Khaolo 8
Li Bolela Litaba tse Molemo li sa Khaotse (1942-1975)
“HO BARATI BOHLE BA PUSO EA MOLIMO:
Ka January 8, 1942, moena oa rōna ea ratehang, J. F. Rutherford, o ile a qeta tsela ea hae ea lefatšeng ka botšepehi . . . E bile thabo le matšeliso ho eena ho bona le ho tseba hore lipaki tsohle tsa Morena ha li latele motho leha e le ofe, empa li latela Morena Kreste Jesu joaloka Moeta-pele oa tsona, le hore li tla ntšetsa mosebetsi pele ka bonngoe bo felletseng.”—Lengolo le tsebisang ka lefu la Moena Rutherford.a
LITABA tsa lefu la Moena Rutherford li ile tsa tšosa Lipaki tsa Jehova ka nakoana lefatšeng lohle. Tse ngata li ne li tseba hore o kile a kula, empa li ne li sa lebella hore a shoe kapele hakaalo. Li ne li utloisitsoe bohloko ke ho lahleheloa ke moena oa tsona ea ratehang empa li ne li ikemiselitse ho “ntšetsa mosebetsi pele”—e leng mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo. Li ne li sa talime J. F. Rutherford e le moeta-pele oa tsona. Charles E. Wagner, ea neng a sebetsa ofising ea Moena Rutherford, o itse: “Baena hohle ba ne ba e-na le kholiseho e matla ea hore mosebetsi oa Jehova ha oa itšetleha ka motho leha e le ofe.” Ho sa le joalo, ho ne ho hlokahala motho ea itseng hore a jare boikarabelo boo Moena Rutherford a neng a bo jere ha e ntse e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower.
“Re Ikemiselitse ho Lula Haufi le Morena”
E ne e le takatso e tebileng ea Moena Rutherford hore Lipaki tsa Jehova li bolele litaba tse molemo li sa khaotse. Kahoo bohareng ba December 1941, libeke tse ’maloa pele ho lefu la hae, o ile a bitsa batsamaisi ba bane ba mekhatlo e ’meli e meholo e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova ’me a etsa tlhahiso ea hore kapele-pele kamoo ho ka khonehang ka mor’a lefu la hae, litho tsohle tsa liboto tse peli li tšoare seboka se kopaneng ’me ho khethoe mopresidente le motlatsi oa mopresidente.
Motšehare oa mantsiboea ka January 13, 1942, matsatsi a mahlano feela ka mor’a lefu la Rutherford, litho tsohle tsa boto ea mekhatlo e ’meli li ile tsa kopana hammoho Bethele e Brooklyn. Matsatsi a ’maloa pejana, motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo, Nathan H. Knorr ea lilemo li 36, o ne a entse tlhahiso ea hore ba batle bohlale ba bomolimo ka tieo ka thapelo le ho nahanisisa. Litho tsa boto li ile tsa hlokomela hore le hoja moena ea tlang ho khethoa e le mopresidente a ne a tla ikarabella litabeng tsa molao tsa Mokhatlo oa Watch Tower, o ne a tla boela a sebeletsa e le molebeli ea ka sehloohong oa mokhatlo o hlophisitsoeng. Ke mang ea neng a na le litšoaneleho tse hlokahalang tsa moea bakeng sa boikarabelo boo bo boima ba ho hlokomela mosebetsi oa Jehova? Seboka se kopaneng se ile sa buloa ka thapelo, ’me ka mor’a tlhahlobisiso e hlokolosi, Moena Knorr o ile a khethoa ka momahano e le mopresidente oa mekhatlo e ’meli ’me Hayden C. Covington ea lilemo li 30, eo e neng e le ’muelli oa molao oa Mokhatlo, a khethoa e le motlatsi oa mopresidente.b
Neng-neng letsatsing lona leo, W. E. Van Amburgh, mongoli le ramatlotlo oa Mokhatlo, o ile a tsebisa lelapa la Bethele liphetho tsa likhetho. R. E. Abrahamson, ea neng a le teng ketsahalong eo, o hopola seo Van Amburgh a ileng a se bua: ‘Ke hopola ha C. T. Russell a e-shoa ’me sebaka sa hae se nkoa ke J. F. Rutherford. Morena o ile a tsoela pele ho tataisa le ho atlehisa mosebetsi oa Hae. Joale, ke lebelletse ka botlalo hore mosebetsi o hatele pele ha Nathan H. Knorr e le mopresidente, hobane ona ke mosebetsi oa Morena, hase oa motho.’
Litho tsa lelapa la Bethele Brooklyn li ile tsa ikutloa joang ka liphetho tsa likhetho? Lengolo le otlang pelo le tsoang ho tsona la January 14, 1942, e leng letsatsi ka mor’a likhetho, lea arabela: “Phetoho ea hae [ea Rutherford] e ke ke ea re fokolisa ho etseng mosebetsi oo Morena a re abetseng oona. Re ikemiselitse ho lula haufi le Morena le ho lula haufi e mong ho e mong, ka tieo re tla loana ntoa ho fihlela e fela, re tla loana mahetla a bapile. . . . Ho tsebana ha rōna haufi-ufi le Moena Knorr ka lilemo tse ka bang mashome a mabeli . . . ho re nolofalletsa ho utloisisa tataiso ea Morena ea hore ho khethoe Moena Knorr e le mopresidente ka hona ho re nolofalletsa ho utloisisa tlhokomelo e lerato ea Morena holim’a batho ba Hae.” Kapele-pele mangolo le li-cablegram tse tšehetsang sena li ile tsa fihla ka bongata ntlo-khōlō ho tsoa lefatšeng lohle.
Ho ne ho se na boikutlo ba ho se kholisehe mabapi le se lokelang ho etsoa. Ho ile ha lokisetsoa sehlooho se khethehileng bakeng sa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa February 1, 1942, eona tokollo e ileng ea tsebisa ka lefu la J. F. Rutherford. E itse: “Pokello ea Morena ea makhaola-khang e ntse e tsoela pele. Le ka motsotsoana feela ho se ke ha e-ba le letho le ka sitisang phutuho e habileng pele ea batho ba hae ba selekane tšebeletsong ea Hae. . . . Hona joale ho itšoarella ka tieo botšepehing ba rōna ho Molimo o Matla ’Ohle ke ntho EA BOHLOKOAHALI.” Lipaki tsa Jehova li ile tsa phehelloa hore li tsoele pele ho bolela litaba tse molemo ka cheseho.
Empa ‘ho itšoarella ka tieo botšepehing ba tsona’ e bile phephetso ea sebele mathoasong a bo-1940. Lefatše le ne le ntse le kenelletse ntoeng. Lithibelo tsa nakong ea ntoa likarolong tse ngata tsa lefatše li ile tsa thatafalletsa Lipaki tsa Jehova ho bolela. Ho tšoaroa ha Lipaki le ho hlaseloa ha tsona ke lihlopha tsa mahoo-hoo ho ile ha tsoela pele ho sa khaotse. Hayden Covington, joaloka ’muelli oa molao oa Mokhatlo, o ile a loana ntoa ea molao, ka linako tse ling a e loana a le ofising ea hae ntlo-khōlō e Brooklyn ’me ka linako tse ling a le ka tereneng ha a ntse a tsamaea a il’o sebetsana le linyeoe. A sebetsa ’moho le babuelli ba molao ba sebakeng seo, joaloka Victor Schmidt, Grover Powell, le Victor Blackwell, Moena Covington o ile a loana ka thata bakeng sa ho thehoa ha litokelo tsa mantlha tsa molao tsa Lipaki tsa Jehova tsa ho bolela ka ntlo le ntlo le ho aba lingoliloeng tsa Bibele ntle ho thibelo ea ba boholong sebakeng seo.c
Ho Utloahatsa Mohoo oa “ho Ntšetsa Mosebetsi Pele”
Ho sa tsotellehe kabo e lekanyelitsoeng ea lijo le petrole nakong ea ntoa, mathoasong a March 1942, ho ile ha etsoa tsebiso ea litokisetso tse entsoeng bakeng sa Kopano ea Lefatše le Lecha la Puso ea Molimo, e neng e tla tšoaroa ka September 18-20. Ho nolofatsa leeto, ho ile ha khethoa metse e 52 e fapaneng eo ho tla tšoareloa kopano ho eona ho pholletsa le United States, ’me e mengata ho eona e ile ea hokahanngoa ka thelefono le Cleveland, Ohio, motse oa sehlooho. Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kopana metseng e meng e 33 lefatšeng lohle. Sepheo sa kopano ee e ne e le sefe?
Mantsoeng a hae a selelekela lenaneong le qalang, molula-setulo, Moena Covington, o itse: ‘Ha rea kopana mona ka morero oa ho nahanisisa ka lintho tsa nako e fetileng kapa se entsoeng ke batho ba itseng.’ Joale, o ile a suthela puo ea sehlooho, “Leseli le le Leng Feela,” e thehiloeng ho Esaia likhaolo 59 le 60, e ileng ea fanoa ke Moena Franz. Ha sebui se bua ka taelo ea Jehova ea boprofeta e tlalehiloeng ke Esaia, ka tsela e hapang maikutlo se itse: “Joale, mohoo ke oona o reng, ‘Ntšetsang mosebetsi pele’ o tsoang ho Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa oa ho hatela pele [mosebetsing] oa hae oa bopaki ho sa tsotellehe se etsahalang pele Harmagedone e e-tla.” (Esa. 6:1-12) E ne e se nako ea ho nyehlisa le ho qhanolla.
Puong e latelang lenaneong N. H. Knorr o itse: “Ho na le mosebetsi o eketsehileng o lokelang ho etsoa; mosebetsi o mongata!” Ha a thusa bamameli ba hae karabelong ea bona mohoong o reng “Ntšetsang mosebetsi pele,” Moena Knorr o ile a tsebisa ka ho lokolloa ha khatiso ea phetolelo e felletseng ea Bibele ea King James, e hatisitsoeng setsing sa Mokhatlo sa khatiso e nang le lethathamo la mantsoe a sehlooho le entsoeng ka ho khetheha bakeng sa ho sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea tsona ea tšimo. Tokollo eo e ile ea bonahatsa thahasello e tukang ea Moena Knorr ea ho hatisa le ho aba Bibele. Ha e le hantle, ka mor’a hore e be mopresidente oa Mokhatlo mathoasong a selemo seo, Moena Knorr o ne a nkile mehato e potlakileng ea ho theha litokelo tsa molao tsa khatiso bakeng sa phetolelo ena le ho ikarabella bakeng sa ho lokisetsoa ha lethathamo la mantsoe a sehlooho le likarolo tse ling. Ka mor’a likhoeli tse seng kae khatiso ena e khethehileng ea King James Version e ne e le boemong bo loketseng ba ho lokolloa kopanong.
Letsatsing la ho qetela la kopano, Moena Knorr o ile a fana ka puo e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Puong eo o ile a hlalosa ka ho qaqileng bopaki bo tsoang ho Tšenolo 17:8 ba hore Ntoa ea II ea Lefatše, e neng e ntse e kupa ka nako eo, e ne e ke ke ea lebisa ho Harmagedone, joalokaha ba bang ba ne ba nahana, empa a hlalosa hore ntoa eo e tla lala ’me ho hlahe nako ea khotso. Ho ne ho sa ntsane ho na le mosebetsi o lokelang ho etsoa oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo. Ba tlileng kopanong ba ile ba bolelloa hore bakeng sa ho hlokomela keketseho e lebelletsoeng ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng, ho qala ka khoeli e latelang Mokhatlo o ne o tla romela “bahlanka ho baena” bakeng sa ho sebetsa ’moho le liphutheho. Phutheho ka ’ngoe e ne e tla eteloa ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng.
Marie Gibbard, ea bileng teng Dallas, Texas, hammoho le batsoali ba hae, o re: “Kopano eo ea Lefatše le Lecha la Puso ea Molimo e ile ea momahanya mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova bakeng sa mosebetsi o larileng ka pele.” Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Lipaki tsa Jehova li ne li lebelletse ka cheseho nakong ea khotso e tlang. Li ne li ikemiselitse ho tsoela pele li tiile har’a khanyetso le mahloriso, li bolela litaba tse molemo li sa khaotse!
Nako ea Thuto e Eketsehileng
Li ne li sebelisa likarete tsa bopaki le kramafono boboleling ba tsona ba ntlo le ntlo, empa na paki ka ’ngoe ea Jehova e ne e ka ntlafatsa tsebo ea eona ea ho hlalosa mabaka a tsoang ka Mangolong bakeng sa tšepo ea eona? Mopresidente oa boraro oa Mokhatlo, N. H. Knorr, o ne a nahana joalo. C. James Woodworth, eo ntate oa hae e neng e le mohlophisi oa The Golden Age le Consolation ka lilemo-lemo, o buile ka tsela ena: “Le hoja mehleng ea Moena Rutherford ho ne ho hatisoa hore ‘Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomene-mene,’ joale lefatšeng lohle ho ne ho hlaha keketseho ’me thuto—ea Bibele le ea tlhophiso—e ile ea qalisa ka tekanyo eo batho ba Jehova ba neng ba sa e tsebe ho tla fihlela nakong ena.”
Nako ea thuto e ile ea tsoela pele hang-hang. Ka February 9, 1942, hoo e ka bang khoeli ka mor’a hore N. H. Knorr a khethoe e le mopresidente oa Mokhatlo, ho ile ha etsoa tsebiso e pharalletseng lehaeng la Bethele Brooklyn. Ho ile ha etsoa litokisetso lehaeng la Bethele bakeng sa Lenaneo la Thuto e Tsoetseng Pele ea Tšebeletso ea Puso ea Molimo—sekolo se buellang ho etsa lipatlisiso tsa Bibele le lipuo tsa phatlalatsa.
Selemong se latelang, ho ile ha raloa motheo bakeng sa hore sekolo se tšoanang se khannoe liphuthehong tsa sebaka ka seng tsa Lipaki tsa Jehova. Kopanong ea “Khoeletso ea ho Nka Khato” e neng e tšoeroe ho pholletsa le United States ka April 17 le 18, 1943, ho ile ha lokolloa bukana ea Course in Theocratic Ministry. Phutheho ka ’ngoe e ile ea phehelloa hore e qale sekolo se secha, ’me Mokhatlo o ile oa khetha barupeli joaloka balula-setulo le ho fana ka keletso e loketseng bakeng sa lipuo tsa liithuti tse fanoang ke banna ba ngolisitsoeng. Kapele-pele, lenaneo leo la thuto le ile la fetoleloa ’me la sebelisoa linaheng tse ling.
Ka baka leo, libui tse tšoanelehang tse koetlisitsoeng sekolong sena sa tšebeletso li ile tsa qala ho kopanela phutuhong ea lefatše ka bophara ea lipuo tsa phatlalatsa ea ho bolela molaetsa oa ’Muso. Hamorao ba bangata ho tsona ba ile ba khona ho sebelisa koetliso ea bona hamolemo joaloka libui tsa kopano le ho hlokomela boikarabelo bo boima ba tlhophiso.
Har’a bona ke Angelo C. Manera, E Monyenyane, eo e bileng molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse ka bang 40. Ke e mong oa batho ba pele ba ho ngolisa sekolong se phuthehong ea habo, ’me a re: “Rōna ba neng ba ba teng libokeng le ho ea tšebeletsong ea tšimo ka lilemo tse ngata ntle ho tokisetso ena re talima tokisetso ena e le khatelo-pele e khōlō tsoelo-peleng ea rōna ea botho le mokhatlong o hlophisitsoeng.”
Mabapi le koetliso ea hae sekolong se thehiloeng ka 1942 lehaeng la Bethele Brooklyn, hamorao George Gangas, eo e neng e le mofetoleli oa Segerike nakong eo, o itse: “Ke hopola nako eo ke neng ke fana ka puo ea ka ea pele ea metsotso e tšeletseng. Ke ne ke sa itšepe kahoo ke ile ka e ngola fatše. Empa ha ke ema ke il’o e fana, ke ile ka tleloa ke tšabo ea bamameli ’me lentsoe la ka la qala ho falesa le ho kokotletsa, ka lebala lintlha tsa ka. Joale ke ile ka bala taba eo ke neng ke e ngotse ka letsoho. Empa matsoho a ka a ne a thothomela hoo mela e ngotsoeng e neng e ntse e e-ea holimo le tlaase!” Empa, ha a ka a tela. Ka mor’a nako, o ne a fana ka lipuo ka pel’a bamameli ba bangata ba tlileng kopanong ’me a ba a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova.
Sekolo se Thehiloeng Tumelong
Ka September 24, 1942, ho ile ha ba le khatelo-pele e eketsehileng nakong ea thuto e eketsehileng. Sebokeng se kopaneng sa boto ea batsamaisi ba mekhatlo e ’meli ea molao, Moena Knorr o ile a etsa tlhahiso ea hore Mokhatlo o thehe sekolo se seng, o sebelisa moaho o leng Kingdom Farm, South Lansing, New York, lik’hilomithara tse 410 ka leboea-bophirimela ho Motse oa New York. Morero oa sekolo sena e ne e tla ba ho koetlisa baromuoa bakeng sa ho sebeletsa linaheng lisele moo ho nang le tlhoko e khōlō ea baboleli ba ’Muso. Tlhahiso eo e ile ea amoheloa ka momahano.
Albert D. Schroeder, ea neng a le lilemo li 31 nakong eo, o ile a khethoa e le mongolisi ’me a sebeletsa e le molula-setulo oa komiti bakeng sa ho hlophisa sekolo se secha. O re: “Khele, lipelo tsa rōna li ile tla tlōla hakaakang ke thabo kabelong ee e ncha e makatsang!” Barupeli ba ile ba tšoareha hang-hang; ba ne ba salletsoe ke likhoeli tse ’nè feela hore ba lokisetse mananeo a thuto, ho hlophisa lipuo, le ho bokella lingoliloeng. Moena Schroeder, eo hona joale a sebeletsang e le setho sa Sehlopha se Busang oa hlalosa: “Lenaneo la thuto e tsoetseng pele ea Bokreste le ne le akaretsa libeke tse 20, ’me Bibele e le eona buka e ka sehloohong e ithutoang.”
Ka ’Mantaha, February 1, 1943, e leng nako ea mariha a batang ka leboea ho New York, sehlopha sa pele, se nang le liithuti tse 100, se ile sa qalisa. E ne e le sekolo se thehiloeng tumelong kannete. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho ne ho e-na le libaka tse seng kae lefatšeng tseo baromuoa ba ka romeloang ho tsona. Leha ho le joalo, ka kholiseho e felletseng ea hore ho tla ba le nako ea khotso eo ba ka sebelisoang ka eona, bao e neng e tla ba baromuoa ba ile ba koetlisoa.
Tlhophiso e Ncha ka Mor’a Ntoa
Ka May 1945 qhoebeshano ea Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea fela Europe. Lilemo tse ’nè hamorao, ka September, ntoa e ile ea lala Pacific. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e letse. Ka October 24, 1945, ka mor’a lilemo tse ka holimo ho tse tharo hoba mopresidente oa Mokhatlo a fane ka puo e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Selekane sa Machaba a Kopaneng se ile sa qala ho sebetsa.
Litlaleho tse buang ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlaha hanyane ka hanyane Europe. Ho sa tsotellehe ntoa, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ne o hatetse pele linaheng tsa Europe hoo baena le bo-khaitseli lefatšeng lohle ba neng ba maketse. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 15, 1945, o tlalehile: “Ka 1940 Fora e ne e e-na le bahoeletsi ba 400; hona joale ho na le ba 1 100 ba bolelang ka ’Muso. . . . Ka 1940 Holland e ne e e-na le bahoeletsi ba 800. Ba makholo a mane ho bona ba ile ba kharameletsoa likampong tsa mahloriso Jeremane. Ba setseng ba ile ba bolela ka ’Muso. Phello e bile efe? Hona joale naheng eo ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 2 000.” Joale monyako o bulehileng oa tokoloho o ile oa fana ka monyetla oa ho bolela litaba tse molemo ka ho eketsehileng, eseng Europe feela empa lefatšeng lohle. Leha ho le joalo, pele ho ne ho hlokahala tsosoloso le tlhophiso e ncha.
A laba-labela ho batlisisa litlhoko tsa Lipaki tsa Jehova linaheng tse harasantsoeng ke ntoa, mopresidente oa Mokhatlo, hammoho le mongoli oa hae, Milton G. Henschel, ba ile ba nka leeto le eang Brithani, Fora, Switzerland, Belgium, Netherlands, le Scandinavia ka November 1945 bakeng sa ho khothatsa baena le ho lekola liofisi tsa makala tsa Mokhatlo.d Morero oa bona e ne e le ho theha tlhophiso e ncha ka mor’a ntoa. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa lingoliloeng hammoho le lijo le liaparo bakeng sa ho li romela ho baena ba hlokang. Ho ile ha tsosolosoa liofisi tsa makala.
Moena Knorr o ile a hlokomela hore ho hlokahala tlhophiso e ntle ea makala bakeng sa ho boloka mohato le khatelo-pele ea mosebetsi oa ho bolela. Tsebo ea hae ea tlhaho ea ho hlophisa lintho e ile ea sebelisoa ka botlalo bakeng sa ho atolosa meaho ea makala ea Mokhatlo lefatšeng ka bophara. Ka 1942, ha e e-ba mopresidente, ho ne ho e-na le liofisi tsa makala tse 25. Ka 1946, ho sa tsotellehe lithibelo le litšitiso tsa Ntoa ea II ea Lefatše, ho ne ho e-na le makala linaheng tse 57. Lilemong tse latelang tse 30, ho theosa ho fihlela ka 1976, lenane la makala le ile la eketseha ho fihlela ho 97.
Ho Hlomelloa Bakeng sa ho ba Matichere
Ka mor’a ho etela linaheng tse ngata ka moraonyana ho ntoa, mopresidente oa Mokhatlo o ile a hlokomela hore ho hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li hlomelloe hamolemo bakeng sa ho ba matichere a Lentsoe la Molimo. Ho ne ho hlokahala thuto e eketsehileng ea Bibele hammoho le likofuto tse loketseng tse tla sebelisoa tšebeletsong ea tšimo. Litlhoko tseo li ile tsa finyelloa nakoana ka mor’a ntoa.
Kopanong ea Puso ea Molimo ea Lichaba tse Thabileng, e neng e tšoaretsoe Cleveland, Ohio, ka August 4-11, 1946, Moena Knorr o ile a fana ka puo e reng “Ho Hlomelloa Bakeng sa Mosebetsi ’Ohle o Molemo.” Bamameli bohle ba ne ba hlolletsoe ha a botsa lipotso tse kang tsena: “Na e ke ke ea ba thuso e khōlō ho fumana boitsebiso bo thehiloeng bukeng ka ’ngoe ho tse mashome a tšeletseng tsa Bibele? Na e ne e ke ke ea ba thuso ea ho utloisisa Mangolo haeba re tseba hore na ke mang ea ngotseng buka ka ’ngoe ea Bibele? hore na buka ka ’ngoe e ngotsoe neng? hore na e ngoletsoe hokae?” Bohle ba ne ba laba-labela ho utloa seo a tla se bua ha a re: “Baena, le fumane boitsebiso boo bohle le ho fetang hoo bukeng e ncha e nang le sehlooho se reng ‘Equipped for Every Good Work’!” Tsebiso eo e ile ea lateloa ke litlatse tse khōlō. Buka ena e ncha e ne e tla sebelisoa e le buka e ithutoang bakeng sa sekolo sa tšebeletso se tšoaroang liphuthehong.
Hase feela hore Lipaki tsa Jehova li ne li hlomelletsoe ka khatiso e tla tebisa tsebo ea tsona ea Mangolo empa li ile tsa boela tsa fuoa lithuso tse ling tse ntle ka ho fetisisa bakeng sa ho li sebelisa tšimong. Kopano ea 1946 e tla hopoloa ka nako e telele ka tokollo ea eona ea khatiso ea pele ea Tsoha!. Makasine ona o mocha o ile oa nka sebaka sa Consolation (eo pele e neng e tsejoa e le The Golden Age). Ho ile ha boela ha lokolloa buka “’Nete e be ea Molimo”e (ea Senyesemane). Henry A. Cantwell, eo hamorao a ileng a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang, oa hlalosa: “Ka nako e teletsana re ne re hloka ka matla buka e neng e ka sebelisoa ka katleho ha ho khanneloa batho ba sa tsoa thahasella lithuto tsa Bibele, e neng e tla akaretsa lithuto le linnete tsa motheo tsa Bibele. Eitse ha ho lokolloa buka ‘’Nete e be ea Molimo,’ re ile ra fumana se neng se hlokahala.”
Li hlomelletsoe ka lithuso tsa bohlokoa joalo tsa ho ruta, Lipaki tsa Jehova li ne li lebelletse keketseho e eketsehileng e potlakileng. Ha Moena Knorr a bua kopanong tlas’a sehlooho se reng “Mathata a Tsosoloso le Keketseho,” o ile a hlalosa hore nakong ea ntoa lefatšeng lohle, boiteko ba ho paka ha boa ka ba ema nģa e le ’ngoe. Ho tloha ka 1939 ho ea ho 1946, lenane la baboleli ba ’Muso le ne le eketsehile ka ba fetang 110 000. Bakeng sa ho khotsofatsa tlhoko e eketsehang ea lingoliloeng tsa Bibele, Mokhatlo o ile oa etsa tokisetso ea ho atolosa fektheri le Lehae la Bethele Brooklyn.
Nako e lebelletsoeng ea khotso ea lefatše e ne e fihlile. Nako ea keketseho lefatšeng lohle le thuto ea Bibele e ne e tsoela pele hantle. Ha Lipaki tsa Jehova li khutlela hae li tsoa Kopanong ea Puso ea Molimo ea Lichaba tse Thabileng li ne li hlomelletsoe hamolemo bakeng sa ho ba matichere a molemonyana a litaba tse molemo.
Boboleli ba ’Muso bo Hatela Pele
Ka baka la keketseho lefatšeng ka bophara, ka February 6, 1947, mopresidente oa Mokhatlo le mongoli oa hae, Milton G. Henschel, ba ile ba nka leeto la lik’hilomithara tse 76 916 la tšebeletso lefatšeng. Leeto lena le ile la ba fihlisa lihleke-hlekeng tsa Pacific, New Zealand, Australia, Boroa-bochabela ho Asia, India, Bochabela bo Hare, tikoloho ea Mediterranean, Europe Bohareng le Bochabela, Scandinavia, Engelane, le Newfoundland. E ne e le lekhetlo la pele ho tloha ka 1933 baemeli ba basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo Brooklyn ba etela baena ba bona Jeremane. Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ile tsa sala banna bana ba babeli ba batsamai morao ha litlaleho tsa leeto li ntse li hatisoa litokollong tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ho theosa le 1947.f
Moena Henschel, eo hona joale e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, oa hlalosa: “E bile monyetla oa pele oa hore re tsebane le baena Asia le libakeng tse ling le ho bona hore na litlhoko tsa bona ke life. Re ne re hopotse ho romela baromuoa, kahoo ho ne ho hlokahala hore re tsebe maemo ao ba tla thulana le ’ona le seo ba tlang ho se hloka.” Ka mor’a leeto leo, lenane le phahameng la baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade le ile la fihla linaheng lisele bakeng sa ho etella pele mosebetsing oa boboleli ba ’Muso. Liphello e bile tse hlollang. Lilemong tse hlano tse latelang (1947-52), lenane la baboleli ba ’Muso lefatšeng ka bophara le ile la imena ka makhetlo a fetang a mabeli, ho tloha ho ba 207 552 ho ea ho ba 456 265.
Keketseho ea Puso ea Molimo
Ka June 25, 1950, mabotho a sesole a tsoang Democratic People’s Republic of Korea a ile a futuhela Republic of Korea ho ea ka boroa. Qetellong, ho ile ha romeloa masole a tsoang linaheng tse ling tse 16. Empa ha ntoa e ntse e qabanya lichaba tse khōlō, Lipaki tsa Jehova li ile tsa itokisetsa ho bokana bakeng sa kopano ea lichaba e neng e ke ke ea bontša bonngoe ba tsona feela lefatšeng ka bophara empa le hore Jehova o li hlohonolofalitse ka keketseho.—Esa. 60:22.
Kopano ea Keketseho ea Puso ea Molimo e ne e lokiselitsoe bakeng sa July 30 ho ea ho August 6, 1950. Ena e ne e tla ba kopano e khōlōhali e kileng ea tšoaroa ke Lipaki tsa Jehova setsing se le seng ho tla fihlela ka nako eo. Batho ba ka bang 10 000 ba tsoang linaheng lisele Europe, Afrika, Asia, Latin America, lihleke-hlekeng tsa Pacific—linaha tse fapaneng tse 67 ka kakaretso—ba ile ba bokana Yankee Stadium Motseng oa New York. Tlhōrō ea ba bileng teng ba fetang 123 000 bakeng sa puo ea phatlalatsa—ha e bapisoa le tlhōrō ea ba 80 000 ba bileng teng Kopanong ea Puso ea Molimo ea Lichaba tse Thabileng lilemong tse ’nè feela pejana—e bile bopaki bo hlollang ba keketseho.
Ntho ea bohlokoa keketsehong eo Lipaki tsa Jehova li e latsoitseng e bile ho hatisoa le ho abjoa ha Lentsoe la Molimo. Sehlohlolo sa sena se ile sa finyelloa ka August 2, 1950, ha Moena Knorr a tsebisa ka ho lokolloa ha New World Translation of the Christian Greek Scriptures ea puo ea kajeno ea Senyesemane. Ba tlileng kopanong ba ne ba hlolletsoe ha ba hlokomela hore phetolelo ena e ncha e khutliselitse lebitso la Molimo Jehova libakeng tse 237 tabeng e ngotsoeng ho tloha ho Mattheu ho ea ho Tšenolo! Ha sebui se phetha puo ea sona, se ile sa etsa boipiletso bona bo hapang maikutlo: “Nkang phetolelo ena. E baleng. Ithuteng eona, hobane e tla le thusa ho fumana kutloisiso e molemonyana ea Lentsoe la Molimo. E neheng ba bang.” Lilemong tse latelang tse leshome, likarolo tse ling letotong lena li ne li tla latela, e le hore qetellong Lipaki tsa Jehova li ka ba le phetolelo e nepahetseng ea Bibele eohle le eo ho leng bonolo ho e utloisisa eo li ka e nehang batho ba bang ka mafolo-folo.
Pele batho ba tlileng kopanong ba tloha motseng oo e neng e tšoaretsoe ho oona, ba ile ba memeloa hore ba e’o bona ntlo-khōlō e ncha ea lehae la Bethele 124 Columbia Heights le fektheri ea khatiso e atolositsoeng ka ho pharalletseng 117 Adams Street. Meaho ena e mecha e ahiloeng ka tšehetso ea lichelete ea Lipaki lefatšeng ka bophara, e ile ea phetha lenaneo la keketseho e pharalletseng le ileng la tsebisoa le ho amoheloa ka mafolo-folo kopanong ea 1946 e neng e tšoaretsoe Cleveland. Lipaki tsa Jehova nakong eo li ne li sa hlokomele hore na ho sa ntsane ho tla ba le keketseho e khōlō hakae, eseng Brooklyn feela, empa lefatšeng ka bophara. Ho ne ho tla hlokahala litsi tse eketsehileng le tse khōloanyane tsa khatiso bakeng sa ho hlokomela manane a ntseng a eketseha a sa khaotse a bahoeletsi ba ’Muso.
Koetliso e Atolositsoeng Mabapi le Tšebeletso ea Ntlo le Ntlo
Kopanong ea Mokhatlo oa Lefatše le Lecha, e neng e tšoaretsoe Motseng oa New York, ka July 19-26, 1953, ho ile ha fanoa ka lingoliloeng tse ncha bakeng sa Lipaki tsa Jehova, haholo-holo le bakeng sa ho li sebelisa boboleling ba ’Muso ba ntlo le ntlo. Ka mohlala, ho lokolloa ha “Make Sure of All Things” ho ile ha amoheloa ka litlatse tse khōlō ke batho ba 125 040 ba neng ba le teng ka ’Mantaha, July 20. Buka ena e maqephe a 416 e fellang ka pokothong e ne e le kofuto ea tšebeletso ea tšimo e nang le litšupiso tse fumanehang habonolo, ’me e ne e kopantse mangolo a fetang 4 500 tlas’a lihlooho tse 70 tse khōlō. Joale Lipaki tsa Jehova li ne li se li na le likarabelo tsa Mangolo tse fumanehang habonolo lipotsong tse botsoang boboleling ba tsona ba ntlo le ntlo.
Ka Laboraro hoseng puong e reng “Mosebetsi o Moholo Bakeng sa Basebeletsi Bohle,” Moena Knorr o ile a tsebisa ka khatelo-pele e eketsehileng thutong e tsoelang pele ea Lipaki tsa Jehova—e leng lenaneo le pharalletseng la koetliso ea ntlo le ntlo le neng le tla sebelisoa liphuthehong tsohle. Bahoeletsi ba eketsehileng ba nang le phihlelo ba ile ba kōptjoa hore ba thuse ba nang le phihlelo e fokolang hore e be baboleli ba ntlo le ntlo ba ’Muso ba ka mehla le ba hloahloa. Lenaneo lena le pharalletseng le ile la qala ka September 1, 1953. Jesse L. Cantwell, molebeli ea tsamaeang ea ileng a kenya letsoho mosebetsing oa koetliso, o itse: “Ka sebele lenaneo lena le ile la thusa bahoeletsi ho ba hloahloa haholoanyane.”
Likhoeling tse latelang ka mor’a July 1953, ho ile ha tšoaroa likopano tse hokelletsoeng ’moho likontinenteng tse hlano, ’me lenaneo le tšoanang la fetoloa hore le tšoanele sebaka ka seng. Ka hona, koetliso e atolositsoeng mabapi le tšebeletso ea ntlo le ntlo e ile ea qalisoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Selemong sona seo lenane la baboleli ba ’Muso le ile la finyella tlhōrō ea ba 519 982.
Ho Finyella Litlhoko tsa Keketseho Lefatšeng Lohle
Bohareng ba bo-1950, ho ile ha etsoa litokisetso tse eketsehileng bakeng sa ho hlokomela keketseho e potlakileng ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng. Ka lilemo tse fetang leshome, N. H. Knorr o ne a tsamaile lefatšeng ka bophara ho lekola mosebetsi oa makala. Maeto ana a ile a finyella ho hongata bakeng sa ho kholiseha ka tlhokomelo e ntle ea mosebetsi naheng ka ’ngoe le ho matlafatsa bonngoe ba Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Moena Knorr o ne a rata baromuoa haholo le ba sebeletsang makaleng a leng lefatšeng ka bophara. Hohle moo a neng a ea teng, o ne a ipha nako ea ho bua le bona ka mathata le litlhoko tsa bona le ho ba khothatsa tšebeletsong ea bona. Empa ka 1955, ho ne ho e-na le liofisi tsa makala tsa Mokhatlo oa Watch Tower tse 77 le baromuoa ba 1 814 ba koetlisitsoeng Gileade ba sebeletsang linaheng tse 100 tse fapaneng. Ha Moena Knorr a hlokomela hore a ke ke a khona ho hlokomela sena sohle a le mong, o ile a nka mehato ea ho akarelletsa ba bang mosebetsing ona oa bohlokoa oa ho etela makala le mahae a baromuoa.
Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho arola lefatše ka libaka tse leshome, ’me sebaka ka seng se akaretsa makala a ’maloa a Mokhatlo. Baena ba tšoanelehang ba tsoang ofising e Brooklyn le balebeli ba lekala ba nang le phihlelo ba ile ba khethoa e le basebeletsi ba libaka (bao hona joale ba bitsoang balebeli ba libaka) ’me Moena Knorr a ba koetlisetsa mosebetsi ona. Ka January 1, 1956, basebeletsi ba libaka ba pele ba ile ba qalisa tšebeletso ena e ncha ea ho etela makala. Ka 1992, baena ba fetang 30, ho akarelletsa le litho tsa Sehlopha se Busang, ba ne ba sebeletsa e le balebeli ba libaka.
Thuto Mabapi le Thato ea Molimo
Lehlabuleng la 1958, Bochabela bo Hare bo ne bo pupelitsoe ke tšokelo ea ntoa. Ho sa tsotellehe tsitsipano e teng likamanong tsa linaha, Lipaki tsa Jehova li ile tsa itokisetsa ho tšoara kopano ea lichaba e neng e tla li ruta thato ea Molimo ka ho eketsehileng. Hape e ne e tla ipaka e le kopano ea tsona e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea tšoaroa motseng ofe kapa ofe.
Tlhōrō ea batho ba 253 922 ba tsoang linaheng tse 123 e ile ea bokana ka bongata Yankee Stadium le Polo Grounds Motseng oa New York bakeng sa Kopano ea Lichaba ea Thato ea Molimo, ka July 27 ho ea ho August 3. Daily News ea New York ea July 26, 1958, e itse: “Boieane ba Lipaki tsa Jehova bo Kena bo sa Khaotse Lebaleng la Lipapali. Literene tse robeli tse khethehileng, libese tse 500 tse hiriloeng le lihlopha tsa makoloi tse 18 000 li tlisa litho tsa tsona, ntle le likepe tse peli tse hiriloeng le lifofane tse 65 tse hiriloeng.”
Baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba ne ba tsebisitse ntlo-khōlō ea Mokhatlo phephetso eo ba thulanang le eona ea ho ruta ’nete ea Bibele ho batho ba sa tsebeng litumelo le lithuto tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Hoja ba ne ba ka fumana buka e neng e tla teka lithuto tsa ’nete tsa Bibele feela, empa ho le bonolo ho e bala le ho e utloisisa! Batho ba tlileng kopanong ba 145 488 ba ne ba thabile haholo ka Labone motšehare oa mantsiboea, July 31, ha Moena Knorr a tsebisa ka ho lokolloa ha buka e ncha (ka Senyesemane) ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng Ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape.
Moena Knorr o ile a phehella bohle hore ba sebelise buka e ncha tšebeletsong ea bona ea tšimo. O ile a boela a etsa tlhahiso ea hore batsoali ba tla e fumana e le molemo haholo bakeng sa ho ruta bana ba bona ’nete ea Bibele. Batsoali ba bangata ba ile ba iphaphatha le tlhahiso eo. Grace A. Estep, tichere ea sekolo e hōletseng torotsoaneng e haufi le Pittsburgh, Pennsylvania, o itse: “Bana bohle ba hōtse ba tseba ho phetla buka ea Paradeisi, ba e nka ha ba ea libokeng, ba e arolelana le bao ba bapalang le bona, ’me nako e telele pele ba hōla ka ho lekaneng hore ba ka khona ho bala, ba ne ba khona ho pheta letoto lohle la lipale tsa Bibele ba shebile litšoantšo.”
Ho ile ha boela ha fanoa ka boitsebiso bo enneng bakeng sa liithuti tse hatelang pele tsa Lentsoe la Molimo. Qetellong ea puo e hapang maikutlo e reng “Thato ea Hao a e ke e Phethahale,” Moena Knorr o ile a etsa hore bamameli ba hlolloe ha a tsebisa ka ho lokolloa ha buka e ncha e nang le sehlooho se reng “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng” (ea Senyesemane). Buka ena e ncha, e nang le tlhaloso e batsi ea buka ea Daniele, e ne e ruta babali ba eona hore na thato ea Molimo e ’nile ea etsoa joang le kamoo e ntseng e etsoa ka teng hona joale. Sebui se itse: “Le tla thabela buka ena haholo!” Ka litlatse tse khōlō bamameli ba bangata ba 175 441 ba ile ba bonahatsa thabo ea bona ha ba amohela kofuto ena e ncha bakeng sa ho entša kananelo ea bona ea thato ea Molimo!
Mantsoeng a hae a qetellang, Moena Knorr o ile a tsebisa ka mananeo a eketsehileng a khethehileng a thuto a neng a tla ruisa mokhatlo ’ohle o hlophisitsoeng molemo. Knorr o itse: “Mosebetsi oa ho ruta ha o qephe, empa ho fapana le hoo o hatela pele.” O ile a lokolisa litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho fana ka lenaneo la koetliso ea likhoeli tse leshome Brooklyn bakeng sa balebeli ba tsoang makaleng a Mokhatlo lefatšeng ka bophara. Hape, linaheng tse ngata lefatšeng lohle, ho ne ho tla ba le mananeo a koetliso a khoeli e le ’ngoe bakeng sa balebeli ba tsamaeang le ho ba hlokometseng liphutheho. Ke hobane’ng ha ho ne ho fanoa ka thuto ee eohle? O hlalositse: “Re batla ho fumana kutloisiso e phahameng haholoanyane, e le hore re ka utloisisa mehopolo e tebileng haholoanyane ea Jehova joalokaha a e boletse ka Lentsoeng la hae.”
Mosebetsi o ile oa qalisa kapele-pele mabapi le mananeo a thuto bakeng sa mananeo a koetliso. Likhoeli tse supileng hamorao, ka March 9, 1959, sehlopha sa pele sa sekolo se secha, Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, se ile sa qala South Lansing, New York, moo Sekolo sa Gileade se leng hona teng. Se ileng sa qala moo kapele-pele se ile sa saballa lefatšeng lohle kaha sekolo se secha se ile sa sebelisoa bakeng sa ho koetlisa ba hlokometseng liphutheho.
Ho Matlafaletsoa ‘ho Ema ba Tiile Tumelong’
Lilemong tsa bo-1960, mokhatlo oa batho o ne o pupelitsoe ke liphetoho tsa bolumeli le tsa sechaba. Baruti ba ile ba re likarolo tse itseng tsa Bibele ke tšōmo kapa li siiloe ke nako. Khopolo ea hore “Molimo o shoele” e ile ea fetoha e tloaelehileng haholo. Mokhatlo oa batho o ile oa qhafutsa ka ho tebileng moraheng oa boitšoaro bo bobe. Ka Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling hammoho le mananeo a kopano, batho ba Jehova ba ile ba matlafaletsoa ‘ho ema ba tiile tumelong’ lilemong tseo tse leshome tsa pherekano.—1 Ba-Kor. 16:13.
Letotong la likopano tse neng li tšoeroe lefatšeng ka bophara ka 1963, puo e reng “Buka ea ‘Litaba tse Molemo tsa ka ho sa Feleng’ e Molemo” e ile ea sireletsa Bibele tlhaselong ea ba e nyatsang. Sebui se hlalositse: “Ha ho hlokahale hore ba nyatsang Bibele e be bona ba hlalosang hore buka ena e ngotsoe ke batho feela tjee. Ka botšepehi Bibele e re bolella sena. Empa se etsang hore buka ena e be e fapaneng le buka leha e le efe e ngotsoeng ke batho ke hore Bibele e Halalelang e ‘bululetsoe ke Molimo.’” (2 Tim. 3:16, 17, NW) Puo ena e hapang maikutlo e ile ea lebisa ho lokolloeng ha buka ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” (ea Senyesemane). Buka ena e ncha e ne e akarellelitse tlhaloso ea buka ka ’ngoe ea Bibele, e fana ka pale ea buka eo, joaloka hore na e ngotsoe ke mang, hore na e ngotsoe neng hona e ngolloa hokae, le bopaki ba ho nepahala ha eona. Joale ho ile ha latela kakaretso ea buka ea Bibele, e lateloang ke karolo e bitsoang “Lebaka Leo e Leng Molemo,” e bontšang kamoo buka ena ea Bibele ka ho khetheha e leng ea bohlokoa bo boholo ho ’mali. Joaloka kofuto ea bohlokoa thutong ea Bibele e tsoelang pele ea Lipaki tsa Jehova, buka ena e ntse e sebelisoa e le buka ea thuto Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo hoo e ka bang lilemo tse 30 ka mor’a hore e lokolloe!g
Lipaki tsa Jehova li ile tsa angoa ke phetoho e khōlō ea botona le botšehali lilemong tsa bo-1960. Ha e le hantle, ba likete tse ’maloa ho tsona—e leng karolo e nyenyane lekholong ea lenane-kakaretso la tsona—ba ile ba lokela ho khaoloa selemo le selemo, ba bangata e le ka baka la boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Ka hona, ka lebaka le utloahalang batho ba Jehova ba ile ba fuoa keletso e tobileng letotong la likopano tsa setereke tse neng li tšoeroe ka 1964. Lyle Reusch, molebeli ea tsamaeang eo ka tsoalo a tsoang Saskatchewan, Canada, o hopola puo e reng “Ho Boloka Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Basebeletsi ba Phatlalatsa o Hloekile, o se na Sekoli.” Reusch o itse: “Puo e tobileng, e sa hlatheng koana le koana e buang ka boitšoaro e ile ea hlalosa litaba ka ho hlaka.”
Boitsebiso ba puo eo bo ile ba hatisoa ho Molula-Qhooa oa May 15, 1965 (November 15, 1964, ka Senyesemane). Har’a tse ling, o itse: “Banana, le se ke la iketsa thaole e litšila e sebelisoang ke batho bohle, eo batho ba sebelisanang le mahure, ‘ntja’ leha e le efe ea tšoantšetso ba phumolang matsoho ka eona.”—Bapisa le Tšenolo 22:15.
Keletso e tobileng joalo e ne e etselitsoe ho thusa Lipaki tsa Jehova e le batho ka kakaretso ho ipoloka li hloekile boitšoarong, li tšoaneleha bakeng sa ho tsoela pele li bolela molaetsa oa ’Muso.—Bapisa le Ba-Roma 2:21-23.
“Ak’u Mpolelle, Selemo See sa 1975 se Bolela’ng?”
E ne e le khale Lipaki li lumela hore Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e tla latela ka mor’a lilemo tse 6 000 tsa histori ea motho. Empa lilemo tse 6 000 tsa ho ba teng ha motho li ne li tla fela neng? Buka ea Bophelo bo sa Feleng—Tokolohong ea Bara ba Molimo, (ea Senyesemane) e ileng ea lokolloa letotong la likopano tsa setereke tse neng li tšoeroe ka 1966, e ile ea bua ka selemo sa 1975. Hona kopanong, ha baena ba ntse ba hlahloba litaba tsa eona tse ka hare, buka ena e ncha e ile ea etsa hore ba bue haholo ka selemo sa 1975.
Kopanong e neng e tšoaretsoe Baltimore, Maryland, F. W. Franz o ile a fana ka puo e koalang. O ile a qala ka ho re: “Pejana ke hloella sethaleng mohlankana e mong o ile a tla ho ’na ’me a re, ‘Ak’u mpolelle, selemo see sa 1975 se bolela’ng?’” Eaba Moena Franz o bolela lipotso tse ngata tse botsitsoeng mabapi le hore na ebe boitsebiso bo bukeng eo e ncha bo bolela hore Harmagedone e tla be e felile ka 1975, ’me Satane o tla tlangoa. Ka bokhutšoanyane o itse: ‘Mohlomong ho joalo. Empa re ke ke ra rialo. Molimo o ka khona ho etsa lintho tsohle. Empa re ke ke ra rialo. ’Me leha e le ofe oa lōna a se ke a bua letho le tobileng ka se tla etsahala pakeng tsa hona joale le 1975. Empa taba e khōlō ho sena sohle ke ena, metsoalle e ratehang: Nako e khutšoaane. Ntle ho pelaelo, nako ea fela.’
Lilemong tsa ka mor’a 1966, Lipaki tsa Jehova tse ngata li ile tsa itšoara tumellanong le morero oa keletso eo. Leha ho le joalo, ho ile ha hatisoa lipolelo tse ling ka taba ena, ’me lipolelo tse ling ho tsena li ne li batla li fana ka taelo ho fapana le ho fana ka tlhahiso. Sena se ile sa lumeloa ho Molula-Qhooa oa September 15, 1980 (leqephe 20) (March 15, 1980, ka Senyesemane). Empa Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa hlokomelisoa hore li lebise tlhokomelo e khōlō ho etseng thato ea Jehova eseng li amehe ho tlōlisa ka matsatsi le litebello tsa poloko ea kapele.h
Kofuto ea ho Potlakisa Mosebetsi
Bofelong ba bo-1960, Lipaki tsa Jehova li ne li ntse li bolela litaba tse molemo li e-na le boikutlo ba tebello le ho potlaka. Ka 1968 lenane la bahoeletsi ba ’Muso le ne le eketsehile ho fihla ho ba 1 221 504 linaheng tse 203. Leha ho le joalo, e ne e le ntho e tloaelehileng hore batho ba bang ba ithute Bibele ka lilemo-lemo empa ba sa nke khato ka tsebo eo ba e fumaneng. Na ho ne ho e-na le tsela ea ho potlakisa mosebetsi oa ho etsa barutuoa?
Karabelo e ile ea hlaha ka 1968 ha ho lokolloa thuso e ncha ea ho ithuta Bibele, ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng (ka Senyesemane). Buka ena e maqephe a 192 e fellang ka pokothong e ile ea lokisetsoa ho hopotsoe batho ba sa tsoa thahasella. E ne e e-na le lihlooho tse ipiletsang tse 22 tse tšohlang litaba tse kang “Ka Baka La’ng e Leng Bohlale ho Hlahloba Bolumeli ba Hao,” “Lebaka Leo ka Lona re Tsofalang le ho Shoa,” “Bafu ba Kae?” “Ke ka Baka La’ng ha Molimo o Lumeletse Bokhopo ho Fihlela Mehleng ea Rōna?” “Kamoo ho ka Tsejoang Bolumeli ba ’Nete Kateng,” le “Ho Haha Bophelo bo Thabileng ba Lelapa.” Buka ea ’Nete e ne e etselitsoe ho khothaletsa seithuti ho nahana ka boitsebiso boo ho buisanoang ka bona le ho bo sebelisa bophelong ba sona.
Buka ena e ncha e ne e lokela ho sebelisoa lenaneong la thuto ea Bibele la likhoeli tse tšeletseng. Tokollo ea November 1968 ea Tšebeletso ea ’Muso (September 1968, ea Senyesemane) e ile ea hlalosa kamoo lenaneo lena le lecha le neng le tla sebetsa ka teng: “E ka ba hantle ho leka ho ithuta khaolo eohle bukeng ea ‘’Nete’ beke le beke, le hoja ho ka ’na ha se ke ha ba bonolo ho beng ba matlo bohle kapa likhaolo tsohle tse bukeng eo. . . . Haeba, ka mor’a likhoeli tse tšeletseng tsa koetliso e batsi le boiteko bo tiileng ba ho ba susumelletsa ho ea libokeng, ba ntse ba sa kopanele le phutheho, joale ho ka ba molemo ho sebelisa nako ea hao bakeng sa ho ithuta le motho e mong ea hlileng a ratang ho ithuta ’nete le ho hatela pele. Iketsetse pakane ea ho nehelana ka litaba tse molemo lithutong tsa Bibele ka tsela eo ka eona batho ba thahasellang ba tlang ho nka khato nakong ea likhoeli tse tšeletseng!”
’Me ba ile ba fela ba nka khato! Ka nako e khutšoanyane, lenaneo la likhoeli tse tšeletseng la ho ithuta Bibele le ile la ba le katleho e tsotehang. Ka lilemo tse tharo tsa tšebeletso ho tloha ka September 1, 1968, ho ea bofelong ba August 31, 1971, ho ile ha kolobetsoa kakaretso ea batho ba 434 906—lenane le phahameng ka makhetlo a imenneng habeli ho feta lenane le kolobelitsoeng lilemong tse tharo tsa tšebeletso tse ka pele! Kaha e ile ea hlaha nakong eo ka eona ho neng ho e-na le boikutlo ba tebello le ho potlaka har’a Lipaki tsa Jehova, buka ea ’Nete le phutuho ea ho ithuta Bibele ka likhoeli tse tšeletseng li ile tsa thusa haholo bakeng sa ho potlakisa mosebetsi oa ho etsa barutuoa.—Matt. 28:19, 20.
“Bo Lokela ho Sebetsa; bo Tsoa ho Jehova”
Ka lilemo tse ngata liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ne li hlophisitsoe ka hore monna a le mong ea tšoanelehang moeeng a khethoe ke Mokhatlo e le mohlanka, kapa “molebeli,” oa phutheho, ’me o ne a thusoa ke “bahlanka” ba bang ba khethiloeng.i (1 Tim. 3:1-10, 12, 13, NW) Banna bana ba ne ba lokela ho sebeletsa mohlape, eseng ho o busa. (1 Pet. 5:1-4) Empa na liphutheho li ne li ka ipapisa haholoanyane le kaheho ea liphutheho tsa Bokreste tsa lekholo la pele la lilemo?
Ka 1971, letotong la likopano tse neng li tšoeroe lefatšeng ka bophara, ho ile ha fanoa ka puo e reng “Mokhatlo o Hlophisitsoeng Har’a Lipuso tsa Sechaba ka Sechaba le Bokomonisi.” Ka July 2, F. W. Franz o ile a fana ka puo Yankee Stadium Motseng oa New York. Puong eo o ile a hlalosa hore moo ho nang le baena ba tšoanelehang ba lekaneng, liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo li ne li e-ba le balebeli ba fetang a le mong. (Ba-Fil. 1:1) O itse: “Sehlopha sa phutheho sa balebeli se ne se bōptjoa ka ‘sehlopha sa banna ba hōlileng’ . . . Litho tsa ‘sehlopha [kapa, phutheho] se joalo sa banna ba hōlileng’ li ne li lekana, li na le boemo ba tšebeletso bo tšoanang, ’me ha ho le se seng ho tsona seo e neng e le setho sa bohlokoa ka ho fetisisa, se hlahelletseng ka ho fetisisa, se matla ka ho fetisisa ka phuthehong.” (1 Tim. 4:14) Ka sebele puo eo e ile ea susumetsa bohle ba tlileng kopanong. Boitsebiso boo bo ne bo tla ba le tšusumetso e kae liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara?
Karabelo e ile ea fumanoa ka mor’a matsatsi a mabeli, puong e koalang, e fanoeng ke N. H. Knorr. Liphetoho tlhokomelong ea liphutheho lefatšeng ka bophara li ne li tla qala ho sebetsa ho tloha ka October 1, 1972. Ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le mohlanka, kapa molebeli, a le mong oa phutheho. Empa likhoeling tse etelletseng pele October 1, 1972, banna ba nang le boikarabelo, ba hōlileng tsebong phuthehong ka ’ngoe ba ne ba tla buella mabitso a ba neng ba tla sebeletsa e le sehlopha sa baholo (le mabitso a ba neng ba tla sebeletsa e le bahlanka ba sebeletsang) ho Mokhatlo bakeng sa ho khethoa. Moholo a le mong o ne a tla khethoa e le molula-setulo,j empa baholo ba bang bohle ba ne ba tla ba le taolo e lekanang ’me ba arolelane boikarabelo ba ho etsa liqeto. Moena Knorr o hlalositse: “Liphetoho tsena tse amang mokhatlo o hlophisitsoeng li tla etsa hore tsamaiso ea liphutheho e be e lumellanang haholoanyane le Lentsoe la Molimo, ’me seo se tla tlisa mahlohonolo a maholoanyane a tsoang ho Jehova.”
Ba tlileng kopanong ba ile ba amohela joang boitsebiso boo bo mabapi le liphetoho ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng? Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a susumelletseha ho re: “Bo lokela ho atleha; bo tsoa ho Jehova.” Paki e ’ngoe e nang le phihlelo ea nako e telele e ile ea phaella: “E tla ba khothatso ho banna bohle ba holileng moeeng ea ho jara boikarabelo.” Ha e le hantle, joale banna ba bangata ba tšoanelehang ba ne ba ka ‘hahamalla litokelo’ le ho khetheloa “tšebeletso ea molebeli.” (1 Tim. 3:1, NW) Baena ba bangata ba ne ba ka fumana phihlelo ea ho jara boikarabelo ba phutheho. Le hoja ba ne ba sa hlokomele sena qalong, kaofela ha bona ba ne ba tla hlokahala bakeng sa ho alosa batho ba bacha ba kenang ka phuthehong lilemong tse tlang.
Boitsebiso bo ileng ba fanoa kopanong bo ile ba boela ba lebisa litlhalosong tse ling tse hlakileng le liphetohong tse amang Sehlopha se Busang. Ka September 6, 1971, ho ile ha etsoa qeto ea hore balula-setulo ba Sehlopha se Busang ba lokela ho fapanyetsana pakeng tsa litho tsa sona selemo le selemo ho latela tatellano ea mabitso a tsona. Libeke tse ’maloa hamorao, ka October 1, 1971, F. W. Franz e ile ea ba molula-setulo oa Sehlopha se Busang selemo se le seng.
Selemong se latelang, ka September 1972, ho ile ha qalisoa ho aro-aroloa ha boikarabelo ka har’a liphutheho, ’me ka October 1 ho fapanyetsana ho ne ho se ho phethiloe. Lilemong tse tharo tse latelang, Lipaki tsa Jehova li ile tsa latsoa keketseho e hlollang—ho ile ha kolobetsoa batho ba fetang likotara tse tharo tsa millione. Empa joale ba ne ba tobane le nako ea hoetla ka 1975. Ha litebello tsohle tse amanang le 1975 li sa phethahatsoa, see se ne se tla ama cheseho ea bona joang bakeng sa mosebetsi oa lefatše ka bophara oa ho bolela hammoho le bonngoe ba bona ba lefatše ka bophara?
Ka lilemo tse mashome Nathan H. Knorr, monna ea nang le botho bo matla le tsebo e ikhethang ea ho hlophisa lintho, o ne a boetse a phethile karolo e khōlō ntšetso-peleng ea thuto ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng le ho abela batho Libibele le ho ba thusa ho li utloisisa. Ho ba tlas’a tlhokomelo e haufi-ufi ea Sehlopha se Busang ho ne ho tla ama merero ee joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa (oa Senyesemane), February 1, 1942, leq. 45; Consolation, February 4, 1942, leq. 17.
b Ka September 1945, ka mosa Moena Covington o ile a hana ho tsoela pele a sebeletsa e le motlatsi oa mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society (ea Pennsylvania), a hlalosa hore o lakatsa ho ikamahanya le seo ka nako eo ho neng ho utloisisoa hore ke thato ea Jehova bakeng sa litho tsohle tsa boto ea batsamaisi le liofisiri—hore e lokela ho ba Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, athe eena o ne a ipolela hore ke e mong oa “linku tse ling.” Ka October 1, Lyman A. Swingle o ile a khethoa e le setho sa boto ea batsamaisi, ’me ka October 5, Frederick W. Franz o ile a khethoa e le motlatsi oa mopresidente. (Bona 1946 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maq. 221-4; Molula-Qhooa [oa Senyesemane], November 1, 1945, maq. 335-6.)
c Bona Khaolo 30, “Ho Sireletsa le ho Theha Litaba tse Molemo ka Molao.”
d Litlaleho tse qaqileng tsa leeto leo li ile tsa hatisoa ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ka 1946.—Bona maqephe 14-16, 28-31, 45-8, 60-4, 92-5, 110-12, 141-4.
e Ka lilemo tse seng kae, thuso ena ea ho ithuta Bibele e ile ea tsejoa lefatšeng lohle. E ile ea ntlafatsoa ho tloha ka April 1, 1952, ’me ha hatisoa likopi tse fetang 19 000 000 ka lipuo tse 54.
f Bona maqephe 140-4, 171-6, 189-92, 205-8, 219-23, 236-40, 251-6, 267-72, 302-4, 315-20, 333-6, 363-8.
g Buka e ntlafalitsoeng ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” e ile ea lokolloa ka Sesotho ka 1991.
h Ka mohlala, ho ile ha hatisoa lihlooho tse latelang ho Molula-Qhooa: “Ho Sebelisa ka Bohlale Nako e Setseng” (November 1, 1968 [May 1, 1968, ka Senyesemane]); “Sebetsa U Talimile Bosafeleng” (December 15, 1974 [June 15, 1974, ka Senyesemane]); “Lebaka leo ka Lona re sa Bolelloang ‘Letsatsi leo le Hora’” le “U Ameha Joang ke ho se Tsebe ‘Letsatsi le Hora’?” (November 1, 1975 [May 1, 1975, ka Senyesemane]). Pejana, ka 1963, buka ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” (ka Senyesemane) e ne e itse: “Ha ho thuse letho ho sebelisa tatellano eo liketsahalo tsa Bibele li etsahetseng ka eona molemong oa ho noha linako tse sa ntsaneng li e-tla kemisong e sa khaotseng ea nako.—Matt. 24:36.”
i Bona Khaolo 15, “Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng.”
j Sebui se ile sa boela sa hlalosa hore ho tloha ka October 1, 1972, balula-setulo ba ne ba tla fapanyetsana selemo le selemo sehlopheng ka seng sa baholo ka phuthehong. Tokisetso ena e ile ea fetoloa ka 1983, ha sehlopha ka seng sa baholo se kōptjoa ho buella molebeli ea okamelang, eo ka mor’a ho khethoa ke Mokhatlo, a neng a tla sebeletsa ka nako e sa lekanyetsoang e le molula-setulo oa sehlopha sa baholo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 92]
Ho bolela ho sa tsotellehe ho tšoaroa le ho hlaseloa ke lihlopha tsa mahoo-hoo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 94]
‘Keketseho le thuto lefatšeng lohle ka tekanyo e neng e sa tsejoe pele’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 103]
Ho sireletsa Bibele khahlanong le tlhaselo ea bahlahlobisisi
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 104]
‘Taba e khōlō ho sena sohle ke ena, metsoalle e ratehang: Nako e khutšoaane’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 106]
“Khothatso ho banna bohle ba hōlileng moeeng ea ho jara boikarabelo”
[Lebokose le leqepheng la 91]
Pale ea N. H. Knorr
Nathan Homer Knorr o hlahetse Bethlehem, Pennsylvania, U.S.A., ka April 23, 1905. Ha a le lilemo li 16, o ile a kopanela le Phutheho ea Liithuti tsa Bibele ea Allentown. Ka 1922 o ile a ba teng kopanong e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, moo a ileng a etsa qeto ea ho itokolla Kerekeng ea Reformed. Selemong se latelang, ka July 4, 1923, ka mor’a hore Frederick W. Franz, ea tsoang lehaeng la Bethele Brooklyn, a fane ka puo ea kolobetso, Nathan ea lilemo li 18 o ne a le har’a ba ileng ba kolobetsoa Little Lehigh River, ka Bochabela ho Pennsylvania. Ka September 6, 1923, Moena Knorr e ile ea ba setho sa lelapa la Bethele Brooklyn.
Moena Knorr o ile a ikitlaetsa ka matla Lefapheng la Thomello, ’me ka mor’a nakoana tsebo ea hae ea tlhaho ea ho hlophisa lintho e ile ea hlokomeloa. Ha mookameli oa fektheri ea Mokhatlo, Robert J. Martin, a e-shoa ka September 23, 1932, Moena Knorr o ile a khethoa hore a nke sebaka sa hae. Ka January 11, 1934, Moena Knorr o ile a khethoa hore e be motsamaisi oa Peoples Pulpit Association (eo hona joale e leng Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.), ’me selemong se latelang o ile a etsoa motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo. Ka June 10, 1940, o ile a fetoha motlatsi oa mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society (mokhatlo oa Pennsylvania). Ho khethoa ha hae hore e be mopresidente oa mekhatlo ena e ’meli le mokhatlo oa Brithani, International Bible Students Association, ho bile ka January 1942.
Lilemong tse latelang, e mong oa metsoalle e haufi-ufi le baeletsi ba tšeptjoang ba Moena Knorr e ne e le Frederick W. Franz, monna ea neng a le moholo ho eena ka lilemo le eo tsebo ea hae ea lipuo le eo pale ea hae joaloka seithuti sa Bibele e neng e se e ipakile e le ea bohlokoa haholo ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng.
[Lebokose le leqepheng la 93]
Ponelo-pele e Khothatsang
Batho ba neng ba tlile Kopanong ea Lefatše le Lecha la Puso ea Molimo Cleveland, Ohio, ka September 1942, ba ne ba thabile ha mongoli le ramatlotlo oa Mokhatlo ea seng a hōlile, W. E. Van Amburgh, a bua kopanong. Moena Van Amburgh o ile a hopola hore kopano ea pele eo a bileng ho eona e ne e tšoaretsoe Chicago ka 1900, ’me e ne e le “khōlō”—ho ne ho le teng ba ka bang 250. Ka mor’a ho lokolisa likopano tse ling tse “khōlō” tse ’nileng tsa tšoaroa ho theosa le lilemo, o ile a phetha ka ponelo-pele ena e khothatsang: “Hona joale re bona eka kopano enak e khōlō, empa kaha kopano ena e khōlō ha e bapisoa le likopano tseo ke bileng ho tsona nakong e fetileng, ke lebelletse hore kopano ena e be nyenyane haholo ha e bapisoa le tse tla tšoaroa nakong e tlang ha Morena a qala ho bokella batho ba hae ho tsoa likhutlong tsohle tsa lefatše.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
k Ho bile teng tlhōrō ea ba 26 000 Cleveland, ’me ha ba le kakaretso ea ba 129 699 ba bileng teng likopanong tse neng li tšoaretsoe metseng e 52 e likarolong tse sa tšoaneng tsa United States.
[Lebokose/Limmapa tse leqepheng la 96]
Maeto a N. H. Knorr a Tšebeletso, 1945-56
1945-46: Amerika Bohareng, Amerika Boroa, Amerika Leboea, Europe, Caribbean
1947-48: Amerika Leboea, lihleke-hleke tsa Pacific, Linaha tsa Bochabela, Bochabela bo Hare, Europe, Afrika
1949-50: Amerika Leboea, Amerika Bohareng, Amerika Boroa, Caribbean
1951-52: Amerika Leboea, lihleke-hleke tsa Pacific, Linaha tsa Bochabela, Europe, Bochabela bo Hare, Afrika
1953-54: Amerika Boroa, Caribbean, Amerika Leboea, Amerika Bohareng
1955-56: Europe, lihleke-hleke tsa Pacific, Linaha tsa Bochabela, Amerika Leboea, Bochabela bo Hare, Afrika Leboea
[Limmapa]
(Sheba sengoliloeng)
[Lebokose le leqepheng la 105]
“Kajeno ke Qalile ho Nahana Hape”
Buka ea “’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng” e lokollotsoeng ka 1968, (ka Senyesemane) e ne e sebelisoa ka ho pharalletseng ke Lipaki tsa Jehova ha li ithuta Bibele le batho ba thahasellang. Tokisetso ena e nakong e ile ea thusa batho ba makholo a likete ba nahanang hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea Mangolo. Lengolo la kananelo le amohetsoeng ka 1973 le tsoang ho ’mali United States le itse: “Mosali e mong ea mosa o ile a kena lapeng ha ka kajeno eaba o mpha buka e bitsoang ‘’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.’ Ke sa tsoa qeta ho e bala. Ke lekhetlo la pele bophelong ba ka ke bala ntho leha e le efe e maqephe a 190 ka letsatsi le le leng. Ka June 29, 1967, ke ile ka khaotsa ho lumela ho Molimo. Kajeno ke qalile ho nahana hape.”
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Sekolo sa Gileade South Lansing, New York
[Setšoantšo se leqepheng la 97]
Moena Knorr, ea bontšitsoeng mona a etetse Cuba, o ile a nka maeto a mangata ho pota lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 98]
Moena Knorr o ne a ikutloa hore Paki e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho khona ho bolela ka ntlo le ntlo
Engelane
Lebanon
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
E le mopresidente oa Mokhatlo, Moena Knorr o sebelitse haufi-ufi le Moena Franz ka lilemo tse fetang 35
[Setšoantšo se leqepheng la 100]
Boto ea batsamaisi ea Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, bohareng ba bo-1950. (Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona) Lyman A. Swingle, Thomas J. Sullivan, Grant Suiter, Hugo H. Riemer, Nathan H. Knorr, Frederick W. Franz, Milton G. Henschel
[Litšoantšo tse leqepheng la 102]
Ka 1958, batho ba tsoang linaheng tse 123 ba ile ba kopana Yankee Stadium bakeng sa Kopano ea Lichaba ea Thato ea Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 107]
Lingoliloeng tse ling bakeng sa ho sebelisoa tšebeletsong ea tšimo
[Setšoantšo se leqepheng la 107]
Lingoliloeng bakeng sa ho koetlisa Lipaki tsa Jehova tšebeletsong
[Setšoantšo se leqepheng la 107]
Libuka tse neng li fana ka lijo tse tiileng bakeng sa ho matlafatsa batho ba Jehova moeeng
[Setšoantšo se leqepheng la 107]
Lithuso tsa ho etsa lipatlisiso le ho ithuta