Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 8/8 maq. 5-7
  • Na re Lokela ho Hopola Lintho Tsa Nako e Fetileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Lokela ho Hopola Lintho Tsa Nako e Fetileng?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ba ka Lebala ka Lebaka la Taelo e Ntšitsoeng?
  • Ba ka Ratang ho Hlakola Mehopolo Eo
  • Ha ba Lebale
  • Ke Hobane’ng ha ba Lokela ho Hopola?
  • Ho Tšoarela le ho Lebala na ho ka Khoneha?
    Tsoha!—1998
  • Masetla-libete—Tharollo ea Molimo ke Efe ho ’Ona?
    Tsoha!—1998
  • Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!
    Tsoha!—1989
  • Lipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolaoa ka Sehloho Ntoeng ea II ea Lefatše—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 8/8 maq. 5-7

Na re Lokela ho Hopola Lintho Tsa Nako e Fetileng?

“NA Bajuda ba ka lebala Polao e Sehlōhō?” Potso ena e ile ea botsoa ke Virgil Elizondo, e leng mookameli oa Mexican American Cultural Center e leng San Antonio, Texas. E re hopotsa hore masetla-libete a entsoeng lekholong lena la lilemo a ka siea letšoao le ke keng la hlakoleha mehopolong ea sechaba. Polao e neng e reretsoe ho timetsa ka ho feletseng morabe oa Maarmenia (1915-23) le ho bolaoa ha Macambodia ka bongata (1975-79) le tsona li tlameha ho balelloa har’a masetla-libete a lekholong lena la bo20 la lilemo. Leha ho le joalo, hase tsona tseo feela.

E le boiteko ba ho khothalletsa poelano pakeng tsa bahlaseluoa le bahlokofatsi ba bona, baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki ba ’nile ba khothalletsa batho ho lebala masetla-libete ao ba fetileng ho ’ona. Ka mohlala, sena se ile sa etsahala Athene, Greece, ka 403 B.C.E. Motse oo o ne o sa tsoa fihla pheletsong ea puso ea bohatelli ea Bahatelli ba Mashome a Mararo, puso ea lequloana le neng le felisitse, esita le ho bolaea, hoo e ka bang bahanyetsi bohle ba lona. Babusisi ba bacha ba ile ba leka ho tsosolosa kutloano ea sechaba ka ho ntša taelo ea tšoarelo e fanoang ke ’muso (ho tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “teselo” kapa “tebalo”) ho batšehetsi bohle ba puso e fetileng ea bohatelli.

Na ba ka Lebala ka Lebaka la Taelo e Ntšitsoeng?

Ho ka ’na ha batla ho ba bonolo ho leka ho hlakola mohopolo oa masetla-libete a entsoeng ho batho ba se nang molato ka ho ntša taelo. Babusi ba ka ’na ba etsa qeto ea ho etsa sena ka mabaka a menyetla ea bopolotiki, joalokaha ho etsahetse Greece ea boholo-holo le linaheng tse sa tšoaneng tsa Europe qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka mohlala, koranta ea La Repubblica e bolela hore ka 1946, Italy, e ile ea phatlalatsa taelo ea tšoarelo e fanoang ke ’muso ho baahi ba fetang 200 000 ba “molato oa ho kopanela, ka litsela tse sa tšoaneng, liketsong tsa tlōlo ea molao tsa puso ea Bofasista.”

Leha ho le joalo, liqeto tse etsoang ke mebuso kapa mekhatlo ea sechaba ke ntho e ’ngoe. Maikutlo a litho ka bomong tsa sechaba ke ntho e ’ngoe e fapaneng hōle. Ha ho khonehe hore molao o qobelle baahi ka bomong—mohlomong bahlaseluoa ba se nang boitšireletso lintoeng tse sehlōhō, lipolaong tse sehlōhō, kapa liketsong tse ling tsa bobatana—ho lebala mahlomola a nako e fetileng.

Lintoeng tsa lekholo lena la lilemo feela, ho shoele batho ba fetang limilione tse lekholo, ba bangata ba bona ka mor’a ho feta tlas’a mahlomola a ke keng a hlalosoa. Haeba re ne re lokela ho kenyelletsa le bohle ba ’nileng ba bolaoa lipolaong tse sehlōhō nakong ea khotso, masetla-libete a ne a tla ba mangata haholo. Batho ba bangata ba etsa boiteko bo tiileng ho tiisa hore ha ho le e ’ngoe ea tsona e lebaloang.

Ba ka Ratang ho Hlakola Mehopolo Eo

Ba khothalletsang hore mahlatsipa a masetla-libete kapa bana ba ’ona ba tšoarele le ho lebala liketso tseo hangata ba bolela hore ho hopola lintho tsa nakong e fetileng ke sesosa sa karohano feela, haholo-holo haeba ho se ho fetile mashome a lilemo. Ba bolela hore ho lebala hoa kopanya, ha ho hopola hona ho ke ke ha etsolla lintho tsa nako e fetileng, ho sa tsotellehe hore na li bile bohloko hakae.

Empa e le ha ba leka ho etsa hore batho ba lebale, ba bang ba ile bohōleng ba ho latola bonnete ba hore moloko oa batho o hlokofalitsoe ke tlōlo ea molao e tšabehang ka ho fetisisa. Ka mohlala, ba tšehelitsoe ke bo-rahistori ba ipitsang bantlafatsi, ba bang ba bolela hore ha ho mohla ho kileng ha e-ba le Polao e Sehlōhō.a Ba bile ba hlophisa maeto a ho ea bona moo e kileng ea e-ba likampo tsa lefu, joaloka ea Auschwitz kapa Treblinka, ’me ba bolella baeti hore ha ho mohla likamore tsa khase li kileng tsa e-ba teng libakeng tse joalo—’me sena ke ka pel’a lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo le qubu ea bopaki le lipampiri tse ngotsoeng.

Ho tla joang hore likhopolo tse joalo tsa bohata tsa bantlafatsi li atlehe bathong ba bang? Hobane ba bang ba ikhethela ho lebala boikarabelo ba bona le ba batho ba habo bona. Hobane’ng? Ka lebaka la bochaba, likhopolo tsa bona, kapa khethollo ea Bajuda kapa maikutlo a mang a joalo. Bantlafatsi ba bolela hore hang ha masetla-libete a lebaloa, boikarabelo boo boa fela. Empa batho ba bangata ba hanyetsa ka matla bantlafatsi bana ba se nang boikarabelo, bao rahistori e mong oa Lefora a ba bitsang “babolai ba mohopolo.”

Ha ba Lebale

Ho hlakile hore ho fela ho le thata hore ba ntseng ba phela ba lebale baratuoa ba bona ba shoeleng ntoeng kapa liketsong tse sehlōhō. Leha ho le joalo, ba bangata ba batlang ho hopola lipolao tse sehlōhō le tse neng li reretsoe ho timetsa ka ho feletseng merabe e itseng ba etsa joalo hobane ba tšepa hore thuto e ithutoang mahlomoleng a ba hlahetseng le a hlahetseng baratuoa ba bona e tla thusa ho qoba hore bobatana bo joalo bo boele bo etsahale.

Ke kahoo, ’muso oa Jeremane o entseng qeto ea ho keteka sehopotso sa selemo le selemo sa ho sibolloa ha lintho tse tšabehang tse neng li etsoa ke Manazi kampong ea mahloriso ea Auschwitz. Ho ea ka mopresidente oa Jeremane, sepheo ke hore “ho hopola ho tla sebeletsa e le temoso ho meloko e tlang.”

Ka ho tšoanang, ketekelong ea selemo sa bo50 Ntoa ea II ea Lefatše e letse, Mopapa John Paul II o ile a re: “Ha lilemo li ntse li feta, mehopolo ea Ntoa ha ea lokela ho fifala; ho e-na le hoo, e lokela ho fetoha thuto e matla bakeng sa moloko oa rōna le melokong e tlang ho tla.” Leha ho le joalo, ho tlameha ho boleloa hore Kereke e K’hatholike kamehla ha ea tsitsa mabapi le ho hopola masetla-libete le bahlaseluoa ba lilemong tseo.

E le hore meloko e mecha le eona e ka ithuta thuto le temoso lipolaong tse neng li reretsoe ho timetsa merabe e itseng tse entsoeng lekholong lena la lilemo le makholong a mang a lilemo, limusiamo tse ngata—tse kang Holocaust Memorial Museum e Washington, D.C. le Beit Hashoah Museum of Tolerance e Los Angeles—li ile tsa thehoa. Ka lebaka lona leo, ho ile ha ngoloa litokomane tse amang maikutlo ’me ha hlahisoa le lifilimi tse buang ka taba eo. Tsena tsohle ke boiteko ba ho thibela moloko oa batho ho lebala mahlomola ao batho ba bang ba fetileng ho ’ona matsohong a batho ba bang.

Ke Hobane’ng ha ba Lokela ho Hopola?

Rafilosofi oa Moamerika ea hlahetseng Spain George Santayana o ile a ngola: “Ba sitoang ho hopola lintho tsa nako e fetileng ba tla li pheta.” Ka masoabi, ho bonahala eka lilemong tse likete tse fetileng, moloko oa batho o ile oa lebala kapele lintho tse o hlahetseng nakong e fetileng, kahoo oa boela oa etsa liphoso tse tšoanang tse kotsi khafetsa.

Letoto lena le lelelele la masetla-libete a lipolao tse ngata tse entsoeng ke motho le totobatsa hore ho busa ha motho holim’a batho ba bang ho hlōlehile ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hobane khafetsa-khafetsa batho ba pheta-phetile phoso e tšoanang ea motheo—ba qheletse Molimo le melao ea hae ka thōko. (Genese 3:1-6; Moeklesia 8:9) Le kajeno, feela joalokaha ho profetiloe ka Bibeleng, “moloko o khopameng” o etsa ntho e tšoanang ’me o kotula litholoana tsa teng.—Bafilippi 2:15; Pesaleme ea 92:7; 2 Timothea 3:1-5, 13.

Kaha re se re kenyelelitse ’Mōpi Jehova puisanong ea rōna, eena maikutlo a hae ke afe? O lebala eng, ’me o hopola eng? Na lefa le bohloko la masetla-libete a entsoeng ke batho le ka felisoa? Na “bobe ba ba khopo bo [tla] fela”?—Pesaleme ea 7:9, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho fosahala ha khang ea bo-rahistori ba bantlafatsi, ka kōpo bona sehlooho se reng “Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!,” se hatisitsoeng ho Tsoha! ea April 8, 1989, leqepheng la 4-8.

[Ntlha/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

“Ba sitoang ho hopola lintho tsa nako e fetileng ba tla li pheta.”—George Santayana

Mohaho oo ho chesetsoang litopo ho oona le onto ea kampo ea mahloriso ea Auschwitz

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Oświęcim Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela