Khaolong ea 20
Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
Bolela tichere eo u e ratang haholo. ․․․․․
Ke hobane’ng ha u rata tichere eo? ․․․․․
Bolela tichere eo u sa utloaneng le eona haholo. ․․․․․
U KA ikhethela metsoalle, empa ha u sa le monyenyane, u ke ke ua ikhethela matichere. E ka ’na eaba u a rata kaofela. David ea lilemo li 18 o re: “Ha ho mohla nkileng ka ba le bothata le matichere a ka. Ke ne ke a hlompha ’me a nthata.”
Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua ba le tichere e tšoanang le e hlalositsoeng ke Sarah ea lilemo li 11. O re: “E khopo hampe. Ebile ’na ha ke e utloisise ha e ruta. Ha e hlalose lintho hantle kapa e li hlalosa ho feta tekano.” E le ho u thusa hore u utloane le tichere ea hao, taba ea pele u lokela ho tseba bothata bo tobileng boo u nahanang hore u na le bona. Hang ha u se u qolotse bothata boo, u boemong bo botle ba hore u sebetsane le bona. Tšoaea ✔ lebokoseng kapa mabokoseng a loketseng lintlheng tse ka tlaase mona, kapa u ngole lebaka le leng.
□ Ke thatafalloa ho utloisisa tichere ea ka
□ Ke nahana hore ke lokela ho fumana limaraka tse holimo
□ Ke nahana hore e tšoara bana ba bang ka mokhoa o khethehileng
□ E nkhalemela ho feta tekano
□ Ke nka hore ea nkhetholla
□ Lebaka le leng ․․․․․
U ka etsa’ng ho sebetsana le boemo boo? Mohato oa pele ke hore u sebelise keletso e fanoeng ke moapostola Petrose. O ile a ngola, a re: “Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko.” (1 Petrose 3:8) Ke eng e ka ’nang ea u susumelletsa hore u be le kutloelo-bohloko ho tichere eo u nahanang hore e khopo? Nahana lintlha tse seng kae ka matichere tse ka ’nang tsa u thusa hore u a utloisise.
Matichere a etsa liphoso. Joaloka batho ba bang bohle, matichere a na le botho le mathata a ’ona esita le ho ba leeme. Morutuoa Jakobo o ile a ngola, a re: “Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” (Jakobo 3:2) Brianna ea lilemo li 19 o re: “Tichere ea ka ea lipalo e ne e se na mamello ’me e atisa ho re tlatsetsa lerata. Kahoo, re ne re thatafalloa ho e hlompha.” Ke’ng e neng e tlatsetsa boemong boo? Brianna o re: “Bana ba ne ba lula ba etsa lintho tse tsoileng tseleng ha ba le ka tlelaseng ’me ba etsa botoutu e le hore feela ba halefise tichere eo le ho feta.”
Ha ho pelaelo hore ua thaba ha tichere e hlokomoloha liphoso tsa hao le mefokolo ea hao, haholo-holo ha u bile tlas’a khatello e matla kelellong. Na u ka etsa se tšoanang le ho tichere ea hao? Ngola se etsahetseng morao tjena sekolong le seo u nahanang hore e ka ’na eaba ke sona se ileng sa etsa hore tichere ea hao e itšoare ka tsela eo.
․․․․․
Matichere a na le lithatohatsi. Nahana ka liphephetso tseo matichere a tobanang le tsona: Ke liithuti tse kae tse batlang ho rutoa? Har’a tsona, ke tse kae tse ikemiselitseng le tse bileng li khonang ho qeta metsotso e 30 kapa ho feta li tsepamisitse maikutlo nthong e le ’ngoe? Ke liithuti tse kae tse ratang ho intšetsa malokobe ho matichere? Joale nka hore ke mosebetsi oa hao ho ruta lithaka tsa hao tse 20, tse 30, kapa ho feta moo ’me taba eo u li rutang eona ke eo tse ngata li sa e rateng. Na ho ne ho ke ke ha e-ba habonolo hore u tsepamise maikutlo haholoanyane ho ba bonahalang eka ba thahasella seo u se rutang?
Ke ’nete hore u ka ’na ua khopisoa ke se bonahalang eka ke leeme le totobetseng. Natasha o re ka tichere e ’ngoe ea hae: “E ne e re behela nako eo re lokelang ho qeta mosebetsi oa sekolo ka eona, empa libapali tsa bolo ea maoto tsona e sa li behele nako. Seo ha se makatse hobane e ne e le motlatsi oa mokoetlisi thiming eo li e bapallang.” Haeba u etsahalloa ke ntho e tšoanang, ipotse: ‘Na tichere ee e nthuta ka tsela e tšoanetseng?’ Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha lintho tse kang tseo li ka u utloisa bohloko kapa tsa etsa hore u be mōna?
Ka tlaase mona, ngola seo u ka se etsang ho bontša tichere ea hao ka ho hlaka hore u thahasella seo e se rutang.
․․․․․
Matichere ha a utloisise liithuti. Ka linako tse ling, botho bo sa tšoaneng kapa ho se utloisisane ho itseng ho ka u qabanya le tichere ea hao. Ha seithuti se rata ho botsa lipotso, tichere e ka ’na ea nka seo e le borabele, kapa ha se etsa metlae ea nka hore sea tella kapa se setoutu.
U ka etsa’ng haeba tichere ea hao e sa u utloisise? Bibele e re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:17, 18) Kahoo, leka hore u se ke ua qholotsa tichere ea hao. Qoba likhohlano tse sa hlokahaleng. U se ke ua fa tichere mabaka a utloahalang a hore e tletlebe ka uena. Ha e le hantle, leka ho e bontša botsoalle. Mohlomong ua ipotsa, ‘Ke e bontše botsoalle?’ E, bontša mekhoa e metle ka hore u lumelise tichere ka tlhompho ha u kena ka tlelaseng. Ho lula u bontša mekhoa e metle—esita le ho bososela ka linako tse ling—ho ka ’na ha etsa hore e fetole tsela eo e ikutloang ka eona ka uena.—Baroma 12:20, 21.
Ka mohlala, matichere a Ken a ne a atisa ho ba le maikutlo a fosahetseng ka eena. O re: “Ke motho ea lihlong haholo ’me ho ne ho se mohla ke buang le matichere a ka.” O ile a sebetsana le bothata boo joang? O re: “Qetellong, ke ile ka hlokomela hore ha e le hantle matichere a ka a batla ho nthusa. Kahoo ke ile ka ikemisetsa hore ke tsebe matichere ’ohle a ka. Hang ka mor’a hore ke etse joalo, limaraka tsa ka li ile tsa ntlafala haholo.”
Ke ’nete hore hase kamehla ho bontša tichere mekhoa e metle le ho e buisa ka botsoalle, ho tlang ho etsa hore e u rate. Empa e-ba le mamello. Morena Solomone o ile a ngola, a re: “Ho ba le mamello le ho bua ka mosa ho ka kholisa ’musi [kapa tichere] ’me ha hlōla bothata leha e le bofe.” (Liproverbia 25:15, Contemporary English Version) Lula u khobile matšoafo ’me u bue ka tsela e mosa ha u tšoaroa ka leeme. Tichere ea hao e ka ’na ea boela ea lekola tsela eo e ikutloang ka eona ka uena.—Liproverbia 15:1.
Haeba tichere ea hao e sa u utloisise kapa e u tšoara ka leeme, ntho ea pele eo u atisang ho e etsa ke efe?
․․․․․
Ho ka ba molemo hore u etse’ng?
․․․․․
Rarolla Mathata a Tobileng
Ho utloisisa mefokolo ea tichere ea hao ke qalo feela. U ka etsa’ng ho rarolla bothata bo itseng bo tobileng? Ka mohlala, u ka ’na ua sebetsana joang le litletlebo tse latelang?
Ke lokela ho fumana limaraka tse holimo. Katrina o re: “Ke ne ke lula ke fumana limaraka tse holimo. Empa ka selemo se seng, tichere ea ka ea saense e ile ea mpheilisa. Ke ne ke lokela ho fumana limaraka tse holimo. Batsoali ba ka ba ile ba buisana le mosuoe-hlooho. Empa o ile a nyolla limaraka tsa ka hanyenyane feela, kahoo ke ne ke ntse ke halefile.” Haeba u tobana le bothata bo tšoanang, u se ke ua hlasela tichere ea hao ka letoto la liqoso. Ho e-na le hoo, ithute mohlaleng oa Nathane eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng. O ne a fuoe mosebetsi o boima oa hore a pepese phoso e tebileng ea Morena Davida. Nathane ha aa ka a fihla ntlong ea borena a se a ntse a qosa Davida feela, empa o ile a bua le eena ka masene.—2 Samuele 12:1-7.
Ka ho tšoanang le uena u ka ’na ua buisana le tichere ea hao ka boikokobetso u bile u khobile matšoafo. Ha u halefa kapa u qosa tichere ka hore ha e tsebe seo e se etsang kapa ho hong ho hobe le ho feta, u ke ke ua etsa setsoalle le eona. Leka ho buisana le eona ka tsela e bontšang hore u hōlile. Qala ka ho kōpa tichere hore e u thuse ho utloisisa tsela eo e tšoaeang ka eona. Solomone o ile a ngola a re: “Mamela pele u araba. Ha u sa mamele, u leoatla ebile ua itlotlolla.” (Liproverbia 18:13, Today’s English Version) Ka mor’a hore u e mamele, u ka ’na ua khona ho e bolella moo u nahanang hore ho bile le phoso. Esita le haeba tichere e sa fetole limaraka tsa hao, mohlomong e tla khahloa ke tsela eo u bontšang khōlo ka eona.
Ke nahana hore tichere ea ka e leeme. Nahana ka se ileng sa etsahalla Rachel. O ne a lula a fumana limaraka tse holimo sekolong. Joale ha a fihla Sehlopheng sa 7, lintho li ile tsa fetoha. Rachel o re: “Tichere ea ka e ne e leka ka hohle hore e mpheilise.” Bothata e ne e le eng? Tichere eo e ile ea bolella Rachel le ’mè oa hae hore ha e rate bolumeli ba bona.
Ho ile ha etsahala’ng? Rachel o re: “Nako le nako ha ho ne ho totobetse hore tichere eo e susumelitsoe ke leeme ha e ntšoaea, ’Mè o ne a tsamaea le ’na ha a il’o buisana le eona ka taba eo. Qetellong, e ile ea khaotsa ho ntšulafalletsa.” Haeba u tobana le bothata bo tšoanang, itete sefuba ho buisana le batsoali ba hao ka bona. Ha ho pelaelo hore ba tla rata ho buisana le tichere eo kapa mohlomong le batsamaisi ba sekolo e le hore ho fihleloe tharollo.
Shebela Lintho Pele
Ke ’nete hore hase mathata ’ohle a tla rarolleha habonolo. Ka linako tse ling, u lokela ho a mamella. Tanya o re: “Tichere e ’ngoe ea rōna e ne e sa rate liithuti. E ne e atisa ho re rohaka, e re re litseketseke. Qalong, seo se ne se etsa hore ke lle, empa ke ile ka ithuta ho se nkele litlhapa tseo hloohong. Ke ne ke tsepamisa maikutlo mosebetsing oa ka ’me ke ikitlaetsa ha ke le ka tlelaseng ea eona. Ka lebaka leo, e ile ea khaotsa ho ntšoenya ’me ka ba se seng sa liithuti tse ’maloa ka tlelaseng eo, tse neng li fumana limaraka tse holimo. Ka mor’a lilemo tse peli, tichere eo e ile ea lelekoa.”
Ithute ho sebetsana le tichere e sa khotsofaleng ’me u tla fumana tsebo ea bohlokoa bophelong—e tla u tsoela molemo ha u se u lokela ho sebetsana le mookameli ea sa khotsofaleng. U tla boela u ithute ho ananela matichere a molemo ao u nang le ’ona.
Na ho bonahala eka ha u na nako e lekaneng ka letsatsi? Ithute kamoo u ka etsang hore nako e be motsoalle oa hao, eseng sera.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.
KELETSO
Haeba u nka hore tichere ea hao ea bora, tsepamisa maikutlo ho seo e se rutang, eseng ho eona. Ngola lintlha, u kōpe boitsebiso bo eketsehileng ka tlhompho ’me u bontše ho thahasella thuto eo. Tsela eo u thahasellang thuto eo ka eona, e ka ’na ea ama ba bang.
NA U NE U TSEBA . . . ?
E ka ’na eaba tichere ea hao e rutile thuto eo ka makhetlo-khetlo litlelaseng tse ling. Kahoo, e ka ’na ea thatafalloa ho lula e le sehlahlo ha e ruta thuto eo, joalokaha e ne e qala.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
E le hore ke thahaselle thuto e itseng eo ke sa e rateng, ke tla ․․․․․
Haeba ke nahana hore tichere ea ka e ntšoara ka leeme, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsepamise maikutlo tabeng e rutoang, ho e-na le ho a tsepamisa ho tichere?
● Tsela eo u ikutloang ka eona ka taba e rutoang e ka ’na ea ama boikutlo ba tichere joang ka uena?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 146]
“Ke ile ka sebetsa ka thata hore ke tloaelane le matichere ’ohle a ka. Ke tseba mabitso a ’ona ’me ha ke a bona seterateng ke buisana le ’ona ho se hokae.”—Carmen
[Setšoantšo se leqepheng la 145]
Matichere a tšoana le majoe ao u hatang ho ’ona ha u tšela molatsoana, a u thusa hore u be le kutloisiso, empa u lokela ho etsa boiteko