Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 8/8 maq. 8-11
  • Masetla-libete—Tharollo ea Molimo ke Efe ho ’Ona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Masetla-libete—Tharollo ea Molimo ke Efe ho ’Ona?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikaketsi
  • Lithuto Tse Rutoang ke Bibele
  • Seo Molimo a se Hopolang le Seo a se Lebalang
  • Kahlolo ea ho Qetela
  • Lefatše le Lecha le Atametse!
  • Ho Tšoarela le ho Lebala na ho ka Khoneha?
    Tsoha!—1998
  • Na re Lokela ho Hopola Lintho Tsa Nako e Fetileng?
    Tsoha!—1998
  • Molimo oa ’Nete le Bokamoso ba Hao
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Lefatše le Lecha le Hlokang Bohloko
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 8/8 maq. 8-11

Masetla-libete—Tharollo ea Molimo ke Efe ho ’Ona?

MASETLA-LIBETE a ka thibeloa joang? Tharollo ke eng? Ha re hlahloba histori, hoa totobala hore tharollo ea batho e hlōlehile. Ha e le hantle, ho na le ho hanyetsana ho matla, haeba e se boikaketsi bo feletseng, ka tsela eo baeta-pele ba batho ba sebetsaneng le bothata bona ka eona.

Ka mohlala, nahana ka selemo sa 1995. Se ne se tšoaea ketekelo ea selemo sa bo50 sa ho emisa ha Polao e Sehlōhō e neng e etsoa ke Manazi, ho lala ha Ntoa ea II ea Lefatše le ho phatloha ha bomo ea athomo. Selemong seo, baeta-pele ba lefatše ba ile ba ba teng meketeng ea sehopotso e ileng ea ketekoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Hobane’ng? Ho bontša boikutlo ba ho nyatsa liketso tsena tse sehlōhō e le hore li se ke tsa hlola li phetoa. Leha ho le joalo, bashebelli ba bang ba ile ba hlokomela ho hanyetsana ho itseng ha boitšoaro meketeng e joalo.

Boikaketsi

Meketeng ena e ileng ea phatlalatsoa haholo, baemeli bohle ba bolumeli hammoho le ba mebuso ba ne ba batla hore ba nkoe e le bathusi kapa bonyane ba qobe hore ba talingoe e le baetsi ba bobe. Leha ho le joalo, linaha tse nyatsitseng liketso tse sehlōhō tsa nako e fetileng li hahile libaka tse khōlō tsa pokello ea libetsa, li beheletse ka thōko chelete e ngata bakeng sa morero oo. Ka nako e tšoanang, ha lia rarolla mathata a ka sehloohong a kang bofutsana, ho hlepha ha boitšoaro le tšilafalo, hangata li bolela hore ha li na chelete e lekaneng.

Bolumeli ba lefatše bo leka ho hlahisa histori e patang ho thōla ha bona ka nako e telele ka masetla-libete a mebuso ea bohatelli le ho koahela ’momori oo bo o entseng le eona. Malumeli ana ha aa ka a etsa letho ho thibela batho ba malumeli a tšoanang ho bolaeana. Ka mohlala, Ntoeng ea II ea Lefatše, Mak’hatholike a ile a bolaea Mak’hatholike le Maprostanta a bolaea Maprostanta hobane e ne e le a bochaba bo fapaneng ’me a le ka mahlakoreng a loantšanang. Mahlakore ka bobeli a ne a ipolela hore ke a Bakreste empa a ne a etsa se khahlanong le lithuto tsa Jesu ka ho feletseng. (Matheu 26:52; Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 3:10-12; 4:20, 21) Malumeli a mang le ’ona a entse se tšoanang. Kajeno, likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, litho tsa malumeli ana li ntse li etsa masetla-libete.

Mehleng ea Jesu, baeta-pele ba bolumeli e ne e le baikaketsi. Jesu o ile a ba nyatsa, a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le haha mabitla a baprofeta ’me le khabisa mabitla a khopotso a ba lokileng, ’me le re, ‘Hoja re ne re le teng matsatsing a baholo-holo ba rōna, re ne re se na ho ba le karolo le bona maling a baprofeta.’ Ka hona le paka khahlanong le lōna ka bolōna hore le bara ba ba ileng ba bolaea baprofeta khahlanong le molao.” (Matheu 23:29-31) Baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba ipolela hore ba tšaba Molimo empa e ne e le baikaketsi ba neng ba hlorisa Jesu le barutuoa ba hae.

Lithuto Tse Rutoang ke Bibele

Ho ka ithutoa lithuto tse itseng historing ea lefatše, empa Bibele ke mohloli o molemo ka ho fetisisa oa thuto. Ha e behe mosebetsi oa ho hlalosa histori kahlolong ea batho leha e le leemeng la bona. Bibele e hlalosa histori le bokamoso ho latela tsela ea Molimo ea ho nahana.—Esaia 55:8, 9.

Mangolo a bua ka liketsahalo tse ntle le tse mpe hammoho le ka batho ba molemo le ba babe. Hangata thuto e nepahetseng, e tumellanong le thato ea Molimo, e ka ithutoa litlalehong tsena. Ka mor’a ho bua ka liketsahalo tse ’maloa tsa histori ea Baiseraele ba boholo-holo, moapostola Pauluse o ile a phetha ka hore: “Joale lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna.” (1 Bakorinthe 10:11) Jesu ka boeena o ile a ithuta thuto historing ha a ne a re ho barutuoa ba hae: “Hopolang mosali oa Lota.”—Luka 17:32.

Seo Molimo a se Hopolang le Seo a se Lebalang

Ka Bibeleng re ithuta hore Molimo o hopola kapa o lebala batho motheong oa liketso tsa bona. Ba etsang sebe empa ba bontša pako, Molimo o ba “tšoarela haholo.” (Esaia 55:7) Haeba ea khopo “a ka baka sebeng sa hae, a ea ka taelo le ka ho loka, . . . libe tsohle [tseo] a sitiloeng ka tsona, ha li sa na ho hopoloa ho mo tsoa.”—Ezekiele 33:14-16.

Pauluse o ile a ngola hore “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) Kahoo, Jehova o tla putsa bao a ba hopolang ka molemo. Jobo ea tšepahalang o ile a rapela: “Jo! hola u ka mpata nģalong ea bafu! Hola u ka nkoahela teng, . . . ua mpeela letsatsi leo u tla nkhopola ka lona!”—Jobo 14:13.

Ka lehlakoreng le leng, Molimo o tla sebetsana le baetsi ba bobe ba sa bakeng tumellanong le mantsoe a Hae ho Moshe: “Ke tla mo hlakola bukeng ea ka.” (Exoda 32:33) E, Molimo o tla lebala ba khopo ka ho sa feleng.

Kahlolo ea ho Qetela

Molimo ke Moahloli oa ho qetela oa histori. (Genese 18:25; Esaia 14:24, 27; 46:9-11; 55:11) Ho latela kahlolo ea hae e phahameng, a ke ke a lebala masetla-libete a mangata a entsoeng molokong oa batho. Letsatsing la ho phethahatsa toka ea hae, o tla ahlola batho bohle ba ikarabellang le mekhatlo e ikarabellang.—Tšenolo, khaolo ea 18, 19.

Har’a bona e tla ba tsamaiso eohle ea bolumeli ba bohata, eo Mangolo a e fang lebitso la tšoantšetso la “Babylona e Moholo.” Ka eena ho ngoliloe: “Libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla holimo leholimong, ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.”—Tšenolo 18:2, 5.

Malumeli ana a ne a lokela hore ebe a rutile balumeli ba ’ona ho etsa se lokileng empa a hlōlehile. Kahoo, Lentsoe la Molimo le re ka malumeli ’ohle a lefatše: “Ho eena ho ile ha fumanoa mali a baprofeta le a bahalaleli le a bohle ba bolailoeng ka mabifi lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Ka lebaka la ho hlōleha ho ruta litho tsa ’ona ho rata batho ba bang le balumeli-’moho, malumeli ana a ile a fumanoa a le molato oa mali.

Lefatše le Lecha le Atametse!

Qetellong letsatsi leo ka lona bobe bo tlang ho felisoa le atametse. (Sofonia 2:1-3; Matheu 24:3, 7-14) Ka mor’a letsatsi leo, ho tla tla nako eo ka eona ‘ho siama, ho bokolla le bohloko li sa tl’o hlola li e-ba teng’ ho baahi ba thabileng ba lefatše. (Tšenolo 21:3-5) Masetla-libete le lipolao tse sehlōhō li ke ke tsa hlola li e-ba teng kaha bobusi ba lefatše lena bo tla tlosoa ho batho ’me bo behoe ’Musong oa Molimo oa leholimo tlas’a taolo ea “Morena oa khotso,” Jesu Kreste.—Esaia 9:6, 7; Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10.

Nakong eo boprofeta ba Pesaleme ea 46:9 bo tla phethahala ka ho feletseng: “[Molimo] o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” Khotso eo e tla tšoarella ka ho sa feleng hobane, joalokaha Esaia 2:4 e bolela esale pele, “sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Kahoo Pesaleme ea 37:11 e bolela esale pele: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” E, nakong eo ho tla thoe “lefatše kaofela le phomotse, le na le khotso, ho hlajoa lipina tsa nyakallo.”—Esaia 14:7.

Sena sohle se bolela hore lefatše le lecha la ho loka le atametse. ’Me lefatšeng leo le lecha, tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo oa leholimo, ho tla etsahala ketsahalo e ’ngoe e babatsehang—tsoho ea bafu! Lentsoe la Molimo le fana ka tiiso: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.

Ha a sa le lefatšeng, Jesu o ile a bontša sena ka ho tsosa batho bafung. Ka mohlala, ha a ne a tsosa ngoananyana bafung, tlaleho e re: “Kapele-pele moroetsana eo a ema ’me a qala ho tsamaea . . . ’Me hang-hang [ba shebeletseng] ba hlōloa ke boikutlo bo matla ba nyakallo.” (Mareka 5:42) Tsohong ea bafu ba bolailoeng liketsong tse sehlōhō hammoho le bafu ba bang ba tla tsosoa ’me ba tla fuoa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43) ’Me nakong eo “tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.”—Esaia 65:17.

U tla be u etsa ka bohlale haeba u fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, Bibele, ’me u etsa thato ea hae. Joale Molimo o tla u hopola ka molemo ha a rarolla ka ho sa feleng bothata ba masetla-libete ’me a busetsa bahlaseluoa ba ’ona bophelong. Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Molimo o tla fetola lefatše lena hore e be paradeise ea khotso

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Molimo o tla tlosa liphello tsa masetla-libete a nako e fetileng ka ho tsosa bafu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela