Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
“Kaha khatello ea kelello ke tsela e sa tobang eo ’mele o arabelang ka eona tlhokong leha e le efe, motho e mong le e mong kamehla o na le khatello e itseng kelellong.”—Dr. Hans Selye.
HORE seletsi sa violin se hlahise ’mino, likhoele tsa seletsa sa hae li lokela ho tiea—empa ka tekanyo e itseng feela. Haeba li tiile haholo, li tla khaoha. Empa haeba likhoele li khoehlile haholo, ha li na ho hlahisa molumo. Ho na le tekanyo e loketseng kae-kae pakeng tsa lintlha tseo tse peli.
Hoa tšoana le ka khatello ea kelello. Ho hatelleha haholo ho ka ba kotsi, joalokaha re se re bone. Empa ho thoe’ng haeba ho se khatello ea letho kelellong? Le hoja, hoo ho ka utloahala e le ho khahlang, ’nete ke hore u hloka khatello ea kelello—bonyane ka tekanyo e itseng. Ka mohlala, nka hore u tšela ’mila, ’me ka tšohanyetso u hlokomela koloi e tlang ka lebelo e u tobile. Ke khatello ea kelello e u nolofalletsang hore u tsoe kotsing—ka potlako!
Empa khatello ea kelello ha e thuse feela maemong a tšohanyetso. U boetse u hloka khatello ea kelello e le hore u finyelle mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Motho e mong le e mong o na le khatello e itseng ea kelello ka nako eohle. Dr. Hans Selye o re: ‘Tsela feela ea ho qoba khatello ea kelello ke ho shoa.’ O phaella ka hore polelo e reng “o tlas’a khatello ea kelello” ha e bolele letho ho tšoana le polelo e reng “o na le mocheso o mongata.” Selye o re: “Seo re hlileng re se bolelang ka lipolelo tseo, ke khatello e fetisisang ea kelello kapa mocheso o fetisisang oa ’mele.” Ka moelelo ona, ho ikhatholla le hona ho hloka khatello ea kelello, ’me ho joalo le ka ho robala, kaha pelo ea hao e tlameha ho tsoela pele e otla ’me matšoafo a hao a sebetsa.
Mefuta e Meraro ea Khatello ea Kelello
Feela joalokaha ho e-na le litekanyo tse sa tšoaneng tsa khatello ea kelello, ho boetse ho na le mefuta e sa tšoaneng.
Ho hatelleha kelello ho nyotobetsang ho bakoa ke mathata a letsatsi le letsatsi a bophelo. Hangata, ho amana le maemo a sa thabiseng a hlokang ho lokisoa. Kaha maemo ana ke a tšohanyetso le a nakoana feela, hangata ho ka sebetsanoa le khatello eo ea kelello. Ke ’nete hore ho na le ba bang bao e reng ha ba tsoa bothateng bona ba potlakele ho kena ho bo bong—ha e le hantle, ho se hlophisehe ho bonahala e le karolo ea botho ba bona. Esita le bona boemo bona bo nyotobetsang bo ka laoloa. Leha ho le joalo, motho ea bothateng a ka ’na a hana ho fetoha, ho fihlela a hlokomela phello eo bophelo ba hae bo matono-mapesa bo bang le eona ho eena le ba mo pota-potileng.
Le hoja, ho hatelleha kelello ho nyotobetsang e le ha nakoana, ho sa khaotseng hona ho nka nako e telele. Motho ea bothateng ha a bone tsela ea ho tsoa boemong ba hae bo nyahamisang, ebang ke ba tlokotsi ea bofutsana kapa mesarelo ea mosebetsi o khesehang—kapa ho hloka mosebetsi. Ho hatelleha kelello ho sa khaotseng ho ka boela ha hlahisoa ke mathata a tsoelang pele a lelapa. Ho oka mong ka motho ea kulang le hona hoa nyahamisa. Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, khatello ea kelello e sa khaotseng e qeta motho ea nyahameng letsatsi le letsatsi, beke le beke, khoeli le khoeli. Buka e ’ngoe e buang ka hona e re: “Tšobotsi e mpe ea ho hatelleha kelello ho nyahamisang ke hore batho baa ho tloaela. Batho ba hlokomela ho hatelleha kelello ho nyotobetsang kapele kaha ho hocha; ba hlokomoloha ho sa khaotseng kaha ke ha khale, ’me ho tloaelehile, hape ka linako tse ling, ho batla ho khatholla.”
Ho hatelleha kelello ho sithabetsang ke phello ea tlokotsi e ferekanyang, e kang ea peto, ho hlaheloa ke kotsi, kapa koluoa ea tlhaho. Batho ba bangata ba kileng ba ea ntoeng le ba phonyohileng likampong tsa mahloriso ba hlokofatsoa ke mofuta ona oa khatello ea kelello. Matšoao a ho hatelleha kelello ho sithabetsang a ka ’na a akarelletsa ho hopola ka ho hlaka boemo boo bo sithabetsang, esita le lilemo hamorao, hammoho le ho angoa habonolo ke liketsahalo tse fokolang. Ka linako tse ling motho ea bothateng bona o fumanoa a e-na le boemo ba ho ferekana kelellong ho bang teng ka mor’a koluoa (PTSD [post-traumatic stress disorder]).—Bona lebokose le ka holimo.
Ho Ameha Habonolo Kelellong
Ba bang ba bolela hore tsela eo re itšoarang ka eona hona joale khatellong ea kelello e itšetlehile haholo ka hore na nakong e fetileng re bile le khatello e kae ea kelello hona e le ea mofuta ofe. Ba bolela hore liketsahalo tse sithabetsang ha e le hantle li ka fetola “tšebetso” ea lik’hemik’hale tsa boko, ’me tsa siea motho a ameha habonolo kelellong nakong e tlang. Ka mohlala, phuputsong ea batho ba 556 ba bileng Ntoeng ea II ea Lefatše, Dr. Lawrence Brass o fumane hore monyetla oa hore ba otloe ke stroke o ne o imena ka makhetlo a robeli ho bao e neng e le batšoaruoa ba ntoa ho feta ho bao e neng e se bona—esita leha boemo boo bo sithabetsang bo se bo fetile ka lilemo tse 50. “Khatello ea kelello e tlisoang ke ho ba POW [prisoner of war (motšoaruoa oa ntoa)] e ne e le matla hoo e ileng ea fetola tsela eo batho bao ba itšoarang ka eona khatellong ea kelello nakong e tlang—e entse hore ba amehe habonolo.”
Litsebi li bolela hore liketsahalo tse hatellang kelello tseo motho a fetileng ho tsona bongoaneng ha lia lokela ho khelloa fatše, kaha li ka ba le phello e khōlō. Dr. Jean King o re: “Bana ba bangata ba hlaheloang ke litlokotsi ha ba isoe ngakeng. Ba kenyakenyana le bothata ka bobona, ’me ba itsoella pele le bophelo, ’me qetellong lilemo hamorao ba tla ho rōna ngakeng, ba se ba e-na le ho tepella maikutlo kapa lefu la pelo.” Ka mohlala, nahana ka tlokotsi ea ho shoeloa ke motsoali. Dr. King o re: “Khatello e matla joalo kelellong e bang teng bocheng ba hao e ka ’na ea fetola ka ho feletseng tšebetso ea lik’hemik’hale tsa boko, ea bo siea bo se bo sa khone ho sebetsana ka tsela e tloaelehileng le khatello ea kelello ea letsatsi le letsatsi.”
Ke ’nete hore tsela eo motho a itšoarang ka eona khatellong ea kelello e ka itšetleha le ka maemo a mang a ’maloa, ho akarelletsa botho ba hae le tšehetso eo a e fumanang ho mo thusa ho sebetsana ka katleho le liketsahalo tse nyotobetsang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sesosa sa eona, khatello ea kelello e ka laoloa. Ke ’nete hore sena ha se bonolo. Dr. Rachel Yehuda oa hlokomela: “Ho bolella motho ea anngoeng ke khatello ea kelello hore a phutholohe ho tšoana le ho bolella motho ea hlobaelang bosiu hore a robale.” Leha ho le joalo, ho na le ho hongata hoo motho a ka ho etsang ho fokotsa khatello ea kelello, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Khatello Ea Kelello Mosebetsing—“Bothata Ba Lefatše Lohle”
Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e re: “Khatello ea kelello ke bo bong ba mathata a tebileng ka ho fetisisa bophelong lekholong lena la bo20 la lilemo.” Boteng ba eona boa hlokomeleha mesebetsing.
• Lenane la litletlebo tsa ba nang le khatello ea kelello tse entsoeng ke bahlanka ba ’muso Australia le eketsehile ka karolo ea 90 lekholong ka nako ea lilemo tse tharo feela.
• Phuputso e ’ngoe Fora e senotse hore karolo ea 64 lekholong ea baoki le karolo ea 61 lekholong ea matichere e bolela hore e utloisoa bohloko ke tikoloho e nyahamisang eo ba sebeletsang ho eona.
• Maloetse a bakoang ke khatello ea kelello a bitsa chelete e hakanyetsoang ho liranta tse limilione tse likete tse 900 selemo le selemo, United States. Ho hakanngoa hore karolo ea 75 ho ea ho ea 85 lekholong ea likotsi tsohle tse etsahalang mesebetsing ea khoebo li bakoa ke ho ba le khatello ea kelello.
• Linaheng tse ngata, ho fumanoe basali ba e-na le khatello ea kelello ho feta banna, mohlomong hobane ba leka ho leka-lekanya mesebetsi e mengata lapeng le mosebetsing.
Ka sebele khatello ea kelello e bakoang ke mosebetsi ke “bothata ba lefatše lohle,” joalokaha tlaleho ea Machaba a Kopaneng e e bitsa joalo.
[Lebokose le leqepheng la 26]
PTSD—tsela E Tloaelehileng Ea Ho Itšoara Maemong A Sa Tloaelehang
‘Likhoeli tse tharo ka mor’a hore koloi ea rōna e bjaramane, ke ne ke ntse ke sitoa ho khaotsa ho lla, kapa ho khaleha bosiu. Ho tsoa ka tlung ho ne ho tšosa.’—Louise.
LOUISE o na le ho ferekana kelellong ho bang teng ka mor’a koluoa (PTSD [post-traumatic stress disorder]), e leng boloetse bo fokolisang bo bonahalang ka ho hopola kapa ho lora ketsahalo e sithabetsang ho tlang nako le nako le ka tšohanyetso. Motho ea nang le PTSD a ka ’na a boela a nyarosoa ke lintho ’me a lula a batla ho itšireletsa. Ka mohlala, setsebi sa kelello Michael Davis, o bua ka motho e mong ea kileng a ba ntoeng Vietnam eo letsatsing la hae la lechato a ileng a ikakhela ka har’a lihlahla ha a utloa molumo oa ho thoathoaretsa ha koloi. Davis o re: “E lokela hore ebe ho bile le lipontšo tsa mefuta eohle tikolohong eo ho mo bolella hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaea hantle. E ne e le ka mor’a lilemo tse 25; o ne a le United States, eseng Vietnam; . . . o ne a apere baki e tšoeu, eseng junifomo ea ntoa. Empa ha mehopolo ea nakong e fetileng e khutla, o batla ho ipata.”
Boemo bo sithabetsang lebaleng la ntoa ke sesosa se seng sa PTSD. Ho ea ka The Harvard Mental Health Letter, bothata boo bo ka hlahisoa ke “ketsahalo kapa letoto la liketsahalo tse amang lefu ka ho toba kapa tse sokelang ka lefu kapa kotsi e tebileng kapa tse ka ’nang tsa lematsa ’meleng. Mohlomong e ka ba koluoa ea tlhaho, kotsi, kapa ketso e etsoang ke motho: moroallo, mollo, tšisinyeho ea lefatše, ho soahlamana ha koloi, ho hlaseloa ka libomo, ho thunngoa, ho hlokofatsoa, ho koeteloa, ho hlaseloa ka mabifi, ho betoa, kapa ho hlekahlekoa ha bana.” Ho bona feela ketsahalo e sithabetsang kapa ho tseba ka eona—mohlomong ho bona bopaki ba eona bo tšosang kapa lifoto—ho ka ’na ha baka matšoao a PTSD, haholo-holo haeba batho ba amehang e le litho tsa lelapa kapa metsoalle e haufi.
Ke ’nete hore batho ba itšoara ka litsela tse fapaneng maemong a sithabetsang. The Harvard Mental Health Letter ea hlalosa: “Batho ba bangata ba bang le phihlelo e sithabetsang ha ba be le matšoao a tebileng a lefu la kelello, ’me esita leha ba e-ba le matšoao ao, hase hore a hlile a ka sebōpeho sa PTSD.” Ho thoe’ng ka bao khatello ea kelello e ba bakelang PTSD? Ka mor’a nako, ba bang ba khona ho sebetsana le maikutlo a amahanngoang le boemo boo bo sithabetsang ’me baa hlaphoheloa. Ba bang ba lula ba loantša mehopolo ea ketsahalo eo e sithabetsang esita leha e se e le lilemo tse ngata e etsahetse.
Mahlakoreng ka bobeli, ba nang le bothata ba PTSD—le ba batlang ho ba thusa—ba lokela ho hopola hore ho hlaphoheloa ho hloka mamello. Bibele e phehella Bakreste hore ba “bue ka mokhoa o tšelisang le lisoule tse tepeletseng maikutlo” le ho ba le “tiisetso ho bohle.” (1 Bathesalonika 5:14) Louise, ea qotsitsoeng sethathong, ho ile ha feta likhoeli tse hlano pele a ka boela a khanna koloi. Lilemo tse ’nè ka mor’a kotsi eo o ile a re: “Ho sa tsotellehe tsoelo-pelo eo ke e entseng, ho ’na ho khanna e ke ke ea hlola e e-ba phihlelo e thabisang joaloka pele. Ke ntho eo ke tlamehang ho e etsa, kahoo kea e etsa. Empa ke entse tsoelo-pele e khōlō ho tloha ha ke ne ke ikutloa ke tsielehile ka mor’a hore kotsi eo e etsahale.”
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Basebetsi ba bangata ba liofising ba na le khatello ea kelello
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Hase khatello e ’ngoe le e ’ngoe ea kelello e mpe ho uena