Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 11/8 maq. 22-25
  • Ho Pholosoa Makhatheng a Lefu ka Phekolo e Etsoang ka Ntle ho Mali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Pholosoa Makhatheng a Lefu ka Phekolo e Etsoang ka Ntle ho Mali
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kea Buuoa Kapa Che?
  • Kea Buuoa
  • Khatello ea ho Amohela Mali
  • Phekolo e Atlehileng e Bolokang Bophelo
  • Ho Betla Khoro ea ho Buoa ka Ntle ho Mali ka Lipaki tsa Jehova
    Tsoha!—1991
  • Mekhoa e Meng ea Phekolo ea Boleng bo Botle ka Ntle ho Tšelo ea Mali
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Ho Koala Lekhalo Pakeng tsa Lingaka le Bakuli ba Lipaki
    Tsoha!—1990
  • Hase Linohe Kapa Melimo
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 11/8 maq. 22-25

Ho Pholosoa Makhatheng a Lefu ka Phekolo e Etsoang ka Ntle ho Mali

Joalokaha ho boletse e leng mosebetsi oa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova

BOEMO bona bo ile ba bonahala e le bo sa lumellaneng ka mokhoa o makatsang. Ka February 1991, ke ne ke ile Buenos Aires, Argentina, ho ea thusa ho tsamaisa lithupelo tse mabapi le taba ea ho sebelisa mefuta e meng ea phekolo sebakeng sa litšelo tsa mali. ’Me hona joale ke ne ke le makhatheng a lefu, mali a ka a tsoela ka hare.

E ne e se e le beke bothata bona bo qalile ha ke ntse ke le Mexico. Ke ile ka utloa mala a ka a le bohloko empa ha kea ka ka nahana hore ke ntho e tebileng. Ngaka ea sebakeng seo e ile ea bolela hore ke ntho e tloaelehileng hore baeti ba tsoang Amerika Leboea ba be le bothata ka maleng ha ba etela sebaka seo. E ile ea mpha moriana oa ho kokobetsa bohloko bona.

Ha ke ne ke le sefofaneng ke ea Buenos Aires letsatsing le latelang, bohloko bona bo ile ba tōta. Ka utloa ho choachoasela ka maleng, ’me matsatsi a mabeli hamorao bo ne bo tšoana le mollo o tukang. Ke ile ka entoa ka morero oa ho felisa bohloko bona. Sena se ile sa ’nolofalletsa ho phetha lipuo tsa ka tsa lithuto thupelong. Ka mor’a moo, ke ile ka tlosoa lekaleng la Lipaki tsa Jehova, moo ’na le mosali oa ka re neng re lula teng, ka isoa sepetleleng sa sebaka seo. Moo litlhahlobo tsa bontša hore ke na le seso ka maleng seo ho bonahalang hore se sa tsoa emisa ho tsoa mali.

Taba ena e ne e batla e belaetsa, kaha le ka mohla ha kea ka ka ba le seso ka maleng kapa leha e le hona ho ba le matšoao a sona. Leha ho le joalo, ho ile ha ba le tšepo ea hore ke tla hlaphoheloa ha nka robala le ka ho sebelisa lintho tse felisang asiti, le ho ja lijo tse bonolo. Ka bomalimabe, ka mor’a hore ke khutlele lefapheng la kokelo la lekala, mali a ile a boela a tsoa.

Lero le ileng la tsoa ha ke ithusa le ne le le letšo, le tletse mali, ’me ke ne ke le moputsoa joaloka setopo. Qetellong, ke ile ka akheha, ka phoso ka hula peipi e neng e kentsoe methapong ea sephaka sa ka. Mosali oa ka a matha ho theosa le phaseje a ntse a hoeletsa mooki.

Kea Buuoa Kapa Che?

Lingaka tse peli tsa tla betheng ea ka ka potlako. Ka thuso ea mofetoleli, tsa ntsebisa hore hemoglobin ea ka e theohetse ho ligramo tse 6,8 desilithareng ka ’ngoe (e tloaelehileng ke ligramo tse 15). Tsa bolela hore li buisana ka thelefono le ngaka e khethehileng e buoang ka ntle ho mali. E ile ea khothalletsa hore ke buuoe ka potlako. Ka botsa hore na ho ka sebelisoa mofuta o mong oa phekolo ho e-na le hore ke buuoe.

Ho ile ha buisanoa le ngaka ea mafu a ka maleng. Ea bolela hore ho ka etsahala hore ba kenye scope ’metsong oa ka hore e theohele karolong ea pele ea mala a manyenyane. Hang ha e le sebakeng seo mali a tsoang ho sona, k’hemik’hale e hlahlobang ho tsoa ha mali e ka oela leqebeng ea leka ho etsa hore mali a emise ho tsoa.

Ke ile ka botsa: “Menyetla ea hore see se atlehe ke efe?”

O ile a arabela: “Monyetla oa hore e atlehe o lekana le oa hore e hlōlehe.” Leha ho le joalo, ngaka e buoang e ile ea bolela hore haeba tšebeliso ea k’hemik’hale e hlahlobang ho tsoa ha mali e ka hlōleha, ho lieha le ho lahleheloa ke mali mohlomong ho ka etsa hore ho se ke ha ba bonolo hore ba tsoele pele ho mpuoa. Ho ne ho bonahala eka ha ke na boikhethelo haese ho buuoa.

Re ile ra tšoha haholo. ’Na le mosali oa ka ra kopana ka matsoho. Pele ke ea sepetlele ka ambulense, ke ile ka ngolloa lengolo la kabo ea lefa, ’me ke ile ka le tekena. Metsoalle ea rōna e ile ea ba le maikutlo a hore mohlomong ke tla shoa nakong eo ke buuoang ka eona.

Kea Buuoa

Ka phaposing ea ho buoa, ke ile ka beoa holim’a ntho e neng eka tafole e khōlō ea khalase. Khanya e ne e hlaha ka tlaase e bile e phatsima ho tsoa holimo. Matšoenyeho a ka a ile a eketseha, e leng seo ho neng ho totobetse hore se tla etsahala, kaha ngaka e ’ngoe ho tse buoang e ile ea nkatamela ea re: “U se ke ua tšoenyeha. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla loka.” Kameho ea hae e mofuthu e ne e khothatsa. Ke ile ka hohisoa sethethefatsi se bolaeang bohloko, ’me ka nako e ka etsang motsotsoana, ke ile ka tloha boemong ba ho thethefala, ka ba boemong ba ho shoa bohatsu, ka ntoo akheha.

Ke ile ka tsoha nakong eo ba neng ba ntlosa betheng eo ke neng ke buoeloa ho eona ba mpeha betheng ea sepetlele e tloaelehileng. Ka qala ho ferekana ha ke utloa bohloko bo fetisisang bo tsoang leqebeng le lipeiping tse ka nkong ea ka le ’metsong. Mosali oa ka, le motsoalle oa hae, ba ile ba nkhothatsa. Lenyora la ka le matla le ile la fokotsoa ke hore ba tsamaise metsi melomong ea ka. Ke ne ke thabetse hore ebe kea phela.

Le hoja ke ne ke kholisitsoe hore ke builoe ka tsela e atlehileng, tekanyo ea lisele tsa mali a ka e ne e ntse e theoha. Ekaba ke’ng se neng se le phoso? Ha ho hlahlojoa lero le neng le tsoa ha ke ithusa ho ile ha totobala hore ke ntse ke tsoa mali ka matla. Lingaka tse buoang li ne li kholisehile hore a ne a sa tsoe lehlakoreng leo ba sa tsoa le lokisa—empa a ne a tsoa hokae, joale?

Lingaka li bile le maikutlo a hore ke jele ntho e ’ngoe e chefu e phuntseng mala a ka. Li ile tsa bolela hore ke fokola haholo hore nka buuoa hape.

Khatello ea ho Amohela Mali

Kaha tekanyo ea lisele tsa mali a ka e ile ea tsoela pele ho theoha, khatello ea ho amohela tšelo ea mali e ile ea ba matla. Mooki ea neng a ntlhokomela o ile a bolela hore haeba e ne e le ngaka, o ne a tla tsoela pele ho ntšela mali a sa mpotse letho. Hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng, ngaka ea tla ho ’na ’me ea re: “U tlameha ho amohela mali haeba u tla phela.”

Ke ile ka e hlalosetsa hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ka mabaka a bolumeli le a bongaka, nke ke ka amohela tšelo ea mali. (Levitike 17:10-14; Liketso 15:28, 29) E ne e bonahala e tšoenyehile, empa ke ile ka hlokomela hore maikutlo a hae a susumetsoa ke ho se utloisise le hose hlomphe boemo ba ka ba ho tiea.

Ka baka la khatello e ntseng e eketseha, esita le maemo a mang a leng sepetlele, ke ile ka kōpa hore ke lokolloe. Ka potlako ke ile ka khutlisetsoa lefapheng la kokelo la lekala ka ambulense.

Phekolo e Atlehileng e Bolokang Bophelo

Ke ile ka botsa ngaka ea moo, eo e leng Paki ea Jehova, hore e nkholise hore e ne e sebelisitse EPO (erythropoietin), lero la maiketsetso le potolohang liseleng tsa ’mele le susumetsang moko oa masapo hore o hlahise lisele tse khubelu ka lebelo le eketsehileng. O ile a bolela hore o e sebelisitse. Ha e le hantle, ’mele o ntse o hloka lintho tsa motheo tse o hahang e le hore o ka hlahisa lisele tse khubelu tse phetseng hantle. Lintho tsena tse hahang ’mele ke folic acid, vitamin B haholo-holo tšepe. Ho kennngoa ha iron dextran (Imferon) methapong ke tsela e potlakileng ea ho fana ka tšepe e hlokahalang, ’me ke ile ka e kōpa.a

Leha ho le joalo, Imferon e ne e le sieo Argentina. Ho ne ho le thata ho e fumana esita le United States, kaha bongata ba eona e ne e isitsoe Bochabela bo Hare ka sekepe ka baka la ntoa ea Koung ea Persia. Leha ho le joalo, qetellong e ile ea fumaneha, ’me hang-hang e ile ea neeletsoa e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a tla Argentina.

Ka nako ena hemoglobin ea ka e ne e le 4. Ka ho tseba hore ho ntšoa mali ka ho fetisisa ka morero oa hore a hlahlobuoe ho ne ho ka etsa hore ke fokolloe ke mali, ke ile ka bolella theknishiene ea meriana e ileng ea tla lekaleng hore ha ke sa tla mo lumella hore a ntše mali a ka. E ile ea hanyetsa: “Re tlameha ho a nka haeba re tla tseba hore na ho etsahala eng.”

Ke ile ka araba: “Lea tseba hore na ho etsahala eng. Ke tsoa mali, ’me ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ’meleng oa ka ke efe?”

E ile ea hlokomela: “Mali.”

Ke ile ka arabela: “’Me hona joale ke entse qeto ea hore ke se ke ka le neha a mang hape.” Ho ne ho sa tsejoe hore na tekanyo ea lisele tsa mali a ka e se e theohile hakae.

Bosiung boo ke ile ka rapela Jehova ka tieo, ke kōpa tataiso ea hae ke bile ke bontša hore ke na le tšepo ea hore ke tla tsoha letsatsing le latelang. Ho ile ha feela ha ba joalo, empa ke ile ka utloa hore matla a ka a bophelo aa fela. Ho ne ho bonahala eka ke haufi le ho shoa. Ka ho tloaelehileng tekanyo ea hemoglobin ea ka e batla e le ligramo tse 17,2 desilithareng ka ’ngoe, e phahame haholo ho feta e amohelehang, kahoo ke ne ke lahlehetsoe ke karolo ea 75 lekholong ea mali a ka. Ho ne ho lokela hore ho nkoe bohato bo tsoelang pele.

Hoseng hoo ke ile ka kōpa ho buisana le lingaka tse neng li ntlhokometse phekolong ea ka. Ha lia ka tsa sebelisa vitamin K, eo e leng ea bohlokoa bakeng sa ho hoamisa mali, empa li ile tsa lumela hang-hang hore li tla qala ho e sebelisa. Ke ile ka tsoela pele ho botsa: “Na ebe ho na le sethethefatsi leha e le sefe seo le se sebelisang se bakang ho tsoa mali hona kapa ho tlatsetsa ho hona?”

Li ile tsa arabela: “Che.”

Ke ile ka qophella: “Na le kholisehile?”

Hoseng ha letsatsi le latelang, ngaka e ’ngoe ho tse buoang e ile ea tla ho ’na ’me ea mpolella hore ha ba etsa liphuputso tse eketsehileng ba fumane hore ho ka etsahala hore sethethefatsi se seng se tlatsetsa tabeng ea ho tsoa ha mali. Ba ile ba emisa ho se sebelisa hang-hang. Boikemisetso ba lingaka tsena ba hore li ’mamele joaloka mokuli le ho hlahlobisisa phekolo ea ka bo ile ba etsa hore ke li hlomphe haholoanyane.

Ka baka la kōpo ea ka, ke ile ka tlisetsoa lingoliloeng tsa bongaka, ’me ’na le mosali oa ka re ile ra qala ho etsa liphuputso ho tsona. Sehlooho se seng se ne se bua ka k’hemik’hale e hatellang mothapo o tsoang mali, moriana o emisang ho tsoa ha mali. Kapele Dr. Marcelo Calderón Blanco, eo e leng Paki ’moho le rōna, a kena ’me a bontša hore o lakatsa ho sebelisa moriana o tšoanang le oo! Ke ile ka o fuoa ka tsela eo motho ea fokolloang ke mali a o fuoang ka eona. Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, Imferon ea fihla e tsoa United States ’me ea kenngoa methapong ea ka.

Joale ntho feela eo re neng re ka e etsa ke ho leta. Ka mor’a letsatsi, ke ile ka qala ho ikutloa ke le matla haholoanyane. Matsatsi a mararo hamorao ke ile ka ba lumella hore ba nke mali bakeng sa ho a hlahloba. Ho ne ho makatsa hore ebe hemoglobin ea ka e ne e nyolohetse ho 6! Leha ho le joalo, ha e ne e hlahlojoa matsatsing a mahlano pele, e ne e le 4 ’me e ntse e theoha! Lingaka li ne li na le pelaelonyana. Tsa laela hore ho etsoe tlhahlobo e ’ngoe. E ile ea lumellana le ea pele. EPO le Imferon li ne li sebetsa!

Theknishiene ea kliniki e neng e ile ea hlahloba mali a ka e ile ea hoeletsa ea bolela hore ngaka e tlameha e ile ea ntšela mali. O ile a phehella: “Ha ho motho eo tekanyo ea lisele tsa mali a hae e ka phahamang ka lebelo le lekana a sa tšeloa mali.” Ngaka e ile ea mo kholisa hore ha ho na mali a tšetsoeng. O ile a batla ho tseba: “Ke phekolo efe ea lintho tse sebelisoang sebakeng sa mali e lateloang e phahamisang boemo ba mali kapele hakaale?” O ile a bolelloa ka tšebeliso ea EPO le Imferon.

Dr. Amilcar Fernández Llerena, e ’ngoe ea lingaka tseo e seng Lipaki, o ile a nketela letsatsing leo tlhahlobo ea mali e ileng ea fihla ka lona. Ka mor’a hore a ntlhahlobe, o ile a bua a maketse a re: “Ke o reha lebitso le lecha—Lazaro.” (Bapisa le Johanne 11:38-44.) Ke ile ka tlameha ho sebelisa matla a ka ’ohle e le hore nka thiba meokho ea ka.

Dr. Llerena o itse: “U ka leboha Molimo oa hao, Jehova, hore ebe ua phela.” Ka ’motsa hore na o bolela’ng. A arabela: “Haeba u ne u tsuba, u sebelisa lithethefatsi hampe, kapa u noa haholo, u ka be u sa pholoha ho buuoa hona. Empa kaha ’mele oa hao o hloekile o bile o matla ka baka la ho utloa melao ea Molimo, u pholohile.”

Boitsebiso bo bongata boo ke ileng ka bo sebelisa tabeng ea ka ke boo re neng re bo ruta Likomiti tse Kopanyang Bakuli le Lipetlele lithupelong tsa Amerika Leboea, Europe, le Latin America. Lenaneo lena le hatisa lintho tse ka sebelisoang sebakeng sa mali tse atlehang tse ka sebelisoang tsamaisong ea bongaka ea ho buoa ka ntle ho mali. Hoa thabisa hore ebe lingaka li ka fumana boitsebiso bo mabapi le lintho tsena tse ka sebelisoang sebakeng sa mali ho Komiti e Kopanyang Bakuli le Lipetlele, ho na le tse fetang 800 lefatšeng lohle.

Ke tšepa hore phihlelo ea ka e tla thusa Lipaki tse batlang ho phekoloa ka ntle ho mali. Sepetlele seo ke ileng ka buuoa ho sona hamorao se ile sa bua le lekala la Argentina la Lipaki tsa Jehova ’me sa bolela hore joale se hlokometse hore re na le tsela e molemo ea ho phekola bakuli ka lintho tse sebetsang ka ntle ho tšelo ea mali le hore ba ka thabela ho sebelisana le rōna nakong e tlang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa lethathamo la lintho tse ka sebelisoang sebakeng sa mali le nang le makolopetso, bona Tsoha! ea December 8, 1991, leqephe 28.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ha ke tloha sepetlele ka mor’a hore ke buuoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela