Khatello ea Kelello—E ka Laoloa!
“Kamehla bophelong ho tla lula ho e-na le khatello ea kelello ’me seo re hlileng re lokelang ho se hlahloba ke tsela eo re itšoarang ka eona ho e-na le ho leka ho tlosa khatello ea kelello.”—Mongoli ea tsebahalang litabeng tsa bophelo, Leon Chaitow.
BIBELE e boletse esale pele hore “matsatsing a ho qetela,” ho tla ba teng “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Tumellanong le boprofeta—bopaki bo bontša ka ho hlakileng hore re phela nakong eo, kaha batho ke “ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso.”—2 Timothea 3:1-5.
Hase ho makatsang hore ebe ho thata hakana ho lula u e-na le khutso e itseng! Esita le ba lekang ho phela ka khotso ba ka ameha. Mopesaleme Davida o ile a ngola: “Mahlomola a ea lokileng a mangata.” (Pesaleme ea 34:19; bapisa le 2 Timothea 3:12.) Leha ho le joalo, ho na le ho hongata hoo u ka ho etsang ho fokotsa khatello ea kelello e le hore e se ke ea u sithabetsa. Nahana ka litlhahiso tse latelang.
Itlhokomele
Hlokomela seo u se jang. Ho ja lijo tse matlafatsang ho akarelletsa ho ja liprotheine, litholoana, meroho, lijo-thollo le lihlahisoa tsa lebese. Ela hloko phofo e tšoeu e thumisehileng le mafura a liphoofolo. Hlokomela tšebeliso ea hao ea letsoai, tsoekere e tšoeu, joala le caffeine. Ntlafatsa lijo tseo u li jang, ’me khatello ea kelello e ka ’na ea se ke ea u hlasela habonolo.
Ikoetlise. Bibele ea eletsa: “Koetliso ea ’mele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8) Ka sebele, boikoetliso bo itekanetseng empa bo etsoa kamehla—ba bang ba buella hore bo etsoe ka makhetlo a mararo ka beke—bo matlafatsa pelo, bo ntlafatsa ho phalla ha mali, bo theola k’holeseterole le ho fokotsa menyetla ea ho tsietsana ha pelo. Ho feta moo, boikoetliso bo hlahisa boikutlo ba ho ba ea phetseng hantle, mohlomong ka lebaka la mofuta oa maro a lokolloang nakong ea ha ho etsoa mosebetsi o boima.
Robala ka ho lekaneng. Ho haelloa ke boroko hoa khathatsa ’me ho fokotsa bokhoni ba hao ba ho laola khatello ea kelello. Haeba u e-na le bothata ba ho robala, leka ho ba le nako e tsitsitseng ea ho robala le ea ho tsoha. Ba bang ba buella hore nako ea ho re shoa! e lekanyetsoe ho metsotso e 30 e le hore motho a se ke a hlobaela bosiu.
Hlophiseha. Batho ba hlophisang nako ea bona ba boemong bo molemonyana ba ho atleha ho sebetsana le khatello ea kelello. E le hore u hlophisehe, qala pele ka ho khetha mesebetsi e lokelang ho tla pele. Ho latelang, etsa kemiso e le hore u tle u se ke ua e hlokomoloha.—Bapisa 1 Bakorinthe 14:33, 40 le Bafilippi 1:10.
Boloka Likamano Tse Ntle
Batla tšehetso. Linakong tsa khatello ea kelello, ba nang le metsoalle le batho bao ba ba tloaetseng ba fumana bonyane tšireletso e itseng e ba sireletsang ho sithabeleng. Ho fumana motsoalle a le mong feela eo u mo tšepang le eo u mo bolellang makunutu a hao ho ka etsa phapang. Maele a Bibele a re: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.”—Liproverbia 17:17.
Rarolla likhohlano. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.” (Baefese 4:26) Bohlale ba ho potlakela ho rarolla liphapang ho e-na le ho boloka bohale bo bontšitsoe ke phuputso e entsoeng ho mahlatsipa a 929 a ho tsietsana ha pelo. A ratang ntoa a ne a e-na le menyetla e meraro ea hore pelo e khaotse ho otla lilemong tse leshome ka mor’a hore a be le ho tsietsana ha pele ho feta bo-’mphato ba ’ona ba nang le botho bo bonolo. Bahlophisi ba phuputso eo ba bontša hore le hoja ho bonahala eka bohale ke bona sesosa se matla, boikutlo leha e le bofe bo matla bo fosahetseng bo hlahisang maro a phahameng a khatello ea kelello ’meleng bo ka ba le phello e tšoanang. Liproverbia 14:30 e re: “Mōna o bolisa masapo.”
E-ba le nako ea lelapa. Batsoali ba Baiseraele ba ne ba laetsoe hore ba qete nako le bana ba bona, ba kenya melao-motheo e lokileng lipelong tsa bona. (Deuteronoma 6:6, 7) Tlamo e neng e e-ba teng e ne e hōlisa bonngoe ba lelapa—e leng ntho e haellang ka ho soabisang kajeno. Phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore banyalani ba bang ba sebetsang ba qeta ka karolelano metsotso e 3,5 feela ka letsatsi ba bapala le bana ba bona. Leha ho le joalo, lelapa la hao e ka ba mohloli o matlahali oa tšehetso ha u tobane le khatello ea kelello. Buka e ’ngoe e buang ka khatello ea kelello e re: “Lelapa le u fa tokelo e ikhethang e se nang meeli ea ho ba setho sehlopheng se fanang ka tšehetso ea maikutlo se hlileng se tsebang seo u leng sona le seo u se ratang. Mosebetsi o kopanetsoeng oa lelapa ke e ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho fokotsa khatello ea kelello.”
E-ba ea Leka-lekaneng Bophelong ba Hao
E-ba le kahlolo e molemo. Motho ea lulang a ikimelitse ’meleng le maikutlong ke phofu e ka sehloohong ea mokhathala o feteletseng le ho tepella maikutlo ho ka ’nang ha e-ba teng. Ho ba ea iteka-tekanetseng ke ntlha ea bohlokoa. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Bohlale bo tsoang holimo . . . [bo na le] kahlolo e molemo.” (Jakobo 3:17; bapisa Moeklesia 7:16, 17 le Bafilippi 4:5.) Ithute ho hana likōpo tse batlang se ka holimo ho seo u ka khonang ho se finyella ka katleho.
U se ke ua ipapisa le motho e mong. Bagalata 6:4 e re: “E mong le e mong a a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, ’me joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.” E, esita le litabeng tsa borapeli, Molimo ha a etse lipapiso tse sa thabiseng, tsa ho batla se fetang seo maemo a rōna ka bomong a re lumellang sona. O amohela limpho tsa rōna le mahlabelo a rōna ‘ho ea ka seo re nang le sona, eseng ho ea ka seo re se nang sona.’—2 Bakorinthe 8:12.
E-ba le nako ea boikhathollo. Esita le Jesu, le hoja a ne a sebetsa ka thata, o ne a e-na le nako ea ho phomola le balateli ba hae. (Mareka 6:30-32) Mongoli ea bululetsoeng oa Moeklesia o ile a hlokomela hore boikhathollo bo hahang bo molemo. O ile a ngola: “Ka ba ka rorisa thabo, ka ho re, ha ho se ka bang molemo ho motho tlas’a letsatsi, ha e se ho ja le ho noa le ho itumela; ke seo a se sietsoeng bakeng sa mokhathala oa hae oa matsatsi ’ohle a ho phela ha hae, ao Molimo o mo neileng ’ona tlas’a letsatsi.” (Moeklesia 8:15) Boithabiso bo itekanetseng bo ka khatholla ’mele ’me ba thusa le ho fokotsa khatello ea kelello.
E-ba le Pono e Leka-lekaneng ka Khatello ea Kelello
Ha u tobane le maemo a nyotobetsang:
U se ke ua etsa qeto ea hore Molimo ha a u amohele. Bibele e re bolella hore Anna, mosali ea tšepahalang, o ne a “hlokofetse moeeng” (“o ne a tšoenyehile haholo,” BPN) ka lilemo tse ngata. (1 Samuele 1:4-11) Pauluse ha a le Macedonia, o ne a “tšoenyeha ka mekhoa eohle.” (2 Bakorinthe 7:5, BPN) Jesu, pele ho lefu la hae, o ile a “ba bohlokong bo otlang pelo,” ’me khatello kelellong ea hae ea e-ba matla hoo “mofufutso oa hae [o ileng] oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.”a (Luka 22:44) Bana e ne e le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo. Ka hona, ha ho lebaka la hore u etse qeto ea hore Molimo o u lahlile ha u le tlas’a khatello ea kelello.
Ithute ka maemo a hao a sithabetsang. Pauluse o ile a ngola hore o tiiselitse “moutloa nameng,” ntle ho pelaelo bokuli bo neng bo mo sithabetsa haholo. (2 Bakorinthe 12:7) Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang hlano hamorao, o ile a re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ka bobeli ho ba le ho hongata haholo le ho hloka. Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilippi 4:12, 13) Pauluse ha aa ka a thabela “moutloa o nameng” ea hae, empa o ile a o tiisetsa, a ithuta kamoo a ka itšetlehang ka ho feletseng ka Molimo bakeng sa matla kateng.—Pesaleme ea 55:22.
Hlaolela Bomoea
Bala ’me u thuise ka Lentsoe la Molimo. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ho nahana le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo ke habohlokoa. Hangata, ka ho etsa boiteko bo matla ba ho batlisisa ka Mangolong, re fumana lentsoe le nepahetseng la khothatso leo re le hlokang bakeng sa ho tobana le letsatsi leo ka katleho. (Liproverbia 2:1-6) Mopesaleme o ile a ngola: “Pelo ea ka ha e tletse lipelaelo, matšeliso a hao [Molimo] a hlabolla moea oa ka.”—Pesaleme ea 94:19.
Rapela kamehla. Pauluse o ile a ngola: “Likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilippi 4:6, 7) E, “khotso ea Molimo” e ka phahamela maikutlo a rōna a khathatsehileng ’me ea a khutsisa, esita leha ho hlokahala “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.”—2 Bakorinthe 4:7.
E-ba teng libokeng tsa Bokreste. Phutheho ea Bokreste e fana ka tšehetso ea bohlokoa, kaha ba kopanelang le eona ba phehelloa ho ‘susumeletsana leratong le mesebetsing e metle le ho khothatsaneng.’ Ke ka lebaka le letle, Pauluse a ileng a bolella Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo hore ba ‘se tlohele ho bokana ha bona hammoho.’—Baheberu 10:24, 25.
Tšepo e Tiileng
Ke ’nete hore ho fokotsa khatello ea kelello hangata hase taba ea ho latela mokhoa o itseng feela. Hangata, ho hlokahala liphetoho tse khōlō monahanong. Ka mohlala, ho ka ’na ha hlokahala hore motho a ithute litsela tse ncha tsa ho sebetsana le maemo a hae e le hore a se ke a mo sithabetsa. Maemong a mang ho ba tlas’a khatello ea kelello ka makhetlo a ’maloa kapa ho ba tlas’a khatello e matla ea kelello ho ka ’na ha etsa hore ho hlokahale hore ho batloe tlhokomelo e tšoanelehang ea bongaka.
Ke ’nete hore ha ho motho eo kajeno a phelang bophelo bo se nang khatello e mpe ea kelello ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Bibele e re tiisetsa hore haufinyane Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae bathong ’me a felise maemo a ba bakelang khatello e kotsi hakana. Ho Tšenolo 21:4, re bala hore Molimo o tla “hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ka mor’a moo, batho ba tšepahalang ba tla lula ba sireletsehile. Moprofeta Mikea o boletse esale pele: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”—Mikea 4:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mofufutso o mali o tlalehoa o e-ba teng maemong a itseng ha kelello e le tlas’a khatello e feteletseng. Ka mohlala, boemong boo ho bona letlalo le ntšang mali, ho tsoa mofufutso o kopaneng le mali kapa ’mala oa mali kapa mokelikeli oa ’mele o tsoakaneng le mali. Leha ho le joalo, ho ke ke ha boleloa ka kholiseho hore na ke sefe se hlileng se etsahetseng tabeng ea Jesu.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Khatello Ea Kelello Le Tšebetso Ea Ho Buuoa
Lingaka tse ling li hlahloba boemo ba khatello ea kelello ho bakuli ba tsona pele li ba isa ka kamoreng ea ho buoela. Ka mohlala, Dr. Camran Nezhat, ngaka e buoang o re:
“Haeba motho ea lokelang ho buuoa a mpolella hore o tšohile letsatsing leo ’me ha a batle ho buuoa, ke tlohela tšebetso eo ea ho mo buoa.” Hobane’ng? Nezhat oa hlalosa: “Ngaka e ’ngoe le e ’ngoe e buoang ea tseba hore batho ba tšohileng ka ho feteletseng ha ba il’o buuoa, lintho ha li ba tsamaele hantle. Ba tsoa mali a mangata, ba tšoaetseha habonolo ’me ba ba le mathata a eketsehileng. Ba lieha ho hlaphoheloa. Ho batla ho le molemo ha ba phutholotse ’mele.”
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho hlaolela bomoea ho ka u thusa hore u lule u e-na le khutso
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho itlhokomela ’meleng ho fokotsa khatello ea kelello
Ho phomola
Ho ja lijo tse matlafatsang
Ho ikoetlisa