Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 12/8 maq. 30-31
  • Thabo ea ho Fana e Hōlisoang ke ho Amohela ka Thabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabo ea ho Fana e Hōlisoang ke ho Amohela ka Thabo
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Kananelo e ka Bontšoang
  • U se ke ua Lebala ho re Kea Leboha!
    Tsoha!—2012
  • “Mpho ea Bohlokoa Haholo eo Nkileng ka e Fuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Mpho e Khotsofatsang ke e Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Leboha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 12/8 maq. 30-31

Thabo ea ho Fana e Hōlisoang ke ho Amohela ka Thabo

KHUTLISETSA kelello morao ho banyalani ba bacha ba boletsoeng sehloohong sa pele. Na u ba bona boinotšing ba bona ba phutholla mpho ka ’ngoe eo ba e amohetseng, ba hlalosa kamoo mpho e ’ngoe le e ’ngoe e leng ntho eo ba hlileng ba e hlokang? Na u bona ha monyali ka makhethe a bea lilakane le mekotlana ea mesamo lishelefong moo li ka fumanehang habonolo, lijana rakeng ea tsona, lintho tsa silevera li beoa polokelong ea tsona, mochine o besang bohobe o beoa holim’a tafole bakeng sa tšebeliso e potlakang ea letsatsi le letsatsi?

Bobeli ba bona ka makhethe ba fanyeha litšoantšo sebakeng se loketseng, litšupa-nako libakeng tse tšoanelehang hantle. Ba khabisa tafole ea bona ea ho jela ka le leng la masela a tafole a macha. Masela a ho itšola a tšoanang sephutheloaneng sa limpho a tlatsetsa botleng.

Ka ho khethehileng ba rata mpho ena—sebula-makotikoti sa motlakase. Monyaluoa o lebeletse ho sebelisa mochine ’ona kamehla. Ba o fuoe ke motsoalle ea ratehang eo ba tsebang hore a ka se tsebe ho Ithekela oo e leng oa hae. Le lesela lena le koahelang bethe, le entsoe ke mosali-moholo ea nang le lefu la manonyello a matsoho. Ho tšoanetse ho be ho mo nkile likhoeli ho loha ka bonono bo joalo. A mosebetsi oa lerato!

Ba ananela mpho e ’ngoe le e ’ngoe. Na ba ka nka mpho leha e le efe ho tsena ’me ba e bapatse bakeng sa ho hong kapa ba e rekisa? Che! Joale ho latela karolo e ratoang haholo—ho ngola mantsoe a bona a liteboho. Na ba tla nka nako ho ho etsa?

Na u kile ua amohela mpho e bonahalang, e theko e boima kapa e fokolang—lipalesa, seroto sa litholoana, limela tsa ka tlung mohlomong leha e le eng feela? Na metsoalle e meng e ratehang e kile ea u hloekisetsa ntlo lia u kula kapa ea phehela ba lelapa la hao lijo ha u ne u kula? Na u e lebohile?

Polelo “kea leboha” e bonolo hakaakang. Motho a ka bua poleloana eo a phefumolohile hanngoe. Leha ho le joalo ke hangata hakaakang e hlokomolohuoang. ka nako e ’ngoe mokhanni oa koloi ea baeti o ile a khutlisetsa mokotlana oa chelete ho motho ea neng a o lebetse ka koloing ea hae. Mpho ruri! Mong a ’ona a o nka ntle le ho bua letho. Nahana ka ho nyahama ha mokhanni ha a sa utloe mantsoe a teboho. Ke pelo e bohloko a re: “Haeba mohlankana a ne a itse feela ‘Kea leboha.’”

Tokollo ea makasine ’ona e tlalehile ka sehlopha sa bashemane ba baithuti ba sekolo se phahameng ba neng ba theile mokhatlo ka morero oa ho thusa batho. “Ba thusitse boramakoloi ba tsietsing ka ho ba lokisetsa mabili a tsoileng moea, ba ba tšella mafura haeba a felile ba sa lebella, le ho ba thusa ka mekhoa e meng,” sehlooho se boletse. ‘Ba ne ba sa batle chelete bakeng sa tšebeletso ea bona. Ba ne ba kōpa boramakoloi hore ba ngolle mokhatlo oa bona lengolo le reng “kea leboha” le tla bolokoa lifaeleng tsa mokhatlo oa bona.’ Liphello e bile life? Moemeli oa mokhatlo o itse: “Ho tla fihlela kajeno re amohetse feela mangolo a mabeli, le hoja litlaleho tsa mokhatlo oa rōna li bontša hore re thusitse boramakoloi ba 150 ho tloha re o hlophisitse lilemong tse peli tse fetileng.”

U ne u tla leboha haholo hakae motho ea pholositseng bophelo ba hao? Nahana hore ke mpho e kaakang eo a u fileng eona! Leha ho le joalo, motho e mong o ile a bea bophelo ba hae kotsing ka ho pholosa baeti bao sekepe sa bona se neng se teba, a hula ba 17 litleneng tsa lefu, kamorao a tlameha ho nkeloa lapeng la hae a khathetse haholo. Lilemo hamorao ha a botsoa hore ke eng eo a e hopolang ka mosebetsi oo o sebete oa ho pholosa, o arabile: ‘Monghali, ke hopola ntho e le ’ngoe feela. Ho batho ba 17 bao ke ba pholositseng ha ho le ea mong ea ntebohileng.’

Na ke letšoao la bofokoli hore “kea leboha” ka ketso e mosa, mpho e bonahalang, kapa mpho ea bophelo? Na bana ba tla ke ba lebohe Jehova Molimo, Mofani e Moholo oa bophelo, bakeng sa bophelo ba bona? Haeba ba hlōleha ho leboha motho eo ba ’monang, na ke ho utloahalang hore ba ka leboha Eo ba sa ’moneng?—1 Johanne 4:20.

Na hoa makatsa ha bacha ba bangata kajeno ba fumana ho le thata ho leboha ho tsoa pelong mpho eo ba e amohetseng kapa ketso e mosa eo ba e bontšitsoeng? Haeba batsoali ba sa re “kea kōpa” le “kea leboha,” ka ho utloahalang bana ba bona ba ke ke ba ho etsa.

Ho se ananele ke le leng la matšoao le bontšang hore re phela “mehleng ea qetello.” Moapostola Pauluse o hlokomelisitse: “Mehleng ea qetello linako tse thata ho sebetsana le tsona li tla ba mona. Batho e tla ba baithati, . . . ba sa leboheng.”—2 Timothea 3:1, 2, NW.

Kamoo Kananelo e ka Bontšoang

Ho etsoa le ho rekisoa ha likarete tsa kea leboha ke khoebo e khōlō. Bongata ba likarete bo bea likhopolo le maikutlo ka mokhoa o motle. Ho bonolo ho reka likarete tsena le ho li romella ba faneng ka limpho kapa ba bontšitseng liketso tse mosa. Empa ho ekeletsa moo, na e ke ke ea e-ba ntho e lerato le e mosa ho tlatseletsa ka letsoho la hao, ho ngola mantsoe a rōna a kananelo ka mongolo oa rōna—mohlomong ho ngola lebitso la mpho e amohetsoeng le kamoo re e ananelang le thabo eo re e fumaneng kapa eo re lebeletseng ho e amohela ha re e sebelisa?

Hammoho le sena, moo ho ka etsahalang, na polelo ea molomo ea teboho, ho tšoara ka letsoho, ho kōpa ka mofuthu, kapa mekhoa e meng ea lerato e ka se ananeloe ke mofani? Haeba re belaela ka hore ha re na nako ea ho etsa seo, lekhatheng leo nahana ka nako, boiteko, le chelete tseo mofani a li sebelisitseng bakeng sa rōna. Thabo ea mofani ea ho fana e hōlisoa ke kananelo eo re e bontšang.

Re etsa hantle ha re hopola mantsoe a mofani e moholo ho bohle, Jesu: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Liketso 20:35) Haufi, Paradeiseng ea ho loka ea lefatše e tlang, hase feela hore baahi bohle ba batho ba tla leboha Jehova Molimo kamehla bakeng sa mpho ea bophelo empa hape ba tla bontša kananelo e lerato ho e mong le e mong bakeng sa liketso tse mosa tsa boahisani. A re ke re bontšeng kananelo hona joale ’me re fumane kamohelo ea Jehova le ea baahisani ba rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela