Na Thelevishene e U Fetotse?
‘MOKHOA oa ho fumana boitsebiso lefatšeng.’ Ke kamoo thelevishene e ’nileng ea hlalosoa ka teng. Bukeng Tube of Plenty—The Evolution of American Television, mongoli Erik Barnouw o hlokometse hore mathoasong a lilemo tsa bo-1960, “ho batho ba bangata [thelevishene] e ne e fetohile mokhoa oa ho fumana boitsebiso lefatšeng. Ho ne ho bonahala e fana ka pono ea sebele ea lefatše. Ba ne ba tšepa matla a eona ka ho felletseng.”
Leha ho le joalo, mokhoa feela oa ho fumana boitsebiso o ke ke oa khetha seo o u hlahisetsang sona; o ke ke oa lekanyetsa khanya kapa sebaka seo u ka bonang u lutse ho sona; kapa hona ho fetola pono ka sekhahla bakeng sa ho hapa thahasello ea hao. TV e ka ho etsa. Litšusumetso tse joalo li laola maikutlo a hao le liqeto ka seo u se shebelletseng ’me ebile li laoloa ke baetsi ba litšoantšo tsa TV. Esita le khaso ea litaba e hlokang leeme le lifilimi li ka ba tlas’a khatello e joalo.a
Moqhekelli e Moholo
Leha ho le joalo, hangata ho tloha qalong feela batho ba laolang thelevishene ba leka ho susumetsa babōhi. Ka mohlala, liphatlalatsong ba na le matla a felletseng a ho etsa kamoo ba ratang ka teng ho sebelisa mokhoa leha e le ofe o bolotsana o leng teng ho u susumetsa hore u reke. ’Mala. ’Mino. Batho ba batle. Ho tsosa litakatso tsa botona le botšehali. Libaka tse ntlehali. Ba sebelisa mananeo a bona a mangata ka tsela e qhekellang.
Eo e kileng ea e-ba mookameli e moholo oa liphatlalatso o ile a ngola ka phihlelo ea hae ea lilemo tse 15 mosebetsing ona: “Ke ithutile hore hoa khoneha hore u buele ka ho toba ka lihloohong tsa batho u sebelisa mecha ea puisano [e kang TV], ’me ho tšoana le maselamose a mang a tsoang lefatšeng le sa tsejoeng, u siee mehopolo e itseng e ka etsang hore batho ba etse lintho tseo le ka mohla ba neng ba ke ke ba nahana ho li etsa.”
Ho ile ha bonahala ka bo-1950 hore thelevishene e na le matla a maholo bathong. K’hampani ea lipstick e neng e etsa liranta tse 125-000 ka selemo e ile ea qala ho phatlalatsa thelevisheneng ea U.S. Lilemong tse peli lithekiso li ile tsa nyolohela ho liranta tse 11 750 000 ka selemo! Ka tšohanyetso banka e ne e-na le liranta tse eketsehileng tse 37 500 000 tse tlisitsoeng polokelong hore e phatlalatse litšebeletso tsa eona tse tsebahalang lenaneong la TV la mafumahali.
Kajeno Moamerika ea tloaelehileng o shebella liphatlalatso tsa khoebo tse fetang tse 32 000 selemo se seng le se seng. Liphatlalatso li qhekella maikutlo. Ho joaloka Mark Crispin Miller a ngotse ho Boxed In—The Culture of TV: “Ke ’nete hore re laoloa ke seo re se shebellang. Liphatlalatso tse tletseng hohle bophelong ba letsatsi le letsatsi li re susumetsa ka ho sa khaotseng.” O ile a eketsa ka hore bolotsana bona “bo kotsi haholo hobane hangata ho thata ho bo lemoha ’me joale bo tla atleha ho fihlela re ka tseba kamoo re bo elelloang ka teng.”
Empa thelevishene e rekisa ho fetang lipstick, lipono tsa lipolotiki le meetlo. E boetse e rekisa boitšoaro—kapa ho hloka boitšoaro.
TV le Boitšoaro
Batho ba ’maloa ba tla makala ho hlokomela hore boitšoaro ba botona le botšehali bo bontšoa khafetsa ho TV ea Amerika. Phuputso e phatlalalitsoeng ho Journalism Quarterly ea 1989 e ile ea fumana hore lihoreng tse 66 tsa ho hasa mananeo a tšoanang a TV ho bile le liketsahalo tse 722 tsa boitšoaro ba botona le botšehali, bo etsuoa kapa ho buuoa ka bona kapa bo hlile bo bontšoa ka mokhoa oa sebele. Mehlala e tloha ka ho phathatsana ho tsosang litakatso ho fihlela ka likamano tsa botona le botšehali, ho pholla litho tsa botona le botšehali ho li khotsofatsa, bosodoma, le likamano tsa botona le botšehali mahareng a batho ba leloko. Karolelano e ne e le liketsahalo tse 10,94 ka hora!
United States hase mokhelo tabeng ena. Libaesekopo tsa TV tsa Fora li bontša ho ikhotsofatsa ka ho itlhokofatsa ka likamano tsa botona le botšehali. TV ea Italy e bontša litšoantšo tsa basali ba hlobotseng. Mananeo a khitla bosiu a TV ea Spain a bontša pefo le lifilimi tse tsosang takatso. Lenane lena ha le khaotse.
Pefo ke mofuta o mong oa boitšoaro bo bobe ba TV. United States, mohlahlobisisi oa TV oa makasine oa Time o sa tsoa rorisa “libōpeho tse tšehisang le tse tšosang” tsa mananeo a mangata. Letoto la mananeo ana le ne le bontša ho khaoloa hlooho, ho holofatsoa, ho fanyehoa, le ho laoloa ke bademona. Ha e le hantle, bongata ba pefo ea TV ha bo tšabehe haholo—hangata ha e nkeloe hloohong. Ha thelevishene ea Bophirimela e ne e bontšoa haufinyane motseng o hōle oa Côte d’Ivoire, Afrika Bophirimela, monna-moholo e mong ea makatseng o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha batho ba basoeu ba lulela ho hlabana ka lithipa, ho thunyana, le ho otlana ka litebele?”
Ha e le hantle, karabo ke hore baetsi ba thelevishene le batšehetsi ba eona ba batla ho fa babōhi seo ba batlang ho se bona. Pefo e hohela babōhi. Ho joalo le ka likamano tsa botona le botšehali. Kahoo TV e sebeletsa e le karolo e khōlō ea lintho tsena ka bobeli—empa khabareng babōhi ba ke ke ba rata ho boela ba li shebella. Ho joaloka Donna McCrohan a hlalositse ho Prime Time, Our Time: “Lipontšo tse ngata tse ka sehloohong li sebelisa litlhapa ka bolokolohi hammoho le likamano tsa botona le botšehali, pefo, kapa thuto e buang ka lintho tsena; ’me joale ha li se li tšetse meeli, li fetella hoo batho ba tloaelang ho tšela meeli ea litekanyetso. Qetellong batho e e-ba malala-a-laotsoe bakeng sa ho tšela meeli e mecha.”
Ka mohlala, taba ea bosodoma pele e ne e talingoa e le “ho tšela meeli” ho loketseng bakeng sa thelevishene. Empa hang ha babōhi ba tloaela meeli ena ba ikemisetsa ho e amohela ka ho eketsehileng. Moqolotsi oa litaba oa Fora o ile a bua a lomahantse meno: “Ha ho seboholi se tla iteta sefuba hore se hase bosodoma e le mokhoa o tloaelehileng kajeno . . . Ho fapana le hoo ke batho le leeme la bona tse sa tloaelehang.” Thelevisheneng ea cable ea Amerika ho ile ha hasoa ‘letoto la lipale tse tsoelang pele tsa basodoma’ metseng e 11 ka 1990. Lenaneo leo le ne le bontša banna ba kopanetseng likobo. Seboholi se seng se ile sa bolella makasine oa Newsweek hore lipontšo tse joalo li ne li etselitsoe ho “bolaea maikutlo a babōhi hore batho ba hlokomele hore re tšoana le batho ba bang.”
Litoro ha li Bapisoa le Lintho tsa Sebele
Bangoli ba phuputso e tlalehiloeng ho Journalism Quarterly ba hlokometse hore kaha TV e sa bontše liphello tsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, “letoto le tsoelang pele la likhopolo tse tsosang takatso tsa botona le botšehali” le itšoanela feela le letšolo la boitsebiso bo fosahetseng. Ba ile ba qotsa phuputso e ’ngoe e neng e fihletse sephetho sa hore mananeo a TV a fana ka molaetsa ona ho feta e meng: Likamano tsa botona le botšehali ke tsa balekane ba sa nyalanang ’me ha ho motho ea tšoaetsoang ke lefu la tsona.
Na ena ke tsela eo u tsebang lefatše ka eona? Likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ka ntle le hore bacha ba ka tlaase ho lillemo tse 20 ba ime kapa ba tšoaroe ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali? Bosodoma le ho ba le likamano tsa botona le botšehali ka ntle le ho tšaba ho tšoaetsoa ke AIDS? Pefo le polao e sehlōhō ea ka boomo e sieang linatla e le bahlōli le linokoane li hlabiloe ke lihlong—empa ka ho makatsang ka bobeli li se na matetetso? TV e iketsetsa lefatše leo liketsahalo tse monate li hlokang liphello. Melao ea letsoalo le ea boitšoaro e nkeloa sebaka ke melao ea ho ikhotsofatsa hang-hang.
Ka ho hlakileng, thelevishene hase “mokhoa oa ho fumana boitsebiso lefatšeng”—eseng lefatšeng la sebele. Ha e le hantle, buka ea morao-rao ka thelevishene e bitsoa The Unreality Industry. Bangoli ba eona ba bolela hore TV e “fetohile tšusumetso e matla ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Phello ke hore TV ha e hlalose seo e leng ’nete feela empa ha bohlokoa haholo le ho ferekanyang, TV e hlakola moeli mahareng a lintho tsa sebele le tseo e seng tsa sebele.”
Mantsoe ana a ka utloahala a tšosa ho ba nahanang hore ba ke ke ba busoa ke tšusumetso ea thelevishene. Ba bang ba pheha khang ka hore: ‘Ha ke lumele sohle seo ke se bonang.’ Bonneteng re ka sekamela tabeng ea hore re se tšepe TV. Empa litsebi li hlokomelisa hore boikutlo bona ba ho belaela bo ke ke ba re sireletsa litseleng tse bolotsana tseo TV e li sebelisang maikutlong a rōna. Joaloka mongoli e mong a ho hlalositse: “A mang a mano a TV ke hore u se hlokomele kamoo e amang likelello tsa rōna ka teng.”
Mochine oa Tšusumetso
Ho ea ka 1990 Britannica Book of the Year, ka karolelano Maamerika a shebella thelevishene lihora tse supileng le metsotso e ’meli letsatsi le leng le le leng. Tekanyetso e ’ngoe e lekanyetsa lipalo tsena ho lihora tse ka bang peli ka letsatsi, empa hoo ho ntse ho tla lekana le lilemo tse supileng tsa ho shebella thelevishene nakong ea bophelo bohle! Ke joang ho shebella TV haholo joalo ho ka hlōlehang hore ho be le liphello ho batho?
Ke ka seoelo ho bonahalang ho makatsa ha re bala ka batho ba nang le bothata ba ho khetha pakeng tsa TV le ’nete. Phuputso e hatisitsoeng koranteng ea Brithani Media, Culture and Society e fumane hore ka sebele TV e hlohlelletsa batho ba bang ho ba le “pono e fapaneng ka lefatše la sebele,” e ba thetsa ka ho nahana hore litaba-tabelo tsa bona e se e hlile e le tsa sebele ka botsona. Ho bonahala eka liphuputso tse ling tse kang tse bokelletsoeng ke Mokhatlo oa Sechaba oa Mafu a Kelello oa U.S. li tšehetsa liphihlelo tsena.
Ha TV e susumetsa likhopolo tse tloaelehileng tsa ’nete, ke joang e ka hlōlehang ho susumetsa bophelo ba batho le liketso? Joalokaha Donna McCrohan a ngola ho Prime Time, Our Time: “Ha lenaneo le ka sehloohong la TV le tlōla lithibelo tsa meetlo ea sechaba kapa meeli ea puo, le rōna re ikutloa re lokolohile haholoanyane lithibelong tsena. Ka ho tšoanang re susumelletseha habonolo ha . . . boitšoaro bo se nang litekanyetso e le bo amohelehang kapa sebapali sa monna se shahlileng se bua ka ho sebelisa ha sona li-condom. Ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe, TV e nka karolo—motheong oa liketsahalo tse chechiselitsoeng morao—joaloka seipone se ka re kholisang ka seo hangata re leng sona.”
Ka sebele ho hlaha ha mehla ea TV ho bone keketseho ea boitšoaro bo bobe le pefo. Na ke ntho e itlhahetseng feela tjee? Ha ho joalo. Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore sekhahla sa tlōlo ea molao le pefo linaheng tse tharo se eketsehile hang feela ka mor’a hore TV e fihle naheng ka ’ngoe. Moo TV e ileng ea fihla pelenyana sekhahla sa tlōlo ea molao se ile sa phahama e sa le pele.
Ho makatsang ke hore TV ha e balloe e le e khathollang joalokaha ba bangata ba nahana. Liphuputso ka lihlooho tse 1 200 tse entsoeng ho feta nakong ea lilemo tse 13 li ile tsa fumana hore nakong e fetileng, ho shebella thelevishene mohlomong ho ne ho khatholla batho ka ho fokolang. Ho e-na le hoo, e ile ea siea babōhi ba khathetse le ho feta, ba hlōleha ho tsepamisa mehopolo ea bona nthong e le ’ngoe. Ho shebella TV ka nako e telele ho siea batho ba le maikutlong a mabe le ho feta ha ba ne ba qala ho e shebella. Ka ho fapaneng ho bala ho siea batho ba khatholohile haholoanyane ba na le maikutlo a molemo ’me ba tseba ho tsepamisa mehopolo ea bona hamolemo nthong e le ’ngoe!
Empa ho sa tsotellehe hore na ho bala buka ho ka ba molemo hakae, TV e leng lesholu la nako le ka neha libuka sebaka sa bobeli bophelong ba rōna. Ha thelevishene e ne e fihla ka lekhetlo la pele Motseng oa New York, kapele lilaebrari tsa sechaba li ile tsa tlaleha ho fokotseha ha ho kalingoa ha libuka. Ka sebele sena ha se bolele hore batho ba tla khaotsa ho bala. Leha ho le joalo, ho ’nile ha boleloa hore kajeno batho ba bala ka mamello e fokolang le hore mehopolo ea bona e qala ho solla haeba ba sa hlaseloe ke litšoantšo tse hapang mahlo. Lipalo-palo le liphuputso li ka ’na tsa se tiise ho se tsitse hoo ho sa hlakang. Leha ho le joalo, na re lahleheloa ke maikutlo a botho le ho ikhalemela haeba re itšetlehile ka phepelo ea boithabiso bo sa khaotseng ba TV motsotso o mong le o mong hore o hape tlhokomelo ea motho ea hlokang mamello ka ho fetisisa?
Bana ba Lebokose
Leha ho le joalo, ke ho bana moo thelevishene e fetohang ntho ea sebele. Ka tloaelo, sohle seo TV e ka se etsang ho batho ba baholo e ka boela ea se etsa ho bana—ka ho tšoanang le ka ho eketsehileng. Ho feta moo, bana ba lumela habonolo lefatšeng la litoro leo ba le bonang ho TV. Koranta ea Jeremane Rheinischer Merkur/Christ und Welt e ile ea qotsa phuputso ea morao-rao e ileng ea fumana hore hangata bana ba atisa “ho thatafalloa ho khetholla mahareng a bophelo ba sebele ho seo ba se bonang ho screen. Ba fetisetsa seo ba se bonang lefatšeng leo eseng la sebele ba se ise lefatšeng la sebele.”
Liphuputso tse fetang 3 000 nakong ea lilemo tse mashome tsa ho etsa lipatlisiso li tšehetsa qeto ea hore pefo ea thelevishene e na le liphello tse mpe ho bana le bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Mekhatlo e tsebahalang e kang Mokhatlo oa Amerika oa Tlhokomelo ea Bana, Mokhatlo oa Sechaba oa Mafu a Kelello, le Mokhatlo oa Amerika oa Bongaka kaofela e ntsoe-leng hore pefo ea thelevishene e baka boitšoaro bo mabifi le bo sa amoheleheng sechabeng ho bana.
Liphuputso li boetse li senotse liphello tse ling tse tšoenyang. Ka mohlala, ho nona ho fetelletseng nakong ea bongoana ho ’nile ha amahanngoa le ho shebella TV haholo. Ho bonahala ho na le mabaka a mabeli. (1) Lihora tseo a sa etseng letho ka tsona a shebelletse TV li nka sebaka sa nako ea papali. (2) Liphatlalatso tsa TV li etsa mosebetsi o moholo oa ho rekisetsa bana lijo tse mafura le tse se nang phepo. Lipatlisiso tse ling li entse tlhahiso ea hore bana ba shebellang TV ka ho fetelletseng ba fumana matšoao a fokolang lithutong tsa sekolo. Le hoja qeto ena e ka baka phehisano, haufinyane makasine oa Time o sa tsoa tlaleha hore lingaka tse ngata tsa kelello le matichere li beha TV molato ka ho fokotseha ho sekhahla tsebong ea bana ea ho bala hammoho le mosebetsi oa sekolo.
Hape nako ke lebaka la bohlokoa. Nakong eo ngoana ea tloaelehileng oa Amerika a qetang lithuto tsa hae sekolong se phahameng, o tla be a sebelisitse lihora tse 17 000 a shebelletse TV ha li bapisoa le lihora tse 11 000 tsa sekolo. Ho bana ba bangata TV e fetohile karolo ea mosebetsi o moholo oo ba o etsang nakong ea bolokolohi kapa e hlile ke oona mosebetsi o moholo oo ba o etsang. Buka The National PTA Talks to Parents: How to Get the Best Education for Your Child e hlokometse hore halofo ea bana bohle ba leng sehlopheng sa bohlano (ba lilemo li leshome) ba sebelisa metsotso e mene ka letsatsi ba bala ba le hae, empa ba sebelisa metsotso e 130 ba shebelletse TV.
Qetellong mohlomong ho na le ba ’maloa ba ka phehang khang ka hore TV ha e hlahise likotsi tsa sebele ho bana hammoho le ho batho ba baholo. Empa hoo ho bolela eng? Na batsoali ba lokela ho thibela ho shebelloa ha TV lapeng? Na batho ka kakaretso ba lokela ho itšireletsa tšusumetsong ea eona ka ho e lahla kapa ka ho e beha sebakeng se notlelloang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Can You Really Believe the News?” tokollong ea Awake! ea August 22, 1990.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
“Ke hobane’ng ha batho ba basoeu ba lulela ho hlabana ka lithipa, ho thunyana, le ho otlana ka litebele?”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Koala TV, bula libuka