Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 10/1 leq. 19
  • ‘Ho Thabile ba Lapileng Moeeng’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Thabile ba Lapileng Moeeng’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khotsofatsa ba Lapileng Moeeng—Sekolong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Kamoo ba Bang ba Fumaneng Likarabo Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Amohela Litaba Tse Molemo Belgium
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 10/1 leq. 19

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

‘Ho Thabile ba Lapileng Moeeng’

JESU o itse: “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko.” (Mattheu 5:3, NW) Ba joalo ba tla batla boitsebiso bo fanang ka bophelo Lentsoeng la Molimo, Bibele, ’me ho iphepa ka tsebo ena ho tla ba isa bophelong bo sa feleng.—Mattheu 4:4; Johanne 17:3.

◻ Motho ea lapileng moeeng naheng ea Afrika o ile a tsamaea lihora tse ’nè serameng le lefifing e le hore a fumane kopi ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Hoba a fihle motsaneng oo Lipaki tsa Jehova li neng li bolela ho ’ona, o ile a soetseha habohloko ha a fumana hore buka ea ho qetela e tsamaisitsoe. O ile a lula matsatsi a mararo motsaneng oo ho fihlela libuka tse eketsehileng li fumaneha, ’me joale qetellong o ne a thabile ho ba le boitsebiso bo botle ba moea.

Khoeling eo li e lutseng sebakeng sena se ka thōko, Lipaki li ile tsa aba libuka tse 55, libukana tse lekanang le makasine tse 365, le limakasine tse 145, ’me li ile tsa fumana lipeeletso tse 5. Li ile tsa ameha maikutlo haholo hobane ha li tsamaea, batho ba baholo hammoho le bana ba ile ba hooa ka mor’a tsona ka puo ea Sekpelle: “E se eka Jehova a ka ba le lōna!” Ho ntse ho etsoa boiteko ba ho khutlela ho batho bana ba thahasellang.

Motho e mong naheng eona ena le eena o ne a lapile moeeng, e ne e le ramatlotlo kerekeng ea hae ’me e le ofisiri ea boikhathollo bakeng sa karolo ea naha ea hae. Ha Lipaki li mo etela, o ile a lumela ka likhapha hore kereke e ne e haelloa haholo ho finyella litlhokahalo tsa Bibele bakeng sa Bokreste. Lipaki li ile tsa ’montša ho tsoa Bibeleng ea hae kamoo a ka tsebang bolumeli ba ’nete. Joale o ile a ba teng libokeng tse peli Holong ea ’Muso ’me hamorao o ile a re: “Seo ke se boneng le ho se utloa ka sebele se nkholisitse hore ena ke ’nete.” O ile a khahloa ke liboka le ke boitšoaro ba ba neng ba le teng. O ile a bona hore seo Lipaki tse neng li mo etetse li se buileng e ne e se feela ntho eo li neng li iqapetse eona empa e ne e le ntho ea sebele. Ho tloha nakong eo o ile a nka mehato ea ho khaola kamano ea hae le kereke, ’me hona ho felletse ka bopaki bo botle tikolohong eo.

◻ Moruti e mocha oa lithuto tsa Bokreste oa Momelanesia ho la New Caledonia o ne a lapile moeeng. O ile a fumana kopi ea buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng holim’a tafole ntlong ea ’mè oa hae, ’me o ile a bala likhaolo 2 le 3. Litemana tsa Bibele tse tšohliloeng moo e leng Exoda 20:4, 5 le Johanne 4:23, 24 li ile tsa ama pelo ea hae. Ka baka la seo mangolo ana a se bolelang, o ile a botsa moprista oa hae hore na ke hobane’ng ha Kereke e K’hatholike e lumella tšebeliso ea litšoantšo borapeling. Moprista o ile a baleha potso. Monna enoa o ile a ea malumeling a ’maloa a “Bokreste”, empa ha baa ka ba mo fa likarabo tse khotsofatsang bakeng sa lipotso tsa hae. Qetellong o ile a etsa qeto ea ho ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova hammoho le ’mè oa hae, ea neng a se a bontšitse thahasello ’neteng. Lerato leo a ileng a le bona har’a Lipaki le lithuto tsa tsona tse theiloeng Bibeleng li ile tsa mo khahla haholo.

Ho sa tsotellehe bohōle ba sebaka, ka mehla o ne a kōpa ho palamisoa likoloing tse fetang tseleng hore a ee libokeng, kapele o ile a emela ’nete, ’me o ile a kolobetsoa. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang. ’Mè oa hae le likhaitseli tsa hae tse peli tsa nama le tsona e ile ea ba Lipaki tsa Jehova. Monna enoa e mocha o ile a pakela morabe oa habo ’me a qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele. Hona joale batho ba bangata ba morabe oa habo ba kopanela libokeng sebakeng seo—tsena tsohle li etsahetse hobane monna enoa e mocha o ile a hlokomela buka e hlalosang Bibele holim’a tafole, a ithuta eona, ’me a lumela le ho sebelisa seo a ithutileng sona.

Jehova o na le lenaneo la phepo ea moea le leholo le sebetsang kajeno, ’me matšoele a rua molemo ho lona. Esaia o ile a profeta ka ho tšoanelehang ka lona ha a ne a re: “Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lōna [litho tsa bolumeli ba bohata] le tla lapa.” (Esaia 65:13) Ho thabile rōna haeba re rua molemo tokisetsong ea Jehova ea ho khotsofatsa tlala ea rōna ea moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela