Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ol karolo 5 maq. 15-18
  • ’Nete ka Boselamose le Boloi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ka Boselamose le Boloi
  • Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mashano le Qhekello
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Boloi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Boselamose le Boloi li Mpe
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Ke Eng se Susumetsang Boloi?
    Tsoha!—1999
  • Na ho na le Kotsi ka ho Sebelisa Magic?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
ol karolo 5 maq. 15-18

Karolo 5

’Nete ka Boselamose le Boloi

1. Ho lumela boselamose le boloi ho atile hakae?

BUKA ea African Traditional Religion e re: “Ke tšenyo ea nako Afrika ho botsa hore na baloi ba teng kapa che,” e phaella ka hore “ho Maafrika a limelo tsohle, ha ho potang hore boloi bo teng.” Ba lumelang boselamose le boloi ke batho ba sa rutehang hammoho le ba rutehileng. Baeta-pele ba bolumeli ba Boislamo le Bokreste-’mōtoana le bona baa bo lumela.

2. Ho ea ka tumelo e tloaelehileng, matla a boselamose a tsoa hokae?

2 Ho ea ka tumelo e tloaelehileng Afrika, ho na le tšusumetso kapa matla a mohlolo, a moea. A laoloa ke Molimo. Meea le balimo ba ka a sebelisa. Batho ba bang le bona ba tseba ho a fehlella le ho a sebelisa, ebang ke bakeng sa lintho tse molemo (ho roala) kapa tse mpe (ho betsa).

3. Ho betsa ke eng, hona batho ba bang ba lumela hore ho ka etsa eng?

3 Ho betsa, kapa boloi, ho sebelisoa khahlanong le lira. Ho lumeloa hore baloi ba na le matla a ho romela bo-’mankhane, linonyana, lintsintsi le liphoofolo tse ling ho hlasela batho. Libakeng tse ngata ho lumeloa hore ho betsa ho tlisa lintoa, bonyopa, bokuli esita le lefu.

4. Batho ba bangata ba lumela eng ka baloi, hona ba bang ba kileng ba sebelisa boloi ba boletse eng?

4 Lintho tse boletsoeng ka holimo li khema hammoho le boloi. Ho thoe baloi ba siea ’mele ea bona bosiu ebe baa fofa, ho ea kopana le baloi ba bang kapa ho ea sebetsa liphofu tsa bona ka lefu la matsoho. Kaha ’mele ea baloi e sala e robetse libetheng tsa bona, hangata bopaki bo tšehetsang lipale tsena ke ba batho ba reng ba khaolitse ho loea. Ka mohlala, makasine e ’ngoe ea Afrika e qotsa batho ba neng ba loea (boholo ba bona ke banana ba ka tlaase ho lilemo tse 20) ba re: “Ke bolaile batho ba 150 ka ho etsa hore ba hlaheloe ke likotsi tsa likoloi.” “Ke bolaile bana ba bahlano ka ho noa mali a bona.” “Ke bolaile bahlankana ba ka ba bararo hobane ba ile ba ntahla.”

5. Ho roala ke eng, hona ho etsoa joang?

5 Ho nkoa hore ho roala ho sireletsa bobeng. Ba roalang ba roala lireng kapa lipetja tsa boselamose. Ba noa methokho kapa ba itlotsa ka eona ’meleng. Malapeng a bona ba thakhisa ka lintho tseo ho lumeloang hore li na le matla a ho sireletsa. Ba tšepa lithatho tse nang le litemana tsa Koran kapa tsa Bibele.

Mashano le Qhekello

6. Satane le bademona ba hae ba entse’ng nakong e fetileng, hona re lokela ho talima matla a bona joang?

6 Ke ’nete hore Satane le bademona ba hae ke lira tse kotsi tsa batho. Ba na le matla a ho susumetsa likelello le bophelo ba batho, ’me nakong e fetileng ba ile ba kena ka ho batho le liphoofolo le ho ba tšoara. (Matheu 12:43-45) Le hoja re sa lokela ho nyenyefatsa matla a bona, le teng ha rea lokela ho a feteletsa.

7. Satane o batla hore re lumele eng, hona ke mohlala ofe o bontšang see?

7 Satane ke setsebi sa ho qhekella. O thetsa batho hore ba nahane hore o na le matla a fetang ao a nang le ’ona. Ka mohlala: Masole a naha e ’ngoe, Afrika, a ile a sebelisa thepa ea molumo ho tšosa lira tsa ’ona ntoeng e ’ngoe morao tjena. Pele a hlasela, masole ao a ne a letsa lik’hasete tse rekotileng molumo o matla oa libetsa le lithunya. A ne a batla hore ba lireng ba nahane hore ba hlaseloa ke lebotho le nang le moqeqekohali oa libetsa tse matla. Ka tsela e tšoanang, Satane o batla hore batho ba lumele hore o na le matla a se nang moeli. Sepheo sa hae ke ho tšosa batho e le hore ba etse thato ea hae ba se ke ba etsa thato ea Jehova. Joale a re hlahlobeng mashano a mararo ao Satane a batlang hore batho ba a lumele.

8. Leshano le leng leo Satane a le jalang ke lefe?

8 Leshano le leng leo Satane a le jalang ke la hore: Ha ho kotsi e itlhahelang feela; ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe e sa bakoeng ke motho ea itseng e hlahisoa ke matla a mohlolo. Ka mohlala, nka hore ngoana o bolaoa ke malaria. ’M’ae a ka ’na a tseba hore malaria ke boloetse bo jaloang ke monoang. Empa a ka boela a lumela hore motho ea itseng o loile ngoana oa hae ka ho mo nehella ka monoang hore o mo lome.

9. Bibele e bontša joang hore Satane ha a bake bothata bo bong le bo bong?

9 Le hoja Satane a e-na le matla a ho baka mathata a itseng, ke phoso ho lumela hore o na le matla a ho baka bothata bo bong le bo bong. Bibele e re: “Ba lebelo ha ba hlōle peisong, leha e le hore ba matla baa hlōla ntoeng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo, leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo; hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Semathi se seng se ka ’na sa e-ba lebelo ho feta tse ling, empa se ka ’na sa sitoa ho hlōla peisong. “Ketsahalo e sa lebelloang” e ka ’na ea se sitisa ho hlōla peisong. Se ka ’na sa khoptjoa ’me sa oa kapa sa kula kapa sa nonyetseha. Lintho tsena li ka hlahela mang le mang. Hase hakaalo hore li bakoa ke Satane kapa boloi; li mpa li itlhahela feela tjee.

10. Ho thoe’ng ka baloi, hona re tseba joang hore leo ke leshano?

10 Leshano la bobeli leo Satane a le jalang ke la hore: Baloi ba siea ’mele ea bona ebe ba qeta bosiu ba le leetong ho ea kopana le baloi ba bang kapa ho ea sebetsa liphofu tsa bona ka lefu la matsoho. Ak’u ipotse: ‘Haeba baloi ba ka etsa seo, ke eng e hlileng e sieang ’mele?’ Joalokaha re bone, moea ke motho, hase ntho e ka arohanang le motho. Ho feta moo, matla a bophelo ke matla a phelisang a fang ’mele matla empa a sitoa ho etsa letho ka ntle ho ’mele.

11. Re tseba joang hore baloi ba ke ke ba siea ’mele ea bona, hona na u lumela see?

11 Moea le matla a bophelo li ke ke tsa tsoa ’meleng ho ea etsa ntho leha e le efe, e molemo kapa e mpe. Kahoo, baloi ba ke ke ba siea ’mele ea bona. Ha ba etse lintho tseo ba reng baa li etsa kapa tseo ba nahanang hore ba kile ba li etsa.

12. Satane o etsa’ng ho etsa hore batho ba lumele hore ba entse lintho tseo ba sa li etsang?

12 Re ka hlalosa joang lintho tseo baloi ba reng ba li entse? Satane a ka etsa hore batho ba lumele hore ba entse lintho tseo ba sa li etsang. Satane a ka sebelisa lipono ho etsa hore batho ba nahane hore ba bone, ba utloile le ho etsa lintho tseo ba sa li etsang. Ka tsela ena, Satane o tšepa hore a ka furallisa batho Jehova ’me a etsa hore ba nahane hore Bibele e fositse.

13. (a) Na ho roala ho lokile? (b) Mangolo a re’ng ka boselamose?

13 Leshano la boraro ke la hore: Ho roala—hoo ho thoeng ho sireletsa boloing—ho molemo. Bibele ha e khetholle boloi le ho roala. E nyatsa boloi ka kakaretso. Nahana ka melao eo Jehova a ileng a e fa sechaba sa Iseraele tabeng ea boselamose le ba bo sebelisang:

● “Le se ke la sebelisa boselamose.”—Levitike 19:26.

● “Ha e le monna kapa mosali ea nang le moea oo a buisanang le oona kapa moea oa ho bolela lintho esale pele, ruri ba lokela ho bolaoa.”—Levitike 20:27.

● “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea.”—Deuteronoma 18:10-14.

14. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a beha melao e khahlanong le boselamose?

14 Melao ena ea hlakisa hore Molimo o ne a sa batle hore batho ba hae ba sebelise boselamose. Jehova o ile a fa batho ba hae melao ena hobane a ne a ba rata a bile a sa batle hore e be makhoba a tšabo le tumela-khoela. O ne a sa batle hore ba hatelloe ke bademona.

15. Bibele e bontša joang hore Jehova o matla ho feta Satane?

15 Le hoja Bibele e sa fane ka makolopetso ’ohle a seo bademona ba ka se etsang le seo ba ke keng ba se etsa, e bontša hore Jehova Molimo o na le matla a fetang hōle a Satane le a bademona ba hae. Jehova o ile a etsa hore Satane a lelekoe leholimong. (Tšenolo 12:9) Hape hlokomela hore Satane o ile a kōpa tumello ea hore a leke Jobo le hore o ile a mamela temoso ea Molimo ea hore a se ke a mo bolaea.—Jobo 2:4-6.

16. Re lokela ho tšepa mang bakeng sa tšireletso?

16 Liproverbia 18:10 e re: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.” Kahoo re lokela ho tšepa Jehova bakeng sa tšireletso. Bahlanka ba Molimo ha ba tšepele lithathong kapa methokhong ho ba sireletsa liketsong tse khopo tsa Satane le bademona, ebile ha ba na tšabo ea hore baloi ba tla ba loea. Bahlanka ba Molimo ba lumela seo Bibele e se bolelang: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 Likronike 16:9.

17. Jakobo 4:7 e re tiisetsa eng, empa re tlameha ho etsa eng?

17 Le uena u ka ba le tšepo ena haeba u sebeletsa Jehova. Jakobo 4:7 e re: “Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” Haeba u sebeletsa Molimo oa ’nete, u ikokobelletsa eena, u ka kholiseha hore Jehova o tla u sireletsa.

Na Baloi ba ka Fehla Letolo?

Mathoasong a 1977, batho ba 14 bao ho belaelloang hore ke baloi ba ile ba chesoa ho fihlela ba e-shoa haufi le Pietersburg, Afrika Boroa. Ha e bua ka seo, makasine ea Drum ea Afrika Boroa e ile ea re: “Banna le basali ba motse ba tšohile. Ba tšaba ho louoa le ho otloa ka letolo . . . 

“Ho lokela ho etsoe ho hong . . . Ka hona DRUM e phephetsa lingaka tsohle tsa setso: Ho na le R5 000 liofising tsa rōna eo le ka inkelang eona, haeba ka khoeli ea March 1977, e mong oa lōna a ka otla Stanley Motjuwadi ka letolo a ba a shoa. Haeba le sitoa, batho bohle ba ke ba tsebe hore taba ea hore le khona ho fehla letolo ke boikaketsi le leshano le se nang litsoako.

“Ka hona, qalang esale joale ho ritela methokho ea lōna, lōna bo-ngakana-ntšonyana. Itekeleng re bone.”

Na baloi ba ile ba khona ho shanofatsa phephetso ee e sebete ka ho tsekema ha lehalima? Che, ba ile ba sitoa. Monghali Motjuwadi, eo e neng e le mongoli oa Drum, o ile a phela le ho atleha, ’me a qetella e le mohlophisi oa makasine eo.

[Potso ea Sehlooho se Ithutoang]

Lebokose: Mongoli e mong oa Afrika Boroa o ile a phephetsa baloi joang, hona phello e ile ea e-ba efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Baloi ba ke ke ba siea ’mele ea bona

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ka linako tse ling lintho tse mpe li mpa li iketsahalla feela tjee

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela