Pono Ea Bibele
Na Bakreste ba Lokela ho ba Khahlanong le Ntoa?
“Likereke li boetse li lokela ho ba khahlanong le ntoa joalokaha li ne li le khahlanong le eona bokresteng makholong a pele a lilemo.—”Hubert Butler, mongoli oa Leaerishe.
KA MOR’A ho etela Yugoslavia ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ka sebete Hubert Butler o ile a ngola mantsoe a ka holimo moqoqong o ileng oa ngoloa ka 1947 empa oa se ke oa hatisoa ho fihlela selemong sena se fetileng! O ne a makalitsoe ke kamoo “nakong ea ntoa Kereke ea Bokreste e neng e kentse letsoho kateng litlōlong tsa molao tse hlabisang lihlong ’me e siile hōle thuto ea Kreste.”
Butler o ne a sa tšabe ho buella lithahasello kapa lihlopha tsa batho tse sa amoheleheng sechabeng. Ha a li buella joalo, hangata o ne a se na motšehetsi. O ile a itlhalosa ka sebete ha a bapisa boitšoaro ba likereke le boemo bo sebete ba Lipaki tsa Jehova, tse ileng tsa hlalosoa ho The Irish Times e le “tseo ka sebele e leng sehlotšoana sa bolumeli se hlokang molato ka ho fetisisa le se sa itšunyeng lipolotiking.” Moqoqong oa hae o reng, “Tlaleho ka Yugoslavia,” Butler o ile a ngola hore Lipaki, tse ileng tsa “hana mabaka ’ohle a mano ao ntoa e ileng ea lokafatsoa ka ’ona ke baeta-pele ba lipolotiki le ba bolumeli,” li ile tsa qosoa ke ba boholong Yugoslavia ka ho hana ho kopanela ntoeng.
Leha ho le joalo, na ho loketse ho ea ka Mangolo ho hlalosa Lipaki tsa Jehova e le tse khahlanong le ntoa? Ho hlakisa taba, ho itšetlehile ka se boleloang ke polelo “ho ba khahlanong le ntoa.” Butler o ile a sebelisa polelo eo ho babatsa sebete seo Lipaki li bileng le sona ha li hana ho nka libetsa ntoeng, ’me li hlorisoa. Leha ho le joalo, ka masoabi batho ba bangata ba nkiloeng ke setsokotsane sa ntoa ba talima motho ea khahlanong le ntoa e le feela “lekoala kapa lehlabaphio, le lakatsang ho qoba boikarabelo ba lona sechabeng.” Na pono ee e nepahetse?
Ho Hanyetsa Ntoa Kapa Pefo
Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e re motho ea khahlanong le ntoa ke motho ea “hanyetsang khohlano ka matla le ka mafolofolo ’me [ka ho khetheha] ntoa.” E hlalosa “ho ba khahlanong le ntoa” e le “ho hanyetsa ntoa kapa pefo e le mokhoa oa ho rarolla liqabang; [ka ho khetheha]: ho hana ho nka libetsa ka lebaka la tekanyetso ea boitšoaro kapa bolumeli.” Litlhaloso tsee li ne li ka sebetsa joang ho balumeli ba phutheho ea pele ea Bokreste?
Ba ile ba ‘hana ho nka libetsa ka lebaka la tekanyetso ea boitšoaro le la bolumeli’ ’me ba qoba ka hohle ‘khohlano le ntoa.’ Hobane’ng? Hobane ba ne ba tseba hore Jesu o ile a re balateli ba hae e ne e se “karolo ea lefatše” le hore “bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Johanne 15:19; Matheu 26:52) Ho The Early Church and the World, rahistori e mong o re bolella hore “ho fihlela bonyane pusong ea Marcus Aurelius [161-180 C.E.], ho ne ho se Mokreste eo e ka bang lesole ka mor’a hore a kolobetsoe.” Ho The New World’s Foundations in the Old, e mong o re: “Bakreste ba pele ba ne ba nahana hore ho loana ho fosahetse, ’me ba ne ba ke ke ba sebeletsa lebothong la sesole esita leha ’Muso o ne o hloka masole.”
Thōmo ea Bakreste e ne e le ho bolela litaba tse molemo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ba ne ba utloisisa hore Molimo ha aa ba fa thōmo ea ho loana le lira tsa hae, mohlomong ba sebeletsa e le baphethahatsi ba likahlolo tsa Molimo. (Matheu 5:9; Baroma 12:17-21) Ke feela ha Bakreste ka lebitso ba ‘kheloha thutong ea Kreste,’ joalokaha Butler a ile a bolela, ba tšoasehang lintoeng tsa lichaba. Joale baruti ba hlohonolofatsa mabotho ’me ba rapella tlhōlo, hangata ka mahlakoreng ka bobeli a khohlano. (Bapisa le Johanne 17:16; 18:36.) Ka mohlala, Kenneth Clark bukeng ea hae, Civilisation, o ngola hore makholong a lilemo a fetileng Maprostanta le Mak’hatholike a ile a loana lintoeng tse ngata tse tletseng tšollo ea mali, tse ileng tsa fella ka “tšabo e khōlō [e ileng ea oela] Europe Bophirimela, mahlakore ka bobeli a ipolela hore ke likofuto tsa khalefo ea Molimo.” Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea McClintock le Strong e bolela hore mabaka a ileng a fanoa ho lokafatsa mofuta ona oa ntoa, “ka ho hlakileng a bakiloe ke takatso ea ho khotsofatsa babusi, ’me a hanyetsoa ka ho toba ke thuto ea Bokreste ba pele le moelelo oohle oa Kosepele.”—Jakobo 4:4.
Na ba Hanyetsa Ntoa ka ho Feletseng?
Leha ho le joalo, na ‘thuto ea Bokreste ba pele le moelelo oohle oa Kosepele’ li hlile li khahlanong le ntoa? Na ka sebele Bakreste ba pele ba ne ba ka hlalosoa e le batho ba khahlanong le ntoa, joalokaha ho hlalositsoe pejana? Che! Hobane’ng? Taba ea pele, ba ne ba hlokomela hore Molimo o na le tokelo ea ho loana. (Exoda 14:13, 14; 15:1-4; Joshua 10:14; Esaia 30:30-32) Ho feta moo, ha ho mohla ba kileng ba belaella tokelo ea Molimo ea ho laela Iseraele ea boholo-holo ho mo loanela nakong eo sechaba seo se neng se sebetsa e le kofuto e le ’ngoe ea hae lefatšeng.—Pesaleme ea 144:1; Liketso 7:45; Baheberu 11:32-34.
Molimo ha a na tokelo feela empa o boetse o na le tlamo motheong oa toka hore a tlose batho ba khopo lefatšeng. Baetsalibe ba bangata ha ho mohla ba tla ke ba arabele boipiletsong bo nang le mamello ba Molimo ba hore ba fetole litsela tsa bona. (Esaia 45:22; Matheu 7:13, 14) Ho mamella ha Molimo bokhopo ho na le meeli. (Esaia 61:2; Liketso 17:30) Ka lebaka leo, Bakreste baa hlokomela hore qetellong Molimo o tla sebelisa matla ho tlosa batho ba khopo lefatšeng. (2 Petrose 3:9, 10) Joalokaha Bibele e bolela esale pele, sena se tla etsahala “tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.”—2 Bathesalonika 1:6-9.
Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa khohlano ena e le ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ kapa Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) E re Jesu Kreste o tla etella pele ho eona, ’me e re o “ntšetsa pele ntoa ka ho loka.” (Tšenolo 19:11, 14, 15) Ka nepo Jesu Kreste o bitsoa “Morena oa khotso.” (Esaia 9:6) Empa eena ha a khahlanong le ntoa. O se a loanne ntoa leholimong ho tlosa lira tsohle tsa marabele tsa Molimo. (Tšenolo 12:7-9) Haufinyane o tla loana ntoa e ’ngoe ho “senya ba senyang lefatše.” Leha ho le joalo, balateli ba hae lefatšeng ba ke ke ba nka karolo ho lihuoeng ha kahlolo eo ea bomolimo.—Tšenolo 11:17, 18.
Bakreste ba ’nete ba rata khotso. Ba lula ba sa nke lehlakore ka ho feletseng likhohlanong tsa lefatše tsa sesole, lipolotiki le merabe. Empa ho bua ’nete, ha ba khahlanong le ntoa. Hobane’ng? Hobane ba amohela ka thabo ntoa ea Molimo eo qetellong e tla tiisa hore thato ea hae ea etsoa lefatšeng—ntoa e tla rarolla khang e khōlō ea bobusi ba bokahohleng le e tla felisa ka ho sa feleng lefatšeng lira tsohle tsa khotso.—Jeremia 25:31-33; Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Christ Mocked/The Doré Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.