Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 8/1 maq. 23-26
  • ‘Litekanyo li Ntšehetse Libakeng tse Monate’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Litekanyo li Ntšehetse Libakeng tse Monate’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hōlisoa ka Tsela ea Moea
  • Lintho Tse Thahasellisang Lilemong tsa Thibelo
  • Kamoo ke Ileng ka Fetoha Motšoaruoa
  • Tokoloho—Empa Ho E-na le Lintoa tse Eketsehileng
  • Bophelo Naheng e Ncha
  • Ha ke se ke E-na le Molekane oa Lenyalo
  • “Libakeng tse Monate”
  • Ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng ho Ntliselitse Melemo Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Jehova ke Setšabelo le Matla a Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Mosa oa Hao o Lerato o Molemo ho Feta Bophelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 8/1 maq. 23-26

‘Litekanyo li Ntšehetse Libakeng tse Monate’

Joalokaha ho boletse D. H. MacLean

KE NE ke lutse moo, lihora tsa ’na tsa feta, ’me Lepolesa le leng la Canada le eme pel’a ka. Ke ne ke le motšoaruoa oa lona. Re ne re lebile kampong ea teronko e Nōkeng ea Chalk, Ontario, Canada, ’me ho ne ho bonahala eka leeto leo la terene la lik’hilomithara tse 2 400 ha ho mohla le tla fela.

E ne e le ka 1944, ’me Ntoa ea II ea Lefatše e ne e le tlhōrōng ea eona. Empa ke ne ke batla eng moo ha ke lebile teronkong? Koana, lebaka le leholo e ne e le seo Ntate a neng a nthutile sona ho tloha bongoaneng ho ea pele. O ne a atisa ho qetella puisano leha e le efe e tebileng eo re neng re e-ba le eona ka ho sebelisa mantsoe a mopesaleme bophelong ba hae ka boeena: “Litekanyo ka botsona li ntšehetse libakeng tse monate.” Joale e be o mphehella hore ke loanele ho ba le phihlelo e tšoanang.—Pesaleme ea 16:6, NW.

Ho Hōlisoa ka Tsela ea Moea

Lintho tseo ntate a li boneng ka lilemo tse ’nè ha a ntse a sebeletsa e le sajene nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, haholo-holo ka seo a neng a se bone ka boitšoaro ba boikaketsi ba baruti, se ile sa mo nyahamisa. Kahoo, ka 1920, ha Seithuti sa Bibele se chesehang se hlalosa tharollo ea Molimo mathateng a lefatše, linnete tsa Bibele tsa khomarela mothapo o amohelang oa pelo ea Ntate. ’Mè le eena a thahasella ’me a fetoha mohlanka ea inehetseng oa Jehova. Kahoo, ’na le khaitseli’a ka Kay ra ba le monyetla oa ho hōlisoa ka tsela ea moea.

Ka mor’a nako, Ntate a rekisa khoebo ea hae, ’me eena le ’Mè ba qala ho tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng. Ka hona, nakong ea sekolo selemong sa 1928, ha ke le lilemo li tšeletseng ’me Kay a le lilemo li robeli, re ile ra ngolisa likolong tse robeli tse fapaneng! Ra tsoela pele ka mokhoa ona oa bophelo oa hloma-u-hlomole ka likhoeli tse 18 tse latelang. Empa ha ho hlokomela thuto ea rōna hantle ho e-ba thata haholoanyane, batsoali ba ka ba reka seteishene seo ho noesoang likoloi ho sona le garage e neng e e-na le lebenkele le lenyenyane la lintho tse tšesaane. Leha ho le joalo, likhoeli tseo tse 18 tsa bopula-maliboho tsa siea khatiso e sa hlakoheng ho ’na le khaitseli’a ka.

Lehae la rōna le neng le le haufi le Halifax, Nova Scotia, ka mehla le ne le butsoe bakeng sa bo-pula-maliboho le balebeli ba tsamaeang. Ntate o ne a fana ’me a thusa ba hlokang ho lokisetsoa makoloi kapa litšepe tse ling tse ka thōko, ha ’Mè eena a ne a hlokomela lintho tseo baeti ba rōna ba bangata ba neng ba li hloka tlung. Ke sa ntsane ke hopola ka ho hlaka liphihlelo tse matlafatsang tumelo tse neng li phetoa ke basebetsi bao ba nako e tletseng. Hape ke sa hopola ha ke le lilemo li 18 ’me e mong oa baena ba tsamaeang a ’memela ho tsamaea le eena ka libeke tse tharo ha a etela liphutheho tse haufinyane. Tlotla eo e sa lebelloang e ’nile ea lula e sa hlakohe kelellong ea ka.

Lintho Tse Thahasellisang Lilemong tsa Thibelo

Ka 1940, ha ke le lilemo li 17 feela, ba boholong Canada ba phatlalatsa hore “Lipaki tsa Jehova ke Mokhatlo,” oo e seng oa molao ’me mosebetsi oa tsona oa ho bolela evangeli oa thibeloa. Molula-Qhooa o ne o hatisoa ka sekhukhu ntlong eso, ’me ho tloha moo o ne o tsamaisoa ho pota setereke sa Nova Scotia kaofela. Ke hopola ntho e ’ngoe e thahasellisang ha motho ea sebetsang ka sekhukhu a ne a fihla har’a bosiu a nkile li-stencil le liqubu tsa pampiri le enke.

Karolong e qalang ea thibelo, re ne re kopanela re le lelapa kabong ea bukana e khethehileng e neng e e-na le sehlooho End of Nazism e neng e abjoa har’a bosiu sechabeng ka bophara. Empa ke tlameha ho lumela hore pelo ea ka e ne e otla ka matla ha ke e-tsoa ka koloing lefifing la bosiu boo bo neng bo bata haholo. Ntate a fana ka litaelo tse potlakileng, tse hlakileng. Eaba rea arohana ’me e mong le e mong a tsamaea ka tsela e fapaneng.

U ka inahanela ho tšoenyeha ha rōna ha Kay a sa khutlele koloing ka nako eo re lumellaneng ka eona. Ka mor’a ho mo emela nako e fetang hora, ho ne ho se letho leo re ka le etsang ha e se ho ea hae. Ha ba ha re kokololo! ha re mo fumana teng, ka cheseho a re emetse. O ne a ile a nkoa ke lepolesa empa le sa mo tšoarele ho aba libuka tseo e seng tsa molao. Lepolesa le ile la ’mona ’me la makala hore na ke hobane’ng ha ngoanana eo ea bohehang ea lilemong tsa bocha a ntse a tsamaea a le mong literateng tsa Halifax lihoreng tsa ka meso tsa hoseng hoo ho batang ha mariha. Kahoo ha le ithaopela ho mo isa lapeng ka koloi, Kay a lumela—ebile libukana tsa hae kaofela li ne li se li abiloe. Phutuho eo ea atleha haholo ’me ea tsebahala Canada eohle.

Kamoo ke Ileng ka Fetoha Motšoaruoa

Ka mor’a ho qeta sekolong ka 1941, ka sebetsa mosebetsi oa boipheliso hoo e ka bang lilemo tse peli. Eaba ke ea kopanong ea setereke United States, moo ke ileng ka kopana le Milton Bartlett, pula-maliboho ea chesehang ea lilemong tsa ka. Sehlahlo sa hae bakeng sa ’nete le thabo e totobetseng eo a neng a e-na le eona bopula-malibohong e bile tsona likofuto tse khōlō tse ileng tsa etsa hore ke etse qeto ea ho tlohela mosebetsi oa boipheliso ’me ke kenele tšebeletso ea nako e tletseng ka Tlhakubele 1943.

Kaha thibelo e ne e ntse e tsoela pele, boboleli ba Bibele ka ntlo le ntlo bo ne bo bonahala e le papali ea toeba le katse le mapolesa. Ha ke fihla kabelong e ncha Charlottetown, Sehleke-hlekeng sa Khosana Edward, ke ne ke chesehela haholo ho tsoa ho ea tšebeletsong ho bona hore na batho ba tla itšoara joang hoo ke bileng ka lebala ho ngola aterese ea moo ke fihletseng teng.

Ke ne ke sa tsoa etela matlo a seng makae feela ha ke tšoaroa ke lepolesa, le ileng la phenyekolla mokotlana oa ka ’me la ntšoara. Kaha ke ne ke sitoa ho fana ka aterese, ka qetella ke kene teronkong, moo ke ileng ka bolokoa seleng ea boinotši ka matsatsi a mane. Ka lehlohonolo, morali oa Paki e ’ngoe phuthehong a utloela hasesaane ha mookameli oa mapolesa a bua ka Paki e ’ngoe e nyenyane eo a neng a e tšoere, ’me sena sa etsa hore baena ba ntefelle bail.

Nyeoe ea ka ea chechisoa ka likhoeli tse ’maloa, ’me kahoo ka ’na ka tsoela pele ka tšebeletso ea ntlo le ntlo. Joale ka neoa kabelo e ’ngoe, ho ea Glace Bay, Nova Scotia. Likhoeli tse seng kae hamorao, ka fumana lisamane tsa hore ke hlahe ka lekhotleng morao koana Charlottetown. Ka itokisetsa nyeoe ea ka ka cheseho, ke tšepa ho fana ka bopaki bo matla ba tšebeletso ea ka.

Moahlōli o ne a khotsofetse hore ke ne ke e-na le litšoaneleho tsohle tse hlokahalang ho mosebeletsi oa bolumeli. Leha ho le joalo, a phaella ka ho re e ne e le moetlo hore Lipaki tsa Jehova li isoe likampong tsa literonko tumellanong le melao ea tšebeletso ea sechaba. Ke ka tsela ena ke iphumaneng ke le tereneng e lebang kampong ea teronko e Nōkeng ea Chalk, Ontario. Lilemong tse peli tse latelang, ka isoa likampong tse tharo tse fapaneng.

Tokoloho—Empa Ho E-na le Lintoa tse Eketsehileng

Ke ile ka lokolloa ka 1946 ’me ka tsosolosa bopula-maliboho Glace Bay. Kaha thibelo e holim’a Lipaki tsa Jehova e ne e se e tlositsoe, re ne re boetse re lokolohile ho tsoela pele ka mosebetsi oa rōna Canada re sirelelitsoe ke molao. Sebaka se le seng seo e neng e le mokhelo e ne e le setereke sa K’hatholike se buang Sefora Quebec moo mahloriso a bolumeli a neng a le maholo. Ke ka hona ho ileng ha qaleha ho ileng ha bitsoa Ntoa ea Quebec.

Ka Sontaha sa la 3 Pulungoana, 1946, ho ne ho lokiselitsoe seboka se khethehileng Montreal, seo ho sona ho neng ho le teng mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower le ba bang ba tsoang ntlo-khōlō Brooklyn. Pampitšana e susumetsang Quebec’s Burning Hate for God and Christ and Freedom Is the Shame of All Canada ea lokolloa, ’me ha etsoa kemiso ea hore e abjoe sechabeng ka bophara. Bo-pula-maliboho ba ile ba memeloa ho kenya likōpo bakeng sa sehlopha se latelang sa Gileade e le hore ba ka fumana koetliso e neng e tla ba hlomella bakeng sa ho sala phutuho ena e khethehileng ea Quebec morao. Ka kenya kōpo ’me ka mor’a likhoeli tse seng kae ka memeloa ho ea sehlopheng sa borobong sa Gileade.

Bophelo Naheng e Ncha

Kaha ke ne ke ikutloa ke loketse Quebec, ka nkoa ka tšohanyetso ka ho feletseng nakong eo re neoang mangolo ha ke abeloa ho ba molebeli oa potoloho Ontario, Canada, ho etela liphutheho tse buang Senyesemane moo. Empa hona e ne e se letho ha ho bapisoa le ho nyaroha hoo ke neng ke tla ho fumana likhoeli tse tšeletseng hamorao ha ke neoa lengolo le tsoang ho Mokhatlo le neng le tšoere kabelo ea ho ea Australia.

Ha ke le naheng eo e ncha, kabelo ea ka ea pele ea e-ba ho sebeletsa potolohong e neng e akaretsa naha eohle ea Australia Bophirimela, sebaka se seholo sa 2 528 000 square kilometers! Potoloho e ’ngoe eo ke ileng ka sebeletsa ho eona qalong karolong e bohareng ea Australia e ne e akarelletsa sebaka se seng sa bolulo se ka thōko se neng se bitsoa William Creek. Paki e le ’ngoe feela e neng e le teng moo e ne e e-na le lebenkele le ka thōko la lintho tse hlokoang ke batho ba etang seemelong se seng sa literene. Ka tsatsi le leng ka hlolloa ke ho bona sehlopha sa likamele tse khannoang ke Maaborigine a Australia se fihla se ema butle pel’a lebenkele. A ne a tlil’o reka lijo. Puisano e ne e tsoela pele tjena:

Moreki: Batla lieta tse telele tse fihlang tlhafung.

Morekisi: Tse khōlō kapa tse nyenyane?

Moreki: Tse khōlō.

Ka ho bua joalo phapanyetsano e ne e phethiloe, ’me moreki o ne a tsoa ka lebenkeleng e be o laela lieta tsa hae tse telele tse fihlang tlhafung tse ncha holim’a kamele ea hae. E mong a kena.

Moreki: Ke batlela lubra (lentsoe la Seaborigine bakeng sa mosali) mose.

Morekisi: “O motenya kapa o mosesaane?”

Moreki: “O mosesaane.”

Ha ntšoa mose, oa lefelloa, ’me oa akheloa ka mokotlaneng oa laeloa kameleng e emeng ka ntle.

Ha ke se ke E-na le Molekane oa Lenyalo

Lilemo tse tharo hoba ke fihle Australia, ka nyala ngoanana e mong e motle ea tsoang Brisbane eo lebitso la hae e neng e le June Dobson. Ka mor’a lenyalo la rōna, ra bula maliboho selemo se le seng pele re memeloa ho khutlela mosebetsing oa ho ba molebeli ea tsamaeang, pele mosebetsing oa potoloho ’me hamorao mosebetsing oa setereke.

Ha ke ntse ke le lesooa, ke ne ke sebetsa libaka tse ngata tse ka thōko ka sethuthuthu. Leha ho le joalo, joale ha ke se ke e-na le mosali ke ne ke tsamaea ka koloi. ’Mila o tsamaeang tseleng e mpe o fetang Thoteng ea Nullarbor, moo ka tloaelo mocheso o phahamang ho ba ka holimo ho 46° Centigrade, o ne o sa lokisoa sebaka se ka bang lik’hilomithara tse 1 200 ’me o ne o e-na le lerōle le lesesaane. Le ne le phahama, hoo koloi e neng e tšoana le sekepana se lebelo se mathang ka metsing. Re ne re koalisa mamati ’ohle le lifensetere ka hloko ka theipi e manamisang ho thibela lerōle leo le kotsi. Sena se ne se etsa hore ho chese haholo ka koloing, empa bonyane se ne se re boloka hore re se koaheloe ke litšila le lerōle.

Lilemong tseo re li qetileng mosebetsing oa setereke, re ile ra fohla lefatše la Australia ka makhetlo-khetlo, re etela metse le metse e meholo e makholo-kholo ’me re sebeletsa likopanong tsa potoloho tlas’a maemo a mefuta eohle. Ha re qala mosebetsi oa setereke ka 1953, ho ne ho e-na le setereke se le seng feela Australia. Joale ho na le tse hlano.

Ka 1960 ra fumana memo e sa lebelloang—ea ho tla sebeletsa Bethele ea Sydney e Strathfield. Phapang e ne e le khōlō pakeng tsa mosebetsi oo le ho ba molebeli ea tsamaeang, empa qetellong ka tloaela mosebetsi oa ofisi. Leha ho le joalo, ka potlako ra fumana ntho e ’ngoe e sa lebelloang. Ka mor’a ho sebeletsa Bethele ka likhoeli tse 18, ’na le June ra memeloa ho ea thupelong e ncha ea likhoeli tse 10 Sekolong sa Gileade.

Ha ho bapisoa le ha ke ne ke kena sekolo Gileade nakong e fetileng South Lansing, New York, hona joale re ne re le ka hare ho Brooklyn hantle ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Ha re fumana mangolo ra abeloa ho ea Australia, mosebetsing oa ho ba molebeli ea tsamaeang hape. Re sebelelitse kabelong eo ho fihlela ka 1981, ha re memeloa ho khutlela Bethele ea Sydney. Ha re le moo ra khona ho kopanela mosebetsing o moholo oa ho fallisa ofisi eohle ea lekala, fektheri le lelapa la Bethele ho tloha Strathfield ho ea mohahong o mocha o neng o sa tsoa hahoa Ingleburn, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 48 ho tloha bohareng ba Sydney.

“Libakeng tse Monate”

Mona mosebetsi oa ka lefapheng la tšebeletso ke thabo letsatsi le letsatsi. Kaha ke tseba baena le bo-khaitseli ba bangata hakana e le batho ka bomong ba tsoang linaheng tsohle tsa lefatše la Australia ka baka la lilemo tse ngata mosebetsing oa setereke, ke na le boikutlo ba hore ke ntse ke e-na le balebeli ba potoloho moo ha litlaleho tsa bona li kena beke e ’ngoe le e ’ngoe. Litlaleho tsa balebeli ba setereke li mpea hantle ka hare ho mabala le Liholo tsa Kopano ka moea oohle oa kopano ea potoloho. Kaha lelapa la Bethele le e-na le ba fetang 110, le lutse sebakeng se pakeng tsa libaka tsa mahae le tsa mabalane se thōko le lerata le tšilafalo tsa motse, ’na le mosali oa ka re ikutloa hore bophelo ba Bethele ke sehlōhlōlō sa “libaka tse monate.”

Ka letsatsi le leng ho ea qetellong ea lehoetla ka Motšeanong 1984, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, H. V. Mouritz, ka lekunutu a mpolella hore Sehlopha se Busang se nkhethetse ho sebeletsa ke le setho sa Komiti ea Lekala ea Australia. Boikutlo ba ka motšehareng oa mantsiboea ao bo ne bo le joaloka boo ke neng ke e-na le bona ka 1947 ha ke bala lengolo le mphang kabelo ea ho sebeletsa naheng ena e thabisang tlaase mona.

Ho ikhopotsa lilemo tsa ka tse 65 tseo ke li qetileng ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova bo etsa hore ke ikutloe hore Pesaleme ea 16:6 (NW) e phethahetse ho ’na. Ka sebele “litekanyo” li ntšehetse “libakeng tse monate.” Haeba ke ne ke lokela ho rera bophelo ba ka hape, ntle le tika-tiko ke ne ke tla khetha hantle tsela eo ke ileng ka e nka. Ha ho phello e ’ngoe e monate ho feta mona eo ke neng nka e fumana—ha ho phihlelo e ’ngoe e putsang ho feta ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela