista, mora oa Arone, o tlameha ho ba le Balevi ha ba lata karolo ea leshome. Karolong ea leshome eo ba e fumaneng, Balevi ba lokela ho nyehela karolo ea leshome ntlong ea Molimo oa rona,+ likamoreng* tsa setoro. 39 Etsoe Baiseraele le bara ba Balevi ba lokela ho tlisa monehelo+ oa lijo tse kotutsoeng, veine e ncha le oli+ litorong ’me ke moo lisebelisoa tsa sehalalelo li leng hona teng hammoho le baprista ba sebeletsang, balebeli ba likeiti le libini. Re ke ke ra furalla ntlo ea Molimo oa rona.+
11 Likhosana tsa sechaba li ne li lula Jerusalema+ empa batho ba bang kaofela ba ile ba lahla lotho+ e le ho khetha a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a lule Jerusalema, motseng o halalelang, ha ba bang ba robong ba sala metseng e meng. 2 Ho feta moo, ho ne ho e-na le banna ba ileng ba ithaopela ho lula Jerusalema ’me batho ba ile ba lakaletsa banna bao bohle tlhohonolofatso ea Molimo.
3 Tsena ke lihlooho tsa profinse tse neng li lula Jerusalema. (Batho bohle ba Iseraele, baprista, Balevi, basebeletsi ba tempeleng*+ le bara ba bahlanka ba Solomone+ ba ne ba lula metseng e meng ea Juda, e mong le e mong a lula setšeng sa hae motseng oa habo.+
4 Jerusalema ho ne ho lula batho ba bang ba Juda le ba Benjamine.) Ho batho ba Juda, ho ne ho e-na le Athaia mora oa Uzia, mora oa Zakaria, mora oa Amaria, mora oa Shefatia, mora oa Mahalalele oa bara ba Pereze+ 5 le Maseia mora oa Baruke, mora oa Kolekoze, mora oa Hazaia, mora oa Adaia, mora oa Jojaribe, mora oa Zakaria ea tsoang lelapeng la Bashela. 6 Bara bohle ba Pereze ba neng ba lula Jerusalema e ne e le banna ba matla ba 468.
7 Batho ba Benjamine e ne e le Salu+ mora oa Meshulame mora oa Joede mora oa Pedaia mora oa Kolaia mora oa Maseia mora oa Ithiele mora oa Jeshaia. 8 Ka mor’a hae e le ba lelapa la Gabai le Salai, ba le 928 9 ’me Joele mora oa Zikri e ne e le molebeli oa motse, Juda mora oa Hasenua e le motlatsi oa molebeli.
10 Baprista e ne e le Jedaia mora oa Jojaribe, Jakine,+ 11 Seraia mora oa Hilkia, mora oa Meshulame, mora oa Tsadoke, mora oa Merajothe, mora oa Akitube,+ moeta-pele oa ntlo* ea Molimo oa ’nete 12 le bana ba bo bona ba ileng ba etsa mosebetsi oa ntlo, ba ne ba le 822. Adaia mora oa Jerohame, mora oa Pelalia, mora oa Amzi, mora oa Zakaria, mora oa Pashkure+ mora oa Malkija 13 le bana babo, lihlooho tsa malapa a bo-ntate ba bona, ba ne ba le 242. Amashesai mora oa Azarele, mora oa Ahazai, mora oa Meshilemothe mora oa Imere 14 le bana ba bo bona, bao e neng e le banna ba matla le ba sebete, ba ne ba le 128 ’me molebeli oa bona e ne e le Zabdiele ea tsoang lelapeng le hlomphehang.
15 Ho Balevi e ne e le Shemaia+ mora oa Hashube, mora oa Azrikame, mora oa Hashabia mora oa Buni 16 le Shabthai+ le Jozabade,+ ba lihlooho tsa Balevi, ba neng ba okametse mosebetsi o ka ntle oa ntlo ea Molimo oa ’nete 17 le Matania,+ mora oa Mikea, mora oa Zabdi, mora oa Asafe+ eo e neng e le motsamaisi oa ’mino, ea neng a etella pele lithoriso nakong ea thapelo+ le Bakebukia e leng mothusi oa hae le Abda mora oa Shamua mora oa Galale mora oa Jeduthune.+ 18 Balevi bohle motseng o halalelang ba ne ba le 284.
19 Balebeli ba likeiti e ne e le Akube, Talmone+ le bana ba bo bona ba neng ba lebela likeiting, ba le 172.
20 Baiseraele kaofela, baprista le Balevi ba ne ba le metseng e meng eohle ea Juda, e mong le e mong a le setšeng seo a se fuoeng e le lefa. 21 Basebeletsi ba tempeleng*+ ba ne ba lula Ofele+ ’me Ziha le Gishpa ba ne ba okametse basebeletsi ba tempeleng.*
22 Molebeli oa Balevi Jerusalema e ne e le Uzi mora oa Bani, mora oa Hashabia, mora oa Matania+ mora oa Mika, oa bara ba Asafe bao e neng e le libini. O ne a okametse mosebetsi oa ntlo ea Molimo oa ’nete. 23 Ho ne ho e-na le taelo e tsoang ho morena bakeng sa libini,+ ea hore li fuoe lintho tse itseng ho latela litlhoko tsa tsona tsa letsatsi le letsatsi. 24 Pethahia mora oa Meshezabele oa bara ba Zera mora oa Juda e ne e le moeletsi oa morena* bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba.
25 Mabapi le metse le masimo a eona, batho ba bang ba Juda ba ne ba lula Kiriathe-arba+ le metsaneng e haufi le eona,* Dibone le metsaneng e haufi le eona, Jekabezele+ le metseng ea eona, 26 Jeshua, Molada,+ Bethe-pelete,+ 27 Hazare-shuale,+ Beersheba le metsaneng e haufi le eona,* 28 Ziklage,+ Mekona le metsaneng e haufi le eona,* 29 Ene-rimone,+ Zora,+ Jarmuthe, 30 Zanooa,+ Adulame le metseng ea eona, Lakishe+ le masimong a eona le Azeka+ le metsaneng e haufi* le eona. Ba lula Beersheba ho ea fihla Phuleng ea Hinome.+
31 Batho ba Benjamine ba ne ba le Geba,+ Mikmashe, Aija, Bethele+ le metsaneng e haufi le eona,* 32 Anathothe,+ Nobe,+ Anania, 33 Hazore, Rama,+ Gitaime, 34 Hadide, Zeboime, Nebalate, 35 Lode le Ono*+ e leng phula ea litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. 36 Lihlopha tse ling tsa Balevi tse tsoang Juda li ile tsa lula motseng oa Benjamine.
12 Bana e ne e le baprista le Balevi ba ileng ba nyoloha le Zorobabele+ mora oa Shalatiele,+ le Jeshua:+ Seraia, Jeremia, Esdrase, 2 Amaria, Maluke, Hatushe, 3 Shekania, Rehume, Meremothe, 4 Ido, Ginethoi, Abija, 5 Mijamine, Madia, Bilga, 6 Shemaia, Jojaribe, Jedaia, 7 Salu, Amoke, Hilkia le Jedaia. Bana e ne e le lihlooho tsa baprista le tsa bana ba bo bona mehleng ea Jeshua.
8 Balevi e ne e le Jeshua, Binui, Kadmiele,+ Sherebia, Juda le Matania+ ea neng a etella pele lipina tsa liteboho hammoho le bana babo. 9 Le Bakbukia le Uni e leng bana ba bo bona, ba ne ba eme ka pel’a bona bakeng sa mesebetsi ea ho lebela.* 10 Jeshua ea e-ba ntate oa Jojakime, Jojakime ea e-ba ntate oa Eliashibe+ ’me Eliashibe ea e-ba ntate oa Jojada.+ 11 Jojada ea e-ba ntate oa Jonathane ’me Jonathane ea e-ba ntate oa Jadua.
12 Mehleng ea Jojakime, bana e ne e le baprista, lihlooho tsa malapa a bona: Bakeng sa Seraia+ e le Meraia, bakeng sa Jeremia e le Hanania, 13 bakeng sa Esdrase+ e le Meshulame, bakeng sa Amaria e le Johanane, 14 bakeng sa Maluki e le Jonathane, bakeng sa Shebania e le Josefa, 15 bakeng sa Harime+ e le Adna, bakeng sa Merajothe e le Helkai, 16 bakeng sa Ido e le Zakaria, bakeng sa Ginethone e le Meshulame, 17 bakeng sa Abija+ e le Zikri, bakeng sa Miniamine, . . . ,* bakeng sa Moadia e le Pilthai, 18 bakeng sa Bilga+ e le Shamua, bakeng sa Shemaia e le Jonathane, 19 bakeng sa Jojaribe e le Matenai, bakeng sa Jedaia+ e le Uzi, 20 bakeng sa Salai e le Kalai, bakeng sa Amoke e le Ebere, 21 bakeng sa Hilkia e le Hashabia, bakeng sa Jedaia e le Nethaniele.
22 Lihlooho tsa malapa a Balevi li ile tsa ngolisoa hammoho le tsa baprista mehleng ea Eliashibe, Jojada, Johanane le Jadua+ ho fihlela ha Dariuse oa Mopersia a se a busa.
23 Balevi bao e neng e le lihlooho tsa malapa ba ile ba ngoloa bukeng ea liketsahalo tsa nakong eo, ho fihlela mehleng ea Johanane mora oa Eliashibe. 24 Lihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia le Jeshua+ mora oa Kadmiele+ ’me bana ba bo bona ba ile ba ema ba shebane le bona bakeng sa ho rorisa Molimo le ho mo leboha ho ea kamoo Davida mohlanka oa Molimo oa ’nete a neng a laetse kateng,+ e le sehlopha sa balebeli se emeng pel’a sehlopha se seng sa balebeli. 25 Matania,+ Bakbukia, Obadia, Meshulame, Talmone le Akube+ ba ne ba eme e le balebeli ba likeiti,+ ba lebetse litoro* tse likeiting. 26 Banna bana ba ne ba sebeletsa mehleng ea Jojakime mora oa Jeshua+ mora oa Jozadake le mehleng ea letona Nehemia le Esdrase+ eo e neng e le moprista ebile e le mokopitsi.*
27 Ha marako a Jerusalema a ne a buloa ka molao, ba ile ba batlana le Balevi libakeng tsohle tseo ba neng ba lula ho tsona ’me ba ba tlisa Jerusalema hore ba tl’o keteka le bona ba thabile ka lipina tsa liteboho+ le ka lisimbala, liletsa tse likhoele le ka liharepa. 28 Bara ba libini* ba bokana hammoho ho tsoa seterekeng,* ho tsoa libakeng tsohle tse pota-potileng Jerusalema, ho tsoa metseng ea Banetofa,+ 29 ho tsoa Bethe-Gilgale+ le ho tsoa linaheng tsa Geba+ le Azmavethe,+ etsoe libini li ne li ikahetse metse hohle ho potoloha Jerusalema. 30 Baprista le Balevi ba itlhoekisa ’me ba hloekisa batho,+ likeiti+ le lerako.+
31 Ka tlisa likhosana tsa Juda holim’a lerako. Ho ekelletsa moo, ka beha lihlopha tse peli tse kholo tsa libini tsa liteboho le lihlopha tse tla li sala morao. Se seng sa tsamaea ho ea ka ho le letona holim’a lerako ho ea Keiting ea Liqubu Tsa Molora.+ 32 Hoshai le halofo ea likhosana tsa Juda ba ne ba tsamaea ka mor’a tsona 33 hammoho le Azaria, Esdrase, Meshulame, 34 Juda, Benjamine, Shemaia le Jeremia. 35 Ba ne ba e-na le ba bang ba bara ba baprista ba tšoereng literompeta+ e leng Zakaria mora oa Jonathane, mora oa Shemaia, mora oa Matania, mora oa Mikaia, mora oa Zakure mora oa Asafe+ 36 le bana babo e leng Shemaia, Azarele, Milalai, Gilalai, Mai, Nethaniele, Juda le Hanani, ba tšoere liletsa tsa ’mino tsa Davida+ mohlanka oa Molimo oa ’nete ’me mokopitsi* Esdrase+ o ne a le ka pel’a bona. 37 Ho tloha Keiting ea Seliba,+ ba ile ba nyoloha ka Litepisi+ tsa Motse oa Davida+ ka moepa oa lerako ka holim’a Ntlo ea Davida le ho ea fihla Keiting ea Metsi+ ka bochabela.
38 Sehlopha se seng sa libini tsa liteboho se ne se tsamaea se hlaha ka lehlakoreng le leng* ’me ’na ka se sala morao hammoho le halofo ea batho. Sa feta Tora ea Lionto,+ Lerakong le Sephara+ 39 le ka holim’a Keiti ea Efraime,+ Keiting ea Motse oa Khale,+ Keiting ea Litlhapi,+ Toreng ea Hananiele,+ Toreng ea Mea le Keiting ea Linku+ eaba se emisa Keiting ea Balebeli.
40 Qetellong lihlopha tse peli tsa libini tsa liteboho tsa ema ka pel’a ntlo ea Molimo oa ’nete ’me le ’na ka ema moo hammoho le halofo ea batlatsi ba ’musi 41 le baprista e leng Eliakime, Maseia, Miniamine, Mikaia, Elioenai, Zakaria le Hanania ba tšoere literompeta 42 le Maseia, Shemaia, Eleazare, Uzi, Johanane, Malkija, Elame le Ezere. Libini tsa binela holimo li etelloa pele ke Izrahia.
43 Letsatsing leo ba ile ba etsa mahlabelo a maholo ’me ba thaba+ hobane Molimo oa ’nete o ile a etsa hore ba thabe haholo. Esita le basali le bana ba ne ba thabile,+ hoo thabo ea Jerusalema e neng e ka utluoa hole haholo.+
44 Letsatsing leo, ho ile ha behoa banna hore ba okamele litoro*+ bakeng sa menehelo,+ lihlahisoa tsa pele+ le likarolo tsa leshome.+ Ka har’a ’ona ba ne ba lokela ho bokella karolo ea lihlahisoa tse tsoang masimong a metse tse fuoang baprista le Balevi+ ho ea ka Molao,+ etsoe batho ba Juda ba ne ba thabile ka lebaka la baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa. 45 Ba qala ho hlokomela mosebetsi oa Molimo oa bona le mosebetsi oa tlhoekiso feela joalokaha libini le balebeli ba likeiti ba ne ba etsa, ho ea kamoo Davida le mora oa hae Solomone ba neng ba laetse kateng. 46 Khale koana mehleng ea Davida le Asafe, ho ne ho e-na le batsamaisi* ba libini le ba lipina tsa thoriso le tsa ho leboha Molimo.+ 47 Mehleng ea Zorobabele+ le mehleng ea Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba fana ka menehelo ho libini+ le ho balebeli ba likeiti,+ ho ea ka seo ba se hlokang letsatsi le letsatsi. Ba ne ba boetse ba behella karolo e ’ngoe ka thoko bakeng sa Balevi+ ’me Balevi le bona ba behella karolo e ’ngoe ka thoko bakeng sa litloholo tsa Arone.
13 Letsatsing leo, buka ea Moshe ea baloa moo batho ba ntseng ba utloa.+ Ho ne ho ngotsoe hore le ka mohla Moamone kapa Momoabe+ ha aa lokela ho kena ka phuthehong ea Molimo oa ’nete+ 2 hobane Baamone ha baa ka ba fa Baiseraele bohobe le metsi. Ho e-na le hoo, ba ile ba hira Balame hore a lakaletse Baiseraele hore ba hlaheloe ke lintho tse mpe.+ Leha ho le joalo, Molimo oa rona o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso.+ 3 Hang ha ba utloa Molao, ba arola bohle ba tsoang lichabeng* tse ling ho Baiseraele.+
4 Pele ho moo, moprista ea ikarabellang litorong* tsa ntlo* ea Molimo oa rona+ e ne e le Eliashibe+ ea neng a amana le Tobia.+ 5 A lumella Tobia hore a sebelise setoro se seholo,* seo pele ba neng ba se sebelisa ho beha nyehelo ea lijo, libano tse tšoeu, lisebelisoa le karolo ea leshome ea lijo tse kotutsoeng, veine e ncha le oli+ tseo e neng e le tsa Balevi,+ libini le balebeli ba likeiti hammoho le linyehelo tse fuoang baprista.+
6 Nakong ena eohle ke ne ke se Jerusalema, etsoe ke ile ka ea ho morena selemong sa bo32+ sa Morena Artaseksese+ oa Babilona ’me hamorao ka kopa morena hore a ntumelle hore ke tsamaee. 7 Joale ka tla Jerusalema ’me ka hlokomela ntho e mpe eo Eliashibe+ a neng a e entse ka hore a lumelle Tobia+ hore a sebelise kamore ea ho boloka thepa lebaleng la ntlo ea Molimo oa ’nete. 8 Ntho ena e ile ea nkutloisa bohloko haholo. Kahoo, ka lahlela thepa eohle ea ntlo ea Tobia ka ntle ho setoro.* 9 Ka mor’a moo, ka fana ka litaelo tsa hore ho hloekisoe litoro eaba ke khutlisetsa lisebelisoa tsa ntlo ea Molimo+ oa ’nete ho tsona hammoho le nyehelo ea lijo le libano tse tšoeu.+
10 Ke ile ka boela ka fumana hore Balevi+ ba ne ba sa fuoe likarolo tsa bona,+ ke kahoo libini le Balevi ba neng ba sebeletsa ba ileng ba tsamaea, e mong le e mong ho ea sebetsa tšimong ea hae.+ 11 Kahoo, ka khalemela batlatsi ba ’musi+ ka re: “Ke hobane’ng ha ntlo ea Molimo oa ’nete e sa hlokomeloa?”+ Eaba ke bokella Balevi ’me ke ba khutlisetsa moo ba neng ba sebeletsa teng. 12 Bajuda bohle ba tlisa karolo ea leshome+ ea lijo tse kotutsoeng, veine e ncha le oli litorong.+ 13 Ka beha moprista Shelemia, mokopitsi* Tsadoke le Pedaia oa Molevi hore ba okamele litoro. Hanane mora oa Zakure, mora oa Matania e ne e le mothusi oa bona kaha banna bana ba ne ba nkoa ba tšepahala. E ne e le boikarabelo ba bona ho abela bana babo bona karolo ea bona.
14 U nkhopole+ ka sena Molimo oa ka ’me u se ke oa lebala liketso tsa ka tse bontšang hore ke rata ntlo ea Molimo oa ka le mesebetsi e etsoang ho eona.*+
15 Matsatsing ao, ka bona batho Juda ba hatakela lihatelo tsa veine ka Sabatha,+ ba tlisa liqubu tsa lijo tse kotutsoeng ’me ba li palamisa holim’a litonki, ba tlisa veine, morara, lifeie le moroalo oa mofuta o mong le o mong Jerusalema ka letsatsi la Sabatha.+ Eaba ke ba lemosa hore ba se ke ba rekisa lijo ka letsatsi leo.* 16 Batire ba neng ba lula motseng, ba ne ba tlisa litlhapi le lintho tse rekisoang tsa mofuta o mong le o mong ’me ba rekisetsa batho ba Juda le Jerusalema ka Sabatha.+ 17 Kahoo, ka khalemela bahlomphehi ba Juda ka re ho bona: “Ke bokhopo ba eng bona boo le bo etsang hore ebe ha le hlomphe letsatsi la Sabatha? 18 Na ntho ee ha se eo baholo-holo ba lona ba ileng ba e etsa, hoo Molimo oa rona a ileng a tlisa tlokotsi ee eohle holim’a rona le ho motse oo? Le etsa hore Molimo a halefele Iseraele le ho feta ka ho silafatsa Sabatha.”+
19 Hang ha meriti e koahela likeiti tsa Jerusalema pele ho Sabatha, ka laela hore mamati a koaloe. Ka boela ka re ho se ke ha buloa ho fihlela ka mor’a Sabatha ’me ka emisa ba bang ba bahlanka ba ka likeiting e le hore ho se ke ha e-ba le lintho tse ka kenang ka letsatsi la Sabatha. 20 Kahoo, bo-rakhoebo le barekisi ba lintho tsa mofuta o mong le o mong tse rekisoang, ba qeta bosiu bohle ba le ka ntle ho Jerusalema hanngoe kapa habeli. 21 Ka ba khalemela ka re ho bona: “Ke hobane’ng ha le qeta bosiu bohle le le ka pel’a lerako? Haeba le ka etsa joalo hape, ke tla le tlosa ka nkane.” Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ha baa ka ba hlola ba tla ka Sabatha.
22 Eaba ke bolella Balevi hore ba itlhoekise kamehla ’me ba tle ho tla lebela likeiti e le ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela.+ Molimo oa ka, u nkhopole le ka sena ’me u nkutloele bohloko ho ea ka lerato* la hao.+
23 Matsatsing ao, ke ile ka boela ka bona Bajuda ba nyetseng* basali+ ba Baashdode,+ ba Baamone le ba Bamoabe.+ 24 Halofo ea bara ba bona e ne e bua Seashdode, halofo e ’ngoe e bua puo ea lichaba tse fapaneng empa ho se le ea mong oa bona ea buang Sejuda. 25 Kahoo, ka ba khalemela ’me ka ba lemosa ka likahlolo tsa Molimo, ka otla banna ba bang ba bona,+ ka ba hlotha moriri ’me ka etsa hore ba hlapanye ka Molimo ka re: “Ha lea lokela ho lumella barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba bona ’me ha lea lokela ho lumella bara ba lona hore ba nyale barali ba bona ’me le lona ha lea lokela ho ba nyala.+ 26 Na ha se ka lebaka la bona Morena Solomone oa Iseraele a ileng a etsa sebe? Har’a lichaba tse ngata ho ne ho se na morena ea joaloka eena.+ O ne a ratoa ke Molimo oa hae,+ hoo Molimo a ileng a mo etsa morena oa Iseraele eohle. Empa basali bao e seng Baiseraele ba ile ba etsa hore le eena a etse sebe.+ 27 Na ha se ntho e makatsang hore ebe le entse bobe boo bo boholo ka ho se tšepahalle Molimo oa rona ’me la nyala basali bao e seng Baiseraele?”+
28 E mong oa bara ba Jojada+ mora oa moprista ea phahameng Eliashibe,+ e ne e le mokhoenyana oa Sanbalate+ Mohorone. Kahoo, ka re a tlohe pel’a ka.
29 Molimo oa ka, u ba hopole hobane ba silafalitse boprista le selekane sa boprista+ le sa Balevi.+
30 Ka ba hloekisa mekhoeng eohle ea balichaba ’me ka abela baprista le Balevi mesebetsi, e mong le e mong mosebetsing oa hae.+ 31 Ka boela ka lokisetsa hore ho be le nako ea ho tlisa patsi+ le ea ho tlisa lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng.
Molimo oa ka, u nkhopole ka lintho tse ntle.*+
E bolelang “Jah oa Tšelisa.”
Sheba Ntlha ea B15.
Kapa: “Susa.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “tšabehang.”
Kapa: “temoso eo u e fileng.”
Sheba Ntlha ea B15.
Kapa: “ka Nģ’ane ho Eufrate.”
Kapa: “moru oa morena.”
Kapa: “Tempele.”
Ka Seheberu: “mohlanka.”
Ka Seheberu: “a kentse ka pelong ea ka.”
Ka Seheberu: “ba matlafatsa matsoho a bona.”
Ka Seheberu: “mohlanka.”
Kapa: “nehela ho Molimo.”
Ka Seheberu: “ba terone ea.”
Kapa: “ka Nģ’ane ho Eufrate.”
Kapa: “batho ba etsang linkhisa-monate.”
Kapa: “etsa pheifemente ka matlapa.”
Kapa: “karolo e lekantsoeng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 1 000.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa mohlomong: “seterekeng se haufi.”
Kapa: “Phaleisi.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “khopeha.”
Kapa: “Ba jarang moroalo.”
E leng litene tse neng li tletse fatše ha motse o ne o felisoa.
Ka Seheberu: “ka makhetlo a leshome.”
Kapa: “lerumo.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “sethabathaba.”
Kapa: “re nama e le ’ngoe le mali a le mang.”
Kapa: “phaello.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
E leng phesente e le ’ngoe ka khoeli.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ka hlohlora sefuba sa ka.”
Kapa: “Ha ho be joalo!”
Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “ke ne ke patala hore ke lokisetsoe.”
Ka Seheberu: “Matsoho a bona a tla tepella.”
Ka Seheberu: “matlafatsa matsoho a ka.”
Sheba Ntlha ea B15.
Ka Seheberu: “tsa nyahama haholo mahlong a tsona.”
Kapa: “Tempele.”
Ka Seheberu: “a ho kenya pelong ea ka.”
Khaolong ena “bara” e ka bolela “leloko.” Maemong a mang e ka bolela “baahi.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “ba ile ba thibeloa bopristeng ba nkoa e le ba sa hloekang.”
Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a liprofinse tsa Persia a neng a bitsoa ka lona.
Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a liprofinse tsa Persia a neng a bitsoa ka lona.
Ka Seheberu: “lidrakema tse 1 000.” Hangata e lekanngoa le darike ea Persia ea khauta e boima ba likramo tse 8,4. Ha se drakema eo ho buuoang ka eona Mangolong a Segerike. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lidrakema tse 20 000.”
Ka Seheberu: “limina tse 2 200.” Mina Mangolong a Seheberu e lekana le likramo tse 570. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lidrakema tse 20 000.”
Ka Seheberu: “limina tse 2 000.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “Ha ho be joalo!”
Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a liprofinse tsa Persia a neng a bitsoa ka lona.
Kapa: “mongoli.”
Ka Seheberu: “lintho tse nonneng.”
Kapa: “ke qhobosheane.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “kotara ea letsatsi.”
Ka Seheberu: “lebotho lohle la ’ona.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.
Kapa: “melao e ka tšeptjoang.”
Ka Seheberu: “u phahamisitse letsoho la hao.”
Ka Seheberu: “satalatsa melala ea bona.”
Ka Seheberu: “satalatsa melala ea bona.”
Kapa: “Molimo ea bontšang liketso tsa ho tšoarela.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “ea nang le lerato le tšepahalang.”
Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Ka Seheberu: “moea o molemo.”
Kapa: “nonneng.”
Ka Seheberu: “Ba lahlela Molao oa hao ka mor’a mekokotlo ea bona.”
Kapa: “ripitla.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “litemoso.”
Kapa: “o nonneng.”
Ka Seheberu: “A busa ’mele ea rona.”
Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a liprofinse tsa Persia a neng a bitsoa ka lona.
Kapa: “Baeta-pele.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa mohlomong: “bohle ba neng ba holile ka ho lekaneng hore ba ka utloisisa.”
Mohlomong e ne e le koro kapa harese.
Ka Seheberu: “karolo ea boraro ea shekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “tempele.”
E leng bohobe ba pontšo.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Bara ba hlahileng pele.
Kapa: “likamoreng tse bolokang thepa; liholong tsa ho jela.”
Kapa: “liholong tsa ho jela.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “tempele.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanoeng ka bona.”
Ka Seheberu: “o ne a le letsohong la morena.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Mohlomong “Ono, le phula ea litsebi tsa mesebetsi ea matsoho.”
Kapa mohlomong: “nakong ea tšebeletso.”
Ho bonahala eka mona Mangolo a Seheberu a tlositse lebitso.
Kapa: “likamore tse bolokang thepa; liholo tsa ho jela.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “Le libini tse koetlisitsoeng.”
E leng setereke se pel’a Jordane.
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “ka pele.”
Kapa: “matlo a polokelo.”
Ka Seheberu: “lihlooho.”
E leng basali bao e neng e se Baiseraele le bana ba bona.
Kapa: “likamoreng tse bolokang thepa; liholong tsa ho jela.”
Kapa: “tempele.”
Kapa: “kamore e bolokang thepa; holo ea ho jela.”
Kapa: “holo ea ho jela.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “tsela eo e hlokomeloang ka eona.”
Kapa mohlomong: “letsatsing leo ka ba lemosa hore ba se ke ba rekisa lijo.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba tlisitse ka matlung a bona.”
Kapa: “se molemo.”