Karolo ea 5
Litaba Tsa Lichelete
Chelete ke ea bohlokoa hakae hore u thabe?
□ Hase ea bohlokoa
□ Ke ea bohlokoa ka tsela e itseng
□ Ke ea bohlokoa haholo
Ke hangata hakae u buang ka chelete kapa ka seo e ka se rekang?
□ Seoelo
□ Hangatanyana
□ Kamehla
Joalokaha e ka ’na eaba batsoali ba hao ba u boleletse ka makhetlo, chelete ha e theohe leholimong. Ba fela ba nepile. Ke ka lebaka leo e leng habohlokoa hore u sebelise chelete hantle. Le hoja chelete e ka sebelisetsoa morero oa bohlokoa haholo, e ka baka khatello maikutlong, ea senya setsoalle sa batho ’me ea senya kamano ea hao le Molimo. Ka sebele tsela eo u talimang chelete ka eona e ka u susumetsa haholo. Khaolong ea 18-20 u tla bontšoa kamoo u ka bang le pono e loketseng ka chelete.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 148, 149]