Khatello ea Kelello—“Chefo e Bolaeang Butle”
“Re utloa ka linako tsohle batho ba re, ‘U se ke ua tšoenyeha hakana hoo u ka bang ua kula.’ Mohlomong ha ba hlokomele hore ho hlile ho na le lebaka la seo ’meleng.”—Dr. David Felten.
JILL, ’mè ea se nang monna ea nang le mora ea lilemong tsa bocha, chelete e qephang bankeng, a bile a sa isane hantle le batsoali ba hae, o ne a se a ntse a e-na le lebaka le utloahalang la hore a ikutloe a hatellehile kelellong. Eaba, ka tšohanyetso, o siphoha lekhopho le hlohlonang le bohloko letsohong. O ile a leka ho sebelisa meriana e loantšang likokoana-hloko, litlolo tsa cortisone le antihistamine, empa ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea thusa. Ho e-na le hoo, lekhopho leo le ile la namela hohle ’meleng oa Jill, ho kopanyelletsa le sefahlehong. Ka sebele o ne a tšoenngoa ke khatello ea kelello.
Jill o ile a isoa tleliniking ea letlalo e hlahlobang boemo ba maikutlo ba bakuli ba eona. Dr. Thomas Gragg, e mong oa bathehi ba tleliniki eo o re: “Re leka ho fumana se etsahalang bophelong ba bona.” Hangata o fumana hore batho ba nang le mathata a tebileng a letlalo ho hlokahala hore ba thusoe ho laola maikutlo a bona a hatellehileng, ho tlatsetsa tlhokomelong ea bongaka. Dr. Gragg oa lumela: “E ne e tla ba ho bebofatsa taba ka ho feteletseng ho bolela hore tsela eo u ikutloang ka eona kapa u itšoarang ka eona e baka mathata a letlalo. Empa re ka bolela hore boemo ba motho ba maikutlo bo phetha karolo e khōlō mathateng a letlalo, ’me ha rea lokela ho fa mokuli litlolo tsa steroid mocha-o-chele re sa mo thuse ho sebetsana le maikutlo a mo hateletseng bophelong.”
Jill o nahana hore ho ithuta ho sebetsana le khatello ea kelello ke hona ho mo boloketseng letlalo. O re: “Letlalo la ka le ntse le hlohlona, empa ha le sa le lebe joaloka pele.” Na ke boemo bo sa tloaelehang? Le hanyenyane. Lingaka tse ngata li lumela hore hangata khatello ea kelello ke eona sesosa sa mathata a mangata a letlalo, ho akarelletsa ho tsoa makhopho, litlapeli, lihloba le lekhoekhoe. Empa khatello ea kelello e ka u ama eseng feela letlalong.
Khatello ea Kelello le Matla a Hao a ’Mele a ho Loantša Mafu
Phuputso ea morao-rao tjena e bontša hore khatello ea kelello e ka hatella matla a hao a ’mele a ho loantša mafu, mohlomong ea etsa hore u tšoaetsehe mafu a ’maloa. Setsebi sa likokoana-hloko Ronald Glaser o re: “Khatello ea kelello ha e u kulise. Empa e eketsa menyetla ea hore u kule ka lebaka la seo e se etsang matleng a hao a ’mele a ho loantša mafu.” Ho na le bopaki bo hlileng bo kholisang bo amahanyang khatello ea kelello le mokhohlane, ntaramane le herpes. Le hoja re lula re pepesehetse likokoana-hloko tse joalo, matla a rōna a ’mele a ho loantša mafu ka tloaelo aa li loantša. Empa litsebi tse ling li bolela hore ha motho a hatellehile kelello, tšireletso ena e ka ’na ea hlōleha.
Mesebetsi e amehang ea ’mele ha e e-s’o utloisisoe ka ho feletseng, empa ba bang ba nahana hore maro a u susumelletsang ho etsa ketso e itseng ha u hatellehile kelellong a ka sitisa matla a hao a ’mele a ho loantša mafu ho sebetsa ha a ntse a phalla le mali. Hangata, sena hase ntho eo u ka amehang ka eona, kaha maro ana a mpa a sebetsa ka nakoana. Leha ho le joalo, ba bang ba bolela hore haeba motho a lula a hatellehile kelellong ’me a nyotobetse, matla a hae a ’mele a ho loantša mafu a ka ’na a hatelleha hoo a ka kulang habonolo.
Sena se ka ’na sa thusa ho hlalosa lebaka leo ka lona lingaka tsa Canada li hakanyang hore bakuli ba etsang karolo ea 50 ho ea ho ea 70 lekholong, ba tlang ngakeng, ba kulisoa ke khatello ea kelello, hangata ba tšoaroa ke hlooho, baa hlobaela bosiu, ba ba le mokhathala le mathata a mala. United States, ba hakanyetsoa palong e pakeng tsa karolo ea 75 le ea 90 lekholong. Dr. Jean King o ikutloa hore ha a fetelletse taba ha a re: “Khatello ea kelello e sa khaotseng e tšoana le chefo e bolaeang butle.”
Hase Lona Lebaka Feela Leha e le Hore ke Eona Pheko Feela
Ho sa tsotellehe se boletsoeng ka holimo, bo-rasaense ha baa kholiseha ka hore na khatello ea kelello ke eona feela e ka amang matla a ’mele a ho loantša mafu hoo e ka fetolang boemo ba motho ba bophelo. Kahoo, ho ke ke ha boleloa ka tieo hore motho e mong le e mong ea hatellehileng kelello, esita leha e le khatello ea ho ea ho ile, o tla tšoaroa ke lefu le itseng. Ka lehlakoreng le leng, ho ke ke ha thoe bosieo ba khatello ea kelello bo tla fana ka tiiso ea bophelo bo botle, leha e le hore ke bohlale ho hana tlhokomelo ea bongaka ka lebaka la khopolo e fosahetseng ea hore ho kula ho ka thibeloa ka ho ba le boikutlo ba tšepo le monahano o nepahetseng. Dr. Daniel Goleman oa lemosa: “Phello ea khopolo ena e thetsang ea hore boikutlo ba motho bo ka mo phekola boloetse leha e le bofe e bile ho baka pherekano le ho se utloisise ho hoholo tabeng ea hore na ke ho isa bohōleng bofe ho kula ho ka angoang ke kelello, ’me, mohlomong ho hobe le ho feta, ka linako tse ling e bile ho etsa hore batho ba ikutloe ba le molato ka ho tšoaroa ke boloetse bo itseng, joalokaha eka ke pontšo ea ho kheloha ho itseng boitšoarong ba bona kapa ea bomoea bo thekeselang.”
Ka hona, ho tlameha hore ho hlokomeloe hore sesosa sa ho kula e ka ba ka seoelo se lekanyetsoang boemong bo itseng ka ho toba. Ho ntse ho le joalo, kamano e teng pakeng tsa khatello ea kelello le ho kula e totobatsa bohlale ba ho ithuta ho bebofatsa ‘chefo ena e bolaeang butle’ neng le neng ha ho khoneha.
Pele re hlahloba hore na see se ka etsoa joang, a re ke re shebisiseng seo khatello ea kelello e hlileng e leng sona le kamoo e leng molemo kateng ho uena maemong a mang.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Maloetse A Mang A ’Nileng A Amahanngoa Le Khatello Ea Maikutlo
• ho kulisoa ke lintho tse itseng
• lefu la masapo le manonyeletso
• asma
• lehlaba ka mokokotlong, molaleng le mahetleng
• mokhohlane
• ho tepella maikutlo
• letšollo
• ntaramane
• mathata a mala
• ho tšoaroa ke hlooho
• mathata a pelo
• ho hlobaela bosiu
• hlooho e opang habohloko
• liso tsa ka maleng tse amanang le ho siloa ha lijo
• ho se sebetse hantle ha litho tsa botona kapa tsa botšehali
• mathata a letlalo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Bakuli ba bangata ba ea ngakeng ka lebaka la khatello ea kelello