Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Litaba tse Molemo tse Tsoang Europe Bochabela
LINTHO tse ngata tse thahasellisang lia etsahala litabeng tsa puso ea Molimo Europe Bochabela. Ho hlahelletseng e bile kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe Zagreb, ka August 16-18, 1991, ha Lipaki tse 7 300 li amohela ka mofuthu baena ba tsona ba tsoang linaheng tse 15. Ka kakaretso, ho bile teng ba 14 684. E ne e le pontšo e tsotehang ea lerato le bonngoe naheng e tsekollotsoeng ke merusu.
Lipaki tse Europe Bochabela li tšoarehile ka ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova, oo li hlokomelang hore ke ’ona feela tšepo ea khotso ea sebele. Likarolong tse ling ke phephetso ho tsona ho boloka boemo ba ho se nke lehlakore. Leha ho le joalo, batho baa mamela, ’me Lipaki li tlaleha liphihlelo tse ntle tse ngata.
Toropong e ’ngoe ngoanana ea lilemo li 16 o ile a utloa litaba tse molemo ho Paki e le ’ngoe feela ea Jehova toropong eo. Thuto ea Bibele ea ka mehla e ile ea qalisoa, ’me kananelo ea hae bakeng sa ’nete e ile ea eketseha. A e-na le takatso e khōlō ea ho bolella ba bang lintho tse tsotehang tseo a ithutileng tsona, o ile a leka ho bua le bao a kenang sekolo le bona empa o ile a hanyetsoa haholo le ho songoa. E mong ea kenang sekolo le eena o ne a hlile a mo hanyetsa empa a makatsoa le ho khahloa ke mamello ea hae, hobane seithuti se senyenyane sa Bibele ha sea ka sa halefa ho sa tsotellehe mahlapa ’ohle. Hamorao, ngoanana enoa o ile a nehoa bopaki bo felletseng ’me o ile a hlokomela hore boikutlo ba hae bo ne bo fosahetse. Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa le eena, eaba seithuti sa Bibele sa pele le motsoalle oa sona e mocha ba leka ho arolelana thabo ea bona le ba bang, ho sa tsotellehe khanyetso ea batsoali ba bona, tichere ea bona, le bana ba kenang sekolo le bona.
E mong oa bana ba kenang sekolo le bona o ile a amohela ’nete, ka baka la ho paka ha bona. Joale ba ne ba se ba le bararo ka klaseng, ka boraro ba bona e ne e le mehlala e metle ea ho rata ho thusa ba bang le ho bontša lerato har’a bona. Eaba ngoanana e mong hape o ikopanya le bona.
Joale ho ne ho e-na le ba bane setulong se jareteng ea sekolo moo ba neng ba buisana ka Bibele. Palo ea bona e ’nile ea eketseha ’me ba bangata ba ile ba makala. Ngoanana e mong ka klaseng, a khahliloe ke boitšoaro ba bona bo botle, o ile a etsa qeto ea ho kopanela thutong ea Bibele. Ba le bahlano ba ile ba tsoela pele ho mema ba bang, liithuti le matichere, ho etsa ho tšoanang. Leha ho le joalo, banana bao ba ile ba tsoela pele ho tobana le khatello e khōlō e tsoang ho batsoali. Batsoali ba ile ba leka ka matla ho qobella banana bao ho khaotsa thuto ea bona ea Bibele ka ho senya libuka tsa bona le ka ho ba khahlapetsa.
Phello ea bopaki bona bo qalileng ka mocha a le mong ea thahasellang e bile efe? E mong oa banana bao o ile a kolobetsoa kopanong ea setereke ea 1990, ’me ba bang ba bane ba ile ba kolobetsoa kopanong ea potoloho ka selemo sa 1991. Ena e ne e le ketsahalo ea nyakallo e khōlō. Kajeno, banana bao ba bahlano kaofela ba sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho ba nako e tletseng! Hona joale ho na le bahoeletsi ba 11 toropong eo sena se etsahetseng ho eona, ba robeli ba bona ba tšebeletsong ea bopula-maliboho!
Jehova o tšehetsa le ho hlohonolofatsa Lipaki tsa hae Europe Bochabela. Ho hlakile hore ho na le monyetla oa keketseho har’a ba lipelo li tšepahalang karolong ena ea lefatše.