Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 8/15 maq. 24-27
  • Jehova—“Mohale oa Ntoa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova—“Mohale oa Ntoa”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leraba—Bakeng sa Iseraele Kapa Faro?
  • Jehova o Loanela Joshua
  • Ntoa ea Kishone
  • Tlhōlo Khahlanong le Gogo le Letšoele la Hae
  • “Emang le Tiile ’me le Bone Poloko ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ba Tšela Leoatle le Lefubelu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ho Tloha Thabore ho ea Tlhōlong!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 8/15 maq. 24-27

Jehova—“Mohale oa Ntoa”

BAHLABANI ba matla ba lekhotla la Egepeta ba ne ba timelitsoe ka ho felletseng. Ka har’a Leoatle le Lefubelu, litopo tsa bapalami ba makoloi a ntoa le tsa bakalli ba lipere li ne li ntse li akhotsoa ke maqhubu a leoatle, lihlomo tsa ntoa li hasane lebōpong la leoatle. Ba etelletsoe pele ke Moshe, ka nyakallo banna ba Iseraele ba ile ba bina pina ea tlhōlo: “Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli oa eona o li lihetse leoatleng. Jehova ke mohale [“oa ntoa,” NW], Jehova ke lebitso la hae.”—Exoda 15:1, 3.

Tlhōlo ea Jehova Leoatleng le Lefubelu ruri e ne e le pontšo ea hore ke mohale oa ntoa. Iseraele e tlohile Egepeta e itokiselitse ntoa empa e ne e e-na le tsebo e fokolang ea ho loana. Ka topallo ea leru e neng e fetoha khanare ea mollo bosiu, Jehova o ne a ba etelletse pele ho tloha Ramsese ho ea Ethame “moeling oa lefeella.” (Exoda 12:37; 13:18, 20-22) Eaba Jehova o re ho Moshe: “Bolella bana ba Iseraele hore ba khelohe, ’me ba hlome litente pel’a Pi-Hahirothe, lipakeng tsa Migdole le leoatle, malebana le Baale-Tsefone . . . Faro o tla re ka bana ba Iseraele: Ba lahlehile har’a naha, . . . a tle a ba phallele.” (Exoda 14:1-4) Baiseraele ba ile ba bontša kutlo ’me ba kheloha ba ea Pi-Hahirothe. Lihloela tsa Faro li ile tsa mo tlalehela ka sena seo ho neng ho bonahala eka ke pherekano, ’me joalokaha ho boletsoe esale pele, Faro o ile a hlophisa lekhotla la hae la ntoa bakeng sa ho ba phallela.—Exoda 14:5-9.

Leraba—Bakeng sa Iseraele Kapa Faro?

Ba potiloe ke lithaba ka mahlakoreng a mabeli, leoatle le le kapele, ’me Baegepeta ba le ka morao, ho ile ha bonahala eka Baiseraele ba tšohileng ba tšoasitsoe ke leraba, kahoo ba ile ba hoeletsa ho Jehova bakeng sa thuso. Moshe o ile a bokella sechaba a re: “Se tšoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa eona kajeno, hobane ba-Egepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng. Jehova o tla le loanela; ha e le lōna, ikhutsetseng.” (Exoda 14:10-14) Phethahatsong ea tšepiso eo, “topallo ea leru ea tloha ka pele ho bona, ea fihla ea ema ka mora’ bona. Ea tla lipakeng tsa ntoa ea Egepeta le tsa ntoa ea Iseraele, . . . ha ba ka ba atamelana ka bosiu bohle.”—Exoda 14:15-20.

Moshe o ile a otlollela lere la hae holim’a leoatle joalokaha Jehova a laetse, ’me a ‘le phatlola’ e le hore Baiseraele ba ka phonyoha. ’Me ho ile ha etsahala mohlolo o makatsang! (Exoda 14:16, 21) Moea o matla o tsoang bochabela o ile oa arola metsi a Leoatle le Lefubelu, oa bula tsela e lekaneng hore sechaba sohle se tsamaee ho eona—batho ba ka bang limillione tse tharo—ba ne ba lokela ho feta ba itokiselitse ntoa. Ka letsohong le letšehali le le letona la mokoloko oa Iseraele, metsi a ‘tiileng’ a ile a ema joaloka mabota a mabeli a maholohali.—Exoda 15:8.

Baiseraele ba ile ba phonyoha ’me ba tsamaea mobung o omileng oa leoatle, ba thusoa ke khanya e tsoang khanareng ea mollo. Ha bosiu bo e-sa, Baiseraele bohle ba ne ba le lebōpong le ka mose oane ho leoatle. “Ba-Egepeta ba ba phallela, ba kena ka mor’a bona ka har’a leoatle, ka mapere a Faro kaofela, le makoloi a hae, le bakalli ba hae.” Ba ba phalletseng ba ne ba oetse lerabeng!—Exoda 14:23.

“[Jehova] a tšerehanya lekhotla la ba-Egepeta. A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaisoe ka boima.” Joale Moshe o ile a otlollela letsoho la hae holim’a leoatle, ’me “leoatle la khutlela tulong tsa lona.” Mabota a metsi a ile a oa ’me a koahela Baegepeta. Ba ile ba leka ho baleha, ‘empa Jehova a ba lihela har’a leoatle.’ Ha ho le a mong ea ileng a phonyoha! Ka thabo Baiseraele ba ile ba binela Jehova pina ea bona ea tlhōlo.—Exoda 14:24–15:3; Pesaleme ea 106:11.

Jehova o Loanela Joshua

Jehova o ipakile e le “mohale oa ntoa” lintoeng tse ling. E ’ngoe e ne e le ntoa ea Ai. Tlhaselo ea pele motseng ona e ile ea hlōleha ka baka la phoso e tebileng ea Akane. Ha taba ena e se e lokisitsoe, Jehova o ile a fana ka litaelo tsa ntoa ho Joshua.—Joshua 7:1, 4, 5, 11-26; 8:1, 2.

Ka baka la ho utloa litaelo tsa Jehova, bosiu Joshua o ile a etsa mekhahlelo ka mor’a motse, ka lehlakoreng le ka bophirimela ho ’ona. Lekhotla la hae la ntoa le leholo le ile la ea ka leboea ho khohlo ka thōko ho Ai ’me le ne le bonahala le itokiselitse ho hlasela ka ho toba. Leraba le ile la tšoasa banna ba Ai. Kaha ba ne ba ntse ba thabisitsoe ke katleho eo ba bileng le eona ntoeng ea pele, ka potlako ba ile ba khorohela Baiseraele ka ntle ho motse. Baiseraele ba ile ba etsa joalokaha eka baa khutla, ba balehela morao “ka tsela e eang lefeelleng,” ba hulela sera ka thōkoana ho Ai.—Joshua 8:3-17.

Hantle feela ka nako e nepahetseng, Jehova a re ho Joshua: “Otlollela ’nģa Ai lerumo le letsohong la hao, hobane ke o neetse matsohong a hao.” Ha ba bona pontšo ena, banna ba mekhahlelong ba hlasela motse ka sabole ’me ba o chesa ka mollo. Ha a bona mosi, makhotla a sera a ka ntle ho motse a ile a tepella ka ho felletseng. Joshua o ile a boea sekoele a a hlasela, a lika-liketsa makhotla a sera ka makhotla a hae a mabeli. Na eo ke tlhōlo e tlisitsoeng ke motho? Che. Baiseraele ba ile ba hlōla hobane, joalokaha Joshua hamorao a ile a ba bolella: “Jehova, Molimo oa lōna, ke eena ea le loanetseng.”—Joshua 8:18-27; 23:3.

Ntoa ea Kishone

Ho ile ha bonahala hore Jehova ke mohale oa ntoa Khohlong ea Kishone, e haufi le Megiddo. Morena Jabine oa Kanana o ne a hatelletse Baiseraele ka lilemo tse 20. Lekhotla la hae la ntoa, tlas’a bolaoli ba Sisera, le ne le akarelletsa makoloi a ntoa a 900 a nang le mahare a tšepe mabiling a ’ona—lekhotla leo ka nako eo ho neng ho bonahala eka le ke ke la hlōloa.—Baahloli 4:1-3.

Leha ho le joalo, Jehova o ile a bolella Moahloli Barake ka moprofeta oa mosali Debora, hore a bokelle bahlabani ba likete tse leshome Thabeng ea Thabore ba tle ba phephetse makhotla a Jabine. Sisera o ile a potlakela ho nka khato mabapi le ho bokelloa hona ha bahlabani, eaba o tloha Haroshethe-Gojime ka potlako ho ea khohlong ea Kishone, lipakeng tsa Thaba ea Thabore le Megiddo. Ha ho pelaelo hore o ne a nahana hore mona motsitseng, masole a Iseraele a tsamaeang fatše a hlometseng hanyenyane a ne a ke ke a ba le monyetla oa ho hlōla makhotla a hae a ntoa a palameng makoloi a ntoa. Leha ho le joalo, o ne a sa elelloe hore o loantša Sera sa leholimo.—Baahloli 4:4-7, 12, 13.

Jehova o ile a laela Barake hore a tlohe tlhōrōng ea Thabore moo ho sireletsehileng a ee thoteng e ka har’a khohlo, a phephetse makhotla a ntoa a Sisera hore a loane. Eaba Jehova oa loana! Ka ho panya ha leihlo sekhohola se ile sa fetola lebala la ntoa qhafutso, e ileng ea sitisa makhotla a Sisera ho tsamaea. Ka baka la pherekano ena, masole a Iseraele a tsamaeang ka maoto a ile a hlōla sera sa ’ona habonolo. “Makhotla kaofela a Sisera a bolaoa ka bohale ba lerumo, ho se ke ha phonyoha motho le a mong.” Sekhohola sa Kishone se ne se hohotse makoloi a ntoa a Bakanana ’me mohlomong se ile sa hohola le litopo tse ling.—Baahloli 4:14-16; 5:20, 21.

Tlhōlo Khahlanong le Gogo le Letšoele la Hae

Liketsahalo tsena tsa boholo-holo li ne li fana ka tlhase feela ea tlhōlo e khōlō ka ho fetisisa ea Jehova e sa ntseng e tla tla. Ntoa e tlang ho ba teng “lilemong tsa ho qetella” e se e le haufi. Ho latela boprofeta ba Ezekiele, Gogo, letšoao la “morena oa lefatše lena,” Satane Diabolose, o tla bokella lekhotla la ntoa la lichaba tsohle. O tla laela bahlabani ba hae ho futuhela ‘lithaba tsa Iseraele’ tsa tšoantšetso, e leng boemo ba moea bo phahameng ba “Iseraele oa Molimo” oa Bokreste.—Ezekiele 38:1-9; Johanne 12:31; Ba-Galata 6:16.

Ke’ng se susumetsang Gogo hore a etse tlhaselo ee e akaretsang khahlanong le batho ba Molimo? Boprofeta bo bontša boemo ba bona ba khotso, le ba ho atleha moeeng. Gogo o re: “Ke tla futuhela lefatše leno le ahlameng, ke nehelle bathong bano ba phelang ka khotso, ba ahileng ba iketlile, ba lutseng ho se marako, ho se mekoallo le mamati. Ke tla ea ho hapa khapo, ho tlatlapa thepa . . . [ea] sechaba . . . se ruileng mehlape le mesebetsi.”—Ezekiele 38:10-12.

Ka kakaretso, batho ba Jehova ha baa rua lintho tse bonahalang. Leha ho le joalo, ba bokelletse leruo le lengata la moea ka baka la mosebetsi oa bona oa ho bolela lefatšeng ka bophara. “Bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle” bo bokelletsoe, ’me joale bo feta limillione tse ’nè ka palo. (Tšenolo 7:9, 10) Ka sebele hoo ke leruo le leholo! Satane—a halefisitsoe ke katleho ena ea moea—o leka ho felisa batho ba Molimo.

Empa ka hore a tle sebakeng sa tšoantšetso sa Iseraele, Gogo, ha e le hantle o hlasela Jehova Molimo ka boeena. Jehova, e leng eena ea tla pheteletsa batho ba hae, o re: “Bohale bo tla tlala linko tsa ka.” Makhotla a ntoa a Gogo a tla ripitloa. “Lerumo la e mong le tla hlaba ngoan’abo.” Joale Jehova o lokolla lisebelisoa tsa hae tse timetsang—“lipula tsa likhohola le majoe a sefako, le mollo, le sebabole.” Joaloka Leoatleng le Lefubelu, Ai, le Kishone, Jehova o tla boela a loanele batho ba hae ’me a tlotlise lebitso la hae. “Ke tla itlotlisa, ke be ke ikhalaletse, ke itsebahatse mahlong a lichaba tse ngata; ’me ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.”—Ezekiele 38:18-23.

Tlaleho ea histori ea lintoa tsa Jehova linakong tsa boholo-holo e re fa lebaka la ho ba le tšepo e felletseng tlhōlong ea nako e tlang ‘mahlomoleng a maholo.’ (Mattheu 24:21, 22) E le eena ea laolang maemo ka linako tsohle, Jehova a ka fetisa lira tsa hae ka ho nahana ’me a laola maemo bakeng sa ho pholosa batho ba hae. Ruri, ho tla ba joalokaha Esaia a ile a profeta: “Jehova o futuha joale ka mohale, o tsoha bohale joale ka motho oa ntoa, o etsa mohoo, o phahamisa litlatse tsa ntoa, o bontša lira matla a hae.” (Esaia 42:13) Mahlong a Lipaki tsa hae, ka mehla e tla ba JEHOVA, “MOHALE OA NTOA”!—Exoda 15:3, NW.

[’Mapa o leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Tsela ea ho Falla ho tloha Egepeta

GOSHENE

Memfise

Ramsese

Sukkothe

Migdole

Pi-Hahirothe

Ethame

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Mona, sebakeng sa Ai, Jehova o ile a etella Joshua pele le batho ba Hae tlhōlong e hlollang

Metsi a Kishone a ile a phahama ka potlako, a tlatsetsa tlhōlong ea lira tsa Jehova

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Lifoto: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela