Kamoo ho ka Sebetsanoang le Peto ka Katleho
Lilemong tse 33 tse fetileng Mary o ile a betoa ha a ntse a tšosoa ka ho hlajoa ka thipa. Kajeno, pelo ea Mary e otla ka matla ’me seatla sa hae sea fufuleloa ha a leka ho hlalosa sena. A tletse meokho o re: “Ke phihlelo e nyelisang ka ho fetisisa eo mosali a ka fetang ho eona. Ke ntho e mpe, e tšabehang.”
PETO e ka ba e ’ngoe ea liketsahalo tse senyang bophelo ba motho ka ho fetisisa, ’me liphello tsa eona e ka ba tsa bophelo bohle. Phuputsong e ’ngoe, hoo e ka bang karolo ea boraro ea batho ba phonyohang petong bao ho ileng ha buisanoa le bona ba kile ba nahana ka ho ipolaea, ’me bongata ba bona bo ile ba bolela hore phihlelo ena e ba fetotse ka ho sa feleng.
Liphello tsa sena ha e le hantle li ka ntša kotsi haeba mosali a hlaseloa ke motho eo a mo tsebang. Ho ka etsahala hore ba bang ba se ke ba tšelisa mohlaseluoa ea betiloeng ke motho eo a mo tsebang hobane ho se motho eo a ’molellang se etsahetseng kapa oa bolela empa ha ho motho ea lumelang hore ke peto. Kaha o lemalitsoe ke motho eo a neng a mo tšepa, le eena ho ka etsahala hore a ipehe molato le ho belaella matla a hae a ho ahlola ba bang.
Amohela Thuso
Batho ba bangata ba phonyohileng petong qalong e-ba batho ba tšohileng le ba sitoang ho tobana le ’nete. Mosali e mong o ile a betoa nakoana pele ho tlhahlobo ea bohlokoa ea koleche. O ile a tlosa peto kelellong ea hae ho fihlela ka mor’a hore a ngole tlhahlobo. Mosali e mong ea phonyohileng petong o itse: “Ke ne nke ke ka itumella hore ke hopole letho la eona hobane ke ile ka bona ka mahlo ha motho eo ke neng ke mo tšepa a iphetola mohlaseli oa ka. Ke ne ke sa tsebe hore motho a ka betoa ke motho eo a mo tsebang. Ho ka ’na ha bonahala ho sa utloahale, empa tumelo eo ea hore motho eo u mo tsebang a ka u beta e ile ea ntšiea ke se na tšepo. Ke ile ka ikutloa ke lahlehile hakaakang.”
Basali ba bang ba tsoela pele ho latola se ileng sa etsahala ka ho se bolelle motho leha a le mong ka peto ea bona. Ba pata tlhaselo ena ka lilemo tse ngata, e leng se etsang hore ba liehe ho hlaphoheloa le se bakang mathata a mang a maikutlo ao mophonyohi a ka ’nang a se ke a hlokomela hore a bakiloe ke peto.
Hase hangata ho hlaphoheloa ho qalang ho fihlela ha u bua le ba bang. Motsoalle eo u mo tšepang a ka u thusa hore u bone hore se u etsahalletseng e ne e hlile e le peto ’me hase molato oa hao. Maele a boholo-holo aa bontša: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.” (Liproverbia 17:17) Hape, balisa ba moea ba ka “ipaka ho ba joaloka sebaka se sireletsehileng moeeng le sebaka sa ho itšireletsa sefefong.” (Esaia 32:2, NW; 1 Ba-Thessalonika 5:14) Bakeng sa bahlaseluoa ba bang, ho ea setsing se sebetsanang le bahlaseluoa ba peto kapa ho moeletsi ea nang le tsebo ho ka ’na ha hlokahala bakeng sa ho ba thusa hore ba sebetsane le maikutlo a bona le ho a utloisisa.
Hangata baphonyohi ba tšaba ho bua ka peto ea bona ka baka la ho ikutloa ba na le letsoalo le molato, haholo-holo haeba litakatso tsa bona tsa botona le botšehali li ile tsa tsoha nakong ea tlhaselo eo. Ba ka ’na ba ikutloa ba silafalitsoe ba bile ba se na thuso ’me ba ipeha molato bakeng sa peto—le hoja ho se motho e mong haese motho ea betang ea tšoanelang ho beoa molato.
Mary, ea neng a tšepa Mokreste-’moho le eena o itse: “Ho ba le motsoalle ea molemo eo nka buang le eena ho ile ha etsa phapang. Ke ne nka bua le eena ’me ke sa ikutloe ke le litšila ke bile ke sa ikutloe ke le molato oa ho betoa.”
Mo Tšehetse
Ka lehlakoreng le leng, e ka ba ho sa lokelang le ho se bontše lerato ka lehlakoreng la metsoalle ea mohlaseluoa hore e nahane litsela tse ling tsa ho fana ka tlhaloso ea se etsahetseng kapa ho nka hore ke tokelo ea bona ho etsa qeto ea hore na “o hlile o betiloe.” Le ka mohla u se ke ua etsa tlhahiso ea hore o ile a li thabela kapa ke boitšoaro bo bobe. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motsoalle a ka e etsang ha a kōpuoa thuso ke ho lumela seo mohlaseluoa a se buang. Mo kholise. E-ba moo ka morero oa ho mamela ha a batla ho bua, empa u se ke ua mo hatella hore a fane ka makolopetso.
Haeba peto e etsahetse haufinyane, metsoalle e ka thusa mohlaseluoa hore a fumane thuso ea meriana le ho fana ka sebaka sa bolulo se sireletsehileng. Mo khothaletse ho tlaleha peto ena, empa mo lumelle hore a etse liqeto. O sa tsoa feta phihlelong e mo amohileng taolo eohle. Mo lumelle hore a busetse karolo e ’ngoe ea taolo eo ho eena ka ho mo lumella hore a khethe bohato hore na ke bofe bo latelang boo a lokelang ho bo nka.
Malapa a bahlaseluoa ba peto a tlameha ho hanela tšusumetso ea ho nka khato e bakoang ke ho phahama ha maikutlo mabapi le boemo bona. Ba ka ’na ba rata ho batla motho eo ba ka mo behang molato bakeng sa peto ena kapa ba batla ho iphetetsa ka motho ea betileng, e leng mehato eo ka bobeli e sa thuseng mohlaseluoa. (Ba-Roma 12:19) Ho beha motho e mong molato bakeng sa se etsahetseng haese motho ea betileng ha ho na thuso, ’me ho batla ho iphetetsa ho kotsi. Ho ka etsa hore motho ea phonyohileng a tšoenyehe ka tšireletseho ea baratuoa ba hae ho e-na le ho lebisa tlhokomelo ho hlaphoheloeng ha hae.
Hape litho tsa lelapa li lokela ho hlokomela hore baphonyohi ba bangata ba talima likamano tsa botona le botšehali ka tsela e fapaneng ka mor’a peto. Likelellong tsa bona, likamano tsa botona le botšehali li fetohile sebetsa, ’me ba ka ’na ba ba le bothata tabeng ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ka nako e itseng, esita le ho kopanela ho tsona le motho eo ba mo ratang le ho mo tšepa. Ka baka leo, monna haa lokela ho phehella mosali oa hae hore ba qalise ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ho fihlela ha a loketse. (1 Petrose 3:7) Litho tsa lelapa li ka thusa ka ho haha boikutlo ba moroetsana e mocha ba ho itlhompha le ho mo bontša hore u ntse a ratoa le ho hlomphuoa ho sa tsotellehe se mo etsahalletseng. Tšehetso e tsoelang pele e tla hlokahala ha mophonyohi a ntse a feta ho seo ka linako tse ling e leng mehato e melelele ea ho hlaphoheloa maikutlong.
Ho Sebetsana ka Katleho le Tšabo le ho Tepella Maikutlo
Basali ba betiloeng ba bolela hore karabelo e ba sithabetsang ka ho fetisisa ke tšabo. Bahlaseluoa ba bangata ba peto ba ne ba sa lebella ho phonyoha tlhaselong ena. Hamorao ba ka ’na ba tšoha hore ba tla betoa hape kapa ba ka ba ba tšaba ho bona motho ea ba betileng ka tšohanyetso.
Tšabo e utluoang nakong ea peto e ka tsosoa ke melumo, menkho le libaka tse tšoanang le tsa sebaka seo peto e etsahetseng ho sona. Haeba mosali a betetsoe serapeng sa lifate le lipalesa, a ka ’na a tšaba ho ea serapeng sa lifate le lipalesa. Haeba a betetsoe lapeng, ho ka etsahala hore le ka mohla a se ke a ikutloa a sireletsehile sebakeng seo ’me a ka ’na a ikutloa a tlameha ho falla. Esita le ho utloa monkho oa cologne e nkhang joaloka eo motho ea mo betileng a neng a itšetse ka eona ho ka tsosa mehopolo e seng monate.
Le hoja e le lipeto tse seng kae tse fellang ka ho ima, bahlaseluoa ba bangata ba tšaba hore ho ka etsahala. Hape ba bangata ka ho loketseng ba tšoenyehile ka ho tšoaetsoa lefu le tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Hoo e ka bang halofo ea bahlaseluoa ba peto ba ba le boikutlo ba ho tepella maikutlo, ho hloka tšepo le ba hore hase batho ba bohlokoa, e leng se ka tsoelang pele ka nako e ka etsang libeke tse ngata ho isa ho likhoeli tse ngata. Le bona ba ka ’na ba loana le matšoenyeho, tšabo e matla le ho hlaseloa ke ho ferekana.
Le hoja basali ba ka ’na ba se ke ba khona ho thibela peto, ha nako e ntse e feta ba ka laola menahano ea bona, maikutlo le khato eo ba e nkang mabapi le tlhaselo ena. Ba ka ithuta ho etsa hore mehopolo e fosahetseng e nkeloe sebaka ke hore ba be le maikutlo a nepahetseng ka bona ka bobona.
Ho Recovering From Rape Linda Ledray o itse: “Ho e-na le ho ipolella hore na u fokola hakae le hore ha u na thuso hakae, ithute ho ipolella hore u tsoela pele hamolemo hakae le hore u ne u le boemong bo bobe hakae ho tloha nakong ea pherekano e ileng ea latela tlhaselo. Letsatsi ka leng leo ka lona u ikutloang ho sithabetsoa ke mehopolo le maikutlo a fosahetseng ho ntse ho fokotseha, ipolelle, ‘ke ithuta ho boela ke ba le taolo.’”
Ho ka etsahala hore motho a sebetsane le tšabo ka ho ithuta ho hlokomela hantle hore na ke’ng se e bakang. Ha mohlaseluoa a hlokomela hantle hore na e bakoa ke’ng, a ka ipotsa, Tšabo eo ke ea sebele hakae? Ka mohlala, haeba a bona motho e mong ea tšoanang le motho ea mo betileng, a ka ikhopotsa hore hase motho ea mo betileng ’me ha a na ho mo ntša kotsi.
Mokhoa o mong o khothaletsoang bakeng sa ho sebetsana le tšabo ke ho se tšoenyehe ho laolehileng. Mosali o etsa lethathamo la mesebetsi eo a tšabang ho e etsa kapa maemo ao a tšabang ho ba ho ’ona, ho tloha ho a mo tšosang hanyenyane ho isa ho a tšosang haholo. Ebe o inahana a le boemong bo mo tšoenyang hanyenyane ho fihlela bo se bo bonahala bo sa mo tšose. O theosa le maemo a leng lethathamong la hae ho fihlela a ikutloa hamolemo ha a nahana ka ’ona kaofela.
Ka thuso ea motsoalle, joale a ka tsoela pele ho etsa mesebetsi eo bophelong ba sebele, e joaloka ho tsoela ka ntle ho ntlo bosiu kapa ho ba mong. Qetellong a ka laola tšabo ea hae e le hore e se hlole e ama kemiso ea hae ea letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, ho tšaba ho etsa lintho tse ling—tse kang ho tsamaea serapeng se lefifi sa lifate le lipalesa bosiu—ke ntho e tloaelehileng, ’me ha ho na molemo oa ho leka ho hlōla ho se lokolohe maemong a joalo.
Ho Lebisa Bohale Hosele
Hape baphonyohi ba peto ba ba le maikutlo a ho halefa, ao pele a ka ’nang a lebisoa ho banna bohle empa, ha nako e ntse e feta, hangata a lebisoa ho motho ea mo betileng. Hangata batho ba halefileng ba halefela batho bohle ba sa khethe. Ba bang ba ka ’na ba arabela ka ho hatella maikutlo a bona. Leha ho le joalo, khalefo e ka laoloa ka tsela e loketseng, ’me tsela eo motho a sebetsanang le khalefo ea hae ka eona e ka mo thusa hore a hlaphoheloe. Mangolo a re: “Le halefe, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe.”—Ba-Efese 4:26, NW.
Taba ea pele, ha ho hlokahale hore batho ba phonyohileng ba tšabe ho bolela khalefo ea bona. Ba ka bua le ba bang ka eona. Ho ameha mehatong ea molao kapa ho boloka tlaleho ho ka sebeletsa e le tsela ea ho ntša bohloko. Ba ka ba ba felisa bohale ba bona ka mesebetsi ea matsoho, e kang ho bapala thenese, racquetball, bolo, ho tsamaea ka morero oa ho ikhatholla, ho matha, ho palama baesekele kapa ho sesa, e leng mesebetsi e nang le molemo oa ho thusa ho thibela ho tepella maikutlo.
U ka boela ua laola bophelo ba hao.
Ke’ng se tla Thibela Peto?
Ho thibela peto ke taba e fetang feela ha basali ba ipatela batho ba betang kapa ba ba loantša. Mongoli Timothy Beneke bukeng ea hae Men on Rape o itse: “Ke banna ba betang hape ke banna ba nang le matla a ho felisa peto.”
Peto e ke ke ea fela ho fihlela banna ba khaotsa ho tšoara basali joaloka lisebelisoa tsa ho kopanela likamano tsa botona le botšehali feela ’me ba ithuta hore likamano tse atlehileng ha lia itšetleha ka khatello e mabifi. Boemong ba motho ka mong, banna ba hōlileng ba ka bua ’me ba susumetsa banna ba bang. Banna le basali ba hana ho lumellana le mesoaso e amanang le likamano tsa botona le botšehali, ho shebella libaesekopo tse bontšang pefo ea likamano tsa botona le botšehali, kapa ho tšehetsa batho ba phatlalatsang thepa ea khoebo ba sebelisang likamano tsa botona le botšehali hampe bakeng sa ho rekisa thepa ea bona. Bibele ea eletsa: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe, e leng taba tse sa tšoanelang; ho mpe ho utloahale liteboho.”—Ba-Efese 5:3, 4.
Batsoali ba ka ruta bana ba bona ho hlompha basali ka mohlala oa bona. Ba ka ruta bara ba bona hore ba talime basali joalokaha Jehova Molimo a ba talima. Molimo ha a ee ka tšobotsi. (Liketso 10:34) Batsoali ba ka ruta bara ba bona hore e be metsoalle ea basali le ho ikutloa ba lokolohile ha ba na le bona, joalokaha Jesu a entse. Ba ka ruta bara ba bona hore likamano tsa botona le botšehali ke ketso e etsoang ka bonolo le ka lerato e boloketsoeng ho etsoa le molekane oa motho oa lenyalo feela. Batsoali ba ka bontša ka ho hlakileng hore pefo ha e na ho mamelloa, leha e le hona hore ho hatelloa ha ba bang ho ka nkuoa e le ha bohlokoa. (Pesaleme ea 11:5) Ba ka khothaletsa bana ba bona ho buisana le bona ka litaba tsa likamano tsa botona le botšehali ka bolokolohi, le ho hanela khatello ea likamano tsa botona le botšehali.
Bothata bo tla Fela Haufinyane
Leha ho le joalo, ho beta ho ke ke ha fela ka ntle ho liphetoho tse khōlō tse ka etsahalang ho batho lefatšeng lohle. Mofuputsi Linda Ledray o itse: “Peto hase feela bothata ba botho [empa] hape ke bothata ba lelapa, bothata ba batho bohle le bothata ba sechaba.”
Bibele e tšepisa hore ho tla ba le batho ba lokolohileng pefong lefatšeng lohle, moo motho a ke keng a hlola a ‘hatella motho bakeng sa ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9; Esaia 60:18) Nako e tla tla kapele eo ka eona Jehova Molimo a sa tl’o hlola a mamella tšebeliso e mpe leha e le efe ea matla, ho akareletsa le peto.—Pesaleme ea 37:9, 20.
Sechabeng seo sa lefatše le lecha, batho bohle ba tla rutoa ho ba le khotso ’me ba tla ratana ho sa tsotellehe hore na ba batona kapa ba batšehali, ke ba morabe kapa sechaba sefe. (Esaia 54:13) ’Me ka nako eo, batho ba bonolo ba tla phela ka ntle ho tšabo ea metsoalle kapa batho bao ba sa ba tsebeng ’me ba “iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Haeba u Betiloe
□ Batla thuso ea ngaka.
□ Haeba u rata, u ka kōpa moeletsi oa bahlaseluoa ba peto haeba a fumaneha hore a tsamaee le uena ha u feta mehato e sa tšoaneng ea bongaka le ea molao.
□ Bitsa mapolesa kapele kamoo u ka khonang. Baeletsi ba khothaletsa hore mapolesa a tsebisoe molemong oa tšireletseho ea hao le ea basali ba bang. Ho tlaleha ha ho tšoane le ho qosa lekhotleng la molao, empa haeba u khetha ho qosa hamorao, nyeoe ea hao e tla fokolisoa ke ho lieha ho tlaleha.
□ Boloka bopaki. Ka mor’a hore u betoe u se ke ua itlhatsoa hang-hang, ua apara liaparo tse ling, ua hlatsoa kapa ua kama moriri kapa hona ho tlosa likhatiso tsa menoana kapa mehato ea maoto ho fihlela mapolesa a etsa lipatlisiso.
□ Lingaka li tla bokella bopaki li be li etse litlhahlobo bakeng sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali le ho ima. Haeba li fana ka lithethefatsi tse thibelang ho ima, tseo ka mantsoe a mang li tsebahalang e le morning-after pill, Bakreste ba lokela ho hlokomela hore lithethefatsi tse joalo li ka susumetsa ’mele hore o ntše lehe le emolisitsoeng.
□ Etsa sohle seo u lokelang ho se etsa hore u ikutloe u sireletsehile—fetola linotlolo, lula le motsoalle, beha ntho e itseng e ka thibelang motho ho kena monyako—ho sa tsotellehe hore na ho bonahala eka u nka mehato e feteletseng kapa che.
□ Ka holimo ho tsohle, leba Mangolong bakeng sa khothatso, u rapele Jehova, esita le ho bitsa lebitso la hae ka lentsoe le phahameng, nakong ea tlhaselo le ka mor’a eona. Itšetlehe ka baholo le metsoalle e meng e haufi ka phuthehong bakeng sa tšehetso. Kopanela libokeng haeba ho khoneha, ’me u batle ho kopanela le Bakreste-’moho le uena tšebeletsong ea tšimo.