Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Khotsofatsa ba Lapileng Moeeng—Sekolong
THUTONG ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thabile ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Mattheu 5:3, NW) Bana ba bangata ba sekolo ba nyoretsoe tsebo ka Molimo le merero ea hae e babatsehang. Ba batla likarabo tsa lipotso tse mabapi le bophelo ’me ba batla ho tseba hore na ba lokela ho phela joang e le hore ba tle ba amoheloe ke Molimo ’me ba thabe. Sena se ile sa bonahala sekolong se lihlekehlekeng tsa Virgin tsa Brithani. E mong oa Lipaki tsa Jehova moo oa pheta:
◻ “Ke ile ka ba teng sebokeng sa batsoali le matichere se neng se le sekolong se seng sebakeng seo, ho ile ha buoa haholo ka lithethefatsi, ho noa, ho laetsana, ho shebella TV, limaraka lithutong tsa sekolo le litaba tse ling, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho nka buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ’me ka e neha mosali eo e leng eena mosuoe-hlooho. Ka mor’a hore a hlahlobe buka ena, o ile a re ke sona hantle seo ba neng ba se hloka ’me o ile a botsa hore na ho ka etsahala hore sekolo se fumanele barutoana ba 120 kopi bakeng sa e mong le e mong. Taba ena e ile ea tšohloa le baholo ba phutheho, ’me ba etsa qeto ea ho etsa mpho ka libuka tsena sekolong. Ha re a bolella sena, matichere a ile a re kōpa hore e be rōna ka seqo ba li abelang sehlopha sa barutoana. Ho ile ha ea Lipaki tse peli, ’me kamore eo e ne e tletse barutoana ba li letetseng. Baena ba ile ba bua nako e etsang halofo ea hora, ’me liphihlelo tse bontšang kamoo buka eo e thusitseng ba bacha le ba baholo li ile tsa baloa limakasineng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Joale libuka li ile tsa abeloa barutoana ba tletseng taba-tabelo.”
Hoa thabisa ho tseba hore sekolo seo se ile sa etsa qeto ea ho sebelisa buka eo e le karolo ea thuto ea ka mehla sehlopheng sa bone le sa bohlano sekolong sa mathomo. Ruri e tla arabela lipotso tse ngata tseo barutoana bana ba nang le tsona ka bophelo le ka bokamoso.
Ho Khotsofatsa ba Lapileng Moeeng—Papua New Guinea
Phihlelo e latelang e amohetsoe ho molebeli ea tsamaeang. E bontša kamoo batho ba lapileng moeeng ka teng naheng eo le kamoo lingoliloeng tsa rōna tse theiloeng Bibeleng li atlehang ka teng ho khotsofatseng tlala ea bona.
◻ Molebeli eo o re: “Kaha ke ne ke sa khone ho etela motse oa Kamberatoro, ke ile ka qeta nako e itseng ke sebetsa le phutheho e nyenyane ea Vanimo. Ho na le thahasello e ngata moo. Batho ba bangata ba tsoang Bewani ba ile ba amohela libuka. Monna e mong o ile a nkōpa hore ke etele le motse ona, ’me a re o ne a tla mpha sebaka sa bolulo. Batho ba bangata ba tloaelane le libuka tsa rōna. Nako le nako ha re ne re le motseng oo oa Vanimo, re ile ra felloa ke libuka ho sa tsotellehe mabokose a mararo a libuka ao re neng re a nkile. Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e nkoa e le ea bohlokoa joaloka gauda. Batho baa e batla. Ke ile ka tsamaisa libuka tseo ke neng ke li nkile ka potlako e khōlō. Ha re bontša batho libuka tsa rōna, ba bang ba ne ba botsa: ‘Buka e tšehla e kae?’ Monna e mong o ile a odora tse tšeletseng. O ile a mpha lebitso la hae le aterese ea hae ’me a nkōpa hore ke mo etsetse tsebiso ka sea-le-moea ha ke se ke li amohetse. ’Me o ne a tla tla a tloha ha habo ho tla li lata.” Molebeli enoa ea tsamaeang oa phaella: “Ke ile ka fumana hore batho ba bangata Vanimo ba ile ba amohela libuka Moloko oa Batho o Batla Molimo le Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.”
Sena se bontša kamoo batho ba lipelo li tšepahalang ba lapetseng lijo tsa moea tse fumanoang ka Bibeleng ka teng le lingoliloeng tseo Jehova a fanang ka tsona ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Lipaki tsa Jehova li thabile hakaakang hore e be li khona ho thusa batho bana ba lapetseng ’nete!
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ho paka Papua New Guinea