Ho Tšoarela le ho Lebala na ho ka Khoneha?
HO SE ho fetile lilemo tse fetang 50 ho tloha ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala, ka 1945. Ntoa eo e akaretsang e bile e sehlōhō le e senyang ka ho fetisisa paleng eohle ea motho.
Ntoa ea II ea Lefatše e nkile lilemo tse tšeletseng ’me ea bolaea batho ba ka bang limilione tse 50, ho akarelletsa le ba seng sesoleng. Ba bang ba bangata ba ile ba holofala ’meleng, kelellong le maikutlong. Ho ba bangata ba phetseng lilemong tseo tsa tlokotsi ea ntoa, bohloko ba mehopolo ea masetla-libete a entsoeng le ba tahlehelo ea baratuoa ba bona bo ntse bo e-s’o fole.
Ho sa hopoleha masetla-libete a entsoeng ke Manazi Polaong e Sehlōhō, eo ho eona ho ileng ha bolaoa batho ba limilione ba se nang molato. Europe le Asia, masetla-libete a mangata a ile a etsoa ke mabotho a hlaselang, a neng a bolaea, a beta, a hapa le ho tšosa baahi. Ho feta moo, batho ba bangata haholo ba ile ba hlaseloa ka litlhaselo tsa moeeng tse ileng tsa timetsa, tsa lematsa le ho bolaea banna, basali le bana ba bangata ba se nang molato. Masole a limilione a neng a le mabaleng a fapa-fapaneng a ntoa le ’ona a ile a mamella maemo a boima.
Maqeba a Kelello le Maikutlo
Maqeba a mangata a kelello le maikutlo a bakiloeng ke liketsahalo tse nyarosang tse etsahetseng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ha a hlakohe likelellong tsa batho ba bangata ba phetseng nakong eo le ba ntseng ba phela le kajeno. Ba ne ba ka rata ho hlakola mehopolo eo eohle e tšosang, e bohloko. Empa ha ba khone ho etsa joalo. Ho ba bang, litšoantšo tsa litlokotsi tse joalo li khutla e le tse hlokofatsang joaloka toro e mpe e tlang khafetsa.
Leha ho le joalo, ba bang ha ba batle ho lebala, mohlomong hobane ba batla ho iphetetsa kapa hobane ba batla ho hopola ba bolailoeng ka tlhompho. Ho feta moo, ho na le maikutlo a atileng a hore masetla-libete a nakong e fetileng a lokela ho lula a phela mehopolong ea lelapa la motho ka tšepo ea hore masetla-libete a joalo a ke ke a hlola a phetoa hape.
Lilemong tse seng kae tse fetileng, ka 1994-95, boikutlo bo neng bo aparetse mekete ea sehopotso sa selemo sa bo50 sa letsatsi la tlhaselo ea mabotho a kopaneng (ho fihla ha Mabotho a Selekane Normandy ka June 1944) le ho fela ha ntoa ea bobeli ea lefatše (ka May 1945) karolong ea Europe bo ile ba bontša hore ho hlile ho thata ho ba bangata ba boneng liketsahalo tseo ka mahlo, ho tšoarela le ho lebala. Hangata, pontšo leha e le efe ea poelano pakeng tsa bao e kileng ea e-ba lira ea thibeloa. Ke kahoo bao e kileng ea e-ba masole a Brithani ba ileng ba hana ho memela baemeli ba Jeremane moketeng oa sehopotso sa ho fihla ha Mabotho a Selekane Normandy.
Mabapi le masetla-libete a entsoeng ke Manazi Ntoeng ea II ea Lefatše le ho thatafalloa ho a tšoarela le ho a leballa, mongoli Vladimir Jankélévitch o ile a itlhalosa ka tsela ena: “Ha ho e-na le tlōlo ea molao e ferolang libete joalo, ke boikutlo ba tlhaho ho . . . halefa le ho loantša tšekamelo ea ho lebala le ho phehella batlōli ba molao—joalokaha baahloli ba Lekhotla le kopaneng la Nuremberg ba ile ba tšepisa—ho isa pheletsong ea lefatše.” Eena mongoli eo o ile a tsoela pele: “Ka thabo re ne re ka re, re fetola mantsoe a thapelo eo Jesu a e entseng ho Molimo Kosepeleng ho ea ka Mohalaleli Luka: Morena, u se ke ua ba tšoarela, kaha ba tseba seo ba se etsang.”—Bapisa le Luka 23:34.
Ka masoabi, ho tloha ka 1945 ho fihlela lena le holimo, ho etsahetse masetla-libete a mang a se nang palo—Cambodia, Rwanda, Bosnia, ha re bolela tse seng kae feela—a tsoetseng pele ho silafatsa lefatše ka mali. Masetla-libete ana a feletse ka ho shoa ha ba limilione, hammoho le ba bangata ba setseng e le bahlolohali le likhutsana, ba phela ba ferekane ’me ba e-na le mehopolo e nyarosang e bakoang ke liphello tsa boemo boo ba fetileng ho bona.
Ha ho pelaelo hore lekholo lena la bo20 la lilemo e bile la liketso tse sehlōhō ho feta leha e le lefe le leng. Ho fela ho le joalokaha boprofeta ba Bibele bo ile ba bolela ka nepo esale pele ka mehla ena—batho ba ipakile e le “ba bohale bo tšosang” le “ba hlokang lerato la se molemo.”—2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 6:4-8.
Ke’ng Seo re Lokelang ho se Etsa?
Ha ba thulana le bobatana bo joalo, batho ba itšoara ka litsela tse sa tšoaneng. Empa ho thoe’ng ka rōna? Na re lokela ho hopola? Kapa re lokela ho lebala? Na ho hopola ho bolela ho koetla lehloeo, bora bo tebileng ho bao e kileng ea e-ba lira tsa motho, ho hana ho ba tšoarela? Ka lehlakoreng le leng, na ho tšoarela ho bolela hore motho a ka lebala ka kutloisiso ea ho hlakola ka ho feletseng mehopolo e mebe?
’Mōpi oa batho, Jehova Molimo, o nahana’ng ka litlōlo tsa molao tse tšabehang tse ’nileng tsa etsoa mehleng ea rōna le mehleng e fetileng? Na o tla tšoarela baetsi ba liketso tseo? ’Me na hase morao haholo hore Molimo a buseletse ba bolailoeng liketsong tseo tsa masetla-libete? Na ho na le tšepo leha e le efe e tiileng ea hore masetla-libete ao a tla ke a fele, kaha a ’nile a etsahala ka lilemo tse likete? Molimo ea Matla ’Ohle o tla qetella a lokisitse mathata aa a rarahaneng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
U.S. Navy photo
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Bana bao batsoali ba bona ba bolailoeng ka sehlōhō ba bokane kampong ea baphaphathehi
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
UN PHOTO 186797/J. Isaac