Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 2/8 maq. 24-26
  • Ho Thoe’ng ka Li-nightclub?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thoe’ng ka Li-nightclub?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li-nightclub Kajeno
  • Ho Kopana le Mang?
  • Ho Sebelisa Temoho
  • Ho Thoe’ng ka Liphathi Tsa ho Jaefa Tsa Bacha?
    Tsoha!—2004
  • Bacha—hanelang Moea oa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Itebele Khahlanong le ’Mino o sa Haheng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 2/8 maq. 24-26

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Thoe’ng ka Li-nightclub?

“RE HLOKA boikhathollo bo itseng.” “Re ea tantšing feela.” “E mong le e mong oa ea.” “Re batla ho ba le monyaka o itseng.” Ke kamoo bacha ba bangata ba hlaloselitseng mongolli oa Tsoha! lebaka leo ka lona ba ileng ba itloaetsa ho ea ho li-nightclub. Libaka tse joalo tsa bosiu ke tse ratoang haholo ke bacha ba bangata, ’me haeba li le teng sebakeng sa heno, mohlomong u kile ua nahana ho ea teng.

Bacha ba bangata kajeno ba ea ka bongata mefuteng e latelang ea li-nightclub, joalokaha e hlalositsoe ke makasine oa Friday: “Nako ea mokete ke neng kapa neng ’me neng kapa neng ke bosiu ba kajeno. Ho ba sa beheloang lithibelo, mokete ha o khaotse. Leqhubu la tantši le thefula motse ka bongata bo tšosang ba linoamapholi, mabone a phatsimang a neon le ’mino o nang le morethetho o potlakang o ke keng oa u lumella ho lula fatše. ‘Hona joale li-nightclub li na le ho hong hore motho e mong le e mong a ka ho latsoa. . . . Ho na le li-nightclub tse rekisetsang litsebi tse ncha, liithuti tsa koleche, basodoma le batho ba baholo.’”

Bakeng sa batho ba maemo a phahameng, ho na le li-nightclub tse lefisang chelete e ngata, tse batlang moaparo o turang, esita le mokhoa o nepahetseng oa boitšoaro hore motho a lumelloe ho kena. Ho batho bao likobo li seng mahetleng hakaalo, ho na le li-nightclub tse nang le thepa ea boemo bo itekanetseng bo fanang ka sebaka sa mokete ka theko e tlaase. ’Me bakeng sa bacha ba banyenyane (kapa bao eseng litloko-tsebe) haholo hore ba ka lumelloa ho kena ho li-nightclub tsa batho ba baholo, ho na le “libaka tse rekisang lero la litholoana” le “libaka tse rekisang soda,” tseo ka phoso ho nahanoang hore ha li rekise joala.

Ha ho thata ho utloisisa hore ke hobane’ng ha li-nightclub li na le boipiletso bo matla hakana ho bacha ba bangata. Ha u le mocha, ke boikutlo ba tlhaho hore u batle ho ba le nako ea boithabiso. (Bapisa le Moeklesia 11:9.) Ho tantša bosiu ho ka bonahala e le mokhoa o molemo oa ho tlosa khatello ea sekolo le mosebetsi. Empa li-nightclub li molemo hakae?

Sonya, ngoanana ea neng a tloaetse ho ea ho li-nightclub oa lumela: “Khopolo eo e bonahala e se kotsi. U il’o tantša le ho ithabisa. Empa hangata sena se fetoha ho fetang seo haholo. U simolla ho ea ka masiu ao ’mino le batho e leng ba mahlaha-hlaha ka ho fetisisa. Kapele-pele u se u tseba bohle ba tlang moo ka mehla, le uena u se u tla moo ka mehla. Morero ke ho tantša—le ho kopana le motho e mong. ’Me ho sa tsotellehe hore seo ke sepheo sa hao kapa che, ka mehla ke sepheo sa bona.” Na Sonya o fetelletsa litaba?

Li-nightclub Kajeno

Libaka tsa disco tsa lilemo tse leshome tse fetileng e bile tse tummeng hampe tsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, esita le bosodoma.a Ho tloha ka nako eo, lintho li fetohile hanyenyane. Le hoja ’mino (hangata United States o bitsoa ’mino oa tantši) le mekhoa ea ho tantša e fetohile, boemo ho li-nightclub tse ngata bo tšoana ka ho tšosang le ba disco tsa boitšoaro bo bobe.

Sehloohong se neng se bua ka ’mino oa tantši makasineng oa Life, morati e mong oa li-nightclub o re: “Ka mehla ’mino o nang le tšusumetso e fetisisang oa tantši o ’nile oa fana ka boikutlo ba bochaba—morethetho o boima le o tsosang takatso ea likamano tsa botona le botšehali o hapa motho maikutlong ho fihlela a sa itsebe. Ho ’nile haeba le ntho e haellang metseng e mengata ea litoropo ’me ’mino oa tantši o koala sekheo seo.” Seboholi sa mananeo a ’mino sa New York David Piccioni, o re: “Morero ke ho itebala bosiu bohle.”

Ka baka la mefuta ea ho tantša ea morao-rao joaloka lambada ea boitšoaro bo bobe, makasine oa Mademoiselle o itse: “Likamano tsa botona le botšehali: Li ntšitsoe ka likamoreng tsa ho itlhatsoetsa le ho khutlisetsoa moo li lokelang teng —sebakeng seo ho tantšetsoang ho sona. Mehleng ea khale (lilemong tsa bo-1970), sebaka seo ho tantšetsoang ho sona e ne e le moo ho tsosoang takatso ’me likamore tsa ho itlhatsoetsa e ne e le tsa likamano tsa botona le botšehali le lithethefatsi. Ka baka la hore hona joale e mong le e mong o amehile ka AIDS, likamore tsa ho itlhatsoetsa ke moo ho apareloang teng ’me sebaka seo ho tantšetsoang ho sona ke moo u shebellang batho ba bang ba kopanela likamano tsa botona le botšehali. Kapa ba etsa eka ba kopanela likamano tsa botona le botšehali.” E, ’mino o ka sebelisetsoa ho hlahisa boikutlo bo felisang lithibelo tsa boitšoaro le ho tsosa takatso ea likamano tsa botona le botšehali.

Ho Kopana le Mang?

Li-nightclub li boetse li tsebahala e le libaka tsa ho kopana le ba batona kapa ba batšehali. Leha ho le joalo, ke batho ba mofuta ofe bao u ka kopanang le bona? Ngoanana e mong ea neng a tloaetse ho ea ho li-nightclub oa lumela: “Batho ba bangata ba leng moo ba phela bophelo ba boitšoaro bo bobe ’me ba thahasella ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le motho e mong. Haeba u ba hohela, ba tla u rekela lino tse ngata haholo le ho ba haufi le uena bosiu bohle, ba u bolella lintho tse ntle, tse monate ka tšepo ea hore u tla inehela litakatsong tsa bona.”

Libaka tse ling li bile li etselitsoe ho nolofatsa liketso tsena tsa boitšoaro bo bobe. Doris, ngoanana ea neng a tloaetse ho ea ho li-nightclub o re: “Ho na le li-nightclub tse nang le libaka tsa bolulo tsa lisofa le litulo tsa batho ba babeli, moo ba bangata ba eang teng bakeng sa ho akana le ho phollana. Banna ba bangata ba nang le basali ba ea moo ba siile basali ba bona. Ba bang ba tšepa hore ba tla kopana le motho e mong bakeng sa likamano tsa botona le botšehali kapa ho ratana, ’me ba bang ba batla balekane.” Doris oa phetha: “Boemo ba li-nightclub bo loketse boitšoaro bo bobe. Ho nooa joala ho fihlela ha bosiu bo e-sa, ’me ho etsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”

Li-nightclub li ’nile tsa amahanngoa le ho sebelisoa ha lithethefatsi tse ngata haholo. Mong’a nightclub e mong o tlalehile: “Mokhoa ona o . . . kenelletse ka ho felletseng lithethefatsing.” Hangata lithethefatsi le joala li ka fumanoa esita le libakeng tse rekisang lero la litholoana tseo ho nahanoang ka phoso hore ha li rekise joala. Jesse, e mong ea neng a tloaetse ho ea ho li-nightclub ka mehla oa phaella: “Hangata mosi oa matekoane le koae o tlala hohle. Batho ba bangata ba apara ka mokhoa o tsosang takatso ea nama: liaparo tse ba tiisang le tse bonaletsang, mekhoa e litšila ea moaparo, le mabenyane a fetelletseng.”

Ho Sebelisa Temoho

Ho tloha mehleng ea boholo-holo, ’mino le tantši li ’nile tsa sebelisetsoa ho susumelletsa batho boitšoarong bo bobe. Ka mohlala, re ithuta hore Baiseraele ba kile ‘ba lula fatše, ba ja le ho noa, ba ntoo ema le ho hobela.’ Hona ho ne ho akarelletsa ’mino o lerata le ho tantša ka mokhoa o hlokang meeli. Leha ho le joalo, ho “hobela” hona e ne e le qalo ea borapeli ba melimo ea litšoantšo le boitšoaro bo hlephileng bo se nang moeli.—Exoda 32:6, 17-19, 28.

Kahoo bacha ba Bakreste ba lokela ho qoba ho ameha boemong bofe kapa bofe boo kapele bo ka fetohang ‘mokete oa boithabiso o sa laoleheng’ kapa ‘o lerata.’ (Ba-Galata 5:19, 21; Byington) Ba-Korinthe ba Pele 15:33 ea re hopotsa: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” Na ka sebele motho a ka ipeha sebakeng sa mokete le batho “bao mehopolo ea bona e leng lefifing, ’me ba le hōle le bophelo ba Molimo” ’me a se ke a ameha ka mokhoa o kotsi? (Ba-Efese 4:18) Joalokaha mosali e mong e mocha a lumela: “Kamano e haufi-ufi le botsoalle li ka hōla ’me ebile lia hōla [le ba bang ba tloaetseng ho ea ho li-nightclub].” Sena se ka u ama joang moeeng?

Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba fana ka lebaka la hore karabelo ke ho bokana hammoho le Bakreste-’moho. Leha ho le joalo, ho loka ho ka atleha feela tikolohong ea Bokreste. (Jakobo 3:18) ’Me boemo ho li-nightclub tse ngata bo etselitsoe ho tsosa boikutlo “ba lefatše, ba nama, ba bademona,” ho e-na le ba moea.—Jakobo 3:15.

Bonneteng, hase li-nightclub tsohle tse boletsoeng mona tse fetelletsang lintho, leha e le hore ke taba e utloahalang ho nyatsa mabenkele ’ohle a nang le libaka tsa tantši kapa boithabiso. Empa Pauluse o re eletsa hore re “tsoele pele ho etsa bonnete ka se amohelehang ho Morena.” (Ba-Efese 5:10, NW) ’Me haeba u memeloa sebakeng seo u sa se tsebeng kapa se botumo bo belaetsang, u lokela ho sebelisa temoho e khōlō ka ho fetisisa tabeng ea ho amohela memo e joalo.—Liproverbia 14:15.

U ka ipotsa lipotso tse kang tsena: Ke bo-mang ba eang moo, ’me ba na le botumo bofe? Ke eng seo batsoali ba hao kapa batho ba bang ba baholo ba nang le boikarabelo ba se tsebang ka sebaka seo ka bosona? Se na le boemo ba mofuta ofe? Ke batho ba mofuta ofe ba atisang hoba moo nako le nako? Na ke sebaka sa bacha feela? Haeba ho joalo, ke joang se ka bang le boemo bo hahang? Haeba ho na le boithabiso, ke ba mofuta ofe? Ho tla letsoa ’mino oa mofuta ofe? Na ke sebaka se lumellang baeti hore bonyane ba be boinotšing, kapa na ke sebaka sa batho bohle se ka u qobellang ho kopana le batho ba bang?

Doris ea qotsitsoeng pejana, oa lumela: “Satane o etsa hore li-nightclub li bonahale e le tse khahlisang, tse nyakallisang, tse hohelang, tse thabisang—ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka re khelosa.” Empa u se ke ua thetsoa ke ho khoheli ea li-nightclub! Li ipakile e le leraba le bolaeang ho bacha ba bangata. Fumana litsela tse amohelehang, tse molemo tsa ho ithabisa.b

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Awake! ea March 22, 1979.

b Bakeng sa litlhahiso tse amanang le taba ena, bona khaolo 37 ea buka Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Batho ba bangata ba eang ho li-“nightclub” ba thahasella boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali haholo ho feta boithabiso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela