Na U Tseba Molimo oo U Rapelang?
“MOLIMO O SHOELE.” Poleloana eo, e ngoliloe ke mofilosofi oa Mojeremane Friedrich Nietzsche makholo a lilemo a fetileng, ’me e ile ea tsosolosoa ke liithuti tsa bolumeli ka bo1960. Batho ba bangata ba rutehileng ba nahana hore mokhatlo oa batho o sa ikamahanyeng le bolumeli o ka rarolla mathata a batho ’me o tiise khotso.
Leseli le ’nile la eketseha, lilemo tsa bo1970 li bone tsoelopele mabapi le “ho ikamahanya le bolumeli.” Liithuti tsa kahisano li hlokometse hore, haeba batho ba lakatsa ho thaba, ba hloka pono ea moea bophelong ba bona. Esita le thuto ea mahlale e amohela bohlokoa ba ho lumela ho Molimo. Ka hona bukeng ea hae ea 1979 Dieu existe? Oui (Na Molimo o Teng? E), mongoli oa Mofora Christian Chabanis o ile a botsa bahlalefi ba Mafora, kaofela ba bontša ho lumela ho Molimo.
Ha e le hantle, batho ba limillione ha ba amohele thuto ea hore “Molimo o shoele.” Ba ile ba boloka tumelo ea bona ho Molimo. Empa na sena se ne se bolela hore ba na le tsebo e hlakileng ka Molimo?
Ka 1967 Lekhotla la babishopo la K’hatholike e Fora le ile la ngola lethathamo la mathata a neng a tšoenya Mak’hatholike. Bothata ba pele e ne e le “Tsebo ea rōna ka Molimo,” ’me ba bobeli e ne e le “Botho ba Kreste.” Bukeng ea hae God for Men of Today, mongoli Jacques Duquesne a buisana le monna oa Mok’hatholike ea lilemo tse 58, ea ileng a lumela: “Ka linako tse ling kea ipotsa hore na e be Kreste ke Molimo. . . . Ke leka ho ikholisa. Bothata bona boa ntšoenya.” Duquesne hape o qotsa baprista ba babeli ba K’hatholike ba bolelang hore ho Bakreste ba bangata “lithuto li khaohane, ke lintho tse inahanetsoeng, ke tšebetso e khethiloeng ntle le mabaka; thuto ka ’ngoe e hloka moelelo; thuto e ’ngoe ha e hlakise e ’ngoe; kahoo, li thata hore li ka hlalosetsoa batho ba kajeno. Haeba liithuti tsa Bolumeli li ile tsa rera ho eketsa Motho oa bone thutong ea Boraro-bo-bong, ke ho isa boleng bofe seo se neng se tla tšoenya esita le boholo ba Bakreste ba molemo haholo?”
Thuto e ferekanyang Mak’hatholike hammoho le litho tsa Kereke ea Orthodox e ka Bochabela le likereke tse ngata tsa Maprotestanta ke ea Boraro-bo-bong. A Catholic Dictionary e re: “Rea utloisisa hore na batho bana Batho ba bararo ba fapane joang empa ke batho ba nang le botho bo tšoanang. Ho kopana ha ba bararo ba nang le Bomolimo ho fapane ka ho feletseng. Ha re bua ka bona e le Molimo o le mong, ha se feela hore e mong le e mong ke Molimo, empa hore ka mong oa bona ke Molimo o tšoanang; sephiri ke sona seo, ha se hlalohanngoe ke motho leha e le ofe ea bohlale.” Ha ho makatse ha Mak’hatholike a belaela ka hore bothata ba ’ona bo boholo ke “ho tseba Molimo”!
Ho Rapela Molimo o sa Tsejoeng
Ho e batlang e le batho ba limillione ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana ba biletsoa ho rapela Molimo oo ba sa o hlalohanngoeng. Ba iphumana ba le boemong bo tšoanang le ba Basamaria ba boholo-holo, bao Jesu a itseng ho bona: “Lōna Basamaria le rapela seo le sa se tsebeng.” (Johanne 4:22, New International Version) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bua joalo?
Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., meloko e leshome ea ’muso o ka leboea oa Iseraele le motse-moholo oa teng Samaria e ile ea hlōloa ke Baassyria, ’me Baiseraele ba bangata ba nkeloa Assyria esita le linaheng tse ling tse hapuoeng. Qetellong, morena oa Assyria a romella batho ba tlas’a puso ea hae, ka ho khethehileng ho tsoa Babylona, ho ea tikolohong ea Iseraele e tsejoang e le Samaria. Sena sa hlahisa Baiseraele ba tsoakaneng le bahetene. Ka bao ba neng ba nka karolo bolumeling bo tsoakaneng, Bibele e re: “Ba tšaba Jehova joalo, ba sebeletsa melimo ea bona ka mokhoa oa lichaba tseo ba neng ba tlositsoe har’a tsona.”—2 Marena 17:26-33; bapisa 1 Marena 12:28-31.
E, Basamaria ba ne ba tšaba Jehova. Ba ne ba amohela karolo e ’ngoe ea Lentsoe la hae—Pentateuch, kapa libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele. Empa ba ile ba tsoaka borapeli ba Jehova le bolumeli bo fosahetseng ba Babylona. Ke mabakeng ana Jesu a itseng ho Basamaria: “Lōna le rapela seo le sa se tsebeng.” Ba ne ba tseba Jehova, empa ba ne ba sa amohele Lentsoe la hae kaofela. Le hona ba ne ba sa mo rapele “ka moea le ’nete.”—Johanne 4:22, 23.
Na litho tsa Bokreste-’mōtoana ha li iphumane li le boemong bo tšoanang? Ba tseba ka Molimo, empa ba bangata ba lumela hore ha ba mo tsebe. U ke ke ua iphapanyetsa sena, hobane Jesu o boletse: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
Ke thuto efe ka ho khethehileng e thibetseng litho tsa Bokreste-’mōtoana ho tseba Jehova, “Molimo o le mong oa ’nete”? Ntle ho pelaelo ke ‘sephiri se sa hlalohanngoeng’ sa Boraro-bo-bong. Le ha motho a bala Bibele ha a fumane boikutlo ba hore Bakreste ba pele ba ne ba rapela ‘Molimo oa sephiri.’ Moapostola Johanne o itse: “Mora oa Molimo . . . o re neile kutloisiso, hore re tsebe Oa ’nete [Jehova Molimo]. ’Me re ho Oa ’nete, ho Mora oa oona Jesu Kreste.”—1 Johanne 5:20.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Aletare e khethetsoeng melimo sa tsejoeng e fumanoe Pergamum, Asia Minor