Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 12/8 leq. 26
  • Ketelo ea Mopapa e Tsosa Maqeba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ketelo ea Mopapa e Tsosa Maqeba
  • Tsoha!—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kereke e K’hatholike Afrika
    Tsoha!—1995
  • Bolumeli bo Nka Lehlakore
    Tsoha!—1994
  • Ke Hobane’ng ha Kereke e Lahleheloa ke Tšusumetso?
    Tsoha!—1996
  • Ke Hobane’ng ha ho na le Likarohano?
    Tsoha!—1990
Tsoha!—1987
g87 12/8 leq. 26

Ketelo ea Mopapa e Tsosa Maqeba

KETELONG ea morao tjena ea mopapa Jeremane ka Motšeanong, o ile a supa “mathateng a neng a talimane le Kereke mehleng ea puso ea Nazi.” Kölner Stadt-Anzeiger e tlalehile mantsoe ao, ’me ea eketsa: “Empa o ile a hlōleha ho hlalosa ntlha ea hore baruti ba bang ba etelletseng pele ba K’hatholike ba ne ba hloka sebete, ba ruta lithuto tse tšehetsang likolo tsa likereke empa ba sa bue khahlanong le ho hlorisoa ha Bajode.”

Litšebeletso tsa ho halaletsoa ha Edith Stein−Mojode oa mosali ea ileng a sokolleloa Bok’hatholikeng—ebile ntlha e ’ngoe ea khang. Bajode ba ne ba latola taba ea hore a hlalosoe e le moshoela-tumelo oa K’hatholike. Nürnberger Nachrichten e itse: “Edith Stein o halalelitsoe e le moshoela-tumelo oa Bokreste, empa eo ha se ’nete ho hang. O ile a romeloa ho ea shoa matloaneng a gase Auschwitz ka 1942 hobane e le Mojode, e seng hobane e le moitlami oa K’hatholike.” Sehlopha se seng sa Mak’hatholike se boletse hore ho halaletsoa ha hae e ne e le tsela ea ho leka ho pata “ho thola ho soabisang ha Kereke e K’hatholike kamor’a hore Manazi a nke taolo.” Sehlopha se seng sa K’hatholike se boletse hore ho halaletsoa hona ha hae “ha hoa lokela ho foufatsa mahlo ho bona ’nete ea hore babishopo ba K’hatholike ha ba ka ba hana tsamaiso ea Nazi, empa ho e-na le hoo ba ne ba e tšehetsa pepeneneng.”

Lihlopha tse ling tse nyatsang li ne li qobella Kereke e K’hatholike ho lumela molato oa eona oa ho thola nakong eo ea ho Chesoa ha Batho, empa e ne e sa batle ho lumela. “Nakong ea seboka sa mopapa le babishopo mantsiboeeng a fetileng o ile a ba seli haholo hore a se thōnkhe letsoalo la kereke. Nakong ea puso ea bompoli ea Nazi, Lekhotla la Babishopo le ile la leka ho etsa selekane ho thibela bobe boo bo boholo empa mopapa o boletse hore ha a bone lebaka la ho qosa babishopo ba Jeremane ka molato oa hore ba ne ba thotse,” ho tlalehile Süddeutsche Zeitung.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela