Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 10/1 maq. 6-7
  • ’Nete Mabapi le Lihele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete Mabapi le Lihele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ho na Tlhokofatso ka Mor’a Lefu
  • Lihele li Horuloa ka Tsoho
  • Ho Etsahetse’ng ka Mollo oa Lihele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Bo-mang ba Eang Liheleng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Tumelo e Teng Hohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ha e le Hantle Lihele ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 10/1 maq. 6-7

’Nete Mabapi le Lihele

KA HO hlakileng motheo oa tumelo ea tlhokofatso ka mor’a lefu ke tumelo ea hore motho ka sebele ha a shoe nakong eo ’mele oa hae oa nama o shoang ka eona empa hore ho na le ntho e ’ngoe—eo hangata e bitsoang moea—e pholohang lefu la ’mele. Tumelo ena, joalokaha re bone sehloohong se ka pele, ke ea khale haholo nakong ea Basumere le Bababylona ba boholo-holo ba Mesopotamia. Hamorao, e ile ea amoheloa ke Magerike, ao bafilosofi ba oona, joaloka Plato, ba ileng ba ntlafatsa khopolo ena. Tumelo ea bona e nchafalitsoeng ea likarolo tse peli “’mele le moea” ebile karolo ea tumelo ea Bajode ba bakoenehi.

Ke neng ba ipolelang e le Bakreste ba ileng ba amohela tumelo e joalo ea bophelo ka mor’a lefu? Hase nakong ea Jesu le baapostola ba hae. Encyclopædia Universalis ea Sefora ea bolela: “[Libuka tseo e seng karolo ea Bibele] Apocalypse of Peter (ea lekholong la bobeli la lilemo C.E.) ebile lingoloa tsa pele tsa Bakreste ho hlalosa tlhoriso le tlhokofatso ea baetsalibe liheleng.”

Ha e le hantle, ho bonahala ho bile le ho se lumellane ho bathei ba kereke, ho bile le phehisano e khōlō ka lihele. Justin Martyr, Clement oa Alexandria, Tertullian, le Cyprian ba ne ba buella lihele tse chesang. Origen o ile a leka ho lokisa lihele ka ho li nea moelelo oa phekolo ka hore qetellong baetsalibe ba tla pholosoa. O ile a lateloa ke Gregory oa Nazianzus le Gregory oa Nyssa ka tekanyo e itseng. Empa Augustine o ile a felisa pono e bonolo joalo ka lihele. Bukeng ea hae Early Christian Doctrines, moprofesa oa Oxford J. N. D. Kelly oa ngola: “Ho ea lekholong la bohlano la lilemo thuto ena e sehlōhō ea hore baetsalibe ba ke ke ba ba le monyetla oa bobeli ka mor’a bophelo bona le hore mollo o tlang ho ba chesa o ke ke oa tingoa e ne e atile hohle.”

Ha e le ka pelekatori, buka Orpheus—A General History of Religions ea bolela: “St. Augustine o ile a bolela hore ho na le boemo bo lipakeng ba ho hlahlojoa mahareng a thabo le tlhokofatso kamoso, le ho hloekisoa ha moea mollong. Ena ke thuto ea Orpheus [Mogerike oa mohetene] le Virgil [Moroma oa mohetene] ea Pelekatori: ha ho na lentsoe le buang ka eona ka Mangolong a Molaetsa. . . . Thuto ea Pelekatori . . . e ne e theoe lekholong la botšelela la lilemo, ’me ea phatlalatsoa e le thuto ea Kereke ke Lekhotla la Florence (1439).” New Catholic Encyclopedia e-ea lumela: “Thuto ea K’hatholike ka pelekatori e theiloe neanong, eseng Lengolong le Halalelang.” Mabapi le Limbo, Mok’hadinale oa Roma Ratzinger o lumela hore ke “khopolo feela ea thuto ea bolumeli.”

Ha ho na Tlhokofatso ka Mor’a Lefu

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Bibele? Na e re lefung moea oa pholoha ha ’mele o e-shoa ’me ka hona o ka hlokofatsoa liheleng tsa mollo kapa pelekatoring? New Catholic Encyclopedia e-ea bolela: “Khopolo ea hore moea o-oa pholoha ka mor’a lefu ha e khethollehe habonolo ka Bibeleng. . . . Ka T[estamenteng] ea K[hale] moea ha o bolele karolo ea motho, empa motho ka boeena—motho e le boleng bo phelang. Ka ho tšoanang, ka T[estamenteng] e N[cha] o bolela bophelo ba motho: bophelo ba motho ka mong.”

Kahoo taba e tšehetsang ho hlokofatsoa ha ka mor’a lefu e-ea hlōleha. Bibele e-ea bolela: “Moea o etsang sebe o tla shoa.” (Ezekiele 18:4, Revised Standard Version, Khatiso ea K’hatholike) E boetse e-ea hlakisa: “Moputso oa sebe ke lefu.” (Ba-Roma 6:23, RSV) Ka hona, ha Bibele e bua ka batho ba khopo ba sa bakeng ba qetellang ba le “Gehenna,” “mollong o sa feleng,” kapa “letšeng la mollo,” e mpa e sebelisa puo ea tšoantšetso ho bua ka bona ba shoella ruri, “lefu la bobeli.”—Mattheu 23:33, NW; 25:41, 46; Tšenolo 20:14; 21:8;a bapisa 2 Ba-Thessalonika 1:7-9.

Lihele li Horuloa ka Tsoho

Ka hona, na lihele lia chesa? E seng ho latela se boleloang ke Bibele. Ka sebele, mantsoe a Seheberu le Segerike ao Libibeleng tse ling a fetoletsoeng e le “lihele” a mpa a khetholla lebitla le tloaelehileng la batho. Hase sebaka se chesang sa tlhokofatso. Ho e-na le hoo, ke sebaka sa phomolo, seo bafu ba tla tsoa ho sona ka tsoho. (Moeklesia 9:10; Liketso 24:15) Oscar Cullmann, moprofesa oa Thuto ea Bolumeli Univesithing ea Basel, Switzerland, le univesithing ea Sorbonne, Paris, o bua ka “phapang e khōlō pakeng tsa tebello ea Bakreste ea tsoho ea bafu le tumelo ea Bagerike ea ho se shoe ha moea.” Ka ho nepahetseng, o re “’nete ea hore hamorao Bokreste bo ile ba kopanya litumelo tsena tse peli . . . ha e le hantle ho hang hase ho li kopanya empa ke ho lahla e ’ngoe [thuto ea Bibele ea tsoho] le ho tšehetsa e ’ngoe [tumelo ea bohetene ea ho se shoe ha moea oa motho].”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Lipaki tsa Jehova ha lia lahla tumelo ea tsona tsohong e le ho tšehetsa khopolo ea ho se shoe ha moea. Li tla thabela ho arolelana le uena tšepo ea tsona e thabisang ’me li u pakele ho tsoa Bibeleng hore, kannete, lihele ha li chese.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng litemaneng tsena tsa Bibele le tse ling tse sebelisitsoeng ke ba bang ho leka ho tšehetsa thuto ea lihele tse chesang, bona buka Na Bophelo Bona ke Bona Phetho bo Teng? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela