Na “Bolumeli ba Motho ka Mong” ke Tharollo?
HA BOLUMELI BO HLOPHISITSOENG bo ntse bo felloa ke matla bathong ba bangata, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba tla iqapela malumeli a bona. Leha ho le joalo, lipotso tse phahamang ke tsa hore, Na ho etsa joalo ho tla khotsofatsa tlhoko ea motho ea moea? Na “bolumeli ba motho ka mong” ke tharollo?
Ho araba lipotso tsena, re ka qala ka ho hlahlobisisa bolumeli ba motho ka mong re sebelisa ‘matla a rōna a ho nahana,’ e leng e ’ngoe ea limpho tse khōlōhali tseo motho a nang le tsona, ho fumana hore na bo hlile boa khotsofatsa.—Baroma 12:1.
Motho ea nahanang hantle ha a lumele lintho tse ikhanyetsang. Leha ho le joalo, ha ho etsoa patlisiso bolumeling ba motho ka mong Sweden, ho ile ha fumanoa hore hangata batho, “ba sa nahana lintho ka ho teba, ba kopanya likhopolo tse fapaneng (tse bileng li sa lumellaneng) mabapi le tlhaho le morero oa bophelo, ebe ba iketsetsa lifilosofi tsa bona ka tsona.”
Ka mohlala, ke karolo ea 2 lekholong feela ea ba ipitsang “Bakreste ka tsela eo ba ikhethetseng eona” ba ileng ba bua ka Jesu, leha e se e le hona hore feela o kile a tuma historing. Empa ba bangata ba ile ba bua ka ho lumela taba ea ho tsoaloa hangata. Joale na hase ho ikhanyetsa ho ipolela u le molateli oa Jesu Kreste empa u hlokomoloha bophelo ba hae le seo a ileng a se ruta—u bile u latela lithuto tse khahlanong le tsa Kreste ka ho feletseng?a
Matla a rōna a ho nahana a boetse a re qobisa ho nahana ka lintho tse sa utloahaleng le tse sa hlaloseheng. Empa ha ba botsoa hore na ba lumela ho “Molimo kapa ho matla a itseng a phahameng,” bongata ba batho bao ho ileng ha buisanoa le bona bo ile ba re e ka ’na eaba “Ntho” ea mofuta oo e teng. E mong o ile a re: “Ke lumela nthong e itseng e nang le matla a phahametseng tlhaho, empa e seng hakaalo-kalo Molimo.” Ba neng ba lumela hore Molimo o teng ba ne ba nka hore “ha ho na karolo e kaalo eo a e phethang bophelong ba bona.” Ka hona, tlaleho ena e hlalosa bolumeli ba motho ka mong e le “likhopolo tse kopakaneng, tse sa utloahaleng,” ’me e ile ea phetha ka ho qotsa karabo e tloaelehileng e reng: “Ho na le seo ke lumelang ho sona, empa ha ke tsebe hantle hore na ke eng.”
Patlisiso e entsoeng bolumeling ba motho ka mong Canada le eona e bile le liphello tse tšoanang. Makasine ea Alberta Report e re: “Kajeno re bona batho ba lumela ntho leha e le efe e ka nahanoang, le hoja e se na ka hloohong le ka maotong. Ha re se re sheba hore na litumelo tsena tseo batho ka bomong ba nang le tsona li ba etsetsa’ng bophelong, re fumana hore ha li ba etsetse letho. Ha ho letho le ba tataisang boitšoarong. Ka hona, ha li thuse ka letho.” Makasine ena e ile ea bua ka “molimo o tsekolohileng likoto” kaha batho ba lumelang linthong tse joalo ba “nka likaroloana tsa thuto ea motheo ea bolumeli bo itseng, ba li kopanye le tse ling tseo ba li fumaneng malumeling a mang.” Na u nka e le ho utloahalang hore re thehe tumelo ea rōna—esita le tšepo ea rōna ka bokamoso—likhopolong tse joalo tse sa utloahaleng, tse sa hlakang le tse nkiloeng malumeling a fapaneng?
Re Hloka Botsoalle
Ke khale balumeli ba hlokometse bohlokoa ba botsoalle, kutloano ea bara ba motho le bonngoe. (Liketso 2:42, 46) Empa kaha bolumeli ba motho ka mong ke ba hae feela, ke joang bo ka khotsofatsang tlhoko ee?
Na bolumeli ba motho ka mong, moo “motho e mong le e mong a nang le kereke ea hae,” ha bo eketse le hona ho tiisa ho khaohana ha batho ka malumeli? Alberta Report e itse: “Hona joale bolumeli e se e le taba ea maikutlo a motho ka mong . . . ka hona, naha ea rōna ha e sa le ea lithuto tsa motheo tsa bolumeli tse makholo a seng makae, empa e se e le ea tse limilione tse seng kae.” Hase ho makatsang hore ebe bolumeli ba motho ka mong bo hlalositsoe e le bolumeli bo ferekaneng.
Ho Thoe’ng ka Litekanyetso Tsa Boitšoaro?
Puisanong ea hae le koranta ea Svenska Dagbladet, Mobishopo oa Sweden, Martin Lönnebo, o ile a re “bolumeli ba motho ka mong bo ke ke ba tsoela mehla ea rōna molemo, ’me bo boetse bo hlōleha ho fetisetsa litekanyetso tsa bona mehleng e tlang.” Maikutlo ana a tiisoa ke boikutlo bo atileng batsoaling ba Sweden ka ho hōlisa bana. Svenska Dagbladet e akaretsa boikutlo bona tjena: “Lumela seo u se batlang! U se ke ua qobella bana ba hao hore ba etse qeto. Ba tlohelle hore ba ikhethele ha ba se ba hōlile.”
Koranta eo e lumetse hore ho ruta bana litekanyetso tsa bolumeli ho ka nkoa e le ho ba qobella tsona. Leha ho le joalo, ha koranta eo e lihela likhala e itse: “Ho fetisetsa litekanyetso tsena ho bana e ka ba ntho e molemo ’me e ka ba eona feela tsela ea hore . . . ba ikhethele.” Ka sebele, boemo bo sa thabiseng boo bacha ba leng ho bona hona joale bo bontša hore bolumeli ba motho ka mong ha boa etsa letho ho kopanya malapa motheong oa litekanyetso tse tiileng tse ka fetisetsoang melokong e latelang.
Ka hona, ho bonahala bolumeli ba motho ka mong bo ke ke ba fana ka likarabo tse ka tšeptjoang, tse tsitsitseng lipotsong tseo batho ba ipotsang tsona bophelong, ebile bo ke ke ba kopanya batho kapa ho ba tataisa boitšoarong. Sehlooho se ileng sa qotsoa nakong e fetileng ho Svenska Dagbladet se fane ka maikutlo ana ka bolumeli ba motho ka mong: “Ha ‘tumelo’ e akarelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ha e na molemo. Ha tokoloho e sa beheloe meeli, e qetella e fokola.”
Ka ho hlakileng, lintlheng tse ngata bolumeli ba motho ka mong bo sitoa ho khotsofatsa litlhoko tsa batho tsa moea. Ka sebele ke joang motho a ka lebellang hore litlhoko tse joalo li khotsofatsoe ke ho khetha litumelo lineanong tse fapaneng, joalokaha eka o khetha lijo tseo a li ratang lijong tsa mefuta-futa tse tekiloeng tafoleng? Ho boetse ho hlakile hore bolumeli bo hlophisitsoeng bo hlōlehile ho khotsofatsa litlhoko tsena. Joale re ka leba hokae?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Jesu ha aa ka a ruta hore bafu ba tsoaloa hape. Ho e-na le hoo, o ile a ruta hore bafu ba boemong ba ho se ikutloe bo tšoanang le ba ha motho a robetse, ba emetse tsoho.—Johanne 5:28, 29; 11:11-14.
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Na re lokela ho nka bolumeli joaloka lijo tsa mefuta-futa tse tekiloeng tafoleng, ebe re khetha feela litumelo tseo re utloang li re khahla?