Khaolo 9
Lentsoe la Jehova le Tsoela Pele ho Ata ka Potlako (1976-1992)
“Qetellong, baena, le ’ne le tsoele pele ho re rapella, e le hore lentsoe la Jehova le ka tsoela pele ho ata ka potlako [kapa, ‘le ka ’na la matha,’ “Kingdom Interlinear”] le ho tlotlisoa joalokaha ho hlile ho etsahala ho lōna.”—2 Ba-Thess. 3:1, “NW.”
KA MANTSOE ao moapostola Pauluse o ile a kōpa hore balumeli-’moho le eena ba leng Thessalonika ba rapelle hore eena le metsoalle ea hae ba atlehe ho bolela lentsoe la Jehova ntle ho tšitiso. Jehova o ile a arabela thapelo eo. Empa sena ha se bolele hore ha hoa ka ha hlokahala hore moapostola a loantše mathata. O ile a thulana le khanyetso e mabifi e tsoang lefatšeng ’me ho ile ha hlokahala hore a sebetsane le baena ba bohata ba neng ba sebelisa mano. (2 Ba-Kor. 11:23-27; Ba-Gal. 2:4, 5) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe seo, ka mor’a lilemo tse ka bang leshome, Pauluse o ne a ka ngola hore ka baka la tlhohonolofatso ea Molimo, litaba tse molemo li ne li “hlahisa litholoana ’me li ata lefatšeng lohle.”—Ba-Kol. 1:6, NW.
Ka tsela e tšoanang mehleng ea rōna—empa e le ka tekanyo e e-s’o ka e bonoa pele—litaba tse molemo li hlahisa litholoana. Batho ba bangata ba ntse ba finyelloa ka litaba tse molemo ’me ba li amohela ho feta leha e le neng nakong e fetileng. Ho finyelloa ha se boletsoeng esale pele ke Lentsoe la Molimo ho ata ka potlako, joaloka semathi se leng peisong.—Esa. 60:22.
Liphetoho ka Har’a Mokhatlo o Hlophisitsoeng
Ka 1976, Moena Knorr o ne a sebelitse ka matla e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka lilemo tse fetang mashome a mararo. O ne a nkile maeto lefatšeng lohle ka makhetlo a mangata, a etela baromuoa le ho ba khothatsa, a ruta le ho rupela basebeletsi ba liofisi tsa lekala. O ile a ba le tokelo ea ho bona lenane la Lipaki tse mafolo-folo le eketseha ho tloha ho tse 117 209 ka 1942 ho ea ho tse 2 248 390 ka 1976.
Empa lehlabuleng la 1976, N. H. Knorr ea lilemo li 71 o ne a hlokometse hore o na le tšekamelo ea ho thula lintho. Litlhahlobo tse entsoeng ka mor’a moo li ile tsa bontša hore o na le hlahala e ke keng ea ntšoa bokong. O ile a loanela ho tsoela pele ho jara mosebetsi ka likhoeli tse seng kae, empa ho ne ho e-na le menyetla e fokolang ea hore o tla fola. Na ho fokolloa ha hae ke bophelo ho ne ho tla sitisa khatelo-pele ea mosebetsi?
Ho eketsoa ha Sehlopha se Busang ho ne ho se ho qalisitse ka 1971. Ka 1975, ho ne ho e-na le litho tse 17. Selemong seo sohle, Sehlopha se Busang se ne se nahana ka ho teba le ka thapelo mabapi le kamoo se ka hlokomelang hamolemohali sohle se amehang mosebetsing oa ho bolela le ho ruta lefatšeng lohle o boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo bakeng sa mehla ea rōna. (Matt. 28:19, 20) Ka December 4, 1975, Sehlopha se Busang se ne se bile ntsoe-leng ho lumelleng e ’ngoe ea liphetoho tse khōlō ka ho fetisisa ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng historing ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova.
Ho qala ka January 1, 1976, mesebetsi eohle ea Mokhatlo oa Watch Tower le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle e ne e behiloe tlas’a tlhokomelo ea likomiti tse tšeletseng tsa tsamaiso tsa Sehlopha se Busang. Tumellanong le tokisetso ena, ka February 1, 1976, ho ne ho entsoe liphetoho liofising tsohle tsa makala tsa Mokhatlo lefatšeng ka bophara. Lekala le ne le se le sa hlokomeloe ke molebeli a le mong oa lekala, empa banna ba hōlileng tsebong ba bararo kapa ho feta ba ne ba sebeletsa e le Komiti ea Lekala, ’me setho se le seng se sebeletsa e le mohokahanyi ka nako e sa lekanyetsoang.a Ka mor’a hore likomiti tsena li sebetse ka likhoeli tse seng kae, Sehlopha se Busang se ile sa hlokomela: “Ho ipakile ho le molemo ho ba le baena ba ’maloa ba rerang lintho hammoho bakeng sa ho hlokomela lithahasello tsa mosebetsi oa ’Muso.—Liprov. 11:14; 15:22; 24:6.”
Ka hoetla selemong sa 1976, ho sa tsotellehe hore e be menyetla ea hore a fole e ne e ntse e fokola, Moena Knorr o ile a kenya letsoho ho faneng ka thupelo libokeng tse neng li tšoareloa ntlo-khōlō bakeng sa litho tsa Komiti ea Lekala le basebeletsi ba bang ba lekala ba tsoang lefatšeng lohle. Ho phaella ho kopaneleng libokeng motšehare, Moena Knorr o ne a mema baena bana, ka lihlotšoana, hore ba tle kamoreng ea hae mantsiboea. Ka tsela ena, eena le mosali oa hae, Audrey, ba ne ba thabela botsoalle bo haufi-ufi le banna ba neng ba mo tseba ebile ba mo rata le bao a neng a sebelisane le bona haufi-ufi ho theosa le lilemo. Ka mor’a liboka tsena, bophelo ba Moena Knorr bo ile ba mpefala hanyane ka hanyane ho fihlela ha a e-shoa ka June 8, 1977.
Ka June 22, 1977, libeke tse peli ka mor’a lefu la Moena Knorr, Frederick W. Franz ea lilemo li 83 o ile a khethoa e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Mabapi le Moena Franz, Molula-Qhooa oa September 15, 1977 (August 15, 1977, ka Senyesemane), o itse: “Botumo ba hae bo botle joale ka seithuti se phahameng sa Bibele le ho sebetsa ha hae a sa khathale bakeng sa lithahasello tsa ’Muso ho mo hapetse tšepo le tšehetso ea Lipaki tsa Jehova hoohle.”
Nakong ea phetoho ena, ho ne ho se ho ntse ho qalisitsoe litokisetso tse ncha ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng tse ileng tsa tiisa hore mosebetsi o hatela pele.
Ho Khotsofatsa Litlhoko tsa Moea ka Lingoliloeng tsa Bibele
Lipaki tsa Jehova li ne li fepiloe hantle moeeng pele ho 1976. Empa ho hlahloba se etsahetseng ho tloha nakong eo tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang le Komiti ea sona e Ngolang ho senola hore metsi a ’nete a ’nile a phalla ka bongata le ka libōpeho tse fapa-fapaneng.
Lingoliloeng tse ngata tse hatisitsoeng li ’nile tsa khotsofatsa litlhoko tse tobileng tsa Lipaki. Ho ile ha bontšoa kameho e khethehileng bakeng sa bacha. E le ho ba thusa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele maemong ao ba thulanang le ’ona bophelong, ka 1976 ho ile ha hatisoa buka ea Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona (ka Senyesemane), ’me ka 1989 ha hatisoa buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Buka e nang le litšoantšo ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, e lokiselitsoeng ho hopotsoe bana, e ile ea lokolloa ka 1978. Selemong sona seo ho ile ha fanoa ka keletso le tataiso e sebetsang bakeng sa ho matlafatsa malapa bukeng ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng.
Ka linako tse ling litlhoko tse tobileng tsa batho ba Jehova li ’nile tsa khotsofatsoa ka keletso e nakong e fumanoang ho Molula-Qhooa. Ka mohlala, tlaleho ea lefatše ka bophara ea mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova bakeng sa 1977/78, e ile ea senola ho theoha ho itseng lenaneng la ba kopanelang mosebetsing oa boboleli. Na bonyane ho isa bohōleng bo itseng ho theoha hoo ho ne ho bakiloe ke litebello tse soetsitsoeng mabapi le 1975? Mohlomong ho joalo. Empa ho ne ho e-na le lisosa tse ling. Ho ne ho ka etsoa’ng?
Sehlopha se Busang se ile sa nka mehato ea ho matlafatsa kholiseho ea Lipaki tsa Jehova ea hore ho hlokahala li tsoele pele ho bolela ’Muso ka cheseho ka ntlo le ntlo. Molula-Qhooa oa January 15, 1980 (July 15, 1979, ka Senyesemane), o ne o e-na le lihlooho tse reng “Ho Chesehela Ntlo ea Jehova,” “Ho Bolela Lefatšeng le Khopo,” “Ba Bolela ka Ntlo le Ntlo,” le “Seo ba Bang ba se Buileng ka Bopaki ba Ntlo le Ntlo.” Lihlooho tsena le tse ling li ile tsa tiisa hore boboleli ba ntlo le ntlo bo na le motheo o tiileng ka Mangolong ’me tsa khothalletsa bohle hore ba kopanele ka cheseho le ka sephefumolohi sohle mosebetsing ona oa bohlokoa.b—Lik. 20:20; Ba-Kol. 3:23.
Boemo bo bong bo ile ba hloka ho hlokomeloa. Ka 1980, batho ba ’maloa ba neng ba kopanetse mesebetsing ea Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse seng kae, ho akarelletsa le ba bang ba neng ba sebelelitse libakeng tse hlahelletseng ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng, ba ne ba ntse ba leka ka litsela tse sa tšoaneng ho baka likhaohano le ho hanyetsa mosebetsi oo Lipaki tsa Jehova li o etsang. Bakeng sa ho matlafatsa batho ba Jehova khahlanong le tšusumetso e joalo ea bokoenehi, Molula-Qhooa o ne o hatisa lihlooho tse kang tsena “‘Tiea Tumelong’” (February 1, 1981 [August 1, 1980, ka Senyesemane]), “Ho Kenya ka Sekhukhu Mekha e Timetsang” (March 1, 1984 [September 15, 1983, ka Senyesemane]), le “Hanang Bokoenehi, Le Khomarele ’Nete!” (October 1, 1983 [April 1, 1983, ka Senyesemane]), athe buka ea “Let Your Kingdom Come” (1981) e ile ea hatisa hore ha e le hantle ’Muso o haufi, ’me o thehiloe leholimong ka 1914. Sehlopha se Busang ha sea ka sa lumella boiteko ba bahanyetsi hore bo se sitise ho phethahatsa sepheo se seholo sa Lipaki tsa Jehova—e leng ho bolela ka ’Muso oa Molimo!
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka tlhokahalo ea hore Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho atolosa tsebo ea tsona ea ’nete ea Bibele? Bakeng sa thuto e tebileng ea Bibele, ka 1984 ho ile ha lokolloa khatiso ea New World Translation e nang le litšupiso tse ntlafalitsoeng, e nang le litšupiso tse batsi tse ka thōko ho mola, mengolo e botlaaseng ba leqephe, le boitsebiso ba sehlomathiso. Lilemo tse ’nè hamorao, ka 1988, batho ba Jehova ba ile ba thaba ha ba fumana tlhaloso e nakong ea litemana tsohle tsa Tšenolo, bukeng Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, hammoho le buka ea boitsebiso ea Bibele ea meqolo e ’meli Insight on the Scriptures. Eaba, ka 1991, ho hatisoa buka e nang le litšoantšo tse ntle Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, thuto e batsi ea bophelo le lithuto tsa Jesu Kreste.
Empa ho thoe’ng ka litlhoko tsa batho bao e seng Lipaki tsa Jehova? Joaloka kofuto ea ho ruta batho ba bacha ba thahasellang, buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e ile ea lokolloa ka 1982. E etselitsoe ho thusa liithuti tsa Bibele ho finyella litlhokahalo tsa Jehova bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Bakeng sa ho thusa batho ba ka bang le lipotso ka tšimoloho le morero oa bophelo lefatšeng, buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e ile ea lokisetsoa ka 1985. E ile ea lateloa, ka 1989, ke buka e matlafatsang tumelo Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Ho ile ha boela ha lebisoa tlhokomelo ho batho ba ikokobelitseng ba ka ’nang ba hloka thuso e khethehileng ka baka la semelo sa bona sa bochaba kapa bolumeli. Bakeng sa ho ruta batho ba sa rutehang kapa ba sa tsebeng ho bala hantle ka ’nete ea ’Muso oa Jehova, bukana e lekanang le makasine e maqephe a 32 ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! e ile ea lokolloa ka 1982. Ka 1992, ho ne ho hatisitsoe likopi tse fetang 76 000 000, ’me e ne e abuoe ka lipuo tse 200 lefatšeng lohle, e leng se etsang hore e be buka ea Mokhatlo oa Watch Tower e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata ka ho fetisisa.
Ka 1983, ho ile ha hatisoa libuka tse tharo ka morero o khethehileng oa ho thusa Mamosleme, Mabuddha, le Mahindu. Bakeng sa ho finyella batho bana le ba limelo tse ling tsa bolumeli, hoa thusa ho utloisisa ho itseng ka bolumeli ba bona—lithuto le histori ea bona. Ho finyella tlhoko ena, buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo e ile ea lokolloa ka 1990.
Sehlopha se Busang se ne se thahasella haholo ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka molaetsa oa ’Muso—batho “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, . . . le ba lipuo tsohle.” (Tšen. 7:9) Ho finyella seo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho fetolela lingoliloeng ka lipuo tse ling tse ngata. Ka mohlala, ho tloha ka 1976 ho ea ho 1992, ho bile le keketseho ea hoo e ka bang karolo ea 42 lekholong lenaneng la lipuo tseo Molula-Qhooa o hatisoang ka tsona. Ka October 1992, lenane lena e ne e le 111. Bakeng sa ho potlakisa mosebetsi oa phetolelo, selemong sona seo bafetoleli ba fetang 800 lefatšeng lohle ba ne ba kopanela mosebetsing ona.
Mananeo a Thuto aa Entšoa le ho Feto-fetoloa
Tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang le Komiti ea sona e Rutang, mananeo a thuto bakeng sa basebeletsi ba ntlo-khōlō le malapa a Bethele makaleng a leng lefatšeng lohle a ile a entšoa ’me a feto-fetoloa ka ho pharalletseng. Ho phaella ho baleng Bibele le Yearbook e le karolo ea borapeli ba hoseng, ho ile ha qalisoa tlhahlobisiso e batsi ea karolo e itseng ea Bibele e baliloeng bekeng e ka pele, ’me boitsebiso boo bo sebelisoa ho ba sebeletsang Bethele. Ho ile ha boela ha qalisoa litlaleho tsa ka mehla tse tsoang mafapheng a sa tšoaneng a Bethele hammoho le litlaleho tse etsoang khafetsa ke balebeli ba libaka.
Ho finyella litlhoko tsa ba nang le boikarabelo bo eketsehileng ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng, ho ile ha etsoa mananeo a eketsehileng a thuto ’me a qala ho sebelisoa. Ka 1977, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore baholo bohle ba be teng lenaneong la thuto la lihora tse 15 la Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso. (Lik. 20:28) Ho tloha nakong eo, ho ’nile ha lokisetsoa mananeo a tšoanang a bolelele bo sa tšoaneng ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse ’maloa; ’me ho tloha ka 1984, bahlanka ba sebeletsang le bona ba ile ba fumana koetliso Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Brooklyn, ho qala ka December 1977, sekolo se khethehileng sa libeke tse hlano bakeng sa litho tsa Komiti ea Lekala se ile sa qala.
Ho ile ha boela ha bontšoa kameho e khethehileng bakeng sa ba ikitlaetsang tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho. Ka December 1977 Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, lenaneo la koetliso ea libeke tse peli bakeng sa basebeletsi bao e leng bo-pula-maliboho, le ile la qalisoa United States ’me qetellong la atolosetsoa likarolong tsohle tsa lefatše. Lilemong tse latelang tse 14, lenane la bo-pula-maliboho le ile la eketseha ka makhetlo a fetang a mahlano—ho tloha ho ba 115 389 ho ea ho ba 605 610!
Ka hoetla selemong sa 1987, ho ile ha qalisoa sekolo se seng se secha—Sekolo sa Koetliso ea Bosebeletsi. Sekolo sena se ile sa thehoa ka morero oa ho koetlisa baena ba masoha ba tšoanelehang ba nang le phihlelo e itseng e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang le ba ikemiselitseng ho sebeletsa kae kapa kae moo ho nang le tlhokahalo tšimong ea lefatše ka bophara. Ka 1992, ho ne ho tšoeroe lihlopha Australia, Austria, Brithani, El Salvador, Fora, Italy, Jeremane, Mexico, Nigeria, Spain, Sweden, le United States. Phello ha ea ba sehlopha sa batho ba talingoang ba phahametse ba bang ka phuthehong, empa ho fapana le hoo, e bile keketseho lenaneng la banna ba tšoanelehang hantle bakeng sa ho sebeletsa baena ba bona.
Bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa thuto ea Bibele lefatšeng lohle, ho ile ha lokisetsoa likopano tsa lichaba metseng e loketseng—tse ling tsa tšoareloa linaheng tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova li neng li thibetsoe. Likopano tsena li matlafalitse baena libakeng tseo ’me li fane ka tšusumetso e matla boboleling ba litaba tse molemo linaheng tseo.c
Meaho Bakeng sa ho Hlokomela Keketseho
Ha lentsoe la Jehova le ntse le tsoela pele ho ata ka potlako, ho ile ha hlokahala hore ho be le lintlafatso tse ling tse hlollang kahong le khatisong—e leng likarolo tse hlokometsoeng ke Sehlopha se Busang le Komiti ea sona ea Kabo.
Lipaki tse nang le phihlelo kahong li ile tsa ithaopela ho thusa, ’me boiteko ba tsona bo ile ba hlophisoa bakeng sa ho thusa kahong ea meaho e mecha le e meholoanyane ea makala lefatšeng lohle. Ho tloha ka 1976 ho ea ho 1992, ho ile ha ahoa meaho ea makala e mecha ka ho felletseng linaheng tse ka bang 60. Ho phaella moo, merero ea ho atolosa meaho e teng e ile ea ntšetsoa pele linaheng tse 30. Tsela eo mosebetsi o neng o etsoa ka eona (ka baithaopi ba tsoang liphuthehong tse ngata—ka linako tse ling ba tsoa linaheng tse ling) e ile ea matlafatsa tlamo ea lerato le bonngoe har’a batho ba Jehova.d
Bakeng sa ho finyella litlhoko tsa Mokhatlo tse ntseng li eketseha tsa ho hatisa ka lipuo tse ngata, Lipaki tse nang le phihlelo tabeng ea li-computer li ile tsa hlahisa tsamaiso e laoloang ka computer bakeng sa mehato e etellang pele khatiso e bitsoang MEPS (Multilanguage Electronic Phototypesetting System). Morero ona o ile oa phethoa ka 1986. Ka baka leo, ka 1992, Molula-Qhooa o ne o hatisoa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse 66. Ka hona Lipaki tsa Jehova tse ngata li ile tsa khona ho amohela lijo tse tšoanang tsa moea ka nako e tšoanang.e
Ha meaho ea Mokhatlo oa Watch Tower e ntse e tsoela pele ho eketseha, ho ile ha hlokahala baithaopi ba eketsehileng ntlo-khōlō Brooklyn hammoho le liofising tsa makala lefatšeng lohle. Ho tloha ka 1976 ho ea ho 1992, lelapa la Bethele la machaba le ile la eketseha ka makhetlo a imenneng hararo, ho tloha ho litho tse ka bang 4 000 ho ea ho tse fetang 12 900 tse sebeletsang lefatšeng lohle. Sehlopha se Busang le Komiti ea sona ea Tsamaiso li ’nile tsa hlokomela litlhoko tsa botho le tsa moea tsa sehlopha sena se seholo sa baithaopi ba nako e tletseng.
Ho Hlokomela Liphutheho le Mosebetsi oa ho Bolela Evangeli
Ha lentsoe la Jehova le ntse le ata ka potlako, Sehlopha se Busang le Komiti ea sona ea Tšebeletso li ile tsa lebisa matla a tsona ho aheng liphutheho lefatšeng ka bophara le ho atoloseng mosebetsi oa ho bolela evangeli lefatšeng lohle.
Na ho ne ho ka etsoa ho eketsehileng bakeng sa ho thusa batho ba bangata ba bacha ba kolobetsoang selemo le selemo? Mathoasong a 1977, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho matlafatsa Lipaki tse ncha moeeng. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e hlalositse: “Re lumela hore bonyane ho lokela hore ho ithutoe libuka tse peli le batho bohle ba kenang ’neteng. . . . Kahoo thuto e lokela ho tsoela pele ka mor’a kolobetso ho fihlela ho phethiloe buka ea bobeli.” Ka tsela ena Lipaki tse ncha tse kolobelitsoeng li ile tsa fuoa monyetla o moholoanyane oa ho fumana tsebo le kutloisiso le ho ba le kananelo e khōlō bakeng sa se boleloang ke kolobetso. Tokisetso ena e ncha e ile ea boela ea khothalletsa botsoalle bo eketsehileng bo haufi-ufi pakeng tsa ba bacha le Lipaki tse ba thusitseng thutong ea bona ea lehae ea Bibele.
Bakeng sa ho hlokomela batho ba phallelang ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse fetang 29 000 lefatšeng ka bophara pakeng tsa 1976 le 1992. (Mik. 4:1) Sehlopha se Busang se ile sa khetha balebeli ba potoloho le ba setereke ba eketsehileng ’me ba romeloa hore ba thuse. Lenane la balebeli bana ba tsamaeang le phahame ho tloha ho ba ka bang 2 600 ka 1976 ho ea ho ba ka bang 3 900 ka 1992.
Ha lenane la liphutheho le ntse le eketseha, ho ne ho boetse ho e-na le tlhoko e eketsehang ea liholo tse eketsehileng tsa liboka. Na ho ne ho e-na le tsela e potlakileng haholoanyane ea ho aha Liholo tsa ’Muso? Lilemong tsa bo-1970, Lipaki tsa Jehova United States li ile tsa hlophisa lenaneo la kaho leo ho lona litsebi tsa kaho tse tsoang likarolong tse haufi tsa naha li ’nileng tsa mengoa hore li tl’o thusa Lipaki tsa sebaka se itseng ho aha Holo ea ’Muso. Ka thuso ea ba makholo, holo e ne e ka phethoa kapele-pele—hangata e le ka mor’a matsatsi a mabeli kapa a mararo feela. Lilemong tsa bo-1980, Liholo tsa ’Muso tse ahoang kapele li ne li ntse li phahama likarolong tse ling tsa lefatše.
Liphetoho tsa lipolotiki tse bileng teng Europe Bochabela li ile tsa boela tsa ama Lipaki tsa Jehova. E bile thabo e kaakang ho baena ba rōna linaheng tse kang Jeremane Bochabela (kamoo e neng e tsejoa ka teng nakong eo), Hungary, Poland, Romania, le naha eo nakong eo e neng e bitsoa Soviet Union ho hlokomela hore ba fuoe tumello ea molao, maemong a mang e le ka mor’a lilemo tse 40 tsa thibelo! Tokoloho e eketsehileng linaheng tseo joale e ba nolofallelitse ho finyella batho ba ka bang 380 000 000 ka litaba tse molemo! Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa senya nako ea ho sebelisa tokoloho ea tsona e ncha eo li e fumaneng bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa tsona oa ho bolela phatlalatsa.
’Me liphello e bile life? Lentsoe la Jehova le atile ka potlako! Ka mohlala, ka April 1992 lenane la bahoeletsi ba ’Muso ba tlalehang Poland e bile 106 915. ’Me litebello tsa keketseho ea nako e tlang e bile tse ikhethang: Khoeling eona eo lenane la ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste e bile 214 218. Ka ho tšoanang, linaheng tseo pele li neng li bōpa Soviet Union, ka 1992 ho bile teng kakaretso ea ba 173 473 Sehopotsong, e leng keketseho ea 60 lekholong ho feta selemong se ka pele.
Leha ho le joalo, linaheng tse ling, mahloriso a sa khaotseng le likoluoa tsa tlhaho li ’nile tsa hlahisa mathata. Ka 1992, mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova e ne e ntse e thibetsoe ke ’muso linaheng tse 24. Komiti ea Molula-setulo ea Sehlopha se Busang e etsa seo e ka se khonang bakeng sa ho ba thusa le ho tsebisa baena ba machaba ka litsela tseo ba ka thusang Lipaki tsa habo bona tse sebetsang mahlomoleng. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 12:12-26.) Liphutuho tsa mahloriso kapa likoluoa tsa tlhaho ha lia khona ho emisa boboleli ba lentsoe la Jehova!
“Sechaba See e Leng sa Hae ka Sebele”
Kahoo, lilemong tsa ho tloha ka 1976 ho ea ho 1992, ka sebele lentsoe la Jehova le ’nile la ata ka potlako. Mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa batla o eketseha ka makhetlo a imenneng habeli ka boholo, ka bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 4 470 000!
Joale batho ba Jehova ba ’nile ba tsoela pele ho bolela ’Muso oa Molimo ka cheseho, ka lipuo tse ngata ho feta leha e le neng pele. Ba sebelisa lingoliloeng tse lokiselitsoeng, ba ’nile ba tebisa tsebo ea bona ea Bibele le ho thusa batho ba thahasellang ho ithuta linnete tsa Bibele. Ba ’nile ba rua molemo mananeong a thuto a ’nileng a thehoa bakeng sa ba nang le boikarabelo bo eketsehileng ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng. Ntle ho pelaelo Jehova o hlohonolofalitse boboleli ba bona ka ’Muso oa hae.
Ho tloha ka bo-1870 ho theosa ho tla fihlela kajeno, banna ba itseng ba ’nile ba tlatsetsa ka tekanyo e ikhethang ho ntšetsoeng pele ha mosebetsi oa ’Muso, banna ba kang Charles T. Russell, Joseph F. Rutherford, Nathan H. Knorr, le Frederick W. Franz, hammoho le ba bang ba ’nileng ba sebeletsa e le litho tsa Sehlopha se Busang. Empa ho hang Lipaki tsa Jehova ha lia fetoha sehlotšoana se thehiloeng bothong ba ofe kapa ofe oa banna bana. Ho e-na le hoo, li na le moeta-pele a le mong feela, “Kreste.” (Matt. 23:10) Ke eena Hlooho ea Lipaki tsena tsa Jehova tse hlophisitsoeng, e leng eena ea ‘nehiloeng matla ’ohle’ a ho hlokomela mosebetsi ona “ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Matt. 28:18-20) Li ikemiselitse ho ikokobeletsa bohlooho ba Kreste, ho khomarela Lentsoe la Molimo haufi-ufi, le ho sebelisana le tataiso ea moea o halalelang, e le hore li ka tsoela pele borapeling ba Molimo o le mong oa ’nete le ho ipaka e le “sechaba see e leng sa hae ka sebele, se chesehelang mesebetsi e metle.”—Tite 2:14.
Empa ke lithuto le litekanyetso life tse ling tsa boitšoaro tsa motheo tse khethollang Lipaki tsa Jehova malumeling a mang ’ohle? Ho tlile joang hore li tsejoe e le Lipaki tsa Jehova? Mesebetsi ea tsona e tšehetsoa joang ka lichelete? Ke hobane’ng ha li bolokile boemo bo sa fetoheng ba ho ikarola likerekeng tse ling le lefatšeng ka kakaretso? Ke hobane’ng ha li ’nile tsa hlorisoa ka sehlōhō likarolong tse ngata hakaale tsa lefatše? Lipotso tsena le tse ling tse ngata li tla arabeloa likhaolong tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Khaolo 15, “Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng.”
b Ho tloha ka 1980 ho ea ho 1985, ho bile le keketseho ea karolo ea 33 lekholong lenaneng la ba kopanelang mosebetsing oa boboleli, ’me ho tloha ka 1985 ho ea ho 1992, ho bile le keketseho e eketsehileng ea karolo ea 47,9 lekholong.
c Bona Khaolo 17, “Likopano—Bopaki ba Boena ba Rōna.”
d Bona Khaolo 20, “Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara.”
e Bona Khaolo 26, “Ho Hlahisa Lingoliloeng tsa Bibele tse Tla Sebelisoa Tšebeletsong.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 117]
Hase sehlotšoana sa bokhelohi se hahiloeng bothong ba banna leha e le bafe
[Lebokose/Krafo e leqepheng la 110]
Ho tloha ka 1976 ho ea ho 1992, ho bile le keketseho ea karolo ea 42 lekholong lenaneng la lipuo tseo “Molula-Qhooa” o hatisitsoeng ka tsona
[Krafo]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
111
78
1976 1992
[Lebokose le leqepheng la 111]
Pale ea F. W. Franz
Frederick William Franz o hlahetse Covington, Kentucky, U.S.A., ka September 12, 1893. Ka 1899 lelapa labo le ile la fallela Cincinnati, moo Frederick a ileng a qeta sekolong se phahameng ka 1911. Joale o ile a kena Univesithing ea Cincinnati, a nka thuto ea “liberal arts.” O ne a entse qeto ea hore e tla ba moruti kerekeng ea Presbytery, kahoo o ile a ikitlaetsa ka matla ho ithuta Segerike sa Bibele. Ha a le univesithing Frederick o ile a khetheloa ho fuoa lihlapiso tsa ho ithuta tsa Rhodes, tse ileng tsa mo etsa hore a tšoanelehe ho kena Univesithing ea Oxford Engelane. Leha ho le joalo, pele ho ka etsoa tsebiso, thahasello ea Frederick lihlapisong tseo e ile ea fela ’me a kōpa hore lebitso la hae le behelloe ka thōko lethathamong la ba kenetseng phehisano.
Pejana, ngoan’abo Albert o ne a mo romelletse bukana eo a neng a e fumane ho Liithuti tsa Bibele tsa Machaba. Hamorao Albert o ile a mo fa meqolo ea pele e meraro ea “Studies in the Scriptures.” Frederick o ne a thabetse seo a ntseng a ithuta sona ’me a etsa qeto ea ho khaola maqhaama a hae le Kereke ea Presbytery ’me a kopanele le phutheho ea Liithuti tsa Bibele. Ka November 30, 1913, o ile a kolobetsoa. Ka May 1914 o ile a tlohela univesithi, ’me kapele-pele a etsa litokisetso tsa ho ba morekisi oa libuka tsa bolumeli (pula-maliboho).
Ka June 1920 o ile a fetoha setho sa lelapa la Bethele Brooklyn. Ka mor’a lefu la N. H. Knorr, ka June 1977, Moena Franz o ile a khetheloa ho sebeletsa e le mopresidente oa Mokhatlo. O ile a sebeletsa ka botšepehi e le setho sa Sehlopha se Busang ho fihlela a e-shoa, ka December 22, 1992, a le lilemo li 99.
[Krafo e leqepheng la 112]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lenane le Eketsehang la Bo-pula-maliboho
1992
600 000
400 000
1986
200 000
1981
1976
[Krafo e leqepheng la 113]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lelapa la Bethele le Eketsehang Lefatšeng Lohle
1992
12 000
9 000
1986
6 000
1981
1976
3 000
[Krafo e leqepheng la 114]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Liphutheho tse Ntseng li Ata
80 000
1992
60 000
1986
1981
1976
40 000
20 000
[Krafo e leqepheng la 115]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Keketseho ea Baboleli ba ’Muso
1992
4 000 000
1986
3 000 000
1981
1976
2 000 000
1 000 000
[Setšoantšo se leqepheng la 109]
Ofisi ka ’ngoe ea lekala ea Mokhatlo e tsamaisoa ke komiti ea baena, joaloka ena e hlokometseng mosebetsi Nigeria
[Litšoantšo tse leqepheng la 116]
Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova January 1992
Carey W. Barber
John E. Barr
W. Lloyd Barry
John C. Booth
Frederick W. Franz
George D. Gangas
Milton G. Henschel
Theodore Jaracz
Karl F. Klein
Albert D. Schroeder
Lyman A. Swingle
Daniel Sydlik