Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 17 maq. 121-127
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Paka Sekolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Paka Sekolong?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Bolella ba Bang Seo ke se Lumelang?
    Tsoha!—2009
  • Nka Emela Seo ke se Lumelang ho Molimo Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha ke Buile Joalo?
    Tsoha!—2012
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 17 maq. 121-127

Khaolong ea 17

Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Paka Sekolong?

“Ke bile le menyetla e metle ea ho buisana le ba bang sekolong ka seo ke se lumelang. Empa ke ile ka cha ntši.”—Kaleb.

“Tichere ea rōna e ile ea re botsa ka tlelaseng hore na re nahana’ng ka taba ea ho iphetola ha lintho. Ke ne ke tseba hore ona ke monyetla o motle oa hore ke bue ka seo ke se lumelang. Empa ke ile ka shashabana ’me ka le nyaea la koloba. Ka mor’a moo, ke ile ka utloa bohloko haholo.”—Jasmine.

HAEBA u mocha oa Mokreste, mohlomong u kile ua ba boemong bo kang ba Kaleb le Jasmine. E ka ’na eaba le uena u rata linnete tsa Bibele tseo u ithutileng tsona. Ebile mohlomong u batla ho li bolella ba bang. Empa e ka ’na eaba u sehoa ke letsoalo ha u nahana ho bua le ba bang ka seo u se lumelang. Leha ho le joalo, u ka ithuta ho ba sebete. U ka etsa see joang? Leka ho sebelisa litlhahiso tse latelang:

1. Hlalosa seo u se tšabang. Ha u nahana ho bolella ba bang seo u se lumelang, ho bonolo ho nahana ka boemo bo bobe ka ho fetisisa bo ka etsahalang! Leha ho le joalo, ka linako tse ling, u ka kokobetsa tšabo ka hore u ngole fatše seo u se tšabang.

Qetela polelo e latelang:

● Ha ke bolella bana bao ke kenang sekolo le bona seo ke se lumelang, ke tšaba hore ho ka ’na ha etsahala sena: ․․․․․

U ka ’na ua khothatsoa ke ho tseba hore le bacha ba bang ba Bakreste ba na le bothata bo tšoanang. Ka mohlala, Christopher ea lilemo li 14, o re: “Ke tšaba hore bana ba bang ba tla ntšeha ’me ba bolelle ba bang hore kea makatsa.” Kaleb ea qotsitsoeng qalong o re, “Ke ne ke tšaba hore motho e mong a ka ’na a mpotsa potso eo ke tla sitoa ho e araba.”

2. Amohela phephetso. Na u mpa u tšaba moru feela o se na nkoe? Mohlomong ha ho joalo, joalokaha Ashley ea lilemo li 20 a bolela. O re: “Bana ba bang ba ne ba etsa eka ba thahasella seo ke se lumelang. Empa hamorao ba sotha seo ke se buileng ’me ha ba bona ba bang, ba ntšoma.” Nicole ea lilemo li 17, eena o re: “Moshanyana e mong o ile a bapisa temana e ’ngoe ka Bibeleng ea hae le ka Bibeleng ea ka, ’me li ne li sebelisitse mantsoe a sa tšoaneng. O ile a re Bibele ea ka e fetotsoe. Ke ile ka ema hlooho! Ke ne ke sa tsebe hore na nka re’ng.”a

Ho ba boemong bo kang bona ho ka utloahala ho tšosa haholo! Empa ho e-na le hore u qobe boemo bo joalo, bo amohele e le phephetso eo u lokelang ho tobana le eona bophelong ba hao ba Bokreste. (2 Timothea 3:12) Matthew ea lilemo li 13, o re: “Jesu o itse balateli ba hae ba tla hlorisoa, kahoo re ke ke ra lebella hore batho bohle ba re rate ka lebaka la seo re se lumelang.”—Johanne 15:20.

3. Nahana ka melemo e ka bang teng. Na ho na le molemo o ka hlahang boemong boo bo bonahalang bo sa thabise? Amber ea lilemo li 21, o nahana joalo. O re: “Ho thata ho hlalosetsa batho ba sa hlompheng Bibele seo u se lumelang, empa seo se u thusa ho utloisisa haholoanyane seo u se lumelang.”—Baroma 12:2.

Ak’u boele u shebe boemo boo u bo hlalositseng Ntlheng ea Pele. Nahana bonyane ka lintho tse peli tse ntle tse ka hlahisoang ke boemo boo ’me u li ngole ka tlaase mona.

1 ․․․․․

2 ․․․․․

Tlhahiso: Ho bolella ba bang seo u se lumelang ho ka u fokoletsa khatello ea lithaka joang? Ho etsa seo ho tla ama boikutlo ba hao ba ho itšepa joang? Ho tla ama tsela eo u ikutloang ka eona ka Jehova Molimo joang? Hona ho tla ama tsela eo a ikutloang ka uena joang?—Liproverbia 23:15.

4. Lula u le malala-a-laotsoe. Liproverbia 15:28 e re: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” Ntle le ho nahana ka seo u tla se bua, leka ho nahana ka lipotso tseo ba bang ba ka ’nang ba li botsa. Batlisisa lihlooho tseo ’me u fumane lintlha tseo u tla nolofalloa ho li hlalosa.—Sheba chate e reng, “Rera Esale Pele Hore na U Tla Re’ng,” e leqepheng la 127.

5. Kena temeng. U ka etsa’ng haeba u se u itokiselitse ho bolella ba bang seo u se lumelang? U ka sebelisa e ’ngoe ea litsela tsena. Ho bolella ba bang seo u se lumelang ho tšoana le ho sesa: Batho ba bang ba kena butle ka metsing, ha ba bang bona ba ikakhela feela. Ka ho tšoanang, u ka qalisa moqoqo ka taba e sa amaneng le bolumeli ebe u o fetola butle-butle e le hore u leke metsi ka lere. Empa haeba u tšoenyehile ka hore lintho li ka ’na tsa se ke tsa tsamaea hantle, mohlomong ho ka ba molemo hore u ‘ikakhele’ tabeng. (Luka 12:11, 12) Andrew ea lilemo li 17, o re: “Ho bolella ba bang seo ke se lumelang ho ne ho le bonolo ho feta ho nahana ka seo ke tla ba bolella sona. Hang ha ke se ke qalisitse moqoqo, ho o ntšetsa pele ho ne ho le bonolo ho feta kamoo ke neng ke lebeletse kateng!”b

6. E-ba le kahlolo e molemo. Solomone o ile a ngola a re: “Kamehla batho ba nang le kahlolo e molemo baa nahana pele ba nka khato.” (Liproverbia 13:16, Today’s English Version) Feela joalokaha u ke ke ua ikakhela ka metsing a sa tebang, ela hloko hore u se ke ua kena likhang tse se nang thuso. U hopole hore ho na le nako ea ho bua le ea ho khutsa. (Moeklesia 3:1, 7) Ka linako tse ling, esita le Jesu o ne a hana ho araba lipotso.—Matheu 26:62, 63.

Haeba u khetha ho araba, u ka ’na ua fana ka karabo e khutšoanyane le e bontšang masene. Ka mohlala, haeba seithuti-’moho le uena se u soma, se re: ‘Ke hobane’ng ha u sa tsube?’ u ka ’na ua re, ‘Ha ke rate ho silafatsa ’mele oa ka!’ Ho itšetlehile ka hore na se re’ng, u ka ’na ua etsa qeto ea ho se hlalosetsa haholoanyane ka seo u se lumelang.

Lintlha tse tšeletseng tse boletsoeng khaolong ena li ka u thusa hore ‘u lokele ho ikarabella’ ka seo u se lumelang. (1 Petrose 3:15) Ho hlakile hore seo ha se bolele hore ha u sa tla hlola u tšoha. Empa Alana ea lilemo li 18, o re: “Ha u hlalosetsa ba bang seo u se lumelang le hoja u tšohile, u utloa eka u finyeletse ntho e itseng—u hlōtse tšabo ea hao ebile u tobane le boemo bo neng bo ka ’na ba se ke ba tsamaea hantle. Haeba lintho li tsamaea hantle, u tla thaba le ho feta! U tla thabisoa ke hore u bile le sebete sa ho bua.”

KHAOLONG E LATELANG

Na u ikutloa u sithabetse ha u le sekolong? Bala kamoo u ka sebetsanang le boemo boo kateng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Liphetolelo tsa Bibele li sebelisa mantsoe a sa tšoaneng. Leha ho le joalo, tse ling li fetoletse ka botšepehi lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona qalong.

b Sheba lebokose le reng, “Litsela Tsa ho Qalisa Moqoqo,” le leqepheng le fetileng.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Kamehla le [itokisetse] ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Petrose 3:15.

KELETSO

Ho e-na le ho bolella liithuti-’moho le uena hore na li lokela ho lumela eng kapa ho se lumele eng, li bolelle ka kholiseho seo u se lumelang le hore na ke hobane’ng ha u lumela hore eo ke qeto e utloahalang.

NA U NE U TSEBA . . . ?

E ka ’na eaba tse ling tsa liithuti-’moho le uena li khahloa ke hore u khomarela melao ea Bibele ea boitšoaro, empa li lihlong ho u botsa ka seo u se lumelang.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Seithuti-’moho le ’na seo nka buang le sona ka seo ke se lumelang ke [ngola bonyane lebitso la ngoana a le mong] ․․․․․

Ke nahana hore taba eo a ka thahasellang ho bua ka eona ke ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● E ka ’na eaba ke hobane’ng ha bana bao u kenang sekolo le bona ba u soma ka lebaka la seo u se lumelang?

● Haeba u khetha ho bua ka seo u se lumelang, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u bue ka kholiseho?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 126]

“Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke sa batle ho ba mokhelo. Empa ke ile ka qala ho ananela kamoo seo ke se lumelang se nthusang ho ba motho ea molemo kateng. Ho hlokomela seo ho matlafalitse tšepo ea ka—ho entse hore ke be motlotlo ka seo ke se lumelang.”—Jason.

[Lebokose le leqepheng la 124]

Litsela Tsa ho Qalisa Moqoqo

● “U rerile ho etsa’ng lehlabuleng lee?” [Ka mor’a hore a arabe, mo bolelle lintho tsa moea tseo u rerileng ho li etsa, joaloka ho ea kopanong kapa ho eketsa nako ea hao tšebeletsong.]

● Bua ka se hlahileng litabeng, ebe ua mo botsa: “Na u utloile ka taba ee? U nahana’ng ka eona?”

● “Na u nahana hore mathata a lefatše a lichelete [kapa mathata a mang] a tla ke a ee moriting? [Emela karabo.] Ke hobane’ng ha u nahana joalo?”

● “Na u kena kereke?”

● “U bona eka u tla be u finyelletse eng bophelong lilemong tse hlano tse tlang?” [Ka mor’a hore a arabe, mo bolelle lipakane tsa hao tsa moea.]

[Chate e leqepheng la 127]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lintlha Tseo U li Ngotseng

Rera Esale Pele Hore na u Tla Re’ng Le Kopitse!

Tlhahiso: Buisana ka chate ena le batsoali ba hao le bacha ba bang ba Bakreste. E tlatse. Ebe ua nahana hore na ke lipotso life tse ling tseo liithuti-’moho le uena li ka ’nang tsa li botsa, ’me u rere hore na u tla li araba joang u phutholohile.

Potso Karabo Potso e Latelang Karabo

Ke hobane’ng → Ke hlompha → Kahoo, na u → Che, kaha le

ha u sa naha eo ke ke ke ua Lipaki Tsa Jehova

Ho se Nke lumelise lulang ho loanela naha tse limilione

Lehlakore folakha? Na ha eona, empa ea heno? tsa linaheng

u rate naha ha ke e tse ling li

ea heno? rapele. ke ke tsa

loantša

naha ena.

Ke hobane’ng → Ke amohela → Joale na u → ․․․․․

ha u hana ho tšeloa ke ke ua a

ho tšeloa eng kapa eng tšeloa le ha u

mali? e ke keng ea se u bona hore

mpeha kotsing u ka ’na ua

ea hore ke shoa?

tšoaetsoe Na Molimo a

Mali AIDS kapa ke ke a u

lefu la tšoarela?

sebete.

Empa Bibele

mali, ke

kahoo ke sa

amoheleng

ho tšeloa

mali.

Mang-mang → Re rutoa → Na see ha se → ․․․․․

ea kenang melao ea bontše hore

kereke ea Molimo, e mong le

lōna o empa ha re e mong a ka

entse tjena qobelloe ho iketsetsa seo

Qeto le tjena. etsa lintho! a se ratang

Joale uena Kaofela ha kerekeng

u sitisoa rōna re ea lōna?

ke eng? lokela ho

iketsetsa

liqeto.

Ke hobane’ng → Ke hobane’ng → ․․․․․ → ․․․․․

ha u sa lumele ha ke lokela

hore lintho ho lumela hore

Pōpo li iphetotse? li iphetotse?

Bo-rasaense

ha ba lumellane

tabeng ena,

e leng bona bao

ho nkoang hore

ke litsebi!

[Setšoantšo se leqepheng la 125]

Ho bolella ba bang seo u se lumelang ho tšoana le ho sesa—u ka kena butle ka metsing, kapa ua ikakhela feela!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela