Khaolo ea Leshome le Metso e Tšeletseng
Molaetsa oa Tšepo ho Batlamuoa ba Nyahameng
1. Hlalosa boemo ba batlamuoa ba Bajuda, Babylona.
E NE e le nako e lerootho historing ea Juda. Batho ba Molimo ba selekane ba ne ba tlositsoe naheng ea habo bona ka mahahapa ’me joale ba sotleha botlamuoeng Babylona. Ke ’nete hore ba ne ba lumeletsoe ho ba le bolokolohi bo itseng ba ho phetha mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi. (Jeremia 29:4-7) Ba bang ba ile ba fumana tsebo ea mesebetsi e itseng e khethehileng kapa ba etsa mesebetsi e itseng ea khoebo.a (Nehemia 3:8, 31, 32) Leha ho le joalo, ho batlamuoa ba Bajuda bophelo bo ne bo se bonolo. Ba ne ba le kholehong, ka tsela ea sebele le ea moea. A re boneng hore na joang.
2, 3. Ho ba botlamuoeng ho ile ha ama borapeli ba Bajuda ho Jehova joang?
2 Ha mabotho a Babylona a timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E., ha aa ka a ripitla sechaba feela; a ile a boela a thefula borapeli ba ’nete. A ile a nka sohle se neng se le ka tempeleng ea Jehova le ho e timetsa, a fokolisa tokisetso ea boprista ka ho isa ba bang ba moloko oa Levi botlamuoeng le ka ho bolaea ba bang. Kaha ho ne ho se ntlo ea borapeli, ho se aletare, ho se boprista bo hlophisitsoeng, Bajuda ba ne ba sitoa ho etsetsa Molimo oa ’nete mahlabelo a neng a laetsoe ke Molao.
3 Bajuda ba tšepahalang ba ne ba ntse ba ka boloka boitsebahatso ba bona ba bolumeli ka ho bolla le ka ho latela Molao ho isa moo ba ka khonang. Ka mohlala, ba ne ba ka ila lijo tse haneloang le ho boloka Sabatha. Empa ka ho etsa seo, ba ne ba ipeha kotsing ea ho songoa ke baholehi ba bona, kaha Bababylona ba ne ba talima litloaelo tsa Bajuda tsa bolumeli e le booatla. Ho nyahama ha batlamuoa ho ka bonoa mantsoeng a mopesaleme: “Haufi le linōka tsa Babylona—re ne re lutse moo. Hape ra lla ha re hopola Sione. Ra fanyeha liharepa tsa rōna holim’a lifate tsa popoliri ka har’a eona. Etsoe ba re tšoereng re le baholehuoa ba ile ba re kōpa mantsoe a pina moo, ba re somang—ba re kōpa hore re ba thabise: ‘Re bineleng e ’ngoe ea lipina tsa Sione.’”—Pesaleme ea 137:1-3.
4. Ke hobane’ng ha e ne e tla ba lelea hore Bajuda ba tšepe lichaba tse ling hore li ba lopolle, empa ke mang eo ba neng ba ka retelehela ho eena hore a ba thuse?
4 Joale, batlamuoa ba Bajuda ba ne ba ka retelehela ho mang ho batla matšeliso? Poloko ea bona e ne e tla tsoa hokae? Ka sebele e ne e ke ke ea tsoa ho sechaba leha e le sefe ho tse ba potolohileng! Kaofela ha tsona li ne li se na matla a ho loantša mabotho a Babylona, ’me tse ngata tsa tsona li ne li hloile Bajuda. Empa e ne e se boemo boo ho bona ho se nang tšepo. Le hoja ba ne ba le botlamuoeng, Jehova, eo ba neng ba ile ba mo fetohela ha e ne e le sechaba se lokolohileng, ka mosa o ile a ba fa memo e khothatsang.
“Tloong Metsing”
5. Mantsoe a reng “tloong metsing” a bolela eng?
5 A sebelisa Esaia, Jehova o bua le batlamuoa ba Bajuda ba Babylona ka tsela ea boprofeta: “Helang, lōna bohle ba nyoriloeng! Tloong metsing. Le ba se nang chelete! Tloong, le reke ’me le je. E, tloong, le reke veine le lebese ntle ho chelete le ntle ho tefello.” (Esaia 55:1) Mantsoe ana a tšoantšetsa ho hongata. Ka mohlala, ak’u nahane ka memo e reng: “Tloong metsing.” Kantle ho metsi, bophelo bo ke ke ba e-ba teng. Kantle ho mokelikeli oo oa bohlokoa, rōna batho re ka phela hoo e ka bang beke feela. Kahoo, ke ho loketseng hore ebe Jehova o sebelisa metsi ho tšoantšetsa phello eo mantsoe a hae a tlang ho ba le eona ho batlamuoa ba Bajuda. Molaetsa oa hae o tla ba khatholla joaloka seno-mapholi letsatsing le chesang. O tla ba phahamisa boemong ba bona ba ho nyahama, o tlose lenyora la bona la ’nete le ho loka. ’Me o tla ba fa tšepo ea ho lokoloha botlamuoeng. Leha ho le joalo, e le hore batlamuoa ba Bajuda ba rue molemo, ba tla tlameha ho amohela molaetsa oa Molimo, ba o ele hloko ’me ba nke khato e tumellanong le oona.
6. Bajuda ba tla rua molemo joang haeba ba reka “veine le lebese”?
6 Jehova o boetse o fana ka “veine le lebese.” Lebese le tiisa ’mele e ntseng e hōla ’me le thusa bana ho hōla. Ka ho tšoanang, mantsoe a Jehova a tla tiisa batho ba hae moeeng le ho ba nolofalletsa ho matlafatsa kamano ea bona le eena. Empa, ho thoe’ng ka veine? Hangata veine e sebelisoa linakong tsa mekete. Ka Bibeleng, e amahanngoa le nala le nyakallo. (Pesaleme ea 104:15) Ka ho bolella batho ba hae hore ba “reke veine,” Jehova o ba tiisetsa hore ho khutlela borapeling ba ’nete ka pelo eohle ho tla etsa hore ba “thabe feela.”—Deuteronoma 16:15; Pesaleme ea 19:8; Liproverbia 10:22.
7. Ke hobane’ng ha kutloelo-bohloko ea Jehova ho batlamuoa e le e ikhethang, hona e re ruta eng ka eena?
7 Jehova o mohau hakaakang ka hore ebe o fa Bajuda ba botlamuoeng khatholoho e joalo ea moea! Kutloelo-bohloko ea hae e ba e ikhethang ka ho fetisisa ha re nahana ka histori ea Bajuda ea ho se laolehe le borabele. Hase hore ha ba tšoanelehe hore ba ka amoheloa ke Jehova. Leha ho le joalo, mopesaleme Davida o ile a ngola lilemo tse makholo pejana: “Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. A ke ke a lula a fumana molato ka ho sa feleng, kapa a lule a halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 103:8, 9) Ho fapana le ho khaola maqhama le batho ba hae, Jehova ke eena ea nkang khato ea pele ea poelano. Ka sebele, ke Molimo ‘ea thabelang mosa o lerato.’—Mikea 7:18.
Ho Tšepa Lelea
8. Bajuda ba bangata ba behile tšepo ea bona hokae, ba sa tsotelle temoso efe?
8 Ho tla fihlela joale Bajuda ba bangata ha baa beha tšepo ea bona ea poloko ka ho feletseng ho Jehova. Ka mohlala, pele Jerusalema e oa, babusi ba eona ba ne ba tšepile hore lichaba tse ling tse matla li tla ba tšehetsa, ka tsela ea tšoantšetso ba etsa botekatse le Egepeta le Babylona. (Ezekiele 16:26-29; 23:14) Ka lebaka le utloahalang, Jeremia o ile a ba lemosa: “Ho rohakoe monna ea shahlileng ea tšepang motho oa lefatše ’me a etsa nama letsoho la hae, le eo pelo ea hae e furallang Jehova.” (Jeremia 17:5) Leha ho le joalo, seo ke sona seo batho ba Molimo ba ileng ba se etsa!
9. E ka ’na eaba Bajuda ba bangata ba “lefa chelete bakeng sa seo e seng bohobe” joang?
9 Joale ba entsoe makhoba ke se seng sa lichaba tseo ba neng ba behile tšepo ea bona ho tsona. Na ho na le seo ba ithutileng sona? E ka ’na eaba ba bangata ba bona ha ho seo ba ithutileng sona, kaha Jehova oa botsa: “Ke hobane’ng ha le ntse le lefa chelete bakeng sa seo e seng bohobe, ’me ke hobane’ng ha ho sehla ha lōna ho sa felle ka ho khotsofala?” (Esaia 55:2a) Haeba Bajuda ba botlamuoeng ba tšepile e mong ntle ho Jehova, ba “lefa chelete bakeng sa seo e seng bohobe.” Ka sebele Babylona ha e na ho ba lokolla kaha leano la eona ke hore le ka mohla e ke ke ea lumella batlamuoa hore ba khutlele ha habo bona. Ha e le hantle, ha ho letho leo Babylona e ka le etsetsang Bajuda ba botlamuoeng, ka puso ea eona ea bohatelli, lerato la eona la khoebo le borapeli ba bohata.
10. (a) Jehova o tla putsa Bajuda ba botlamuoeng joang haeba ba mo mamela? (b) Jehova o ne a entse selekane sefe le Davida?
10 Jehova o ipiletsa ka tieo ho batho ba hae: “’Mameleng ka hloko, ’me le je se molemo, ’me meea ea lōna e fumane thabo e phethehileng mononong. Sekehang litsebe ’me le tle ho ’na. Mamelang, ’me meea ea lōna e tla tsoela pele e phela, ’me hang-hang ke tla hlaba le lōna selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang mabapi le lipontšo tse tšepahalang tsa mosa o lerato ho Davida.” (Esaia 55:2b, 3) Tšepo feela eo batho bana ba sa fepehang hantle moeeng ba nang le eona e ho Jehova, eo joale a buang le bona ka tsela ea boprofeta a sebelisa Esaia. Bophelo ba bona bo itšetlehile ka ho mamela molaetsa oa Molimo, kaha o bolela hore ka ho etsa joalo “meea ea [bona] e tla tsoela pele e phela.” Leha ho le joalo, “selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” seo Jehova a tlang ho se hlaba le ba mo mamelang ke sefe? Selekane seo se ‘mabapi le lipontšo tsa mosa o lerato ho Davida.’ Lilemo tse makholo pejana, Jehova o ile a tšepisa Davida hore terone ea hae e ne e tla “tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (2 Samuele 7:16) Kahoo, “selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” seo ho buuoang ka sona mona se amana le bobusi.
Mojalefa oa Kamehla ’Musong o sa Feleng
11. Ke hobane’ng ha ho phethahala ha tšepiso ea Molimo ho Davida ho ka ’na ha bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala ho batlamuoa ba Babylona?
11 Bonneteng, khopolo ea bobusi lelokong la Davida e ka ’na ea utloahala e le ntho e ke keng ea etsahala ho batlamuoa bao ba Bajuda. Ba lahlehetsoe ke naha esita le ho ba sechaba ha bona! Empa hoo ke ha nakoana feela. Jehova ha aa lebala selekane sa hae le Davida. Ho sa tsotellehe hore na o ka ’na oa bonahala o ke ke oa khoneha hakae ho ea ka pono ea batho, morero oa Molimo ka ’Muso o sa feleng oa leloko la Davida o tla atleha. Empa joang hona neng? Ka 537 B.C.E., Jehova o lokolla batho ba hae botlamuoeng Babylona ’me o ba khutlisetsa naheng ea habo bona. Na see se fella ka ho hlongoa ha ’muso o hlolang ka nako e sa lekanyetsoang? Che, ba tsoela pele ho ba bafo ba ’muso o mong oa bohetene, oa Medo-Persia. “Linako tse behiloeng” tsa hore lichaba li ipuse ha li e-s’o fihle pheletsong. (Luka 21:24) Kaha ha ho morena Iseraeleng, tšepiso eo Jehova a e etselitseng Davida e ke ke ea phethahala ka lilemo tse ling tse makholo tse latelang.
12. Jehova o ile a nka khato efe e lebisang ho phethahatseng selekane sa hae sa ’Muso seo a se entseng le Davida?
12 Lilemo tse fetang 500 ka mor’a ho lokolloa ha Iseraele botlamuoeng ba Babylona, Jehova o ile a nka khato ea bohlokoa e lebisang phethahatsong ea selekane sa ’Muso ka ho tlosa bophelo ba Mora oa hae oa letsibolo, eo e leng qalo ea mosebetsi oa hae oa pōpo, khanyeng ea leholimo ho bo kenya pōpelong ea moroetsana oa Mojuda, Maria. (Bakolose 1:15-17) Ha le phatlalatsa ketsahalo eo, lengeloi la Jehova le ile la bolella Maria: “O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Kahoo Jesu o ile a tsoalloa lelokong la Davida la borena ’me a rua lefa la ho ba le tokelo boreneng. Hang hoba a behoe teroneng, Jesu o ne a tla busa “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 9:7; Daniele 7:14) Kahoo, joale ho ile ha buloa tsela ea ho phethahatsa tšepiso eo Jehova a e etselitseng Morena Davida lilemong tse makholo tse fetileng ea ho mo fa mojalefa oa ka ho sa feleng.
“Molaoli oa Lichaba”
13. Jesu e bile “paki ho lichaba” nakong ea tšebeletso ea hae le ka mor’a hore a nyolohele leholimong joang?
13 Morena eo oa nakong e tlang o tla etsa eng? Jehova o re: “Bonang! Ke fane ka eena e le paki ho lichaba, e le moeta-pele le molaoli oa lichaba.” (Esaia 55:4) Ha Jesu a se a hōlile, e ile ea e-ba moemeli oa Jehova lefatšeng, paki ea Molimo ho lichaba. Nakong ea bophelo ba hae e le motho oa nama, tšebeletso ea hae e ile ea lebisoa ho ‘linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.’ Leha ho le joalo, nakoana pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa . . . Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 10:5, 6; 15:24; 28:19, 20) Kahoo, ha nako e ntse e feta, molaetsa oa ’Muso o ile oa isoa le ho bao e seng Bajuda, ’me ba bang ba bona ba ile ba kopanela phethahatsong ea selekane se entsoeng le Davida. (Liketso 13:46) Ka tsela ena, esita le ka morao ho lefu la hae, tsoho ea hae le ho nyolohela ha hae leholimong, Jesu o ile a tsoela pele ho ba “paki [ea Jehova] ho lichaba.”
14, 15. (a) Jesu o ile a ipaka ho ba “moeta-pele le molaoli” joang? (b) Balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le tebello efe?
14 Hape Jesu e ne e lokela ho ba “moeta-pele le molaoli.” Tumellanong le tlhaloso ena ea boprofeta, ha Jesu a le lefatšeng o ile a amohela ka ho feletseng boikarabelo ba hae ba bohlooho ’me a etella pele likarolong tsohle, a hohela matšoele-tšoele, a a ruta mantsoe a ’nete le ho a bontša melemo e tlelang ba latelang boeta-pele ba hae. (Matheu 4:24; 7:28, 29; 11:5) O ile a koetlisa barutuoa ba hae ka tsela e atlehang, a ba lokisetsa ho kena letšolong la boboleli le neng le larile ka pele. (Luka 10:1-12; Liketso 1:8; Bakolose 1:23) Ka lilemo tse tharo le halofo feela, Jesu o ile a rala motheo oa phutheho e momahaneng, ea machaba e nang le litho tse likete tse tsoang merabeng e mengata! Ke “moeta-pele le molaoli” oa ’nete feela ea neng a ka khona ho finyella mosebetsi o moholohali joalo.b
15 Ba ileng ba bokelleloa ka phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo ba ne ba tlotsitsoe ka moea o halalelang oa Molimo, ’me ba ne ba e-na le tebello ea ho ba babusi-’moho le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo. (Tšenolo 14:1) Leha ho le joalo, boprofeta ba Esaia bo talima ka nģ’ane ho matsatsi a qalang a Bokreste. Bopaki bo bontša hore Jesu Kreste ha aa ka a qala ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo ho fihlela ka 1914. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha hlaha boemo bo bong har’a Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng bo neng bo tšoana le ba Bajuda ba neng ba le botlamuoeng lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ka lintlha tse ngata. Ha e le hantle, se ileng sa etsahalla Bakreste bao e bile phethahatso e khōloanyane ea boprofeta ba Esaia.
Botlamuoa le Tokollo Mehleng ea Kajeno
16. Ho behoa ha Jesu teroneng ka 1914 ho ile ha lateloa ke mahlomola afe?
16 Ho behoa ha Jesu teroneng e le Morena ka 1914 ho ile ha tšoauoa ka mahlomola ao ho seng mohla a kileng a e-ba teng lefatšeng. Hobane’ng? Hobane ka mor’a hore e be Morena, Jesu o ile a leleka Satane le libōpuoa tse ling tse khopo tsa moea leholimong. A se a fella lefatšeng feela, Satane o ile a qala ho loantša bahalaleli ba setseng, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng. (Tšenolo 12:7-12, 17) Lintho li ile tsa fihla sehlohlolong ka 1918 ha mosebetsi oa boboleli o etsoang phatlalatsa o batla o emisa ’me basebetsi ba ikarabellang ba Mokhatlo oa Watch Tower ba kenngoa teronkong ka liqoso tsa bohata tsa ho hlohlelletsa bofetoheli. Ka tsela ena, bahlanka ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba ile ba kena botlamuoeng ba moea, e leng ho re hopotsang ha Bajuda ba boholo-holo ba ne ba le botlamuoeng ba sebele. Ba ile ba apareloa ke sekhobo se seholo.
17. Boemo ba batlotsuoa bo ile ba fetoha joang ka 1919, hona ba ile ba matlafatsoa joang?
17 Leha ho le joalo, ho ba botlamuoeng ha bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng ha hoa ka ha tšoarella nako e telele. Ka la 26 March, 1919, basebetsi ba kentsoeng teronkong ba ile ba lokolloa, ’me hamorao liqoso tsohle tseo ba neng ba qosoa ka tsona tsa hlakoloa. Jehova o ile a tšollela moea oa hae o halalelang ho batho ba hae ba lokolotsoeng, a ba matlafalletsa mosebetsi o larileng ka pele. Ba ile ba arabela ka thabo memong e reng ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17) Ba ile ba reka “veine le lebese ntle ho chelete le ntle ho tefello” ’me ba matlafatsoa moeeng bakeng sa keketseho e hlollang e neng e tla ba teng, eo masala a tlotsitsoeng a neng a sa ka a e bona esale pele.
Bongata bo Boholo bo Mathela ho Batlotsuoa ba Molimo
18. Ke lihlopha life tse peli tse fumanoang har’a barutuoa ba Jesu Kreste, hona li etsa eng kajeno?
18 Barutuoa ba Jesu ba na le tšepo e ’ngoe ho tse peli. Pele, “mohlatsoana” oa ba 144 000 o se o bokeletsoe—e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ba Bajuda le ba Balichaba bao e leng “Iseraele ea Molimo” ’me ba na le tšepo ea ho busa le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo. (Luka 12:32; Bagalata 6:16; Tšenolo 14:1) Taba ea bobeli, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo iponahalitse matsatsing a ho qetela. Bana ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Pele matšoenyeho a maholo a qhoma, letšoele lena—leo palo ea lona e sa boleloang esale pele—le sebetsa hammoho le mohlatsoana, ’me lihlopha tsena ka bobeli li etsa “mohlape o le mong” tlas’a ‘molisa a le mong.’—Tšenolo 7:9, 10; Johanne 10:16.
19. “Sechaba” seo pele se neng se sa tsejoe ke Iseraele ea Molimo se arabetse joang mohoong oa sechaba seo sa moea?
19 Ho bokelloa ha bongata bona bo boholo ho ka hlokomeloa mantsoeng a latelang a boprofeta ba Esaia: “Bona! U tla bitsa sechaba seo u sa se tsebeng, ’me batho ba sechaba se sa kang sa u tseba ba tla mathela ho uena, ka lebaka la Jehova Molimo oa hao, le ka lebaka la Mohalaleli oa Iseraele, kahobane o tla be a u khabisitse.” (Esaia 55:5) Lilemong tsa ka mor’a ho lokolloa ha ’ona botlamuoeng ba moea, qalong masala a tlotsitsoeng a ne a sa utloisise hore pele ho Armagedone a ne a tla sebelisetsoa ho bitsetsa “sechaba” se seholo borapeling ba Jehova. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba neng ba se na tšepo ea leholimo ba ile ba qala ho kopanela le batlotsuoa ’me ba sebeletsa Jehova ka cheseho e kang ea batlotsuoa. Bana ba kenang bocha ba ile ba hlokomela boemo bo khabisitsoeng ba batho ba Molimo, ba lemoha hore Jehova o har’a bona. (Zakaria 8:23) Lilemong tsa bo-1930, batlotsuoa ba ile ba utloisisa hore na ha e le hantle sehlopha sena ke sefe, seo palo ea sona e neng e ntse e eketseha har’a bona. Ba ile ba elelloa hore mosebetsi o moholo oa ho bokella o ne o sa ntse o larile ka pele. Bongata bo boholo bo ne bo potlakela ho kopanela le batho ba Molimo ba selekane, ’me e le ka lebaka le utloahalang.
20. (a) Ke hobane’ng ha ho potlakile ho ‘batla Jehova’ mehleng ee ea rōna, hona see se etsoa joang? (b) Jehova o tla arabela joang ho ba mo batlang?
20 Mehleng ea Esaia, ho ile ha etsoa mohoo o reng: “Batlang Jehova, ha a sa ntse a ka fumanoa. Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.” (Esaia 55:6) Mehleng ena ea rōna, mantsoe ana ke a loketseng ho ba bōpang Iseraele ea Molimo le ho bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha. Tlhohonolofatso ea Jehova e na le meeli, ’me memo ea hae e na le nako e lekanyelitsoeng. Hona joale ke nako ea ho batla kamohelo ea Molimo. Ha nako e khethiloeng ea kahlolo ea Jehova e fihla, e tla be e se e le morao haholo. Kahoo, Esaia o re: “Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela, le ho Molimo oa rōna, etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.”—Esaia 55:7.
21. Sechaba sa Iseraele se bontšitse ho se tšepahalle phatlalatso e entsoeng ka baholo-holo ba sona joang?
21 Poleloana “a ke a khutlele ho Jehova” e fana ka maikutlo a hore bao ho hlokahalang hore ba bake ba kile ba e-ba le kamano le Molimo. Polelo ena e re hopotsa hore litšobotsi tse ngata tsa karolo ena ea boprofeta ba Esaia li phethahetse ka lekhetlo la pele ho batlamuoa ba Bajuda ba Babylona. Lilemo tse makholo pejana, baholo-holo ba batlamuoa bana ba ile ba phatlalatsa boikemisetso ba bona ba ho mamela Jehova ha ba ne ba re: “Ke ho sa utloahaleng hore re tlohele Jehova e le hore re sebeletse melimo e meng.” (Joshua 24:16) Histori e bontša hore hoo “ho sa utloahaleng” ho ile ha etsahala—le hona ka makhetlo! Ho hloka tumelo ha batho ba Molimo ke hona ho entseng hore e be batlamuoa Babylona.
22. Ke hobane’ng ha Jehova a re menahano ea hae le litsela tsa hae li phahametse tsa batho?
22 Ho tla etsahala’ng haeba ba ka baka? A sebelisa Esaia, Jehova o tšepisa hore o tla ba “tšoarela ka tsela e khōlō.” ’Me oa phaella: “‘Etsoe menahano ea lōna hase menahano ea ka, leha e le hore litsela tsa ka ke litsela tsa lōna,’ ho bolela Jehova. ‘Etsoe joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.’” (Esaia 55:8, 9) Jehova o phethahetse, ’me menahano ea hae le litsela tsa hae li phahame ka tsela e ke keng ea fihleloa. Esita le mohau oa hae o phahame ka tekanyo eo rōna batho re ke keng ra tšepa hore re ka e finyella. Nahana: Ha re tšoarela motho e mong, ke taba ea hore moetsalibe o tšoarela moetsalibe e mong. Rea hlokomela hore e se neng le rōna re tla hloka hore batho ba bang ba re tšoarele. (Matheu 6:12) Empa Jehova, le hoja ho se mohla a hlokang ho tšoareloa, o tšoarela “ka tsela e khōlō”! Ka sebele, ke Molimo ea nang le mosa o lerato o moholo. Ka mosa oa hae, Jehova o bula likhoro tsa maholimo, o tšollela litlhohonolofatso ho ba khutlelang ho eena ka lipelo tsohle tsa bona.—Malakia 3:10.
Litlhohonolofatso ho ba Khutlelang ho Jehova
23. Jehova o etsa papiso ea bonnete ba ho phethahala ha lentsoe la hae joang?
23 Jehova o tšepisa batho ba hae: “Feela joalokaha pula e tšolohang, le lehloa, li theoha maholimong ’me li sa khutlele sebakeng seo, ntle le hore li nosetse lefatše ’me li etse hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele, ’me mojali a fumane peō le ea jang a fumane bohobe, le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo. Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.” (Esaia 55:10, 11) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e buang e tlameha ho phethahala. Feela joalokaha pula le lehloa tse theohang leholimong li finyella morero oa tsona oa ho nosetsa lefatše le ho hlahisa litholoana, ka ho tšoanang lentsoe la Jehova le tsoang molomong oa hae le tšepahala ka ho feletseng. Seo a se tšepisang, o tla se phetha—ntle ho tikatiko.—Numere 23:19.
24, 25. Batlamuoa ba Bajuda ba etsang se boleloang ke molaetsa oo Jehova a fanang ka oona ka Esaia ba letetsoe ke litlhohonolofatso life?
24 Kahoo, haeba Bajuda ba ela hloko mantsoe ao ba a bolelloang ka tsela ea boprofeta ka Esaia, ntle ho pelaelo ba tla fumana poloko eo Jehova a e tšepisitseng. Ka lebaka leo, ba tla fumana thabo e khōlō. Jehova o re: “Le tla tsamaea ka thabo, ’me le tlisoe ka khotso. Lithaba le maralla li tla nyakalla ka pel’a lōna ka mohoo oa thabo, ’me lifate tsohle tsa naha li tla opa liatla. Ho tla hlaha sefate sa junipere ho e-na le mofero oa meutloa. Ho tla hlaha sefate sa myrte ho e-na le bobatsi bo solang. Ho Jehova e tla ba ntho e tsebahalang, pontšo e ke keng ea felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 55:12, 13.
25 Ka 537 B.C.E., batlamuoa ba Bajuda ba fela ba tsoa Babylona ba thabile. (Pesaleme ea 126:1, 2) Ha ba fihla Jerusalema, ba fumana naha e pupelitsoe ke mefero ea meutloa le bobatsi bo solang—u tla hopola hore naha e bile lesupi ka lilemo tse mashome. Empa joale batho ba Molimo ba khutlang ba ka kenya letsoho ho tliseng phetoho e babatsehang! Lifate tse telele, tse kang junipere le myrte, li nkela meutloa le bobatsi sebaka. Tlhohonolofatso ea Jehova e bonahala ka ho totobetseng kaha batho ba hae ba mo sebeletsa “ka mohoo oa thabo.” Ho joalokaha eka naha ka boeona e nyakaletse.
26. Batho ba Molimo ba thabela boemo bofe bo hlohonolofalitsoeng kajeno?
26 Ka 1919 masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a ile a lokolloa botlamuoeng ba ’ona ba moea. (Esaia 66:8) Hammoho le bongata bo boholo ba linku tse ling, hona joale a sebeletsa Molimo ka nyakallo paradeiseng ea moea. A sa qaphaletsoa ke litšila leha e le life tsa tšusumetso ea Babylona, a thabela boemo bo amohelehang, e leng “ntho e tsebahalang” ho Jehova. Nala ea ’ona ea moea e tlotlisa lebitso la hae ’me e mo phahamisa e le Molimo oa boprofeta ba ’nete. Seo Jehova a a etselitseng sona se bonahatsa Bomolimo ba hae ’me ke bopaki ba ho tšepahalla ha hae lentsoe la hae le mohau oa hae ho ba bakileng. E se eka bohle ba tsoelang pele ho ‘reka veine le lebese ntle ho chelete le ntle ho tefello’ ba ka nyakallela ho mo sebeletsa ka ho sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ’nile ha fumanoa mabitso a mangata a Bajuda litlalehong tsa khoebo tsa Babylona ea boholo-holo.
b Jesu o ntse a laola mosebetsi oa ho etsa barutuoa. (Tšenolo 14:14-16) Kajeno, banna le basali ba Bakreste ba nka Jesu e le Hlooho ea phutheho. (1 Bakorinthe 11:3) ’Me ka nako ea Molimo e loketseng, Jesu e tla ba “moeta-pele le molaoli” ka tsela e ’ngoe, ha a laola ntoa ea makhaola-khang khahlanong le lira tsa Molimo ntoeng ea Armagedone.—Tšenolo 19:19-21.
[Setšoantšo se leqepheng la 234]
Bajuda ba nyoriloeng moeeng ba fuoa memo e reng “tloong metsing” ’me le “reke veine le lebese”
[Setšoantšo se leqepheng la 239]
Jesu o ipakile e le “moeta-pele le molaoli” oa lichaba
[Litšoantšo tse leqepheng la 244, 245]
“Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae”