Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 11/15 maq. 3-4
  • U ka Phela Halelele Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Phela Halelele Hakae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako ea Bophelo e Lelefalitsoeng?
  • Ke Hobane’ng ha Bophelo bo le Bokhutšoanyane Hakaale?
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bophelo bo Bolelele Haholoanyane?
    Tsoha!—1995
  • Re ka Phela Halelele Hakae?
    Tsoha!—1990
  • Ho Tsomana le Bophelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Ho Batla Bophelo bo Boleletsana ho ka Atleha Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 11/15 maq. 3-4

U ka Phela Halelele Hakae?

BONGATA ba rōna re tla lumela hang-hang hore bophelong ho na le mathata. Empa re thabela hore ebe rea phela. Ha re khotsofalle feela ho ba bana kapa ho phela ka nako e khutšoanyane; re ka rata ho phela lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, ho bonahala hore re ke ke ra qoba lefu. Na ha ho joalo?

Na lefu le ka liehisoa? Na nako ea bophelo ba rōna e ka lelefatsoa?

Nako ea Bophelo e Lelefalitsoeng?

Ka 1990 tlaleho ea litaba e ile ea phatlalatsa monyetla oa ho lelefatsa nako ea bophelo ba motho hore e be “lilemo tse lekholo le leshome.” Ha ho pelaelo hore ena e ne e le tšupiso e sa tobang mantsoeng a mopesaleme oa Bibele Moshe: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli; boikakaso ba tsona ke khathatso le bomalimabe; hobane bophelo ba rōna bo fela kapele, bo ikela koo.” (Pesaleme ea 90:10) Kahoo Bibele e bolela hore lilemo tse 70 kapa 80 ka karolelano ke nako ea bophelo ba motho. Empa ha ho hakanngoa motho a ka lebella hore a phele lilemo tse kae kajeno?

Tlaleho e ileng ea hatisoa ke WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]) ka 1992 e ile ea bontša hore ka karolelano nako ea bophelo lefatšeng lohle ke lilemo tse 65. Ho latela WHO, ho ne ho “lebeletsoe hore li eketsehe ka likhoeli tse ka bang ’nè ka selemo lilemong tse hlano tse tlang, haholo-holo ka lebaka la ho theoha ha palo ea bana ba shoang.” Leha ho le joalo, esita leha ka mohlolo e ka thibela lefu la motho ofe kapa ofe pele a e-ba le lilemo tse 50, makasine oa Time o bolela hore United States, “nako ea bophelo ba motho e ka eketseha ka lilemo tse 3 1/2 feela.”

Ke Hobane’ng ha Bophelo bo le Bokhutšoanyane Hakaale?

Dr. Jan Vijg oa Institute of Experimental Gerontology ea Netherlands o beha mabaka ka ho bolela hore hantle feela joalokaha mafu a itseng a amahanngoa le liphoso tse leng teng sebōpehong sa lisele tsa ’mele oa motho, ka ho tšoanang ho bonahala hore botsofali bo susumetsoa ke liphatsa tsa lefutso. Babatlisisi ba bang ba lumela hore re ne re ka phela haleletsana haeba “liphatsa tsa lefutso tse seng kae” li ka nkeloa sebaka ka tse ling ha re ntse re hōla. Ba bang ba bolela hore tlhahiso e joalo ke e “bothoto.”

Leha ho le joalo, makasine oa Time o tlaleha hore bo-rasaense ba lumela hore “ho bonahala ho e-na le khaello e itseng e haheletsoeng liseleng tsa ’mele ea rōna.” Esita le ba tiisang hore re “etselitsoe hore re phele ka ho sa feleng” ba lumela hore “ho na le se phoso.” Ka sebele, lilemong tse 65, 70, kapa 80 kapa tse fetang tseo hanyenyane, bophelo ba rōna “bo fela kapele” lefung, joalokaha Bibele e bolela.

Leha ho le joalo, moapostola oa Mokreste Pauluse oa lekholong la pele la lilemo C.E. ka kholiseho o ile a bolela esale pele: “Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu.” (1 Ba-Korinthe 15:26) Lefu le ka felisoa joang? Le haeba le tla felisoa, ke joang u ka sebetsanang ka katleho le lefu la baratuoa kajeno?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela