Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 3/8 maq. 6-7
  • Kamoo Peto e ka Thibeloang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Peto e ka Thibeloang
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Bohato Kapele
  • Itoanele
  • Kamoo ho ka Sebetsanoang le Peto ka Katleho
    Tsoha!—1993
  • Seo e Leng ’Nete ka Peto
    Tsoha!—1993
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Betoa—O Sirelelitsoe ke Seo a se Balileng
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 3/8 maq. 6-7

Kamoo Peto e ka Thibeloang

Eric o ne a le motle a le molelele, ’me a tsoa lelapeng le ruileng. Lori o ne a le lilemo li 19 ’me Eric o ne a mo memetse taetsanong eo ho eona ba tla ba le balekane ba bang ba babeli e leng moshemane eo a kopanetseng kamore le eena le kharebe ea hae. O ile a fihla moo ho beselitsoeng nama teng habo Eric, empa a sa tsebe, balekane ba bang ba babeli ba ne ba rerile hore ba se ke ba tla. Kapele, baeti bohle ba ile ba tloha moketjaneng ona.

O itse: “Ke ile ka qala ho nahana, ‘Ho na le se phoso, ho na le ntho e belaetsang e etsahalang,’ empa ke ile ka e hlokomoloha.”

Hang ha ba le bang le Lori, Eric o ile a mo beta. Lori haa ka a tlaleha peto ena ho mapolesa, ’me hamorao o ile a fallela sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 240 e le hore a qobe ho bona Eric hape. Selemo hamorao, o ne a ntse a tšaba ho laetsana.

PETO ke tšokelo e hōlang, ’me tširelo e molemohali ea basali ke ho e lemoha le ho itokisetsa eona. Hase maemo ’ohle ao peto e etsahalang ho ’ona a ka lekanyetsoang esale pele, empa ho tseba tsela eo batho ba betang ba nahanang ka eona le ho rera tlhaselo ea bona ho ka u thusa hore u hlokomele matšoao a lemosang.a Maele a boholo-holo a re: “Batho ba nang le kelello ba tla bona kotsi ha e tla ’me ba e qobe, empa motho ea sa nahaneng o tla kena ho eona ’me a ikoahlaee hamorao.”—Liproverbia 27:12, Today’s English Version.

Tsela e molemohali ea ho qoba boemo bo lebisang petong ke ho qoba motho ea betang. U lokela ho lemoha tsela eo monna a itšoarang ka eona—esita le eo u mo tsebang hantle—e ka mo khethollang e le motho ea ka betang. (Bona lebokose, ho leqephe 7.) Banna ba bang ba tla sebelisa tsela eo mosali a aparang ka eona kapa boikemisetso ba hae ba ho ba mong le bona e le lebaka la ho mo beta. Le hoja mosali a sa ikarabelle haeba monna a na le maikutlo a joalo a sothehileng, e tla ba bohlale hore a hlokomele maikutlo a joalo.

U se ke ua lumela hore le be babeli feela le monna eo u sa mo tsebeng hantle. (Esita le eo u mo tsebang hantle, sebelisa temoho.) Motho ea betang eo u sa mo tsebeng a ka ’na a tla lehaeng la hao a iketsa eka ke motho ea lokisang lintho tse itseng. Hlahloba boitsebiso ba hae ba boitsebahatso. Motho ea betang eo u tsebanang le eena hangata o etsa hore bahlaseluoa ba be boinotšing ka ho qapa melaetsa e ka etsang hore ba etele ha hae kapa ka ho qala leshano la hore ho na le sehlopha sa batho sebakeng seo a lokisetsang ho kopana le uena ho sona. U se ke ua thetsoa.

Ho qoba mathata a hlahang nakong ea ho laetsana, laetsanang ka lihlopha kapa molebeli a le teng. Tseba molekane eo u laetsanang le eena hantle, ’me u behe litekanyetso tse tsitsitseng tabeng ea ho atamelana haufi, haeba u tla ho lumella ka tekanyo e itseng. E ba hlokolosi ka taba ea ho noa lino tse tahang! U ke ke ua falimehela kotsi haeba matla a hao a ho nahana a sitisoa. (Bapisa le Liproverbia 23:29-35.) Tšepa litšekamelo tsa hao tsa boikutlo ba tlhaho. Haeba u ikutloa u sa lokoloha ha u na le motho ea itseng, u se ke ua nahana hore ha a na merero e mebe. Baleha.

Batsoali ba bana ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ka ho khetheha ba lokela ho buisana le bana ba bona ka ho thibela peto, ba bue ka ho toba ka maemo a kotsi hobane bongata ba batho ba betang le bahlaseluoa ba peto ke bacha.

Nka Bohato Kapele

Hase liketsahalo tsohle tsa peto tse ka boneloang pele. Ka tšohanyetso, u ka ’na ua iphumana u le mong ’me u tobane le monna ea matla ho u feta le eo morero oa hae e leng ho u qobella ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le eena. Joale u lokela ho etsa joang?

Nka bohato kapele, ’me u hopole pakane ea hao: e leng ho phonyoha. Hangata motho ea betang o hlahloba mohlaseluoa oa hae pele a etsa qeto ea ho mo hlasela, kahoo ke habohlokoa ho thibela merero ea hae kapele kamoo ho ka khonehang pele a kholiseha ka ho lekaneng hore a ka nka khato. Litsebi tsa peto li fana ka litsela tse peli tsa ho nka khato: khanyetso ea ho se sebelisane le motho ea betang kapa ea ho nka bohato. U ka leka khanyetso ea ho se sebelisane le motho ea betang pele ’me, ha e hlōleha, u leke ea ho nka bohato.

Khanyetso ea ho se sebelisane le motho ea betang e ka ’na ea kopanyeletsa ntho leha e le efe ho tloha tabeng ea ho etsa hore a liehe ho nka khato ka ho buisana le eena kapa e ka kopanyeletsa hore u ikhakanye joaloka motho ea nang le lefu le tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali kapa ua hlatsetsa motho ea u hlaselang. (Bapisa le 1 Samuele 21:12, 13.) Gerard Whittemore bukeng ea hae Street Wisdom for Women: A Handbook for Urban Survival o ngotse: “Maqiti a fokotsoa habonolo feela ke monahano oa motho.”

Maqiti a etsoang ka ho se sebelisane le motho ea betang—a akareletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ntle le ho mo loantša—a hloka monahano o hlaphohileng ’me a hloka hore a etsoe ka morero oa ho sitisa kapa ho etsa hore motho ea hlaselang a lokolohe. Haeba tsela eo u hanyetsang ka eona e etsa hore motho ea u hlaselang a halefe ’me a be mabifi haholoanyane, leka ntho e ’ngoe esele. Leha ho le joalo, u se ke ua itumella hore u qobelloe hore u ee sebakeng se thōko haholoanyane ha u ntse u nahana. ’Me u lokela ho hopola o mong oa mekhoa e sebetsang hamolemohali ea khanyetso ea ho se sebelisane le motho ea betang—ho hoeletsa.—Bapisa le Deutronoma 22:23-27.

Khetho e ’ngoe ke ea ho etsa lintho ka tsela e hanyetsang le ka matla. Bolella motho ea u hlaselang ka tsela e tiileng hore tlas’a boemo bofe le bofe u ke ke ua inehela ho seo a se batlang. Tabeng ea peto e etsahalang nakong ea taetsano, u ka ’na ua leka maqiti a ho tšosa motho ea betang ka ho bitsa tlhaselo eo seo e hlileng e leng sona. Ua hoeletsa, “Hona ke peto! Ke bitsa mapolesa!” ho ka etsa hore motho ea neng a ka u beta a nahane habeli ha a leka ho tsoela pele.

Itoanele

Haeba ho bua ho sa sebetse, u se ke ua tšaba ho tsoela pele ka khanyetso ea ho nka bohato. Hona ha ho bolele hore ho bonolo haholoanyane hore u ntšoe kotsi kapa ho bolaoa, leha e le hore ho inehela ho tiisa hore u tla sireletseha. Kahoo, litsebi tse ngata tsa peto li eletsa hore u hanyetse peto ka ho nka bohato.

Ho loana ho ka ba thata bakeng sa basali hobane ho tloha ha ba hlaha ba hōlisitsoe ka tsela eo ka eona ba tla ba le mekhoa e metle, ba inehele, ba ikokobetse esita leha ba tšosoa ka ho qobelloa ka matla. Kahoo, ho hlokahala hore u etse qeto pele ho nako eo u tla hanyetsa ka eona e le hore u se ke ua senyeheloa ke nako ea bohlokoa ka ho tsila-tsila nakong ea tlhaselo.

Ho hlokahala hore u ikutloe u tšaba hore motho leha e le ofe a ka u tšosa kapa a u hatella. Ho hlokahala hore u hlokomele hore tlhaselo ena e nahanisitsoe esale pele, ’me motho ea betang o tšepa hore u tla inehela. Halefa, u se ke ua tšoha. Linda Ledray eo e leng mofuputsi o itse: “Tšabo ea hao ke sebetsa se matla ka ho fetisisa sa motho ea u hlaselang.” U se ke ua tšoenyeha ka hore u nka bohato bo feteletseng kapa hore u ka shebahala u le sethoto. Setsebi se seng se ile sa beha taba ka tsela ena: “Ho molemo ho se be mekhoa e metle ho e-na le ho betoa.” Basali ba ileng ba hanyetsa batho ba betang ka katleho hangata ba ho entse ka ho nka bohato ’me ba leka maqiti a mangata, ho akareletsa le ho loma, ho raha le ho hoeletsa.

Haeba u sa khone ho itšireletsa petong, beha mohopolo oa hao tabeng ea ho khona ho khetholla motho ea u hlaselang hamorao. Haeba ho khoneha, ho mo ngoapa kapa ho tabola liaparo tsa hae ho tla siea bopaki ba mali le ba boea ba liaparo ho uena. Empa boemong bona, u ka ’na ua hlōloa ho tsoela pele u loana. Boemong bo joalo, Robin Warshaw ho I Never Called It Rape o re, “u se ke ua ikutloela bohloko ka hore u mo ‘lumeletse’ hore a u bete. Ha ho hlokahale hore u tsoe kotsi kapa u shoe hore u ‘fane ka bopaki’ ba hore u betiloe.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha ho maemo a mabeli a tšoanang, ’me ha ho keletso ea ho a thibela e tšepahalang ka ho feletseng. Esita le litsebi tsa peto ha li lumellane tabeng ea hore mohlaseluoa o lokela ho sebelisa matla a makae le khanyetso ea mofuta ofe nakong ea tlhaselo.

[Lebokose le leqepheng la 7]

Tlhaloso ea Motho eo ho ka Etsahalang Hore a Bete

□ O u hlekefetsa maikutlong ka ho u rohaka, ho hlokomoloha maikutlo a hao kapa ka ho halefa kapa ho teneha ha u etsa tlhahiso.

□ O leka ho laola tsela ea hao ea bophelo litabeng tse kang tsela ea hao ea ho apara le hore metsoalle ea hao e lokela ho ba bo-mang. O batla ho etsa liqeto tsohle tabeng ea ho laetsana, tse kang sebaka sa ho jela kapa baesekopo eo le lokelang ho e shebella.

□ O boulela ka ntle ho lebaka.

□ O nyenyefatsa basali ka kakaretso.

□ Oa tahoa kapa “o ba plakeng” ’me o leka ho etsa hore le uena u etse se tšoanang.

□ O u hatella hore le be babeli feela le eena kapa le kopanele likamano tsa botona le botšehali.

□ A ke ke a lumela hore le arolelane litšenyehelo nakong ea taetsano ’me oa halefa haeba u batla ho lefa.

□ O mabifi esita le ka litsela tse mano, tse kang ho u tiisa kapa ho u sutumetsa.

□ O u tšosa ka ho lula haufinyane haholo le uena, ho u thibella tsela, o u tšoara nakong eo u mo boleletseng hore a se ho etse, kapa o bua joalokaha eka o u tseba hamolemonyana ho feta kamoo a hlileng a u tsebang ka teng.

□ A ke ke a khona ho sebetsana le ho ferekana maikutlo ka ntle le hore a halefe.

□ Ha a u talime u le thak’a hae.

□ O rata libetsa o bile o rata ho ba khopo ho liphoofolo, bana kapa batho bao a ka ba laolang.

Lintlha tsena li tsoa ho I Never Called It Rape, ea Robin Warshaw.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Basali ba ileng ba hanyetsa batho ba betang ka katleho hangata ba entse sena ka ho nka bohato ’me ba leka maqiti a mangata, ho akareletsa le ho loma, ho raha le ho hoeletsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela