Khaolong ea 19
Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo?
U nahana hore u lokela ho tlohela sekolo ha u le sehlopheng sefe? ․․․․․
Batsoali ba hao ba batla hore u tlohele sekolo ha u le sehlopheng sefe? ․․․․․
NA U arabile lipotso tse peli tse ka holimo ka tsela e tšoanang? Le haeba u li arabile ka tsela e tšoanang ’me u ntse u kena sekolo, e ka ’na eaba ho na le matsatsi a mang ao ka ’ona u lakatsang eka u ka se tlohela. Na u kile ua ikutloa joaloka bacha ba buileng mantsoe aa a ka tlaase?
“Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke sithabetse hoo ke neng ke sa batle ho tsoha. Ebe kea ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho ea sekolong le ho ithuta lintho tseo ho seng mohla ke tla ke ke li sebelise?’”—Rachel.
“Hangata sekolo se ne se nkhathatsa hoo ke neng ke batla ho se tlohela ebe ke batla mosebetsi. Ke ne ke nka hore sekolo ha se nthuse ka letho, ke bile ke nahana hore ho molemo hore ke qete nako eo mosebetsing moo ke tla lefuoa.”—John.
“Ke ile ka ea sekolong se phahameng se toropong ’me ka thatafalloa ho fumana metsoalle. Ke ne ke sa thatafalloe ke mosebetsi oa sekolo empa ke ne ke le mokhelo ’me ke qeta nako e ngata ke le mong. Esita le bana ba bang bao e neng e le mekhelo ba ne ba sa batle ho mpuisa! Ho ile ha sala hanyane ke tlohela sekolo.”—Ryan.
“Mantsiboea a mang le a mang ke ne ke qeta lihora tse ka bang ’nè ke etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae! Mosebetsi o mongata oa sekolo le oa ho itokisetsa litlhahlobo o ne o nkimela hoo ke neng ke ikutloa eka ha ke sa khona ho mamella ’me ke batla ho tlohela sekolo.”—Cindy.
“Re kile ra tšosoa ka hore ho na le bomo sekolong, bana ba bararo ba leka ho ipolaea, e mong eena a ipolaea ebile ho e-na le kenke ea linokoane tse mabifi. Ka linako tse ling, maemo a ne a mpefala hoo ke neng ke batla ho tlohela sekolo!”—Rose.
Na u kile ua tobana le mathata a kang aa? Haeba ho joalo, ke boemo bofe bo entseng hore u batle ho tlohela sekolo?
․․․․․
Mohlomong hona joale u nahana ka ho teba ka ho tlohela sekolo. Empa u ka tseba joang haeba u tlohela sekolo hobane e le nako e loketseng kapa hobane feela u khathetse ke sona? E le hore re arabe potso eo, re lokela ho qala ka ho hlalosa hore na ho tlohela sekolo ho bolela eng.
Na ho Molemo ho Tlohela Sekolo?
Na u ne u tseba hore linaheng tse ling ho tloaelehile hore mocha a qete sekolong ka mor’a lilemo tse hlano ho isa ho tse robeli? Linaheng tse ling, ho lebeletsoe hore liithuti li kene sekolo bonyane lilemo tse leshome. Kahoo, ha ho lilemo tse behiloeng kapa sehlopha seo ho lebeletsoeng hore batho bohle lefatšeng ba fihle ho sona.
Ho ekeletsa moo, linaheng tse ling bana ba ka ’na ba lumelloa ho ithuta lintho tse itseng ba le hae, ho sa hlokahale hore ba ee sekolong se tloaelehileng. Ho hlakile hore bana bao batsoali ba bona ba ba lumellang hore ba ithute ba le hae ’me ba ba tšehetsa, hase hore ba tlohela sekolo.
Empa haeba u nahana ho nyahlatsa sekolo pele u qeta—ebang ke se tloaelehileng kapa ke sa hae—u lokela ho nahana ka lipotso tse latelang:
Ke’ng se lebeletsoeng ka molao? Joalokaha ho boletsoe, melao e laolang hore na bana ba lokela ho kena sekolo nako e kae e fapana ho ea ka libaka. Sebakeng sa heno molao o hloka hore bonyane bana ba kene sekolo ho fihlela sehlopheng sefe? Na u se u fihlile sehlopheng seo? Ho ke ke ha e-ba molemo hore u tlohele sekolo pele u fihla sehlopheng seo, kaha seo se tla bolela hore u hlokomoloha keletso ea Bibele ea hore u “ipehe tlas’a balaoli ba phahameng” ’me u tla be u nyahlatsa sekolo.—Baroma 13:1.
Na ke finyeletse lipakane tsa ka tsa thuto? Ke lipakane life tseo u batlang hore thuto e u thuse ho li finyella? Na ha u tsebe hantle? U lokela ho li tseba! Ho seng joalo, u tšoana le mopalami ea ka tereneng ea sa tsebeng hore na o batla ho ea hokae. Ka hona, lula fatše le batsoali ba hao ’me le arabe lipotso tse lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Lipakane Tsa ka Tsa Thuto,” le leqepheng la 139. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u tsepamise kelello ’me ho le thuse ho rera hore na u tla kena sekolo nako e kae.—Liproverbia 21:5.
Ha ho pelaelo hore matichere le batho ba bang ba tla u eletsa hore na u lokela ho kena sekolo nako e kae. Empa qetellong ke batsoali ba hao ba nang le boikarabelo ba ho etsa qeto tabeng ena. (Liproverbia 1:8; Bakolose 3:20) Ho ke ke ha e-ba molemo hore u tlohele sekolo pele u finyella lipakane tsa thuto tseo uena le batsoali ba hao le lumellaneng ka tsona, kaha seo se tla bolela hore u nyahlatsa sekolo.
Sepheo sa ka sa ho nyahlatsa sekolo ke sefe? Ela hloko hore u se ke ua ithetsa. (Jeremia 17:9) Batho ba rata ho fana ka mabaka a utloahalang hore ba emele liketso tsa bona tsa boithati.—Jakobo 1:22.
Ka tlaase mona, ngola mabaka a utloahalang ao e ka ’nang eaba u na le ’ona a ho tlohela sekolo pele u qeta.
․․․․․
Ka tlaase mona, ngola mabaka a mang a boithati a ho tlohela sekolo.
․․․․․
Ke mabaka afe a utloahalang ao u a ngotseng? Mohlomong a mang ke hore u batla ho thusa lelapa leno ka lichelete kapa ho etsa mosebetsi oa boithaopo. Mabaka a boithati e ka ’na ea e-ba ho batla ho qoba litlhahlobo kapa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae. Ho ka ’na ha e-ba thata ho lemoha hore na lebaka le ka sehloohong le u susumetsang lea utloahala kapa ke la boithati.
Khutlela lintlheng tseo u li ngotseng, ’me ntlheng ka ’ngoe u ngole nomoro e pakeng tsa 1 le 5 (u ngole 1 ho bontša hore hase la bohlokoa hakaalo le 5 ho bontša hore ke la bohlokoa haholo). Haeba u tlohela sekolo hobane feela u baleha mathata, u ka ’na ua makala.
Phoso ke Efe ka ho Tlohela Sekolo?
Ho tlohela sekolo ho tšoana le ho theoha terene e ntse e tsamaea pele u fihla moo u eang. E ka ’na eaba maemo ha a matle ka tereneng eo ebile bapalami ha ba na botsoalle. Empa ha u itihela ka ntle ho eona, u ke ke ua fihla moo u eang ’me u ka ’na ua itematsa hampe. Ka ho tšoanang, haeba u tlohela sekolo u ka ’na ua hlōleha ho finyella lipakane tsa hao tsa thuto ’me mohlomong ua ipakela mathata hona joale le nakong e tlang, a kang a latelang:
Mathata a hona joale: Ho ka ’na ha e-ba thata hore u fumane mosebetsi. Le haeba u o fumana, u ka ’na ua lefshoa chelete e nyenyane haholo ho feta eo u neng u tla e lefshoa ha u ne u qetile sekolong. E le hore u be le lintho tsa motheo tse hlokahalang, u ka ’na ua tlameha ho sebetsa lihora tse telele mohlomong maemong a sa thabiseng ho feta ao u tobanang le ’ona hona joale sekolong.
Mathata a nakong e tlang: Phuputso e bontša hore bana ba nyahlalitseng sekolo ba atisa ho fokolloa ke bophelo, ho koalloa teronkong le ho phela ka liphallelo.
Ke ’nete hore ho qeta sekolong ha ho bolele hore u ke ke ua ba le mathata. Empa ke hobane’ng ha u batla ho ithatafalletsa lintho ho sa hlokahale ka hore u tlohele sekolo?
Melemo ea ho se Tlohele Sekolo
Haeba u sa tsoa feila tlhahlobo kapa u bile le letsatsi le bosula sekolong, u ka ’na ua batla ho nyahlatsa—mathata leha e le afe a nakong e tlang a ka ’na a bonahala a se boima hakaalo ha a bapisoa le ao u tobaneng le ’ona hona joale. Empa pele u ka khetha ho nka tsela e “bonolo,” nahana ka seo liithuti tse boletsoeng qalong ea khaolo ena li se buang ha li bontša kamoo li ruileng molemo kateng ka ho se tlohele sekolo.
“Ke ithutile ho mamella mathata. Ke boetse ke ithutile hore haeba u batla ho thabela ho etsa ntho e itseng, u lokela ho fetola tsela eo u nahanang ka eona. Ha ke ntse ke le sekolong, ke ithutile lintho tseo ke tla li sebelisa ha ke qeta.”—Rachel.
“Hona joale kea tseba hore haeba ke sebetsa ka thata, nka finyella lipakane tsa ka. Ke ikoetlisetsa ho etsa mosebetsi oa matsoho sekolong se phahameng, e leng se tla nthusa hore ke etse mosebetsi oo ke o ratang oa ho lokisa mechine e hatisang.”—John.
“Kaha ke ile ka phehella, ke ithutile ho bala le ho ngola. Ho kena sekolo ho nthutile ho rua molemo ha ba bang ba ’nyatsa le hore ke itlhalose ka tsela e hlakileng le e utloahalang—e leng se nthusang haholo tšebeletsong ea Bokreste.”—Ryan.
“Ho kena sekolo ho nthutile ho rarolla mathata, ebang ke sekolong kapa sebakeng leha e le sefe. Ho ithuta ho rarolla mathata sekolong, ha ke sebelisana le batho ba bang le ha ke le maemong a mang a thata, ho nthusitse hore ke hōle kelellong.”—Cindy.
“Sekolo se nthusitse hore ke itokisetse maemo a thata a ka bang teng mosebetsing. Hape ke ile ka tobana le maemo a mangata a ileng a ntlama hore ke hlahlobe mabaka ao ke lumelang lintho tse itseng ka ’ona, kahoo ho kena sekolo ho ’matlafalitse tumelong.”—Rose.
Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Qetello ea taba hamorao e molemo ho feta tšimoloho ea eona. Ea sa feleng pelo o molemo ho feta ea ikhohomosang moeeng.” (Moeklesia 7:8) Kahoo ho e-na le hore u tlohele sekolo, rarolla mathata ao u tobanang le ’ona sekolong u sa fele pelo. Haeba u etsa joalo, u tla hlokomela hore qetello ea taba ena e tla u tsoela molemo haholo.
U ka etsa’ng haeba le leng la mabaka a etsang hore u hloee sekolo ke hobane ha u utloane le tichere ea hao?
LENGOLO LA SEHLOOHO
“E mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.”—Liproverbia 21:5.
KELETSO
Haeba lintho li u thatafalla sekolong, mohlomong u ka ingolisa mananeong a makhutšoanyane a thuto a tla u thusa hore u qete kapele sekolong.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Bacha ba lofang sekolo ba ka ’na ba qetella ba se nyahlalitse.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Ha ke thatafalloa ke thuto e itseng, ho e-na le hore ke tlohele sekolo, ke tla ․․․․․
Ha ke khathetse hoo ke utloang hore ke tlohele sekolo, ke tla khona ho hlōla bothata boo haeba ke ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u ithute ho bala le ho ngola esita le ho tseba lipalo hantle?
● Ho ipehela lipakane tsa thuto tseo u ka li finyellang ka nako e khutšoanyane ho ka u thusa joang hore u thabele sekolo?
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsebe mosebetsi oo u ka ratang ho o etsa ha u qeta sekolong?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 140]
“U ke ke ua baleha mathata. Ho kena sekolo ho u thusa hore u khone ho ikemela, e leng se tla u tsoela molemo ha u se u sebetsa kapa u le sebakeng leha e le sefe.”—Ramona
[Lebokose le leqepheng la 139]
Lintlha Tseo U li Ngoteng
Lipakane Tsa ka Tsa Thuto
Morero o ka sehloohong oa thuto ke ho u lokisetsa hore u tle u fumane mosebetsi o tla u thusa ho iphelisa le ho phelisa ba lelapa la hao haeba qetellong u ka ba le lelapa. (2 Bathesalonika 3:10, 12) Na u se u entse qeto ea hore na u batla ho etsa mosebetsi ofe le hore na u ka itokisetsa oona joang ha u ntse u le sekolong? E le ho u thusa ho lemoha hore na lintho tseo u ithutang tsona li u lebisa pakaneng ea hao, araba lipotso tse latelang:
Ke ipabola lintlheng life? (Ka mohlala, u sebelisana joang le batho ba bang? Na u thabela ho sebetsa ka matsoho, ho etsa lintho kapa ho li lokisa? Na u khona ho sekaseka mathata le ho a rarolla?) ․․․․․
Ke mesebetsi efe eo nka e etsang e tla ntumella hore ke sebelise bokhoni ba ka? ․․․․․
Ho na le menyetla efe ea ho fumana mosebetsi sebakeng sa heso? ․․․․․
Ke lithuto life tseo ke li etsang hona joale tse tla ntokisetsa hore ke fumane mosebetsi nakong e tlang? ․․․․․
Ke lithuto life tseo nka khethang ho li etsa hona joale tse tla nthusa ho finyella lipakane tsa ka ka tsela e atlehileng? ․․․․․
Hopola, sepheo sa hao ke hore ha u qeta sekolong, u be u e-na le thuto e ka u tsoelang molemo. Kahoo, u se ke ua fetelletsa lintho kapa ua ba seithuti se sa qeteng—ua tšoana le motho “ea lulang ka tereneng” ho ea ho ile, e le ha u qoba ho jara boikarabelo ba ho ba motho e moholo.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 38, Bukeng ea 2.
[Setšoantšo se maqepheng a 138, 139]
Ho tlohela sekolo ho tšoana le ho theoha terene e ntse e tsamaea pele u fihla moo u eang